Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/15 maq. 13-18
  • Setsoalle se Molemohali Sea Tiisetsa Lefatšeng le se Nang Setsoalle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Setsoalle se Molemohali Sea Tiisetsa Lefatšeng le se Nang Setsoalle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Amoheloa Setsoalleng se Molemohali
  • “Lebitso le Lecha” Le Tsoang ho Motsoalle ea Molemohali
  • Ho Hlaolela Setsoalle se Molemohali Bokahohleng Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • “Ke le Bitsitse Metsoalle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • “Le Metsoalle ea Ka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jehova—Na ke Motho eo U mo Tloaetseng Feela Kapa ke Motsoalle oa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/15 maq. 13-18

Setsoalle se Molemohali Sea Tiisetsa Lefatšeng le se Nang Setsoalle

“Iketsetseng metsoalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.”—LUKA 16:9.

1. Ke hobane’ng ha Liproverbia 14:20 e sa ka ea sebetsa ho Jesu Kreste lefatšeng?

“MOFUTSANA o iloa le ke oa habo; empa metsoalle ea morui e mengata.” (Liproverbia 14:20) Maele ana a Morena Salomone oa Iseraele a ne a sa sebetse ho motho e moholohali ea kileng a ba teng lefatšeng, Jesu Kreste, ea moholo ho Salomone. Jesu ha a ka a hulela Baiseraele setsoalleng se haufi le eena ka maruo a bonahalang; leha e le hore o kile a nka maruo a lefatše e le motheo oa setsoalle sa ’nete le se tiisetsang.

2. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ho etsa setsoalle sefe, hona e le ka lebaka lefe?

2 Ke ’nete hore ka lekhetlo le leng Jesu o kile a re: “Iketsetseng metsoalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.” (Luka 16:9) Empa “metsoalle” eo Jesu a neng a e hopotse e ne e le Jehova Molimo, Mohloli oa maruo ’ohle a nang le molemo, le eena e le Mora oa Ntate oa hae ea nang le maruo a se nang moeli. Haeba kajeno re latela keletso eo e tšoanang, re tlisoa setsoalleng se molemohali se ka thabeloang lefatšeng, sa Jehova Molimo ka Mora oa hae ea ikentseng sehlabelo, Jesu Kreste.

3. Metsoalle ee ea leholimo e ka re kenya “meahong” efe?

3 Ka baka la bophelo ba bona bo sa shoeng, bana Ba leholimong ba ka lula e le Metsoalle ea rōna e tiileng ’me ba ka re kenya “meahong e sa feleng.” Hona ho joalo ho sa tsotellehe hore na ‘meaho ena e sa feleng’ e fumanoa leholimong le holimo le nang le mangeloi ’ohle a halalelang kapa mona tlase lefatšeng lena Paradeiseng e tsosolositsoeng.—Luka 23:43.

Ho Amoheloa Setsoalleng se Molemohali

4. (a) Ke mohlala ofe oa Bibele o bontšang hore na setsoalle sa Molimo se ka rekoa kapa che? (b) Ho fapana le Ananiase le Safira, re ka sebelisa matlotlo a rōna joang?

4 Setsoalle sa Molimo o Holimo-limo le sa Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, se ke ke sa rekoa ka chelete. Ntlha ena e ile ea hatisoa tabeng ea Ananiase le Safira phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo. Ntle ho ho batla botumo le thoriso, joaloka bona, re ka sebelisa matlotlo a rōna a lefatšeng ka tsela e amoheloang ke Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Liketso 5:1-11) Sena ke sona se neng se boleloa ha Jesu Kreste a re: “Sebelisang leruo la lefatšeng ho iphumanela metsoalle, e le hore ha le fehle, le tle le amoheloe meahong e sa feleng.”—Luka 16:9, New International Version.

5. Zakea o ile a phehella tsela efe, ’me e le ka phello efe?

5 Ha Jesu a bua mantsoe ao, o ne a sa batle ho fumana kamohelo ea balekhetho ba ’Muso oa Roma le baetsalibe ba bang. O ne a sa thahaselle ho iphumanela leruo lefe kapa lefe le bonahalang lefatšeng, hobane o ne a boleletse barutuoa ba hae ho ipokellela matlotlo maholimong a holimo. Zakea, molekhetho oa Mojode bakeng sa ’muso oa Roma, a etsa qeto ea ho sebelisa keletso ena ea Jesu Messia ’me phatlalatsa a bolela morero oa hae oa ho etsa joalo. Ka lebaka la ketso ena ea ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso, moeti oa bohlokoahali oa Zakea a bolela: “Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enoa le eena ke mora oa Abrahama. Hobane Mor’a motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.” (Luka 19:1-10) ‘Ho neng ho timetse’ ho ne ho akarelletsa eena molekhetho Zakea.

6. Zakea o ile a amoheloa ho eng, empa ke tsela ea bo-mang e sebeletsang e le temoso?

6 Zakea o ne a amohetsoe setsoalleng se molemohali bokahohleng bohle, sa Molimo le Ntate oa moeti ea khethehileng eo a neng a mo amohetse ka nako eo. Hore na Zakea o ile a bona Jesu kamor’a tsoho ea Hae bafung le hore na e ne e le e mong oa barutuoa ba ka bang 120 ba neng ba bokane hammoho kamoreng e kaholimo Jerusalema letsatsing la bohlokoa la Pentekonta ea 33 C.E. ha hoa boleloa tlalehong ea Bibele. Leha ho le joalo, ntle ho pelaelo Zakea o ne a lokela ho fumanoa har’a barutuoa ba tsoetsoeng ka moea le ba tlotsitsoeng ba 5 000 ba ileng ba boleloa hang kamorao ho moo. (Liketso, likhaolo 2 le 4; 1 Ba-Korinthe 15:1-6) Empa re na le phapang e kaakang ka Ananiase le Safira, ba boletsoeng pejana! Batho bao ba babeli ba neng ba kopanela le phutheho ea Jerusalema ba ile ba leka ho phahamisa botumo ba bona har’a barutuoa ka ho qala leshano ka chelete ea monehelo eo ba neng ba e entse. Kahlolo e ileng ea ba oela bakeng sa ho hloka botšepehi ha bona e ba nketse setsoalle se molemohali ’me e sebetsa e le temoso ho Bakreste bohle kajeno.—Liketso 4:34–5:11.

7. Ho sa tsotellehe ho hloka setsoalle ha lefatše lena, Lipaki tsa Jehova li thabela eng e haellang?

7 Ho sa tsotellehe ho hloka setsoalle ha lefatše lena la lekholo la bo20 la lilemo, Lipaki tsa Jehova li ntse li thabela setsoalle se molemohali bophelong bohle. Empa ke hobane’ng ha li thabela ntho ena e haellang ha litsamaiso tse fapaneng tse fetang sekete tsa bolumeli li sa e thabele? Bopaki bo bontša hore ke kahobane Lipaki tsa Jehova li entse ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo balumeli ba Bokreste-’motoana ba sa kang ba e etsa. Ka lebaka le leng, Lipaki tsa Jehova li tsoile litsamaisong tsa bolumeli tsa bohata, hobane li hlokometse hore tsena li etsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, boo ka Bibeleng bo qoolloang e le Babylona e Moholo. E, ha ho iketsahalle hore ha motho a tsoa bolumeling bo bong ba bohata a iphumane a le ka tlhophisong ea Jehova, hobane motho a ka ’na a kopanela le tsamaiso e ’ngoe ea bolumeli ba ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.

8. Taelo ea ho tsoa ho Babylona e Moholo e tobisitsoe ho bo-mang kajeno?

8 Re lokela ho hlokomela hore taelo ea bomolimo ea ho tsoa ho Babylona e Moholo e tobisitsoe ho “sechaba sa ka.” (Tšenolo 18:4) Ho latela Mangolo a Seheberu, pitso ena ea bomolimo e tšoana le taelo eo Molimo o faneng ka eona ho batlamuoa ba Iseraele naheng ea Babylona. (Esaia 52:11) Kahoo mantsoe a khethollang “sechaba sa ka” a sebetsa ka ho toba ho masala a barutuoa a tsoetsoeng ka moea le a tlotsitsoeng a Jesu Kreste a sa ntsaneng a le lefatšeng. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ea 1914-18, Babylona e Moholo e ne e kentse batlotsuoa bana botlamuoeng ka mekha ea lipolotiki, sesole, le boahloli ea lefatše lena e le hore e ka ntša masala ana a moea tšebetsong. Ka puo ea tšoantšetso, masala a kena boemong ba batlamuoa, a lahleheloa ke bolokolohi ba ho tsoela pele tšebeletsong ea Jehova.

9. Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsoa Babylona e Moholo ho isa boholeng bofe?

9 Ho Tšenolo khaolo ea 17, Babylona e Moholo e tšoantšoa le seotsoa se kaletseng sebata se lihlooho li supileng se linaka li leshome. Sebata seo sa tšoantšetso se theohelang sekoting ’me se boela se nyoloha hape se tšoantšetsa mokhatlo oa kajeno oa khotso ea lefatše, e leng, Machaba a Kopaneng, a hlahlamang Selekane sa Lichaba se ileng sa theohela sekoting ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše. Joale ha batho ba Jehova, bao a ba qoollang e le “sechaba sa ka,” ba utloa pitso ea hae ea ho tsoa ho Babylona e Moholo, ba ile ba etsa joang? Ha baa ka ba tsoa feela tlas’a khatello ea puso ea ’muso oo oa lefatše oa bolumeli ba bohata empa ba boetse ba tsoa tlas’a puso ea metsoalle ea oona ea lipolotiki, lichaba tsa lipolotiki tseo hona joale e leng litho Machabeng a Kopaneng.

10. Kajeno ke mokhatlo ofe oa machaba oo Lipaki tsa Jehova li sa ikamahanyeng le oona, hona e le ka lebaka lefe?

10 Masala a tlotsitsoeng a amohetse le ho boloka ho se nke lehlakore ho tiileng mabapi le litaba tsa lipolotiki le sesole tsa tsamaiso ena ea lintho. (Johanne 15:19) A emela ’Muso oa Molimo ka Jesu Kreste o hlomiloeng maholimong qetellong ea Mehla ea Lichaba ka 1914. Ho bontša tello ’Musong, Selekane sa Lichaba se ile sa theoa ’me sa tšehetsoa ke Babylona e Moholo hoba Ntoa ea I ea Lefatše e lale ka 1918. Ka hona, mokhatlo ona oa machaba o entsoeng ke motho ke manyala le ntho e khopisang ho Jehova Molimo hape le ho masala a khabane a Baiseraele ba moea a lefatšeng. Ba tšepetse ’Musong oa Jehova ka booona e seng ntho efe kapa efe eo ho boleloang hore e eme sebakeng sa oona lefatšeng. (Mattheu 24:15, 16) Ho etsa joalo le “bongata bo boholo” ba kajeno, bo neng bo tšoantšetsoa ke Banethinime le “bana ba bafo ba Salomone.”—Tšenolo 7:9-17; Esdrase 2:43-58.

11. (a) Ke hobane’ng ha ho fosahetse hore barutuoa ba Jesu e be metsoalle ea lefatše lee? (b) Lefatše lee le na le boikutlo bofe ka Lipaki tsa Jehova, empa li tsoela pele ho thabela eng?

11 Ha Jesu a le nyeoeng ea bophelo ba hae ka pel’a ’musisi oa Moroma Ponse Pilato, o ile a re: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.” (Johanne 18:36) Ka hona e ne e tla ba ho fosahetseng ka ho feletseng hore “bahlanka” ba Jesu kapa barutuoa ba hae, e be metsoalle ea lefatše lena. Pejana, Jesu o ne a ile a bolella “bahlanka” ba hae ba pele, baapostola ba 11 ba khabane, hore ‘e ne e se ba lefatše’ leo Satane Diabolose e leng “morena” oa Iona. (Johanne 14:30; 15:19; bapisa 2 Ba-Korinthe 4:4.) Lena ke Iona lebaka leo lefatše le neng le ba hloile ka Iona kapa le neng le hloka setsoalle sa bona. Ho ntse ho le joalo, barutuoa ba Jesu ba lekholong lena la bo20 la lilemo ba iphumana ba le lefatšeng le hlokang setsoalle. Ho sa tsotellehe sena, ba tsoela pele ho thabela setsoalle se molemohali bokahohleng bohle, sa Molimo oa lefatše le lokileng le tlang, ka “maholimo a macha le lefatše le lecha” tsa Iona.—2 Petrose 3:13.

12. Ha motho a tsoa Babylona e Moholo ’me a furalla le baratuoa ba feteletseng ba eona ba lefatše, o tlameha ho ema a tiile ka lehlakoreng lefe feela, ’me hoo ho kenyelletsa eng?

12 Ha motho a tsoa Babylona e Moholo ’me a furalla metsoalle ea eona ea lefatše, Khoebo e Khōlō le Lipolotiki le Sesole, ho ka ba le sebaka se le seng feela seo a ka eang ho sona. Ka lehlakoreng la tlhophiso ea bokahohleng ea Molimo o le mong oa ’nete o phelang Jehova. Ha ho sebaka se hare. Hona ho hloka hore motho ka mong a mamelle ho hloka setsoalle ha lefatše lena, e leng eona ntlha e thatafaletsang motho hore a etse qeto ea ho tlohela Babylona e Moholo le lefatše leo e leng karolo ea bohlokoa ho Iona.

“Lebitso le Lecha” Le Tsoang ho Motsoalle ea Molemohali

13. Lekholong la pele la lilemo C.E., barutuoa ba Jesu ba ile ba bitsoa eng ka tataiso ea Molimo?

13 Setsoalle sa rōna se mofuthuhali le Molimo se etsa hore re thabele ho bitsoa Lipaki tsa Jehova. Ke ’nete, barutuoa ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa amohela lebitso “Lipaki tsa Jehova.” Empa ak’u hlahlobe setsoalle sa bona le Motsoalle ea molemohali ho bohle. Liketso 11:26 e-ea tlaleha: “Ke Antioke [Syria] moo barutuoa ba qalileng ho bitsoa Bakreste ka tataiso ea bomolimo.” U tla hlokomela hore New World Translation of the Holy Scriptures e re ba ile ba “bitsoa Bakreste ka tataiso ea bomolimo.” Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le ‘ba bitsitsoe ka tataiso ea bomolimo’ le kenyelletsa ntho e ’ngoe e fetang feela ho bitsa ntle ho sepheo. Motsoalle ea molemohali bokahohleng o ile a amohela lebitso leo “Bakreste.”

14. Ho ka thoe’ng ka lebitso “Bokreste-’motoana,” ’me ke lipotso life tse hlokang ho nahanoa?

14 Joale, lentsoeng “Bokreste” ho hlahile lebitso “Bokreste-’motoana,” le sebelisoang ho bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ka mekha ea bona e mengata ea bolumeli le mekhatlo. Ka hona tlotla “Bokreste-’motoana” ha e-ea ka ea fetisoa “ka tataiso ea bomolimo,” leha e le ka baapostola kapa “ka tataiso ea bomolimo” ho latela thato ea Molimo. Ke kahoo boemo kajeno bo fapaneng hōle le ba lekholong la pele la lilemo. Ke Bakreste ba ’nete feela ba ka thabelang setsoalle se molemohali lefatšeng lena le se nang setsoalle. Kahoo potso e khōlō kajeno ke ena, Ke bo-mang Bakreste ba ’nete le ba sebele ba lumellanang le Mangolo a bululetsoeng? Potso e ’ngoe ea bohlokoa ke ena, Na Lipaki tsa Jehova ke Bakreste ba ’nete ba nang le Jehova Molimo le Jesu Kreste e le Metsoalle ea bona? Tabeng ena lebitso leo Molimo o ikhethetseng Iona, Jehova, le tsekong.

15. Ke ka ho bona maemo afe nako e tlileng ea hore Jehova a iketsetse lebitso, ’me “sechaba se khethetsoeng lebitso la oona” se na le karolo efe hona joale tabeng ee?

15 Bokreste-’motoana ka malumeli a bona a mangata, bo ka thabela setsoalle le Jehova joang? Bokreste-’motoana bo etellelitse lebitso la Jesu Kreste ka pele, hoo bo batlang ho beela ka thoko lebitso la Ntate oa hae oa Leholimo, Jehova. Leha ho le joalo, tumellanong le boprofeta ba Bibele, nako e fihlile ea hore Jehova a iketsetse lebitso. Ka baka leo, lebitso la hae le tla lokela ho ba ka pele. Molemong oa sena, o tla sebelisa lipaki tsa hae tsa ’nete, batho ba hae ba khethiloeng, ba thabelang setsoalle sa hae. Sebokeng se khethehileng sa lekholong la pele la lilemo se neng se tšoeroe ke baapostola le balateli ba bang ba ka pele ba Jesu Kreste, morutuoa Jakobo o itse: “Simone o le phetetse kamoo Molimo o qalileng ho etela lichaba hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.”—Liketso 15:14.

16, 17. Ho entsoe eng ka lebitso la Molimo liphetolelong tsa Bibele tsa Bokreste-’motoana, empa New World Translation e entse eng tabeng ena?

16 Ho ne ho tla lebelloa hore ‘sechaba se khethetsoeng lebitso la Molimo’ e tla ba metsoalle ea oona le hore se tla phahamisa lebitso la bomolimo. Empa ho etsahetse’ng ka Bokreste-’motoana? Liphetolelong tsa bona tse ratehang tsa Bibele, lebitso la Jehova le siriloe ke tlotla. Lebitso la hae le fumanoa ka makhetlo a mane feela liphetolelong tse ngata tse tloaelehileng tsa Senyesemane kajeno! (Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18; Esaia 12:2; 26:4, King James Version) Ho feta moo, le liphetolelong tsa Sejode tsa Mangolo a Seheberu, lebitso la Molimo le fetoletsoe e le “Morena.” Boiteko bo joalo ba ho felisa lebitso la Jehova hase mosebetsi oa metsoalle ea hae.

17 Leha ho le joalo, ka selemo sa 1950, New World Translation of the Holy Scriptures ea qala ho tla ponong ea bolumeli, ’me e boetse e hlahisitse lebitso la Molimo ka lekhetlo le leng le le leng leo le hlahang ka Iona mangolong a pele a Bibele a Seheberu. New World Translation e boetse e khutliselitse lebitso la Molimo sebakeng sa Iona se nepahetseng litemaneng tsa sehlooho tsa Mangolo a Bakreste a Segerike, ho bitsoang Testamente e Ncha—e, ka makhetlo a 237. Ona ke mosebetsi oa metsoalle ea Jehova.

18. Ka moea oa Esaia 62:2, batho ba Molimo ba ile ba nka bohato bofe ka 1931, ’me ba ’nile ba phethahatsa boikarabelo bofe?

18 Ho thahasellisang metsoalle ea Jehova ke mantsoe a Esaia 62:2. Temana ena, e tobisitsoeng phuthehong e bonahalang ea barutuoa ba Molimo ba inehetseng, ba kolobelitsoeng, le ba tsoetsoeng ka moea ba Messia, e baleha tjena: “Ke moo lichaba li tla bona ho loka ha hao, le marena kaofela a bone khanya ea hao, ’me u tla bitsoa ka lebitso le lecha le tlang ho boleloa ke molomo oa Jehova.” “Lebitso” leo le supa boemo bo hlohonolofalitsoeng boo barutuoa bana ba tlotsitsoeng ba kajeno ba bokeletsoeng ho bona. Ho feta moo, e le hore e ka ba ‘sechaba se khethetsoeng lebitso la Molimo,’ masala a litho tsa phutheho ea hae e bonahalang ka nepo a lokela ho bitsoa ka lebitso la hae, a lokela ho jara lebitso leo. ’Nete ena e ile ea hlokomeloa ka nako ea teng. Ka hona, moeeng oa Esaia 62:2, tlhophiso ea Molimo e tsoetsoeng ka moea e neng e bokane kopanong Columbus, Ohio, ka 1931, ka thabo ea amohela lebitso “Lipaki tsa Jehova.” Li latela mohlala oo, liphutheho tsohle tsa batho ba inehetseng ho Jehova tsa amohela lebitso leo. ’Me lebitso leo le khomaretse ho sa tsotellehe boprofeta ba lefatše bo neng bo re le ke ke la tiea. Ho Tšenolo 3:14 Jesu Kreste ea tlotsitsoeng o ipitsitse “paki e tšepehang, ea ’nete.” Joale, ka ho loketseng, ho tloha selemong seo sa bohlokoa sa 1931 ho ea pele liphutheho tsa barutuoa ba hae lefatšeng ka tataiso ea Molimo li amohetse lebitso leo. Ho tloha ka nako eo, li ’nile tsa leka ho phethahatsa boikarabelo ba tsona ba ho phelela lebitso leo le ho le tsebahatsa. Ka baka leo, lebitso la Jehova—lebitso le ikhethang la Motsoalle ea molemohali oa bona—le etellelitsoe pele ho theosa le lefatše lohle. ’Me Jehova o fane ka bopaki bo totobetseng ba hore setsoalle sa hae ho lipaki tsa hae se ’nile sa tiisetsa ho tla fihlela mehleng ena ea morao.

19. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova tse inehetseng li sa tšohe ho hloka setsoalle ha lefatše lena, ’me ba tšepahalang ba tla putsoa ka tokelo efe ka Harmagedone? (b) Ke ka baka la’ng ha liteboho le lithoriso tsohle tsa rōna li ea ho Jehova?

19 Kaha Jehova Molimo o ka lehlakoreng la rōna re le lipaki tsa hae tse inehetseng, ke mang ea ka hlang a atleha ho re loantša? (Ba-Roma 8:31-34) Kahoo ha re tšohe ho hloka setsoalle ha lefatše lena la sera. Ka hona, re tsoela pele re le manģosa kapa baemeli ba ’Muso oa Messia, re etela batho ba kang linku hore ba boelanngoe le Jehova Molimo ka Moprista oa hae e Moholo oa borena, Jesu Kreste. (2 Ba-Korinthe 5:20) Le hoja ka lebaka lena bora ba lefatše lena bo ntse bo tsoela pele ho phahama khahlanong le masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea oona ea “bongata bo boholo,” setsoalle se molemohali bokahohleng bohle, sa Jehova Molimo, ka botšepehi se tsoela pele ho tiisetsa. (Tšenolo 7:9) Se ke ke sa fela ha re ntse re tšepahala ho eena. Ha e le hantle, haufinyane, e leng ho s’o ka ho e-ba teng, setsoalle seo se tla bontšoa nakong ea ntoa ea lintoa, “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,” Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Mono, Jehova a tobane le Satane Diabolose le makhotla a hae a bademona le tlhophiso ea hae eohle e bonahalang ea lefatšeng, o tla tlosa qoso boreneng ba Hae ba bokahohleng ka tlhōlo ea Hae e khōlōhali ho tsa mehla eohle. Rōna, bao setsoalle se molemohali sa Jehova se tiiselitseng ho bona ho tla fihlela joale, re tla hauheloa ka ho bolokoa le ka tlhompho ea ho ba lipaki tse boneng tlhōlo ea hae e fetisisang ka Morena ea hlōlang, Jesu Kreste. (Pesaleme ea 110:1, 2; Esaia 66:23, 24) Liteboho tsa rōna le lithoriso tsa rōna tsohle li ea ho Jehova bakeng sa setsoalle sa hae se tiisetsang!—Pesaleme ea 136:1-26.

U ka Arabela Joang?

◻ Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba etse setsoalle sefe, ’me kahoo ba kengoa “meahong” efe?

◻ Lefatše le na le boikutlo bofe ka Lipaki tsa Jehova, empa li tsoela pele ho thabela setsoalle sefe?

◻ ‘Sechaba se khethetsoeng lebitso la Molimo’ se ’nile sa phethahatsa boikarabelo bofe mabapi le lebitso la hae?

◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova tse inehetseng li sa tšohe ho hloka setsoalle ha lefatše lee?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Zakea o ile a kenngoa setsoalleng se molemohali bokahohleng bohle. Na eo e bile phihlelo ea hao?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lipaki tsa Jehova li thabetse hore e be Molimo ke Motsoalle ea molemohali oa tsona, ka 1931 tsa etsa qeto ea ho tsejoa ka lebitso la hae le ikhethang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela