Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/1 maq. 10-15
  • Tsamaea ka Tumelo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsamaea ka Tumelo!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likotsi tsa ‘ho Tsamaea ka Pono ea Mahlo’
  • Se Boleloang ke ho “Tsamaea ka Tumelo”
  • Liteko le Mahlohonolo
  • Tsamaea ka Tumelo, Eseng ka Pono!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na U Tla Tsamaea le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Tsoela Pele ho Tsamaea ka Tumelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ho Tsamaea le Molimo—Mehato e Qalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/1 maq. 10-15

Tsamaea ka Tumelo!

“Tšepo ea rōna e tiea ka mehla ke hona, ’me rea tseba hoba, ha re ntse re ahile ’meleng, ha re hae ho Molimo. Hobane re tsamaea ka tumelo, e seng ka pono.”—2 BA-KORINTHE 5:6, 7.

1. Mahlohonolo a mang ao re a thabelang ka lebaka la leihlo la nama ke afe?

SETHO se seng se hlollang haholo ’meleng oa motho ke leihlo. Tšebetso ea lona e hlollang ea ho nka litšoantšo ha e re thuse ho qoba litšitiso feela empa hape e re nolofaletsa ho hatisa lintho tse ngata kelellong, ’me boholo ba tsona bo akarelletsa likamano tsa rōna le ba bang. Ho totobetse hore Moqapi oa leihlo o ne a rerile hore re se ke ra phopholetsa lefifing lehaeng la rōna la lefatše. Ho feta moo, e ne e le morero oa hae hore re bone le ho thabela pōpo ea hae e tsotehang—batho le liphoofolo, lithaba le linōka, matša le maoatle, lipalesa le limela tse ling, sepaka-paka le mebala-bala e khanyang ea letsatsi le likelang. Bashebelli ba ananelang ba ka tsota le mopesaleme: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao.”—Pesaleme ea 104:24.

2. Ke hobane’ng ha ho sa lekana ho tsamaea ka pono ea mahlo, hona Pauluse o itse’ng ntlheng ee?

2 Le hoja pono ea mahlo e hlolla ka sebele, ho tsamaea ka eona feela ho ba ka baka kotsi e khōlō. Haeba re lakatsa ho thabela mohau oa Molimo, re tlameha ho tsamaea ka tumelo ho Moqapi oa leihlo la motho. Re tlameha ho batla tataiso ea hae e le hore re ka etsa se molemo. Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste bahabo ba tlotsitsoeng, a re: “Tšepo ea rōna e tiea ka mehla ke hona, ’me rea tseba hoba, ha re ntse re ahile ’meleng, ha re hae ho Molimo. Hobane re tsamaea ka tumelo, e seng ka pono [ea mahlo]. Ke re, re na le tšepo e tieang, ’me hoo re ho ratang ke ho falla ’meleng, re be hae ho Morena [ka ho shoa le ho tsosetsoa bophelong ba leholimo]. Ke ka baka leo re tiisang matla ho mo khahlisa, leha re sa le tlung ena, leha re ka falla ho eona. Hobane e ka khona re hlahe bohle pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekaneng seo a se entseng ha a sa le ’meleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.”—2 Ba-Korinthe 5:6-10.

3. Takatso ea bahlanka bohle ba Jehova ba inehetseng e lokela ho ba efe, hona ke lipotso life tse tšoaneloang ke hore re li nahane?

3 Bahlanka bohle ba inehetseng ba Jehova—e-bang ke ba masala a tlotsitsoeng kapa ba “bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha bo nang le tšepo ea lefatšeng—ba batla ho itloaetsa se setle. (Tšenolo 7:9) Empa ke hobane’ng ha ho ka thoe ho ‘tsamaea ka pono ea mahlo’ ho kotsi hakaale? Hona ‘ho tsamaea ka tumelo’ ho bolela eng?

Likotsi tsa ‘ho Tsamaea ka Pono ea Mahlo’

4. (a) Ke hobane’ng ha re ke ke ra ahlola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ponahalo ea eona ea ka ntle? (b) Moetsi oa leihlo o talima lintho joang?

4 Haeba re ahlola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ponahalo ea mahlo, ’me re itšetleha ka ponahalo ea ka ntle feela, ho na le kotsi ea hore re tla thetseha ’me re tsoe kotsi. Ka mohlala, motho a ka ’na a be a tsamaea lehoatateng la lehlabathe ha ka tšohanyetso a iphumana a se a le moo ho tetebelang. Kapa motho a ka ’na a ferekanngoa ke ponahalo ea botsoalle ea motho eo hamorao ho fumanehang hore ke ‘phiri ka lekokong la nku.’ (Mattheu 7:15) Ka hona re tlameha ho falimeha. Moetsi oa leihlo ha a ahlole lintho ka ponahalo ea ka ntle feela. O itse ho moprofeta Samuele: “Jehova ha a bone kamoo motho a bonang; hobane motho o talima tšobotsi [ponahalo ea ka ntle], empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) Ka sebele, Ea entseng leihlo o lemoha mehopolo e tebileng le maikutlo, ‘me tsela eo a ahlolang ka eona mang kapa mang kapa eng kapa eng e nepahetse ka mehla. (Bapisa Ba-Heberu 4:12.) Ka baka la pono ea hae e phethahetseng le temohisiso, ka ’nete ke Ea bonang kahohle.

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlokomelisoe pele ho nako ka litlokotsi tsa ‘ho tsamaea ka pono ea mahlo’?

5 Leha ho le joalo, re le batho feela, re ke ke ra lemoha ka ho hlakileng hore na se ka pelong ea motho e mong ke sefe. Le ka matla a rōna ao re a filoeng ke Molimo, ha rea phethahala ’me re ka thetsoa hangata. Ha e le hantle, lipelo tsa rōna li ka ’na tsa re thetsa, hobane “pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe.” (Jeremia 17:9) Ka hona ke habohlokoa haholo hore re lemosoe e sa le pele ka litlokotsi tsa ho ‘tsamaea ka pono ea mahlo.’ Na Jehova o fane ka temoso e joalo e potlakileng? Ka sebele! O entse hore ho ngoloe tlaleho ea liketsahalo tse ling tse hlahelletseng tse bontšang likotsi tsa ho tsamaea ka pono ea mahlo feela ’me li sebetsa e le thuto.—Ba-Roma 15:4.

6. ‘Ho tsamaea ka pono ea mahlo’ ho bile le liphello life ho Baiseraele?

6 Liphihlelo tsa batho ba baholo-holo ba Molimo, Baiseraele, li opa khomo lenaka. Le hoja tataiso e sa foseng ea Jehova e ne e neiloe sechaba seo se hauhetsoeng ho feta tsohle, bongata ba sona bo se nang tumelo ka manganga ba tsamaea ka “likeletso tseo e leng tsa bona.” (Pesaleme ea 81:12) ‘Ba tsamaea ka pono ea mahlo,’ ba retelehela borapeling ba litšoantšo kapa ba melimo eo ba ka e bonang ka mahlo. Ba tataisoa ke ponahalo ea ka ntle, ba thothometsoa ke ho tšaba bongata bo sisimosang ba palo ea lira tsa bona. Ho feta moo, ka lebaka la ho ‘tsamaea ka pono, e seng ka tumelo,’ Baiseraele ba boela ba qholotsa boeta-pele ba Moshe boo a bo filoeng ke Molimo ’me ba korotla ka lintho tsa bophelo. (Bapisa Juda 16.) Ba bangata ho bona ba ile ba honohela seo ho neng ho bonahala e ka ke bolokolohi le nala tsa lichaba tse ba potileng, ba hlokomoloha lebaka la hore batho bana ba ne ba qoetse manyaleng ’me ba le tlas’a tšusumetso ea bademona.—Levitike 18:1-3, 30.

7. Ho ile ha etsahala joang ka Baiseraele ba ileng ba hana tataiso ea Molimo?

7 Ho ile ha etsahala joang ka Baiseraele ba ileng ba tsitlallela ho ikela ka tsela ea bona, ba hana tataiso ea Molimo? Ba ipokellela bohale ba Jehova, ’me a ba amoha tlhokomelo ea hae e sireletsang hoo ba neng ba hlōloa ke lira tsa bona! Le Lefatšeng la Pallo, Baiseraele ba ne ba atisa ho ba makhoba ho lira tsa bona tse se nang mohau. (Baahloli 2:17-23) Ho fapana le Moshe, ea ileng a hana ho thabela menono ea lefatše ea sehlopha se busang sa Egepeta, Baiseraele ba batla “menate ea libe e felang kapele” ’me ba khaotsa ho tsamaea ‘joale ka hoja ba bona ea sa bonoeng.’ Ba ne ba haelloa ke tumelo. Hape, hopola hore “tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang.”—Ba-Heberu 3:16-19; 11:6, 24-27.

8. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova kajeno ba lokela ho nka temoso liphihlelong tsa Baiseraele ba boholo-holo?

8 Bahlanka ba Jehova ba kajeno ba ka fumana litemoso liketsahalong tseo tsa nakong e fetileng. Le rōna, re kotsing ea ho fetoha ba fokolang tumelong kapa hona ho lahleheloa ke tumelo ea rōna. Na hase ’nete hore re ka susumetsoa hampe ke ponahalo ea kantle ea lintho ’me kahoo ra qala ho ‘tsamaea ka pono ea mahlo’? Ke ka lebaka leo Jehova ka mosa a lokiselitseng tataiso bakeng sa ba neng ba tla mo sebeletsa ka tumelo. O sebelisitse Baiseraele, ho akarelletsa le litšebelisano tsa hae le bona e le lithuto tse neng li tla susumetsa meloko e tlang, ho akarelletsa oa rōna. (1 Ba-Korinthe 10:11) Kahoo re matlafatsoa ka tsebo e nepahetseng, ka tšepo e matla, le ka mamello.

9. Haeba re ne re ‘tsamaea ka pono ea mahlo,’ re ne re ka ’na ra ikutloa joang ka liketso tse itseng le ka litokisetso tsa puso ea Molimo?

9 Ha tataiso ena e tiileng e tsoang ho ’Mōpi oa rōna ea lerato e le sieo, re ne re tla ba kotsing ea ho phephetsa Moshe e Moholo, Jesu Kreste, re lebala hore Molimo le Kreste ba tsamaisa Bakreste ba ’nete kajeno. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 5:24.) Re ka ’na ra talima tlhophiso ea Lipaki tsa Jehova e le e iqallang feela tjee ho batho ’me kahoo ra ikutloa re lokolohile ho etsa se bonahalang se nepahetse mahlong a rōna. (Bapisa Baahloli 21:25.) Ho phaella moo, re ka ’na ra oela phosong ea ba bang bao ho bonahalang ba nahana hore hafeela tsela e itseng ea ketso e sa khathatse matsoalo a bona, e lokile. Ba bang ba ka ’na ba qala ho nahana hore tlhophiso ea puso ea Molimo e molemong oa bona le hore sohle seo e se hlokang se lokela ho nolofatsoa, ho sa hlokahale hore ba itele. Kotsi e ’ngoe e ka ’na ea e-ba ho ba le khopolo ea hore litokisetso tsa tlhophiso li lokela ho etsoa hore li lumellane le thato ea rōna ho e-na le thato ea Molimo. Empa Mohlala oa rōna, Jesu Kreste, o ne a etsa thato ea Ntate oa hae oa leholimo ka nyakallo kamehla.—Pesaleme ea 40:8; Ba-Heberu 10:5-10.

10. Boikutlo ba rōna ka tšebeletso ea tšimo le mesebetsi e meng ea puso ea Molimo bo ka ’na ba ameha joang haeba re hlokomoloha tataiso ea Molimo kapa re e nka habobebe?

10 Ka lebaka la ho hlokomoloha tsamaiso ea bomolimo kapa ho e nka hasesaane, ba bang ba ka ’na ba nahana hore liboka tsa rōna li lokela ho khutsufatsoa, libaka tsa likopano li se ke tsa e-ba hōle hakana, ’me taba e ithutoang e be bonolo kamehla, e se akarelletse “lijo tse tiileng.” (Ba-Heberu 5:12) Linaheng tseo ho tsona Bakreste ba thabelang khotso, ba bang ka ’na ba nka mahlohonolo a ’Muso habobebe, ba ikutloa hore ha hoa tlameha hore ho etsoe ka matla tšebeletsong e halalelang. Haeba re ka hlaolela boikutlo bo joalo, re ka ba ra tloha ra fetoha “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo,” mohlomong mafelo a beke e ’ngoe le e ’ngoe re a behela boikhathollo ho e-na le ho sebelisa nako e joalo tšebeletsong ea tšimo le liketsong tse ling tsa puso ea Molimo tse bontšang boinehelo ba pelo eohle ho Jehova. (2 Timothea 3:1, 4) Haeba hoo ho etsahala, na ka botšepehi re ka hla ra re re ne re ‘tsamaea ka tumelo e seng ka pono ea mahlo’?

11. Ho ipaballa haholo ho ka ’na ha e-ba le liphello life, empa ho hlokahala hore re etse joang?

11 Hape ho na le kotsi ea ho ipaballa haholo. Ho bonolo ho itjoetsa hore ho opa ho honyenyane ha hlooho kapa bothatanyana bo bong bo kang boo bo bobe ho feta kamoo bo hlileng bo leng kateng. Nama ea rōna e sa phethahalang e ka ’na ea re khannela ho sebelisa hona e le lebaka la ho se phethahatse boikarabelo, bo kang ba ho fana ka puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo. Empa na ha se ’nete hore re ne re ke ke ra lumella bohloko boo hore bo re thibele ho kopanela boikhathollong ba mofuta o itseng? Ha e le hantle, re lokela ho sebelisa kelello e elileng ’me re se ke ra nka habobebe matšoao a ho kula ho tebileng. Leha ho le joalo, hoa hlokahala hore re etse ka matla. (Luka 13:24) ’Me ruri tumelo e lokela ho bonahala haholo liqetong tsa rōna e le hore re se ke ra ‘tsamaea ka pono ea mahlo’ feela, tumellanong le keletso ea rōna e sa thusoang.—Ba-Roma 12:1-3.

12. Re iphumana re le ntoeng ea mofuta ofe, ho biletsa hore re be le boikutlo ba mofuta ofe?

12 Le ka mohla u se ke ua lebala hore re ntoeng le makhotla a meea e khopo. (Ba-Efese 6:11-18) Sera se seholo sa rōna. Satane Diabolose, se ka tlisa litšusumetso tse matla hore re ineele ka ho sebelisa lihlomo tsa sona tse reretsoeng ho senya tumelo ea rōna ho Jehova. Satane o tla ipiletsa tšekamelong e ’ngoe le e ’ngoe ea boithati ’me a ke ke a hlokomoloha tšusumetso efe kapa efe e ka ’nang ea re kholokhothehisa monahanong oa rōna. Haeba re kopanela le “masala” a “peō” ea “mosali” oa Molimo, kapa tlhophiso ea leholimo, re ntoeng. Ke eo ho seng khefu ho eona ho fihlela Jehova, ea re matlafatsang hore re loane le tlhaselo ea bosatane, a felisa tlhophiso eohle ea Diabolose. (Tšenolo 12:16, 17; 1 Petrose 5:6-11) Ka hona, na joale re ka ba sebete ’me ra ba le kutloisiso ea ho potlaka? Ka sebele rea lokela!—Pesaleme ea 31:24.

Se Boleloang ke ho “Tsamaea ka Tumelo”

13. ‘Ho tsamaea ka tumelo’ ho bolela eng?

13 Ho “tsamaea ka tumelo” ho bolela ho tsoela pele maemong a thata ka tumelo ho Molimo, matleng a hae a ho tataisa mehato ea rōna, le ho ithaopa ha oona ho bona hore re ea tšireletsehong. (Pesaleme ea 22:3-5; Ba-Heberu 11:6) Ho bolela ho hana ho tataisoa ke ponahalo ea kantle ea lintho kapa monahano o sa thusoeng oa botho. Tumelo e tla re khannela ho tsamaea ka tsela e suptjoang ke Jehova, ho sa tsotellehe hore na tsela e ka ’na ea e-ba thata hakae. Haeba re “tsamaea ka tumelo,” re tla tšoana le Davida, ea ileng a re ka Molimo: “U tla ntsebisa tsela ea bophelo. Khora ea thabo e teng pel’a hao, le linyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.” (Pesaleme ea 16:11) Ho feta moo, ha re lumella Jehova hore a tsamaise mehato ea rōna, o tla re nea khotso ea kelello ’me o tla re thusa ho fumana tlhōlo, ho sa tsotellehe hore na ho thata hakae. (Johanne 16:33; Ba-Filippi 4:6, 7) Har’a lintho tse ling, ‘ho tsamaea ka tumelo’ nako le nako ho tla re kenya kamanong le baena le bo-khaitseli ba rōna ba moea bakeng sa boithuto bo kopaneng ba Bibele le thapelo.—Ba-Heberu 10:24, 25.

14, 15. (a) Boikutlo ba Jesu ka maruo, botumo le ho kenella lipolotiking e ne e le bofe? (b) Joalokaha ho senotsoe ka Mangolong, Jesu o ne a talima tataiso ea Molimo joang?

14 Ha e le hantle, ‘ho tsamaea ka tumelo’ ho boetse ho re etsa metsoalle ea bahlanka ba khabane ba Jehova ba nakong e fetileng. E moholo ho bona e ne e le Jesu Kreste, “Moemeli e Moholo le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna.” Ha re tsekella ho ‘hata moo a hatileng,’ re fumana eng?—Ba-Heberu 12:1-3, NW; 1 Petrose 2:21.

15 Jesu o hanne ho kenella lipolotiking tsa lefatše ’me ha ho mohla a ileng a batla maruo le botumo tse neng li phehelloa ke ba bangata. Ho e-na le hoo, a supa hore ’Muso oa hae ‘hase oa lefatše lena,’ ’me hōle-hōle le ho rata lintho tse bonahalang, o ne a ‘se na moo a samelang hlooho ea hae teng.’ (Johanne 6:14, 15; 18:36; Luka 9:57, 58) Le hoja Jesu a ne a e-na le kelello e phethahetseng, ha a ka a iketsetsa lintho ka bolokolohi empa a sheba Ntat’ae oa leholimo hore a mo tataise.—Johanne 8:28, 29.

16. Leseling la mohlala oa Jesu, ho ka thoe’ng ka boikutlo ba Lipaki tsa Jehova?

16 Ka baka la mohlala oa Jesu, ho ka thoe’ng ka Lipaki tsa Jehova kajeno? Re le babuelli ba ’Muso oa Molimo oa leholimo, re hlonepha “marena a maholo” a mebuso empa ha re jele pate litabeng tsa lipolotiki. (Ba-Roma 13:1-7, NW; Mattheu 6:9, 10; Johanne 17:16) Ho e-na le ho batla maruo le botumo lefatšeng lena, ‘re batla pele ’Muso oa Molimo,’ re tšepile hore Jehova o tla re nea lipatlahalo tsa bophelo. (Mattheu 6:24-34; Pesaleme ea 37:25) ’Me joaloka Jesu, ha ‘re tšepe hlalefo ea rōna’ empa ka teboho re amohela tataiso ea Molimo oa rōna o lerato. (Liproverbia 3:5, 6) Ka sebele, hona hohle ho re thusa ho “tsamaea ka tumelo.”

Liteko le Mahlohonolo

17. Batho ba Jehova ba tlameha ho mamella eng ha ba ntse ba “tsamaea ka tumelo”? Ak’u etse mohlala oa sena.

17 Linaheng tse ngata lipaki tsa habo rōna tsa Jehova li tlameha ho mamella litšitiso le mahlomola tse sa tloaelehang, mohlomong le litlhoriso tse sehlōhō, ha li “tsamaea ka tumelo.” Ha e le hantle, liteko tsa tumelo li hlaha ka mekhoa e fapaneng. Ka mohlala, nahana ka mathata le tšebeletso e khabane ea moena e mong ea tsofetseng oa Ecuador. O kopane le ’nete ha a le lilemo li 80, eaba o ithuta ho bala le ho ngola. A kolobetsoa lilemo peli hamorao. Kaha o ne a phela libakeng tse thōko, o ne a lokela ho tsamaea lihora tse tharo ho ea Holong ea ’Muso. Mosali oa hae ea hanyetsang o ne a ee a pate liaparo tsa hae le chelete ho mo nyahamisa ho ea libokeng tsa Bokreste. Empa mathata ana ha a ka a hlōla moena enoa ea khabane. A sebeletsa e le pula-maliboho oa nakoana, kapa ea thusang, khoeli le khoeli ka lilemo tse leshome ’me a bolela metseng e mengata, hangata a tšoaroa hampe ke batho ba metse. Leha ho le joalo, hamorao ha bo-pulamaliboho le baromuoa ba paka libakeng tseo, batho ba bangata ba ba atamela ’me ba kōpa lithuto tsa Bibele. Ka hona, lintho tse ntle li ile tsa hlala mosebetsing o boima oa moena enoa ea chesehang. A bolaoa ke kankere ha a le lilemo li 92 khoeling eo a shoeleng ka eona empa a sebetsa lihora tse 40 tšebeletsong.

18. (a) Re tlameha ho etsa joang haeba re lakatsa ho thabela mohau oa Molimo? (b) Meputso ea rōna e tla ba efe haeba re ntse re “tsamaea ka tumelo, e seng ka pono”?

18 Le rōna, re tlameha ho mamella ho sa tsotellehe mathata le maima. (Mattheu 24:13) Haeba re lakatsa ho thabela mohau oa Molimo, ke habohlokoa hore re sebelise keletso ea Molimo, re itšetlehe ka oona, le ho lula re ikarotse lefatšeng, boikutlong ba lona le litseleng tsa lona. (Pesaleme ea 37:5; 1 Ba-Korinthe 2:12; Jakobo 1:27) Ka hona a re loaneleng ho etsisa Mohlala oa rōna Jesu Kreste. A re beng ba itelang le ba utloisisang ho etsa ka matla tšebeletsong e khanyang ea Jehova. Ha re ntse re etsa sena, ka tšepo re ka talima ho phethahatsoa ha litšepiso tse khōlō tsa Ntate oa rōna oa leholimo ho barapeli ba hae ba tšepahalang. ’Me hona ho tla isa mahlohonolong a babatsehang hakaakang Tsamaisong e Ncha ea hae! Ka holim’a tsohle, ‘ho tsamaea ka tumelo, e seng ka pono’ ho tla re tlisetsa moputso oa ho kopanela ho fana ka bopaki bo tlosang qoso boreneng ba Jehova ba bokahohleng.

Na U sa Hopola?

◻ Likotsi tsa ho ‘tsamaea ka pono ea mahlo’ ke life?

◻ Liphihlelo tsa Baiseraele li fana ka temoso efe ho batho ba Jehova kajeno?

◻ Ho e-na le ho ipaballa haholo ho hlokahala hore re etse joang?

◻ ’Ho tsamaea ka tumelo’ ho bolela ho etsa joang?

[Litšoantšo se leqepheng la 12]

Ha lipaki tse ling tsa Jehova li tšoarehile ho hahamalleng lintho tsa puso ea Molimo, na uena le lelapa la hao hangata le habile papaling e ’ngoe ea boikhathollo?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Jesu Kreste o re behetse mohlala o phahameng haholo. Joaloka eena, na u “tsamaea ka tumelo”?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela