Molimo, Setsoalle sa Hao Ke sa Bohlokoa Hakaakang!
Kamoo ho boletseng Daniel Sydlik
BOPHELO ke bo qalile polasing e haufi le Belleville, Michigan, ka Tlhakola 1919. ’Mè o ile a belehisoa ke ’melehisi, kaha ’mè ea neng a tlile mona ka ho falla a ne a nka hore ngaka ha e hlokahale. Ka Senyesemane se sa hae se fellang o ne a ee a arabele bohle ba mo botsang hore na o tla belehela hokae, “Why go to hospital? I not sick” (Sepetlele ke tla be ke il’o etsa’ng? Ha ke kule).
Ho ne ho le thata polasing. Lelapa leso la fallela Detroit ha le ntse le batla bophelo bo molemonyana. Nakoana kamorao ho moo, ntate a kula ’me a shoa ke ne nka ba lilemo li tharo. O ne a kopanela ka mafolo-folo le Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, tseo kajeno li tsejoang e le Lipaki tsa Jehova.
’Mè joale a sala le bana ba tšeletseng le melato eo a tlamehang ho e lefa. O ne a ile a hanyetsa bolumeli ba ntate ka matla, empa kamorao ho lefu la ntate a retelehela Bibeleng ho fumana hore na ke eng e neng e khahla ntate hakana. Lilemo hamorao le eena ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Hoba ntate a shoe, ’Mè a sebetsa e le mofepi bosiu matlung a lijo ’me a hlokela lelapa motšehare. Hona ha tsoela pele ho fihlela a nyaloa hape lilemo hamorao. Monna oa hae oa bobeli a tseka ka katleho hore sebaka se molemo sa ho hōlisa bana ke koana ka ntle moo naha e bulehileng e seng metseng e meholo ea matlo a petetsaneng.
Ha rekoa polasi ea lihakethere tse 22 haufi le Caro, Michigan. Ha re fihla selemo ka 1927, lifate tsa litholoana li ne li khanya ke lipalesa. Moea o ne o nkha hamonate ke lipalesa tsa naha, ’me lifate li thuntse. Ho ne ho e-na le matamo a ho sesa, lifate tse ka hlooang, le liphoofolo tseo ho ka bapaloang le tsona. Mona bophelo e ne e le sebabatso! Bo fapane hole-hole le metseng e meholo. Leha ho le joalo, ’Mè o ne a thatafalloa ke bophelo ba libaka tse ka thōko ho litoropo. E ne e le ho bula maliboho moo ho leng thata-thata—ho se metsi a lipompo, ho se lipompo ka tlung, ho se motlakase.
Mariha a ne a le malelele ’me a tlabola. Rōna bana re ne re robala ka foranteng, moo lehloa le neng le atisa ho kena le masenkeng ’me le hle le koahele libethe. Hoseng e ne e le tlhokofatso feela ho apara marikhoe a batang poo ao ka linako tse ling a neng a sataletse ke ho hoama. Mesebetsi ea setorong e ne e tlameha ho etsoa pele ho lijo tsa hoseng. Joale ho tle leeto la merung ho ea sekolong, se neng se e-na le phapusi e le ’ngoe ea ho ithutela e nang le lihlopha tse robeli tse rutoang ke tichere e le ’ngoe.
Qaleho ea Lintho tsa Moea
’Mè o ne a e-na le lerato la ’nete ho Molimo le ileng la susumetsa rōna bana haholo. O ne a ee a re ka Sepolishe: “Molimo o re file letsatsi le letle.” Rōna bana re ee ka ntle ho fumana hore na o bua ka’ng—hore feela re fumane hore pula e-ea na. Ho ’mè ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e etsahala, e ne e amana le Molimo ka tsela e itseng. Ha namane e tsoaloa, kapa ha likhoho li behela mahe kapa ha lehloa le khetheha, ka eena ho ne ho amana le Molimo. Molimo o ne o ikarabella ka tsela e itseng ka lintho tsena tse ntle.
’Mè o ne a lumela thapelong. Thapelo e ne e le tlamo ho rōna nakong ea lijo. O ne a ee a re, “Lintja li tsoka mehatla ha u li fepa. Na rōna re fetoa ke lintja ka kananelo?” Hape o ne a batla hore re rapele ka borōna pele re ea robala. Kaha ho ne ho se lea mong ho rōna ea tsebang Thapelo ea Morena ka Senyesemane, o ne a ee a re re khumame e be re pheta mantsoe ao ka Sepolishe kamor’a hae.—Mattheu 6:9-13.
Eo ke mehla ea khale pele ho thelevishene. Hoba letsatsi le likele, ho ne ho se ho hongata ho ka etsoang ha e se ho robala. ’Mè o ne a re khothalletsa ho bala. O ne a bala Bibele ea hae ka lebone la parafine. ’Me rōna bana re ne re bala libuka tseo re li fumaneng ho basebeletsi ba tsamaeang ba Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, tse kang The Harp of God, Creation le Reconciliation, Ka hona ha qala hore ho hlaoleloe setsoalle le Molimo.
Mathoasong a bo-1930 Liithuti tsa Bibele tse tsoang Saginaw, Michigan, tsa re etela le ho re khothaletsa hore re bolelle ba bang. Empa kaha ho ne ho se phutheho kapa sehlopha sa thuto ea Bibele e hlophisitsoeng haufi le moo, boiteko ba rōna ba ho bolela e ne e se ba bohlokoa. Khōlo ea rōna ea moea ea lula feela boholo ba nako.
Ka lebaka la ho haella ha lintho tse sebelisoang ka bo-1930, ho ne ho hlokahala hore ke tlohe lapeng le hore ke eo batla mosebetsi Detroit. Polasi e ne e e-na le sekoloto se boima, ’me e ne e le takatso ea ka hore re tsoe mojarong oo. Detroit, leha ho le joalo, ka nako eo e ne e le motse oa mekōpa-kōpa e follang lijo. Banna ba likete-kete ba ne ba ema meleng, ka linako tse ling bosiu bohle, ba kokometse mellong ea patsi kapa ea mashala, ba leka ho molemohali hore ba futhumale ho fihlela liofisi tsa khiro li bula menyako ea tsona. Ka ba lehlohonolo la ho fumana mosebetsi fekethering ea makoloi.
Tsoelopele Moeeng
Ha e-ea ba ho fihlela karolong e qetellang ea leshome leo la lilemo, ha ke le Long Beach, California, moo thahasello ea ka ea moea e ileng ea tsosoa hape ka tsela e beang. Ka neoa sememo se ’memelang puong ea phatlalatsa. Sontaheng seo ka fihla ka lekhetlo la pele sebokeng Holong ea ’Muso. Moo ka teana le Olive le William (Bill) Perkins, batho ba batle ba nang le kamano ea bohlokoa le Jehova Molimo.
Khaitseli Perkins e ne e le moruti ea tsotehang oa Lentsoe la Molimo, a sebelisa Bibele ea hae ka bohlale joaloka ngaka e buoang ha e sebelisa thipa ea eona. O ne a ka tšoara Bibele ea hae e khōlō ea “King James Version” ka letsohong la hae le letšehali, a nyeke monoana oa hae o motona oa letsoho le letona, eaba o phetla maqephe a ea temaneng ena le eane. Batho ba ne ba hlolloa ke bohlale ba hae le seo ba ithutang sona Bibeleng. E bile kofuto ho tliseng batho ba bangata kutloisisong ea morero oa Molimo. Ho sebetsa le eena tšebeletsong e ne e le tšusumetso. Ha nkhothalletsa hore ke nkele tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho ka Loetse 1941.
Khaitseli Wilcox ke e mong ea ileng a nthusa. E ne e le mosali ea molelele ka seemo, ea seriti, ea moriri o moputsoa ea lilemong tsa bo70 ea neng a phutha moriri oa hae a o etsa bolonyana e ntle hloohong. “Costume” ea hae ka mehla e ne e hlomphuoa ka ho roala katiba e lephephelesi le leholo. Ka har’a mose oa hae o sehiloeng ka makhethe, o fihlang maqaqailaneng o ne a shebahala a khethile, a tšoana le motho ea sa tsoa feta ho bo-1880. Re ne re bolela le eena libakeng tsa khoebo tsa Long Beach.
Baokameli ba mesebetsi ba ne ba khahloa hang feela ke ponahalo ea Khaitseli Wilcox. ’Me ka cheseho e itseng e bontšang ho labalabela ho hong ba ne ba ee ba mo memele ka liofising tsa bona. E ne e ba ke se ke chobela le eena. Ba ne ba ee ba botse ka hlompho “Taba ke efe? Nka le thusa?”
Ntle ho ho tsila-tsila, Khaitseli Wilcox, ka Senyesemane sa litsebi seo a neng a se bua, o ne a ee a arabele: “Ke mona ho tla u bolella ka seotsoa sa khale sa Tšenolo se palameng sebata.” (Tšenolo 17:1-5) Baokameli ba mesebetsi ba ne ba honyella morao litulong tsa bona le ho itokisa, ba maketse hore na joale ba tla utloa’ng hape. O ne a ba bolella setšoantšo se hlakileng sa ho fela ha tsamaiso ena ea lintho. Hangata boitšoaro e ne e e-ba bo etsang qeto. Ba ne ba batla eng kapa eng eo a nang le eona. Ka letsatsi le letsatsi re ne re tsamaisa mabokose a libuka. Mosebetsi oa ke e ne e le ho letsa gramafomo neng le neng ha a kōpa hore e letsoe, le hore ke hloke tšabo ka ho tšoanang le ho ba sebete kamoo ho ka khonehang ha a ntse a bua.
Likabelo tse Ncha
Enfolopo e tsoang Mokhatlong oa Watchtower e ne e ntlatsa thabo kamehla. E bile enfolopo e joalo, e amohetsoeng ka 1942, e neng e e-na le kabelo ea ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng San Pedro, California. Mono Bill le Mildred Taylor ba mpulela ntlo ea bona. Ho ile ha hloka boikhalemelo bo matla hore ke sebetse ke le mong tšebeletsong ea tšimo letsatsi le letsatsi. Empa ha nkatametsa haufi le Jehova, hoo ke ileng ka utloa setsoalle sa hae ka ’nete. Joale Mokhatlo oa romela Georgia le Archie Boyd, hammoho le mora oa bona le morali, Donald le Susan, ho tla thusa ho sebetsa tšimo. Ba ha Boyd ba ne ba lula ka ntlo-koloing e bolelele ba limithara tse 5,5 le thepa eohle ea bona.
Ra fumana enfolopo e ’ngoe e tsoang ho Mokhatlo! Ra utloa re hatsela mekokotlo ha re bala ka kabelo ea rōna e ncha—Richmond, California, ka leboea feela ho San Francisco. Ho sa tsotellehe bothata ba hore koloi ea rōna ea khale le ntlo-koloi li ke ke tsa nka leeto leo, ra phutha thoto ’me ra kena tseleng. Re ne re shebahala joaloka bafalli re lokisa enjine le ho lapa lithaere tseleng. Ha qetellong re fihla Richmond, ho ne ho na pula ea litloebelele.
Ntoa ea II ea Lefatše joale e ne e hlanakoa ka thata. Libaka tsa kaho ea likepe tsa Kaiser li ne li sebetsa ka thata ho haha “Likepe tsa Tokoloho,” kamoo li neng li bitsoa kateng. Mosebetsi oa rōna e ne e le ho bolela ho batho ba neng ba khobokane mona ho tla sebetsa. Ho tloha hoseng ho fihlela bosiu bo boholo, re ne re bua ka ’Muso, hangata re khutlela hae ka mantsoe a makherehloa ke ho bua haholo. Ha qalisoa lithuto tse ngata tsa Bibele. Basebetsi bana ba likepeng e ne e le batho ba fanang le ba amohelang baeti ba neng ba re fepa ka sohle seo re se hlokang. Tšimo e ne e hlile e eme le rōna hoo ho neng ho sa hlokahale hore re ka batla mosebetsi oa boipheliso oa nakoana.
Liphihlelo tsa Teronkong
Bahlankana ba ne ba memeloa sesole mabothong a hlometseng. Banab’eso ba bashemane, bao e neng e se Lipaki, ba ne ba ithaopile ’me ba sebetsa mabothong a lipharachute le a boenjinere. Ka kenya kōpo ea ho behelloa kathoko ke le mosebeletsi oa bolumeli ea sitisoang ke letsoalo ho kena ntoeng. Lekhotla la Sesole la hana ho hlokomela boemo ba ka ke le mosebeletsi oa bolumeli. Ka tšoaroa, ka isoa nyeoeng, ’me ka la 17 Phupu, 1944, ka ahloleloa lilemo tse tharo ke sebetsa ka thata Teronkong ea Nako ea Ntoa ea McNeil Island Seterekeng sa Washington. Teronkong ka ithuta hore setsoalle sa Jehova se tšoarella ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 138:8, The Bible in Living English.
Ka bolokoa khoeli teronkong ea Los Angeles, ke emetse ho isoa McNeil Island. Ho thata ho lebala liphihlelo tsa pele tsa bophelo ba teronko, kamoo batšoaruoa ba rohakang balebeli le rōna ha re ntse re kenngoa ka hare. Kapa kamoo balebeli ba neng ba laela: “Hlokomelang liheke!” Lerata la liheke tsa motlakase ha li koaloa le ne le tšoana le sea-luma se hōle. Ha liheke li ntse li koaleha ka bonngoe, molumo o ne o ntse o atamela haholoanyane ho fihlela ha ho koaleha heke eo motho a leng ho eona e tlakasela e-ba e-ea koaleha ka ho otla ho khehle-manang! Ho ne ho e-ba le boikutlo ba ho tšoasoa le leqhubu la tšabo. Ka potlako ka rapela Molimo hore o nthuse, ’me hona hoo feela ka apareloa ke boikutlo bo mofuthu, phihlelo eo nke keng ka e lebala le ka mohla.
Ka la 16 Phato, ’na hammoho le sehlopha sa batšoaruoa ba bang, ra tlangoa ka mahlaahlela. Joale, tlas’a leihlo le chatsi la sepolesa se hlometseng, ra lebeloa har’a mokhopi oa motšehare o moholo oa Los Angeles ho kena ka beseng eaba joale re isoa tereneng ea teronko e eang McNeil Island. Mahlaahlela ao a teronko a ntlatsa thabo, hobane a ile a nkamahanya le sehlopha sa baapostola ba Kreste bao le bona ba ileng ba tlangoa ka mahlaahlela ka lebaka la ho tšepahala ha bona.—Liketso 12:6, 7; 21:33; Ba-Efese 6:20.
Ha ke ntse ke ngolisoa teronkong ea McNeil, mosebetsi ea kamorao ho tafole a mpotsa: “Na u J.W.?” Hoo ha ntšohanyetsa, hobane ke ne ke qala ho utloa lebitso “J.W.” Empa ha phakisa ha khanya ho ’na hore na o bua ka’ng, eaba ke re, “E!”
A re, “Emella mane.” Ka makala ho utloa a botsa monna ea kamorao ho ’na potso eona eo: “Na u J.W.?” Ka potlako monna a arabela, “E!”
Ofisiri ea qaboha haholo, ea re: “U leshano! Ha u tsebe le hore na J.W. ke eng.” Hamorao ka utloela hore monna eo e ne le senokoane se pelo-thata se nang le tlaleho e telele ea teronko. Ha e le hantle, “J.W.” e ne e emela “Jehovah’s Witness [Paki ea Jehova],” ’me monna eo e ne e se eona.
E ne e se e le bosiu, ’me molebeli a ntsamaisa lefifing ho ea betheng ea ka. Ho ne ho le thata ho lumela hore ke teronkong ea nako ea ntoa hōle le hae kapa le mang kapa mang eo ke mo tsebang ka makholo-kholo a lik’hilomethara. Hona hoo feela ka bona e mong a e-tla ho ’na lefifing. “Shhh!” a cho joalo ha a lula haufi le ’na betheng. “Ke moena. Bo-ba-re ba itse ho na le Paki e tla tla.” A ipolela hore na ke mang ’me a bua mantsoe a khothatso, a mpolela ka thuto ea sehlopha ea Molula-Qhooa e neng e lumelloa hona ka teronkong ka Sontaha motšehare oa mantsiboea. Ho ne ho sa lumelloe hore motho a tlohe betheng ea hae ha ho tinngoe mabone, eaba o lula nako e khutšoaane feela. Empa ka metsotsoana, ka utloa setsoalle sa bohlokoa sa Jehova se iponahatsang ka bahlanka ba inehetseng ba hae.
Liketsahalo tsa bohlokoa ha ke le teronkong ke linako tseo ka tsona A. H. Macmillan a neng a eta a e-tsoa ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn. E ne e le “Barnabase,” mokhothatsi, haeba o kile a ba teng e mong. Ha a tlile re ne re lumelloa ho ba ka holong e khōlō, ’me rōna Lipaki kaofela le batšoaruoa ba bang ba bangata re ne re lumelloa ho bokana ho tla mo utloa. E ne e le sebui se matla, le bona baokameli ba teronko ba ne ba thabela ho mo mamela.
Re ne re hlophisa matlo a batšoaruoa ho a etsa tšimo ea ho bolela. Re ne re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka kemiso libakeng tsena joalokaha re ne re etsa matlong a motse o moholo pele re kenngoa litlamong. Kamohelo e ne e kopakane ’me ho le thata hore na u ka lebella eng. Empa litsebe tse mamelang li ne li le teng. Masholu a libanka le ba bang, ho akarelletsa balebeli ba teronko, ba retelehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. Ke ntse ke thaba ha ke hopola liphihlelo tse joalo.
Ho Falla ho Bōpileng Bophelo ba Ka
Mathoasong a 1946, ntoa e letse, ka lokolloa teronkong. Ke ne ke emetsoe ke enfolopo e ’ngoe e tsoang ho Mokhatlo! Kabelo ea ka e latelang ea bopula-maliboho bo khethehileng e ne e tla ba Hollywood, California! Motse oa mesoaso. Bua ka liphephetso! Ho na le linako tseo ka tsona ho neng ho ka ba bonolo ho rekisetsa Leeskimo lihatsetsi ho e-na le ho etsa hore batho bana ba ithute Bibele. Leha ho le joalo, butle-butle, “linku” tsa Morena tsa fumanoa.
Ha ke le kopanong ea machaba ea “Lichaba tse Thabileng” Cleveland, Ohio, ka Phato 1946, Milton Henschel mongoli oa Nathan Knorr, eo e neng e le mookameli oa Watchtower Society, a nkemisa ’me a botsa: “Dan, u tla tla neng Bethele?” Ka mo bolella hore ke thabile bopula-malibohong. A re, “Empa re u hloka Bethele.” Kamorao ho mantsoe a seng makae, ka felloa ke mabaka a ho ikemela. Ke ne ke rata California ’me ke hloile khopolo ea ho ea phela New York. Empa ke hopola ke ipolella, ‘Dan, haeba Jehova a u batla Brooklyn, Brooklyn ke moo u tla ea.’ Ka hona ka la 20 Phato, 1946, ka qala tšebeletso ea ka Bethele, ntlo-khōlō ea Brooklyn ea Lipaki tsa Jehova.
Ka lilemo tse telele ka sebetsa moo ho tlangoang libuka ka khatisong Brooklyn ke etsa mesebetsi e mengata e hlokang lipotomane. Qetellong ka romeloa Lefapheng la Lipeeletso, le neng le hloka tsamaiso e ncha. Joale ha tla liphephetso tsa kelello, tse kang ho lokisetsa lipuo tse ngotsoeng tsa sea-lemoea le phatlalatso bakeng sa sea-le-moea sa Mokhatlo WBBR. Ka sebetsa Lefapheng le Ngolang ka lilemo tse 20, ke leka ho finyella litekanyetso tsa lona tse phahameng. Khabareng, ho ne ho e-na le likhetho tse ncha ho ea mekhatlong ea tšebelisano ea molao ea Pennsylvania le ea New York ea Mokhatlo oa Watchtower, mabapi le linako tsa ho hatisa litšoantšiso, likabelo tsa lipuo likopanong tsa setereke le tsa machaba, le litokelo tse ling tse ngata-ngata tsa tšebeletso tse ngata haholo hore li ka boleloa.
Joale ka Pulungoana 1974, enfolopo e ’ngoe ea fihla. E ne e-na le kabelo eo ho leng thata ho e kholoa le ho e nahana. Ke ne ke memeloa ho sebeletsa ke le setho sa Sehlopa se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ka ikutloa ke sa tšoanelehe ho hang le teng ka leboha ka boikokobetso. Khetho eo e na le lilemo tse leshome e ne e etsoe, ’me ke ntse ke ikutloa ka mokhoa o tšoanang.
Lilemo tse fetang li entsoe tse enneng ka likamano le batho ba inehetseng le ba itetseng ba neng ba rata Jehova ho feta le bona bophelo—banna ba joalo ba kang Moahloli Rutherford, eo ke bileng le tokelo ea ho teana le eena lapeng la hae San Diego, California. Hape e bile tokelo ea ka ho sebetsa ke ipapisitse le banna ba bang ba joalo, ho akarelletsa Hugo Riemer, Nathan Knorr, Klaus Jensen, John Perry, Bert Cumming, le ba bang ba bangata bao e neng e le linatla moeeng, “lieike tsa ho loka.”—Esaia 61:3.
’Me ho ba le tokelo ea ho bona tlhophiso ea Jehova e hōla ho tloha sehlotšoaneng sa bahoeletsi ba ’Muso ba 50 000 lefatšeng lohle ho fihla ho ba ka bang limillione tse tharo hase hlompho e nyenyane. Hoa thabisa hore e be ke bone khōlo ea phatlalatso ho tloha libakeng tsa khatiso tse seng kae ho isa ho tse mashome tse tšehelitsoeng ke makala a 95 a bolelang litaba tse molemo linaheng tse 203 tsa lefatše. Liphetoho le ho tenyetseha mahlaleng a lintho tse sebelisoang le tšebeliso ea li-computer e bile limakatso. Ho bona sena sohle, ha ho letho leo motho a ka le etsang ha e se feela ho pheta mantsoe a Mattheu 21:42: “Le entsoe le joalo ke Morena [Jehova], ’me ke le makatsang mahlong a rōna.”
E bile bophelo bo enneng le bo putsang, ha ke li otla mabal’a-nkoe feela. Kae-kae tseleng sebaka se ile se itlhahisa sa ho nyala ngoanana e motle oa Hebburn, Engelane. Mosali oa ka, Marina, ruri ke tšiea e rometsoeng ke Molimo. Mantsoe a Liproverbia 19:14 ke a ’nete hakaakang: “Ntlo le leruo ke lefa la bo-ntat’a motho, empa mosali ea kelello ke mpho ea Jehova.”
Liphihlelong tsohle tsa bophelo, matla a tšehetsang a setsoalle sa Jehova a bile teng joaloka moriti o koahetseng. Ho nahanisisa ka Lentsoe la Jehova, ho thuisa ka seo le se bolelang le ho batla temohisiso le kutloisiso ho tlatsitse lihora tseo ke shebileng ka tsona ka moeno le khotsofalo ea moea. Esita le ka motsotso oona ona, ke aparetsoe ke thabo ha ke bala mantsoe a mopesaleme: “Thabo ke ea sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona, batho bao ba khethetseng ho ba lefa la hae! Meea ea rōna e emetse Jehova; ke thuso ho rōna le thebe ea rōna; hobane lipelo tsa rōna li nyakalla ho eena hobane re tšepile lebitso le halalelang la hae. Setsoalle sa hao se ke se re aparele, Jehova, ha re beile tšepo ea rōna ho uena.”—Pesaleme ea 33:12, 20-22.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Olive Perkins e ne e le tšusumetso ho ’na
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Lelapa la ha Boyd la thusa ho sebetsa tšimo ea San Pedro, California
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Kopanong ea “Lichaba tse Thabileng” ka 1946 re kopane le Lipaki hammoho le rōna tse sa tsoa lokolloa teronkong ea McNeil
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Phatlalatso ea Sontaha hoseng ho WBBR