Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 7/15 maq. 15-20
  • ‘Mathang ka Tsela eo le Tlang ho Fumana Moputso’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Mathang ka Tsela eo le Tlang ho Fumana Moputso’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Tšaba Batho”
  • Litlamo tsa Lelapa
  • Metsoalle ea Hao—E “Bohlale” kapa ke “Maoatla”?
  • Fumana Moputso!
  • ‘Le se ke la Lumella Motho a le Amoha Moputso’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • ‘Ha ho se ka Khopang’ Batho ba Ratang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “Matha Tseleng ea Peiso ho Fihlela Qetellong”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 7/15 maq. 15-20

‘Mathang ka Tsela eo le Tlang ho Fumana Moputso’

“Ha ke re lea tseba hore ba kenang lipapaling tsa lebelo ba matha kaofela, empa moputso o fumanoa ke a le mong feela? Le lōna mathang, ka tsela eo le tlang ho o fumana.”—1 BA-KORINTHE 9:24, NW.

1, 2. (a) Koluoa e khōlō e ne e tla ba efe bakeng sa Mokreste kajeno? (b) Pauluse o fane ka keletso efe ho 1 Ba-Korinthe 9:24 hona e ile ea sebetsa joang ho Bakreste Korinthe?

E NE e lokela e be e bile tlhoro e khōlō ea lilemo tse 12 tsa ho itokiselletsa ho matla. Empa ha ba le bohareng ba lebelo feela, semathi se senyenyane sa oela totomeng, se senya hampe litoro tsa sona tsa khau ea gauda ea Lipapali tsa Machaba tsa mabelo. Mocha oa litaba o bitsitse ho oa hoa sona “koluoa.”

2 Leha ho le joalo, koluoa e khōlō ho feta e ne e tla ba ho hlōleha hoa paki ea Jehova ho qeta lebelo bakeng sa bophelo, haholo-holo ha Tsamaiso e Ncha e tšepisitsoeng e le haufi hakana! (2 Petrose 3:13) Joale, ka ho loketseng moapostola Pauluse o itse: “Ha ke re lea tseba hore ba kenang lipapaling tsa lebelo ba matha kaofela, empa moputso o fumanoa ke a le mong feela? Le lōna mathang, le tle le iphumanele moputso.” (1 Ba-Korinthe 9:24, Phet. ea 1976) Ba bang Korinthe ea boholo-holo ba ne ba le kotsing ea ho lahleheloa hobane ka boithati ba ile ba etsa kamoo ba ratang, esita leha ba ne ba “hlaba matsoalo” a ba bang. (1 Ba-Korinthe 8:1-4, 10-12) Leha ho le joalo, ho hlōla lebelong, ho ne ho akarelletsa boitelo, hobane Pauluse o itse: “E mong le e mong ea pheileng khang ea ho betana, o itima tsohle . . . ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.”—1 Ba-Korinthe 9:25-27.

3. (a) Ke boemo bofe bo neng bo le teng Kolosse bo ka beng bo thibetse Bakreste ba moo hore ba se ke ba qeta lebelong la bona? (b) Na e ne e le bohlale hore Bakreste Kolosse ba ithute filosofi le borapeli ba sephiri?

3 Hamorao, ha a ngolla Bakolosse, Pauluse a lemosa ka kotsi e ’ngoe hape e seng e ntse e le teng—batho ba neng ba tla ba ‘amoha moputso’ oa bophelo. (Ba-Kolosse 2:18) Kahoo Bakreste ba ne ba ka ‘matha ka tsela eo ba tlang ho o fumana’ joang? Na moapostola o ile a etsa tlhahiso ea hore ba ithute filosofi le borapeli ba sephiri e le hore ba ka qothisana lehlokoa ka katleho le baruti ba bohata? Che, hobane Bakreste ba ne ba ‘shoele ka nģeng ea litaba tsa qalo tsa lefatše’ ’me ba lokela e be ba ne ba sa batle letho le amanang le lifilosofi le lineano tsa lona.—Ba-Kolosse 2:20.

4. Ho fumana ‘tsebo e nepahetseng’ ho ne ho tla thusa Bakreste ba Kolosse joang?

4 Ka baka leo, Pauluse a khothaletsa balumeli ’moho le eena ho lebisa tlhokomelo boitekong ba bona ba ho ba ‘ba tletseng tsebo ea thato ea Molimo, ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea.’ E, ‘tsebo e nepahetseng’—e seng khopolo-taba—e ne e tla ba thusa hore ba “tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena, [ba] mo khahlise ka hohle.” (Ba-Kolosse 1:9, 10; bona le Ba-Kolosse 3:10.) Ke ’nete, boholo ba Bakreste Kolosse mohlomong bo ne bo ka qotsa lithuto tsa motheo tsa Mangolo. Empa ka ho ithuta le ho thuisa, ba ne ba hloka ho feta metheo ’me ba fetohe ba ‘theiloeng ka ho tiileng motheong’ oa Kreste. (Ba-Kolosse 1:23; 1 Ba-Korinthe 3:11) Hoba ba fumane botebo bo joalo, ‘ha ho motho ea neng a ka ba thetsa ka lipolelo tseo e kang li na le ho tšepeha.’ (Ba-Kolosse 2:4) Ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka bohlale, ba ne ba ka shanofatsa hamolemo lipolelo tsa barapeli leha e le bafe ba mangeloi kapa balumeli ba Sejode.—Deuteronoma 6:13; Jeremia 31:31-34.

5. (a) Fana ka mehlala e meng ea “tse tebileng” tseo Mokreste ea hōlileng tsebong a lokelang ho li tseba le ho li utloisisa. (b) Phihlelo ea khaitseli e mong e bontša kotsi ea ho se fumane ‘tsebo e nepahetseng’ joang?

5 Leha ho le joalo, na uena, u se u fetile ‘thuto e qalang’ ’me ua nyakurela “tse tebileng tsa Molimo”? (Ba-Heberu 6:1; 1 Ba-Korinthe 2:10) Ka mohlala, na u ka khetholla libata tsa Tšenolo kapa ua hlalosa hore na tempele ea moea ke eng? (Tšenolo, khaolo ea 13; Ba-Heberu 9:11) Na u ka hlalosa motheo oa Mangolo bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa Lipaki tsa Jehova? Na u theehile hantle thutong ea Bibele? Khaitseli e mong oa Mokreste o ile a ho fumana ho le thata ho sireletsa seo a se lumelang ha a buisana le mosali e mong ka thuto ea Boraro-bo-bong. Hamorao, mosali eo a fa khaitseli ea rōna buka e neng e bua mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hampe. Paki ena e sa hopola, “Ke ile ka tepella haholo moeeng.” Ka thabo, moholo o ile a khona ho pepesa lipolelo tsa bohata tsa bahanyetsi ’me a tsosolosa tumelo ea khaitseli ea rōna. (Juda 22, 23) O re, “Joale kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Mokhatlo kamehla o re re rapele, re ithute, le ho nahanisisa.”

“Ho Tšaba Batho”

6. (a) Ke eng ho ipakileng e le ntho e khothometsang ho bahlanka ba bang ba Molimo? Fana ka mehlala e meng ea Bibele. (b) Hangata ho tšaba batho ho bakoa ke eng?

6 Monna ea bohlale o lemositse: “Ho tšaba batho ho isa sefing.” (Liproverbia 29:25) ’Me ka linako tse ling ho “tšaba lefu” kapa takatso e sa kholoeng bakeng sa ho amoheloa ke ba bang ho khannela motho lerabeng lena. (Ba-Heberu 2:14, 15) Ka mohlala, Elia o ile a ema ka sebete khahlanong le basebeletsi ba borapeli ba Baale. Empa ha Mofumahali Jezebele a laela hore a bolaoe, ‘a tšoha . . . ’me a tloha a ikela ho pholosa moea oa hae ’me a fihla Beerseba.’ (1 Marena 19:1-3, NW) Ka ho tšoanang, bosiung boo Jesu a tšoeroeng ka bona, le moapostola Petrose o ile a inehela ho tšaba motho. Le hoja Petrose a ile a ikhohomosa, “Morena, ke itokisitse ho ea le uena teronkong, leha e le lefung,” ha a nģosoa ka hore ke e mong oa barutuoa ba Kreste, “eaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe.”—Luka 22:33; Mattheu 26:74.

7. (a) Mohlomong, ke lebaka lefe la sebele le entseng hore ba bang Kolosse ba batle ho tsoaka Bokreste le Bojode? (b) Kajeno ba bonahalang ba susumelitsoe ka ho tšoanang ke bo-mang?

7 Takatso e tletseng tšabo bakeng sa ho amoheloa e ka ’na eaba e bile lona lebaka la sebele leo ba bang ba batlileng ho tsoaka Bokreste le bolumeli ba Sejode. Ha balumeli ba Sejode ba hlaha Galatia, Pauluse a pepesa boikaketsi ba bona, a re: ‘Bohle ba ratang ho khahlisa ka ponahalo ea nama, ba le phehella ho bolla, hore ba tle ba se ke ba hlorisoa.’ (Ba-Galata 6:12) Na e be takatso e tšoanang bakeng sa ho amoheloa ke bongata le eona e bile matla a susumetsang ba bang ba sa tsoa sia mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova?

8, 9. (a) Kajeno Mokreste a ka ’na a bontša ho tšaba batho joang? (b) Tšabo ee e ka hlōloa joang?

8 Bakreste ba tlameha ho sebeletsa ho hlōla tšabo e joalo. Haeba u le leqe ho bolela masimong a haufi le haeno, kapa u khohlela ho pakela beng ka uena, basebetsi hammoho le uena, kapa bao u kenang sekolo le bona, hopola potso eo Jehova a e botsang ho Esaia 51:12: “Na ke ka’ng ha u ka tšaba motho ea shoang, le ngoan’a motho ea omellang joale ka joang?” (Bapisa Mattheu 10:28.) Ikhopotse hore mang le mang “ea tšepang Jehova o beiloe phahameng.” (Liproverbia 29:25) Petrose o ile a hlōla ho tšaba batho hoa hae, qetellong a shoa lefu la bashoela-tumelo. (Johanne 21:18, 19) ’Me baena ba bangata kajeno ba bontša sebete se tšoanang.

9 Moromuoa e mong ea sebeletsang naheng eo mosebetsi oa ho bolela o neng o thibetsoe o kile a re: “Ho hloka tumelo ho ea sebokeng kapa tšebeletsong, u tseba hore ho ka etsahala hore u nkoe ke sepolesa.” Empa joaloka mopesaleme baena moo ba itse: “Jehova o nkemetse; ha ke tšabe letho, motho a ka nketsa’ng?” (Pesaleme ea 118:6) ’Me mosebetsi naheng eo oa anafala, haufinyane o sa tsoa amoheloa ka molao. Ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo ka sebele ho tla u thusa ho ba le tšepo e joalo ho Jehova.

Litlamo tsa Lelapa

10. (a) Ke tlhokahalo efe ea boikutlo e akaretsang, hona ka tloaelo e phethahatsoa joang? (b) Fana ka mehlala ea Bibele ea banna bao katamelano ea bona le basali ba bona e neng e le matla ho feta kamano ea bona le Jehova.

10 Buka e nang le sehlooho se reng The Individual, Marriage, and the Family e-ea bolela: “Tlhokahalo e akaretsang ea motho ka mong mekhatlong eohle le likaroloaneng tsohle tsa mokhatlo ke tlhokahalo ea ho ‘ikarabella’ le ho ba le e mong oa bohlokoa ea ‘ikarabellang’ ho uena.” Tlhokahalo ena hangata e phethahatsoa ka tokisetso ea lelapa, e hlomiloeng ke Jehova. (Ba-Efese 3:14, 15, NW) Leha ho le joalo. Satane hangata o tlatlapa katamelano eo re e utloang ho litho tsa lelapa. Boikutlo bo matla ba Adama ho mosali oa hae ho bonahala bo ile ba mo susumelletsa ho hlokomoloha maemo ’me a kopanela le eena bofetoheling. (1 Timothea 2:14) ’Me ho thoe’ng ka Salomone? Ho sa tsotellehe bohlale ba hae bo tummeng, “Salomone, hobane a tsofale, basali bao ba hae ba khelosetsa pelo ea hae melimong esele, ’me pelo ea hae ha ea ka ea hlola e e-ba ea Jehova, Molimo oa hae, . . . Ka hoo, Salomone a etsa ho leng hobe pel’a Jehova.”—1 Marena 11:4-6.

11. Eli o ile a ‘hlompha bara ba hae ho feta Jehova’ joang?

11 Na u hopola Eli ea tsofetseng, moprista e moholo oa Iseraele? Bara ba hae Hofni le Finease e ne e le “bara ba Beliale” ‘ba neng ba sa re letho ka Jehova.’ Ba bontšitse tello ea ho se hlomphe mahlabelo a etsetsoang Jehova ’me ba etsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali “le basali ba phuthehang pel’a monyako oa tente ea pokano.” Empa Eli a ipelaetsa ka bonolo bo fetisisang (“le etsetsa’ng taba tse joalo?”), a sa etse boiteko ba ho ba tlosa litokelong tsa bona. Ha e le hantle, o ne a ‘hlompha bara ba hae ho fetisa Jehova,’ hona hoa fella ka lefu la hae le la bara ba hae!—1 Samuele 2:12-17, 22, 23, 29-34; 4:18.

12. (a) Jesu o ile a fana ka temoso efe mabapi le litlamo tsa lelapa? (b) Ke monahano ofe oa lefatše o ka ’nang oa phehelloa ke ba bang ha ho tluoa ho seng, empa na ka Mangolo hoo ho loketse?

12 Ka baka leo, botšepehi bo khelositsoeng bo ka u sitisa lebelong la hao la bophelo. Jesu o boleletse barutuoa ba hae: “Ea ratang ntat’ae, leha e le ’m’ae haholo ho ’na, ha a ntšoanele; le ea ratang mor’a hae, leha e le morali oa hae haholo ho ’na, ha a ntšoanele.” (Mattheu 10:37; Luka 14:26) Empa ho thoe’ng haeba moratuoa a tlohetse ’nete kapa a khaotsoe? Na u tla ’ne u tsamaee le maikutlo a lefatše a hore “mali a llelana” e be u latela mong ka uena eo ho ea timelong? Kapa u ne u tla bea tumelo mantsoeng a Pesaleme ea 27:10: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”

13. Bara ba Kore ba ile ba paka botšepehi ba bona ho Jehova joang, ’me ba ile ba hlohonolofaletsoa hoo joang?

13 Bara ba Kore ba ne ba e-na le tumelo e joalo. Ntat’a bona o ile a etella pele bofetoheli khahlanong le boholo ba Moshe le Aarone. Leha ho le joalo, Jehova ka mohlolo a paka hore o tšehelitse Moshe le Aarone ka ho ahlola Kore le mahlabaphieo a hae. Empa “bara ba Kore ha ba ka ba e-shoa.” (Numere 16:1-3, 28-32; 26:9-11) Ho bonahala ba ile ba hana ho kopanela le ntat’a bona bofetoheling, ’me Jehova a hlohonolofatsa botšepehi ba bona ka ho ba boloka ba phela. Litloholo tsa bona hamorao tsa e-ba le tokelo ea ho ngola likarolo tsa Bibele!—Bona lihlooho tsa Lipesaleme tsa 42, 44-49, 84, 85, 87, 88.

14. Ke phihlelo efe e bontšang tlhohonolofatso e tlisoang ke ho tšepahala ho Jehova ho feta ho tšepahala ho seng?

14 Ka ho tšoanang le kajeno botšepehi bo fella ka mahlohonolo. Paki e ’ngoe e nyenyane e hopola boemo boo eena le banab’abo ba ileng ba bo nka ha ’mè oa bona, eo e neng e le khale e le Mokreste ea seng mafolo-folo, a kena lenyalong la bofebe. E-ea hopola: “Re ile ra bolella baholo litaba, ’me kaha o ne a sa lule lapeng, ra etsa qeto ea ho fokotsa ho kopana le eena ho fihlela ha baholo ba ka sebetsa litaba. E bile ntho e thata haholo ho feta eo re kileng ra tlameha ho e etsa.” ’Mè eo a ipelaetsa, “Na bophelo ba lōna bo sa feleng bo molemo haholo ho feta ’na?” Ba mo arabela ka hore, “Kamano ea rōna le Jehova e molemo ho feta ntho leha e le efe.” Mosali eo a susumelletseha ho bontša pako ea sebele, o ile a tsosolosoa moeeng, ’me o sebeletsa hape e le mohoeletsi ea mafolo-folo oa litaba tse molemo.

15. (a) Batsoali ba bang ba lumelletse bana ba bona ho ba majoe a khopang joang? (b) Motsoali a ka thusa eena le bana ba hae joang ho fumana bophelo?

15 Ba bang ba lumelletse bana ba bona ho ba majoe a khopang. Ba hlōleha ho hlokomela hore “bohlanya bo tlameletsoe pelong ea” bacha, batsoali ba bang ba lumelletse bana ba bona ho tloaelana haufi-ufi le ba lefatše, ho ea litabeng tsa boithabiso tse sa sireletsehang, le hona ho laetsana ba sa le banyenyane haholo hore ba ka kena lenyalong. (Liproverbia 22:15) Hangata liphello tse sehlōhō tsa bolokolohi bo joalo ke life? Ho robeheloa ke sekepe hoa moea. (1 Timothea 1:19) Ba bang ba bile ba thatafatsa phoso ka hore ka bomene-mene ba koahele liphoso tse entsoeng ke bana ba bona! (Liproverbia 3:32; 28:13) Leha ho le joalo, ka ho khomarela metheong ea Bibele ka botšepehi, motsoali o ithusa eena le bana ba hae ho fumana moputso oa bophelo.—1 Timothea 4:16.

Metsoalle ea Hao—E “Bohlale” kapa ke “Maoatla”?

16. (a) Metsoalle ea rōna e ka ba tšusumetso e matla joang? (b) Ke bo-mang ba hlaseloang habonolo ke tšusumetso ea metsoalle, hona hobane’ng?

16 Buka Sociology: Human Society e hlokometse: “Takatso ea ho hlomphuoa ke metsoalle ea motho e haufi e fana ka khatello e matla bakeng sa ho lumellana le litekanyetso tsa bona.” Buka Adolescence e bontša hore bacha ke bona ba hlaseloang habonolo ke khatello e joalo. E-ea bolela: “[Hona ke ka lebaka] la liphetoho tseo ba li utloang ’meleng ea bona, menahano ea bona, le likamano tsa bona le malapa a bo bona. Ka baka leo, bahlankana le baroetsana ba qala ho qeta nako e ngata le metsoalle ea bona ho feta le malapa a bo bona.”

17. (a) Bontša bonnete ba mantsoe a Liproverbia 13:20. (b) Ke metsoalle ea mofuta ofe e ka nkoang e le “bohlale”? (c) Kajeno bacha ba ka latela mohlala oa Samuele e monyenyane joang?

17 Mantsoe a sa lokelang ho tlolisoa mahlo holimo ke a Liproverbia 13:20: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Ngoanana e mong oa Mokreste o-oa ipolela: “Ka sebele litloaelano tsohle tse mpe sekolong seo ke se kenang li qala ho nkama. Ke itšoere ke re kea rohakana sekolong kajeno . . . Ke batlile ke bua, empa ha kea ho etsa.” Hoa soabisa ho bolela hore bacha ba bang ba Bakreste ba isitsoe liketsong tse tebileng hampe tsa boitšoaro bo fosahetseng ke ba bitsoang metsoalle. Empa haeba u mocha ea lakatsang ho fumana moputso, batla metsoalle e bohlale—eo likelello tsa eona li sekametseng moeeng, e itšoereng hantle, e lipuo li hahang. Hopola, Samuele e monyenyane ha a ka a tloaelana le bara ba Eli ba babe. A lula a tšoarehile a “sebeletsa Jehova,” kahoo a lula a sa thetsoa ke ho silafala ha bona.—1 Samuele 3:1.

Fumana Moputso!

18. (a) Ke joang baena ba bang, mohlomong e seng ka boomo, ba ka ’nang ba re sitisa lebelong la rōna la bophelo? (b) Ke eng e ka re sireletsang litšusumetsong tse joalo tse sa haheng?

18 Joale, hlokomela mang le mang ea ka u amohang moputso oa bophelo. Hona ha e le hantle, ha ho bolele hore u lokela ho talima baena ba hao ka ho ba belaella. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, mohlomong e se ka boomo, baena ba bang ba ka ’na ba bua lintho tse u nyahamisang. (‘Ke hobane’ng ha u ikhanna? Na u nahana hore ke uena feela ea tla fumana bophelo?’) Ba ka ba ba ahlōla boiteko ba hao ba sebele ka bohale. (‘Ha ke bone hore na u ka bula maliboho joang u e-na le lelapa. Ha hoa loka ho bana ba hao.’) Leha ho le joalo, hopola hore Jesu o ile a qhela keletso ea Petrose ea ho ‘nka litaba habobebe.’ (Mattheu 16:22, 23) Sebelisa litsebe tsa hao tse koetlisitsoeng ka Bibele ho “khetha lipolelo,” ’me u se ke ua susumetsoa ke tse sa boleleng ’nete. (Jobo 12:11) Hopola hore Pauluse o itse: “Ekare ha motho a loana peisong, a ke ke a roesoa moqhaka, ha a sa ka a loana ka molao.” (2 Timothea 2:5) E, ‘melao’ ea Molimo—e seng maikutlo ao e seng a Mangolo—e tlameha ho tataisa monahano oa hao.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 4:3, 4.

19, 20. (a) Banab’abo Josefa ba ile ba batla ho mo ntša kotsi joang, ’me Josefa o ile a arabela ho hloka mosa ha bona joang? (b) Re ka qoba ho khothometsoa ke batho ba sa phethahalang joang? (c) Qeto ea rōna e lokela ho ba efe ka moputso, hona hobane’ng?

19 Ke ’nete, ka linako tse ling Mokreste ’moho le uena a ka ’na a u “hlaba” ka mantsoe a mang a booatla. (Liproverbia 12:18) U se ke ua lumella hore hona ho u lahlise lebelong la bophelo! Hopola Josefa. Banab’abo ba nahana ho mo bolaea, ’me le hoja ba ile ba thibeloa ho etsa joalo, ba ile ba qetella ba mo rekisitse bokhobeng bo sehlōhō. Leha ho le joalo, Josefa ha a ka a lumella hore hona ho mo khopise kapa hore a “hlonamele Jehova.” (Liproverbia 19:3) Ho e-na le ho iphetetsa, hamorao a ba fa monyetla oa ho bontša boikutlo bo fetohileng. ’Me hoba a bone pako ea bona, “a ba a aka banab’abo kaofela, a lla le bona.” Joalokaha Jakobo hamorao a itse, “ba phosang ka liqha [banab’abo Josefa ba mōna] ba mo phephelitse, ba mo phositse, ba mo hlorisitse.” Empa leha ho le joalo Josefa a phetetsa lehloeo la bona ka mosa. Ho e-na le ho fokolisoa ke phihlelo eo, “matla a matsoho a hae a tiisitsoe.”—Genese 37:18-28; 44:15–45:15; 49:23, 24.

20 Kahoo ho e-na le ho khothometsoa ke batho ba sa phethahalang, u ’ne u ‘mathe ka tsela eo u tla fumana’ moputso! Joaloka Josefa, lumella liteko li u matlafatse ho e-na le ho u fokolisa. (Bapisa Jakobo 1:2, 3.) Lumella ho rata Molimo ho ipake ho le matla hoo ho seng motho ea tla u khothometsa. (Pesaleme ea 119:165) Kamehla u hopole hore Jehova o ntse a tšoere moputso oa bophelo bo sa feleng—moputso o ke keng oa hlalosoa, o ke keng oa utloisisoa. U se ke ua lumella motho ho u amoha oona!

Na U Sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha tsebo e nepahetseng e le ea bohlokoa hakaale ho Bakreste?

◻ Motho a ka hlōla joang ho tšaba motho ho thibetseng ba bang ho fumana bophelo?

◻ Lelapa la motho le ka ipaka e le le khothometsang joang?

◻ Mokreste o lokela ho arabela joang mantsoeng a nyahamisang kapa oona a kotsi a tsoang ho Bakreste hammoho le eena?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ka ho tlatsa likelello le lipelo tsa rōna ka ‘tsebo e nepahetseng,’ re itlhomella hore re tle re shanofatse likhopolo tse fosahetseng

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Petrose o ile a latola Jesu ka baka la ho tšaba motho. Hamorao, moapostola a hlōla tšabo e joalo. Le Bakreste bohle ba lokela ho etsa joalo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela