Na U Hanela Moea oa ho Tletleba?
HO KOROTLA ka moea oa ho belaela re ho hlokomelisoa esale pele ka Mangolong a Halalelang. (Exoda 15:24) Kajeno ho korotla ha mofuta ona ho re pota-potile ’me ho phahamela mororong oa sebele. Ho sokela ho kopela e mong le e mong, hobane ho na le tšusumetso e matla. Moea o hlohlelletsang o atisa ho bontšoa ka ho belaela, mohlomong ka ho hoeshetsa, ho honotha ka ho tletleba kapa ho se khotsofale. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho hanela ho korotla ho joalo. Empa re ka hanela moea oa ho tletleba joang?
Kamoo O Qalileng
Ho na le mabaka a sebele a ho se khotsofale ke maemo a mang a itseng. Ka ho utloahalang, “mohoo [oa ho belaela] o tsoang Sodoma le Gomorrha” o ile oa phahama ka lebaka la bokhopo ba baahi ba eona. (Genese 18:20, 21) Empa ho tletleba ke motso oa ho belaela le ho korotla ho se nang mabaka. ’Me mophahamisi oa pele oa moea oa ho tletleba e ne e le Satane Diabolose, ea “thetsang lefatše kaofela.” (Tšenolo 12:9) Tšimong ea Edene a tlisa boemo bo reretsoeng ho hlahisa ho tletleba, ho Eva pele ’me hamorao ho Adama. (Genese 3:1-7) Ha esale ho tloha ka nako eo. Satane o ’nile a atleha ho hlahisa maemo a phahamisang ho tletleba.
Makholo a lilemo kamor’a bofetoheli Edeneng, Jehova a iketsetsa lebitso ka ho lokolla Baiseraele Egepeta ’me a ba hlophisa ho ba sechaba. (Exoda 9:16) Na ba ile ba leboha Molopolli oa bona? Ka lilemo tse 40 tseo ba bileng lefeelleng ka tsona, ba ile ba korotlela Jehova khafetsa, ka ho toba kapa ka ho sa tobang ka ho tšoaea Moshe le Aarone liphoso! Tabeng e ’ngoe, Jehova a botsa: “Ke tla mamella ho isa neng phutheho ena e mpe e luma-lumang [“korotlang,” NW] ka ’na?” (Numere 14:26, 27; Exoda 16:2, 7) Moea oa ho tletleba o ile oa phehella Iseraeleng oa boholo-holo ho theosa le histori eohle ea eona.—Ezekiele 18:25.
Ho Belaela Ka Seo Motho a Nang le Sona Bophelong
Ha e le hantle, ka baka la ho se phethahale, ka phoso motho a ka lumella maemo a hae e be sona sesosa sa ho belaela. Monna ea lokileng Jobo o ne a sa thaba ka liphihlelo tsa hae tse tšabehang hoo a ileng a rohaka letsatsi la ho tsoaloa ha hae. (Jobo 3:1-3) Na ba ipolelang hore ke Bakreste ba ka tletleba ka seo ba nang le sona bophelong? E, ba ka ho etsa, ’me ba bang ba se ba ho entse. Ha a bua ka “batho ba hlokang borapeli” ba neng ba khukhunetse ka phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, morutuoa Juda o ngotse: “Ke batho ba korotlang, ba khananang, ba eang ka litakatso tsa bona [tse oeleng, tsa boitšoaro bo bobe]; melomo ea bona e bolela tsa boikhohomoso, ba talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.” (Juda 3, 4, 16) Ho lula re tšepahala joaloka Bakreste, re tlameha ho qoba ba khananang joalo. ’Me ho molemo hakaakang ho bala mahlohonolo a rōna a mangata joaloka bahlanka ba Jehova, kahoo re boloke moea o amoheloang ke Molimo!—Ba-Galata 6:18.
Khahlanong le Baena kapa Metsoalle
Bahlanka ba Jehova ba lokela ho lakatsa ho boloka boikutlo ba ho ratana le ho sebelisana. Empa, ho korotla ho ka ba kotsi likamanong tse ntle le ba bang. Kore oa Levi le sehlopha sa hae ba korotlela Moshe le Aarone ’me ba bontša moea oa mohono. Hobane Jehova a ne a koatisitsoe haholo ke sena, ba korotlang ba tobana le lefu.—Numere, khaolo ea 16.
Makholo a lilemo hamorao, moapostola Johanne a bolela Diotrefe ea lapetseng boemo, ea neng ‘a ntse a mo seba ka mantsoe a lonya.’ Haeba Johanne o ile a khona ho ea phuthehong eo, o ne a ikemiselitse ho sebetsana ka ho loketseng le eo ea korotlang.—3 Johanne 9, 10.
Ka hona ho hlokahala hore re itebele khahlanong le ho tletleba, ho korotla ka litokelo tsa rōna ka hare ho phutheho. Ka mohlala, ke hantle ha re hanela boikutlo ba ho tletleba ka ho khethoa ha motho e mong ho hlokomela boikarabelo bo itseng boo re nahanang hore re tšoaneleha hamolemo ho mo feta ho bona. E ka ’na eaba re phoso, ’me ka sebele ha re batle ho ba le moea o kang oa Kore kapa Diotrefe.
Batla Pheko ea Bibele
Kaofela ha rōna, re sa phethahala e bile re phela linakong tse hatellang, ha ho pelaelo ka linako tse ling re ba le maikutlo a ho tletleba. Empa re na le thuso e hlokahalang, hobane Mangolo a re bontša kamoo re ka hlōlang moea oa ho tletleba le tšekamelo ea ho belaela.
Ntlha ea motheo e lokeloang ho lumeloa ke hore ho korotla ha ho amoheloe ke Jehova, kaha ho bontša ho haelloa ke tumelo le ho haelloa ke lerato ho Molimo. Ke kahoo moapostola Pauluse a lemositseng: “Le se ke la korotla joale ka ba bang har’a bona [Baiseraele lefeelleng] ba kileng ba korotla, ’me ba bile ba timetsoa ke motimetsi.” (1 Ba-Korinthe 10:10; Numere 14:35-38) Pauluse o boetse a ngola: “Etsang tsohle le sa ngongorehe [korotle], le sa lika-like.” (Ba-Filippi 2:14) Ha e le hantle, motho e ka ba ea sebeletsang “Molimo o thabileng” ka moea oohle joang empa e le ea phehellang ho belaela? (1 Timothea 1:11, NW) Kahoo ho hlokahala hore re inkele pono ea Jehova ea litaba ’me re tšepe matla a hae ka ho feletseng hore re khotsofale le ho thaba. Hopola hore tholoana ea moea oa hae e akarelletsa thabo.—Ba-Galata 5:22, 23.
Ha ho haneloa moea oa ho tletleba, hoa thusa ho hlokomela hore bophelong bona ho na le phetoho e sa khaotseng. Ka hona, sesosa leha e le sefe sa ho belaela ho hang ke sa nakoana. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 4:17.) Ho ela seli taba ena ho lokela ho re thusa ho fumana thabo ho sebeletseng Jehova ka linako tsohle. Ho e-na le ho inehela lipelaelong kapa ho tletlebeng, “ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Timothea 6:8) Ho thabisa pelo ho hlokomela hore Jehova o-oa re tiisetsa: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” Ka hona, re bolokehile re bile re sireletsehile tlhokomelong ea Ntat’a rōna oa leholimo, a re se keng ra belaela ka seo re nang le sona bophelong, empa re mpe re ‘kholoe ke tseo re nang le tsona.’—Ba-Heberu 13:5.
Hopola Boemo ba Rōna bo Hlohonolofalitsoeng
Na ka linako tse ling u ikutloa u tletleba ka seo u se finyelletseng bophelong ba hao? Haeba ho joalo, sheba boemo ba hao ba pele le boemo ba hao bo molemo hona joale paradeiseng ea moea e thabeloang ke Bakreste ba ’nete. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 12:1-4.) Balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste ba ‘bitsitsoe lefifing ho kena leseling la Molimo le hlollang.’ Metsoalle ea bona, e leng “bongata bo boholo,” le eona e thabela leseli le babatsehang la ’nete ’me e lebelletse lintho tse khōlō. (1 Petrose 2:9; Tšenolo 7:9-14) Na ha rea lokela ho khotsofala—ha e le hantle, ho thaba ka ho fetisisa—hore e be re thabela leseli la moea ’me re filoe tokelo ea ho tseba le ho sebeletsa Jehova Molimo le Morena oa rōna, Jesu Kreste?
Re karolo ea sehlopha sa machaba sa baena le likhaitseli, mokhatlo o moholo o tsebisahalang oo Jesu Kreste a o tsamaisang ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” Boena bona ba lefatše ka bophara bo phetha thato ea Jehova ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ka ho etsa barutuoa. (Mattheu 24:14, 45-47; 28:19, 20; 1 Petrose 2:17) Ke mabaka a maholo hakaakang a ho khotsofala!
Leha ho le joalo, haeba rōna ka borōna re tletleba ka maemo a mang a ho sebetsa ha phutheho, e ka ’na eaba ha rea utloisisa liphetoho tse itseng kapa mohlomong ho teng moo pono ea rōna e leng phoso—ntho eo ka sebele e ka etsahalang har’a batho ba sa phethahalang le ho Bakreste ba inehetseng. (Bapisa Liproverbia 16:2; Ba-Galata 2:11-14; Ba-Filippi 4:2.) Ka lehlakoreng le leng, haeba re nepile, na ha rea lokela ho tšepa hore Jehova a ka tlisa litokiso leha e le life tse hlokahalang, a etsa joalo ka Mora oa hae, Hlooho ea phutheho? (Ba-Efese 5:22, 23) Ho molemo hakaakang ho mamella ho e-na le ho tletleba!
Ha re thuisa ka litšebelisano tsa Jehova le batho ba hae e le mokhatlo o hlophisitsoeng, re na le mabaka a utloahalang a ho khotsofala. Ka mohlala, lithuto tsa Bibele li ile tsa hlakisoa haholo, ’me hona ho hahile batho ba Jehova moeeng. Pono ea Molimo ka boitšoaro bo hloekileng e ile ea qaqisoa, e le hore Lipaki tsa Jehova, le hoja li sa phethahala, li na le boitšoaro bo phahameng. Ho utloisisa ha rōna kamoo mokhatlo o hlophisitsoeng oa ’nete oa Bokreste o lokelang ho sebetsa kateng ho ntlafetse hoo re sebeletsang Jehova tumellanong le litataiso tsa Mangolo bakeng sa tlhophiso ea phutheho. (Ba-Filippi 1:1) Na hoo ha hoa lokela ho eketsa ho khotsofala ha rōna joaloka Bakreste ba inehetseng?
Bakreste ba tšepahalang ba boetse ba na le tšepo e khanyang bakeng sa bokamoso, e ka re nolofaletsang ho hlōla ho fokola hofe kapa hofe ha nakoana ha ho khotsofala ka ho feletseng. Ho haufi haholo hona joale ke nako ea ha lintho tsohle tse phelang li tla rorisa Jehova! (Pesaleme ea 150) Khabareng, a re se keng ra fa ho korotla sebaka. Ho e-na le hoo, e se eka re ka sebeletsa Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato ka khotsofalo ea bomolimo.