Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 3/15 maq. 19-22
  • Lebaka Leo ka Lona Boemo ba ho Belaela Bophelong e Leng bo sa Thabiseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona Boemo ba ho Belaela Bophelong e Leng bo sa Thabiseng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipelaelo tse Utloahalang
  • Pono ea Molimo ka ba Belaelang
  • Ho Hlōla Moea oa ho Belaela
  • Na ho Tletleba Ho Hong le ho Hong ho Fosahetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • ‘Le se ke la Korotla’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ke Hobane’ng ha re sa Lokela ho Korotla?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Na U Hanela Moea oa ho Tletleba?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 3/15 maq. 19-22

Lebaka Leo ka Lona Boemo ba ho Belaela Bophelong e Leng bo sa Thabiseng

THABO e khaphatsehang e ile ea fetoha ho nyahama nakong ea libeke tse seng kae feela. Nyakallo ea pele ea Baiseraele e mabapi le tokoloho ea bona eo ba sa tsoa e fumana bocha botlamuoeng ba Egepeta e ile ea nyamela ’me ea fetoha ho korotla ka lijo. Khoeling ea bobeli ba tlohile Egepeta, sechaba se belaelang se ile sa re se ne se ka mpa sa ikhethela bophelo ba bokhoba ho e-na le bophelo bo thata lefeelleng. Likhoeling tse latelang, moea ona oa ho belaela o ile oa fokolisa boikemisetso ba bona ba ho utloa Jehova ’me oa senya litebello tsa moloko oo tsa ho kena Lefatšeng le Tšepisitsoeng.—Exoda 16:1-3, NW; Numere 14:26-30, NW.

Ho hlakile hore ho belaela, ha hoa ka ha fella molokong o le mong kapa sechabeng se le seng. Ke mang eo ho seng mohla a kileng a belaela ka mosebetsi, lijo, boemo ba leholimo, bana, baahelani, kapa ka litšenyehelo tsa bophelo? Ho bonahala eka ho se phethahale ha batho ho ba etsa hore ba sekamele ho belaeleng.—Ba-Roma 5:12; Jakobo 3:2.

Ke hobane’ng ha re belaela habonolo hakaale? Mohlomong re ikutloa re nyahame, re soabile kapa re kula. Ho belaela ho ka ’na ha bakoa ke ho ferekana, kapa ekaba ho re ka tsela e sa tobang: “Nka etsa mosebetsi ha molemonyana ho feta ba bang!” Ka linako tse ling lipelaelo li rotetsoa ke ho thulana ka baka la botho bo sa tšoaneng ba batho. ’Me hape ho na le litletlebo tsa sebele.

Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, joalokaha mohlala oa nakong e fetileng oa Baiseraele o bontša, ho belaela ekaba ho senyang haeba ho phehella. Motho ekaba ea belaelang a sa khaotse, esita le ho korotla ka tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona. Ke hobane’ng ha seo se le kotsi hakaale? Hona lipelaelo tse utloahalang li ka sebetsoa joang ka ho nepahala?

Lipelaelo tse Utloahalang

Haeba tletlebo e se e tebileng haholo, potso ea pele eo re lokelang ho ipotsa eona ke ena, Na nka e hlokomoloha ka lerato? Ke ’nete hore re ka ’na ra ba le lebaka le utloahalang la ho belaela ka motho e mong, mohlomong esita le ka molumeli-’moho. E ka ’na eaba o ile a re tšoara ka tsela e se nang mosa kapa ka leeme. Leha ho le joalo, na ho belaela ho ba bang ka tsela e leeme eo u ileng oa tšoaroa ka eona ho ka lokisa litaba? Bibele e eletsa hore re itšoare joang? Ba-Kolosse 3:13 (NW) e re: “Le ’ne le mamellane ’me le tšoarelane ka bolokolohi haeba e mong a e-na le pelaelo ka e mong. Joalokaha Jehova a le tšoaretse ka bolokolohi, etsang joalo le lōna.” Kahoo esita le haeba pelaelo e ka lokafatsoa, Mangolo a buella boikutlo ba ho tšoarela ho e-na le moea oa ho belaela.—Mattheu 18:21, 22.

Ho thoe’ng haeba taba e tebile haholo hore e ka hlokomolohuoa? Ho ka ’na ha e-ba le lebaka le utloahalang la ho bua ka pelaelo eo. Ha “mohoo oa pelaelo” o loketseng ka Sodoma le Gomorrha o nyolohela ho Jehova, o ile a nka bohato ba ho sebetsana le boemo bo hlabisang lihlong ba metse eo e bolileng. (Genese 18:20, 21, NW) Pelaelo e ’ngoe e utloahalang e ile ea hlaha kapele ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E. Ha lijo li ne li abeloa bahlolohali ba hlokang, ho ile ha bontšoa leeme ho basali ba buang Seheberu. Ka ho utloahalang, sena se ile sa etsa hore bahlolohali ba buang Segerike ba boloke likhopiso. Qetellong, pelaelo e ile ea fihla litsebeng tsa baapostola, ’me kapele ba hlophisa sehlopha sa banna ba nang le boikarabelo hore ba lokise bothata boo.—Liketso 6:1-6.

Kajeno baholo ba khethiloeng ba Bakreste ka ho tšoanang ha baa lokela ho lieha ho nka mehato e hlokahalang ha litaba tse tebileng li tlisoa tlhokomelong ea bona. Liproverbia 21:13 (NW) e re: “Mang kapa mang ea ithibang litsebe hore a se ke a utloa sello sa pelaelo ea moikokobetsi, le eena o tla bitsa ’me a ke ke a arabeloa.” Ho fapana le hore ba hlokomolohe pelaelo e utloahalang, baholo ba lokela ho mamela ka kutloelo-bohloko. Ka lehlakoreng le leng, kaofela ha rōna re ka sebelisana ’moho ka ho isa lipelaelo tse tebileng ho baholo, ho e-na le ho li phetela e mong le e mong ea tla li mamela.

Leha ho le joalo, boholo ba rōna re tla lumela ka ho toba hore ho na le linako tseo ka tsona ho se phethahale ha botho ho re etsang hore re belaele ho sa hlokahale. Ho shebela haufi boitšoaro ba Baiseraele ha ba le lefeelleng ho tla re thusa ho bona kotsi ea kamoo ho itumella ho koma-koma ka linako tse ling ho ka hōlang ho ba moea oa ho belaela.

Pono ea Molimo ka ba Belaelang

Ho korotla ha Baiseraele ka phepelo ea lijo ho senola likotsi tse peli tse tsamaisanang le ho belaela. Ea pele, ho belaela hoa tšoaetsanoa. Tlaleho e re “phutheho eohle ea bana ba Iseraele ea ngangisana le Moshe le Aarone lefeelleng.” (Exoda 16:2) E ka ’na eaba, ba seng bakae ba ile ba qala ho belaela ka khaello ea lijo ’me kapele bohle ba ne ba se ba belaela.

Ea bobeli, ’melaeli hangata o feteletsa bothata. Tabeng ena, Baiseraele ba ile ba bolelisa hore ho ka be ho bile molemo ho bona ho itulela Egepeta, moo ba neng ba ka itjella bohobe le nama e ngata kamoo ba ratang ka teng. Ba ile ba belaela ka hore ba ne ba tlisitsoe lefeelleng feela hore ba tl’o bolaoa ke tlala.—Exoda 16:3.

Na Baiseraele bao ba ne ba hlile ba le boemong bo hlobaetsang hakaalo? Mohlomong phepelo ea bona ea lijo e ne e fokotseha, empa Jehova o ne a se a bone bothata boo esale pele, ’me ka nako e loketseng o ile a fana ka manna ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa nama. Lipelaelo tsa bona tse fetelelitsoeng li ile tsa bontša ho haelloa ka ho feletseng ke ho tšepa Molimo. Ha ba le Egepeta ka ho loketseng ba ile ba tletleba ka maemo a sa jeseng litheohelang. (Exoda 2:23) Empa ha Jehova a se a ba lokollotse bokhobeng, ba qala ho belaela ka lijo. Hoo e ne e le ho korotla ho se nang motheo. Moshe a ba lemosa, “Ha le korotlele rōna, empa le korotlela Jehova.”—Exoda 16:8, NW.

Moea ona oa Baiseraele oa ho belaela o ile oa iponahatsa khafetsa. Le pele selemo se fela manna a ile a fetoha sesosa sa ho belaela. (Numere 11:4-6) Kapele ka mor’a moo tlaleho e mpe e tsoang ho lihloela tse 10 ho tse 12 tsa Baiseraele ea baka seboko mabapi le likotsi tse inahaneloang tse amehang ha ho hapjoa Naha e Tšepisitsoeng. Batho ba tsoela pele ho isa bohōleng ba ho re: “hoja ra mpa ra shoela fatšeng la Egepeta! hoja ra timella lefeelleng lena!” (Numere 14:2) Ke ho haelloa ke kananelo ho ho kaakang! Ha ho makatse hore e be Jehova o ile a re ho Moshe: “Na sechaba sena se tla ’nyelisa ho isa neng na? na se tla hana ho isa neng ho lumela ho ’na?” (Numere 14:11) Babelaeli bao ba hlokang teboho ba ile ba ahloleloa ho lelera lefeelleng ka lilemo tse 40 ho fihlela moloko oo o fela.

Moapostola Pauluse o re hopotsa mohlala ona. O lemosa Bakreste-’moho hore le ka mohla ba se ke ba tšoana le Baiseraele bao ba ileng ea e-ba ba korotlang, ’me ba shoela lefeelleng ka hona. (1 Ba-Korinthe 10:10, 11) Ka ho hlakileng, ho korotla ho sa lokang le moea oa ho belaela li ka senya tumelo ea rōna ’me tsa etsa hore re se khahlise Jehova.

Leha ho le joalo, Jehova o mamella bahlanka ba hae bao ka linako tse ling ba belaelang ka lebaka la maemo a nyahamisang. Ha Elia a ne a balehela Thabeng ea Horebe ka lebaka la ho hlorisoa ke Mofumahali ea khopo Jezebele, o ne a kholisehile hore mosebetsi oa hae joaloka moprofeta o fihlile pheletsong ea ’ona. Ka phoso o ile a nka hore ke eena feela morapeli oa Jehova ea setseng naheng eo. E le ho matlafatsa tumelo ea Elia, Molimo o ile a qala ka ho mo fa pontšo ea matla a Hae a bomolimo. Moprofeta joale o ile a bolelloa hore ho ne ho ntse ho e-na le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba 7 000 Iseraeleng le hore o ne a e-na le mosebetsi o mongata oo a neng a lokela ho o etsa. Ka baka leo, Elia o ile a lebala lipelaelo tsa hae ’me a tsoela pele ka matla a nchafalitsoeng. (1 Marena 19:4, 10-12, 15-18) Joalokaha baholo ba Bakreste ba sebelisa temoho, ka ho tšoanang ba ka tšelisa ba tšepahalang, ’me ba ba thusa ho bona kamoo ba ka phethang karolo ea bona morerong oa Molimo.—1 Ba-Thessalonika 5:14.

Ho Hlōla Moea oa ho Belaela

Moea oa ho belaela o ka hlōloa joang? Koana, ba filoeng bopaki ba kotsi eo koae e e etsang ’meleng ba na le lebaka le matla la ho khaotsa ho tsuba. Ka ho tšoanang, ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha moea oa ho belaela e le o kotsi hakana ho ka re susumelletsa ho tlohela tloaelo leha e le efe ea ho belaela.

Ke melemo efe e fumanoang ke ba hlōlang moea oa ho belaela? Molemo oa bohlokoa o thabeloang ke ba qobang moea oa ho belaela ke hore ba ka talima litaba leseling la Mangolo le ka tsela e nang le morero. Hase hangata ’melaeli a nahanang ka hore na pono ea Jehova ke efe ka bothata. Baiseraele ba belaelang ba ile ba lebala hore Jehova Molimo o ne a ba lokollotse botlamuoeng ’me ka mohlolo a etsa hore metsi a Leoatle le Lefubelu a arohane molemong oa bona. Monahano oa bona o fosahetseng o ile oa ba foufatsa hore ba se ke ba bona matla a Molimo ’me oa ba amoha thabo. Ka lebaka lena, tšepo ea bona ho Jehova e ile ea fela.

Ho feta moo, motho ea ka hlahlobang mathata a hae ka sepheo se setle oa lemoha ha liphoso tsa hae e bile tsona motso oa mathata a hae. A ka ’na a se ke a hlola a pheta phoso e tšoanang hape. Jeremia o ile a lemosa Baiseraele ba habo hore ba se ke ba belaela ka mathata ao ba neng ba thulana le oona ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema. Ho sotleha ha bona e ne e le phello e tobileng ea libe tsa bona, ’me ba ne ba lokela ho utloisisa seo e le hore ba ka baka ’me ba khutlela ho Jehova. (Lillo tsa Jeremia 3:39, 40) Ka ho tšoanang, morutuoa Juda o ile a nyatsa “batho ba se nang bomolimo” ba neng ba lahlile tataiso ea Jehova ’me e le ba “belaelang ka boemo ba bophelo ba bona” ba sa khaotse.—Juda 3, 4, 16, NW.

Joalokaha Morena ea bohlale Salomone a kile a hlokomela, “pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” (Liproverbia 17:22) Moea oa ho belaela o ka re tepeletsa maikutlo ’me oa re amoha thabo. O bonahatsa maikutlo a mabe ho e-na le maikutlo a matle. Empa ba ithutileng ho nahana le ho bua ka “lintho tseo poko e ’ngoe e leng ho tsona” ba na le pelo e thabileng, e ka ba etsang hore ba ikutloe hamolemonyana.—Ba-Filippi 4:8.

Ntle ho pelaelo, bophelo ba rōna bo tla ena haholoanyane haeba re ela hloko bokhabane ba batho ho e-na le mefokolo ea bona. Re tla tsosoa molōta haeba re amohela maemo a thata le ho ipoloka re ntse re thabile tlas’a oona ho e-na le ho koma-koma ka maemo a rōna a sa thabiseng. Esita le liteko li ka tlisa thabo haeba re li talima e le monyetla oa ho matlafatsa tumelo ea rōna le ho tiisa mamello ea rōna.—Jakobo 1:2, 3.

Hape ke habohlokoa ho hopola hore ha re korotla, ha re intše kotsi re le bang feela. Ka ho pheella ho bua ka lipelaelo, re ka ’na ra fokolisa tumelo ea ba bang. Tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome tsa Baiseraele e ile ea etsa hore sechaba sohle se talime ho hapa Naha e Tšepisitsoeng e le ho ipeha kotsing ho se nang thuso. (Numere 13:25–14:4) Ketsahalong e ’ngoe, Moshe o ne a tetebetse maikutlo ka lebaka la ho korotla ha sechaba se sa khaotse hoo a ileng a kōpa Jehova hore a felise bophelo ba hae. (Numere 11:4, 13-15) Ka lehlakoreng le leng, haeba re bua ka litaba ka tsela e hahang, re ka ’na ra tseba ho matlafatsa tumelo ea ba bang ’me ra tlatsetsa thabong ea bona.—Liketso 14:21, 22.

Le hoja re ka ’na ra lekeha hore re belaele ka basebetsi-’moho le rōna, metsoalle ea rōna, lelapa la rōna, kapa le ka baholo ba phutheho, Jehova o batla ha batho ba hae ba “ba le lerato le tebileng ho ba bang.” Lerato le joalo le re susumelletsa ho koahela liphoso tsa ba bang ho e-na le ho li pepesa. (1 Petrose 4:8, NW) Ka teboho, Jehova oa hopola hore re lerōle feela ’me ha a re balle mefokolo ea rōna. (Pesaleme ea 103:13, 14; 130:3) Haeba bohle re ne re ka leka ho etsisa mohlala oa hae, ha ho pelaelo hore re ne re ke ke ra ba ba belaelang haholo.

Ha batho ba se ba khutliselitsoe phethehong, ha ho ea tlang ho ba le lebaka la ho belaela ka boemo ba hae ba bophelo. Ho fihlela nako eo e fihla, ho hlokahala re hanele teko ea ho belaela ka ba bang kapa ka maemo a rōna a lekang. Ho bontša hore re tšepa Jehova le hore ruri re rata balumeli-’moho le rōna, a re ’ne re etseng “tsohle ntle ho pelaelo.” (Ba-Filippi 2:14, BPN) Sena se tla thabisa Jehova ’me se re ruise molemo haholo. Bakeng sa boiketlo ba rōna le ba ba bang, joale a re se keng ra lebala hore boemo ba motho ea belaelang ha bo thabise bophelong.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Esita le tokisetso ea Molimo ea mohlolo ea manna e ile ea fetoha sesosa sa ho belaela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela