Bolumeli le Lipolotiki—Na li Tseleng ea ho Thulana?
MOLAO ona oa ho kopanya matla a lipolotiki le a bolumeli le ho a neha motho a le mong ha oa qala ka Henry VIII. Mehleng ea hae e ne e se e le morero o lekiloeng oa lipolotiki o qapuoeng ka sepheo sa ho hōlisa bonngoe ba sechaba.
Ka mohlala, ’musong oa boholo-holo oa Egepeta, ho ne ho e-na le melimo e mengata. “Faro e ne e le e mong oa melimo, e le motho oa bohlokoa bophelong ba bafo ba hae,” ho bolela The New Bible Dictionary. Ka ho tšoanang ’Muso oa Roma o ne o e-na le litempele tsa melimo, ho akarelletsa le tsa marena a maholo. Rahistori e mong o hlalositse borapeli ho morena e moholo e le “matla a bohlokoa bolumeling ba lefatše la Roma.”
Empa ho sa tsotellehe taba ea hore botsoalle ba Kereke le ’Muso bo bile teng ka lilemo tse makholo-kholo, ho itšunya ha Bokreste-’motoana lipolotiking mehleng ena ho bo kentse tseleng eo bo tla thulana le batho bao e bileng lithatohatsi tsa bona. Lebaka ke eng? Ho araba potso ena, a ke re bone kamoo Bokreste-’motoana bo ileng ba kena lipolotiking.
Bokreste ba ʼNete—Bo Fapane
Jesu Kreste, mothei oa Bokreste, o hanne lipolotiki tsa mefuta eohle. Bonyane ka lekhetlo le leng, batho ba habo, ba thabetse mehlolo ea hae, ba leka ho mo nka ka matla ba tle ba ʼmee morena, empa “a ea thabeng a ʼnotši.” (Johanne 6:15) Ha Jesu a botsoa ke ʼMusisi oa Roma hore na ke Morena, a araba: “ʼMuso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ʼmuso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode.”—Johanne 18:36.
Kreste a tsoela pele ho bolella barutuoa ba hae: “Ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.” (Johanne 15:19) Ka hona, Bakreste ba pele ha ba ka ba faposoa ke mathata a sechaba kapa lipolotiki. Ka mohlala, bokhoba e ne e le bothata bo boholo mehleng eo, empa Bakreste ha ba ka ba etsa liphutuho tsa ho bo felisa. Ho e-na le hoo, makhoba a Bakreste a laeloa hore a mamele benghali ba ’ona.—Ba-Kolosse 3:22, NW.
Ho e-na le hore Bakreste ba pele ba qaputse seretseng sa lipolotiki, ba ikemisetsa ho phetha mosebetsi oa bona oa ho bolela ka “’muso oa Molimo.” (Liketso 28:23) Ka lilemo li se kae molaetsa oa bona oa fihla lipheletsong tsa lefatše le neng le tsejoa mehleng eo. (Ba-Kolosse 1:23) E bile ka liphello life? Ba likete ba arabela hantle ’me ba fetoha ‘baena le bokhaitseli’ ba moea. (Mattheu 23:8, 9) Bajode le balichaba ba ileng ba fetoha Bakreste ba khaotsa bora ba bona. Khethollano ea mohlobo pakeng tsa Bajode le Basamaria ea nyamela kahobane Bakreste ba ne ba ratana ka “lerato le mofuthu.”—1 Petrose 4:8.
Leha ho le joalo, lerato la Bokreste le ne le atolosetsoa le ho lira tsa bona. (Mattheu 5:44) Ba hana ho ba makhotleng a sesole a Cesare. Ba bang ba ka phea khang, ba botse, ‘Empa na Jesu ha a ka a re, “Ntšetsang Cesare tse e leng tsa Cesare”?’ Ke ’nete. Leha ho le joalo, na Jesu o ne a bua ka tšebeletso ea sesole? Che, o ne a bua ka taba ea hore na ‘ho lefuoe lekhetho ho Cesare kapa le se lefuoe.’ (Mattheu 22:15-21) Ka hona Bakreste ba lefa makhetho a bona. Empa ba talima bophelo ba bona e le bo nehetsoeng ho Molimo me ba hana ho ntša motho e mong kotsi.
Ho ba Motsoalle oa Lefatše
Ba bang ba re, ‘Empa ak’u shebe Bokreste-’motoana kajeno. Bo arohane ka tsela e se nang tšepo, litho tsa bona lia bolaeana, baruti ba bona ba itsoakile lipolotiking. Ho etsahetse’ng ka Bokreste?’ Jesu o lemositse hore Bakreste ba bohata ba ne ba tla ‘jaloa’ har’a Bakreste ba ’nete. (Mattheu 13:24-30) Ka mokhoa o tšoanang Pauluse a profeta: “Hobane kea tseba . . . ho tla kena ho Iona liphiri tse bohale . . . le hobane ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.”—Liketso 20:29, 30.
Esita le hona lekholong la pele la lilemo tšekamelo ena e ile ea qala. Ha hlokahala hore morutuoa Jakobo a ngole mantsoe ana a tobileng: “Ha le tšepahale joaloka basali ba lifebe; na ha le elelloe hore ho etsa lefatše motsoalle oa hao ke ho etsa hore Molimo e be sera sa hao?” (Jakobo 4:4; The Jerusalem Bible; mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ba bangata ba khetha ho hlokomoloha taelo ena ea Molimo hoo lekholong la bone la lilemo “phiri” lekokong la nku, Morena Constantine, a ileng a silafatsa “Bokreste” ka hore a bo etse bolumeli ba molao ba ʼMuso oa Roma. Empa ka hore Bokreste-’motoana bo fetohe ‘motsoalle oa lefatše,’ ba fetoha sera sa Molimo. Khohlano e ke ke ea qojoa.
Lekholong la bo13 la lilemo Kereke, e neng e busoa ke “mopapa,” kapa “ntate,” ea fihla “sehlohlolong sa matla a eona,” ea lokisetsa boemo ba lenyalo le haufi-ufi la Kereke le ’Muso. Mopapa Innocent III a kholiseha hore “Morena o nehile Petrose borena e seng holim’a kereke ea Roma feela empa ho busa lefatše lohle.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Moprofesara oa histori T. F. Tout o tsoela pele bukeng The Empire and the Papacy: “Mosebetsi oa Innocent e ne e le oa letona la ’muso la bolumeli, . . . ka ho rata ha hae o ne a hloma marena le ho a theola litulong.” Empa mongoli ea tšoanang o eketsa ka hore: “Ha mopapa a eketsa taolo ea hae lipolotiking, ha ba thata ka ho eketsehileng hore botumo ba mopapa bo tiee e le mohloli oa molao, boitšoaro le bolumeli.”
Bolumeli le Ntoa
Ntoa ke pefo ea lipolotiki. Leha ho le joalo, Mopapa Innocent III a hlophisa phutuho ea masole ’me a hlasela mokha oa bolumeli oa motse oa Albi boroa ba Fora o neng o hanyetsana le Kereke ea Roma. Ha bolaoa ka sehlōhō batho ba likete-kete toropong ea Béziers ka 1209, ’me ha chesoa batho hlorisong e neng e etsoa ke Kereke ho Bakhelohi. Tlhaselo e neng e etsoa ke bolumeli eo qalehong e neng e reretsoe Palestine, ea fetoloa ke lipolotiki ho akarelletsa Constantinople. Moo, masole a “Bakreste” a hlasela “ka matsatsi a mararo a tlatlapa thepa, a bolaea, a senya, le ho nyelisa tsohle tse halalelang.” A ne a etsa tsee ho bo-mang? Ho “Bakreste” hammoho le bona! Rahistori e mong o re: “Tšenyo e sehlōhō e ne e tsoa likerekeng.”
Mekhoa ena e se nang Bokreste ea Kereke ea Roma ea qetella e entse hore ka 1517 Martin Luther a fihle monyakong oa kereke e Wittenburg ’me a khokhothele mangolo a hae a lihlahlobo tse phephetsang—joale ha qala moea oa Ho Etsa Likereke tse Ncha. Empa, kamoo ho bolelang H. A. L. Fisher, bukeng History of Europe: “Likereke tse ncha li ne li e-na le moea oa borena le oa ’muso.” Jeremane ea qala ho arohana ka lipolotiki le ka bolumeli. Ho la Fora, balateli ba Calvin ba ne ba akarelletsa baeta-pele ba lipolotiki. Ntoa ea bolumeli e ne e sa loanoe feela ka baka la bolokolohi ba bolumeli empa hape le ka baka la “bora pakeng tsa litho tsa likereke tsa Bokhelohi le matona a Roma e Katholike bakeng sa Borena.” Ka hona, histori ea bolumeli Europa e ile ea ngoloa ka litlhaku tsa mali!
Meso ea lekholo la bo20 la lilemo ea bonahala ka hore Brithani le Maburu a loantšane mona Afrika Boroa. Baruti ka mahlakoreng a mabeli ba ne ba rotelletsa malakabe a mollo ka “likhothalletso tsa bona ho tsoa sefaleng.” Rahistori R. Kruger, o re: “Lithapelo tse ngata tse neng li lebisitsoe leholimong ke mahlakore a mabeli a loanang li ne li etsoa ka cheseho e sa tšoaneng ea bolumeli.” “Bakreste” ba makhooa ba ne ba bolaeana ba kōpa Molimo ho ba thusa!
Mohlala ona oa etsisoa phatlalatsa ka 1914 ha masole a Jeremane a kena Belgium a macha a itlamme thekeng ka mabanta a ngotsoeng “Gott mit uns” (Molimo o na le rōna). Mahlakoreng ka bobeli likereke li ne li etsa lithapelo bakeng sa hlōlo hore li bolaee lira tsa tsona.
Ba bangata ba felloa ke tšepo ha ba bona bolumeli Ntoeng ea I ea Lefatše. Batho ba sa lumeleng boteng ba Molimo le makomonisi, ba hlalosang bolumeli e le “matekoane a batho,” ba eketseha haholo. Leha ho le joalo, baruti ba ’na ba itšunya-tšunya lipolotiking, ba tšehetsa mekha ea bompoli e kang ea Mussolini le Franco. Ka 1933 Kereke ea Roma e Katholike ea etsa selekane le Manazi. Moruti e Moholo Faulhaber a ngolla Hitler, a re: “Tšepiso ena ea katleho le Mopapa . . . ke bohato bo babatsehang haholo ba tlhohonolofatso . . . E se e ka Molimo o ka boloka Morena [Hitler].”
Monyetla oa ntoa e ’ngoe ea lefatše ha o etse hore baruti ba tlohe lipolotiking. Tšekamelo e ’ngoe ea morao tjena e bile ha likereke tse ling li tšehetsa mekha ea lipolotiki e batlang liphetoho ka mabifi. Mongoli e mong o itse: “Baruti ba bacha ba Latin Amerika . . . ba bolela hore boMarx ke muso oa sebele oa Bokreste.” Empa Bibele e-ea eletsa: “Ba jala moea, ’me ba tla kotula sefefo.”—Hosea 8:7.
Ho Kotula Sefefo
E, Bibele e fana ka temoso e tšosang: Khohlano e bohloko e tla tlela bolumeli le lipolotiki. Ho Tšenolo khaolo ea 17, Bibele e tšoantša ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tletseng mali le “seotsoa se seholo, se lutseng holim’a metsi a mangata.” “Metsi” a emela “matšoele, le lichaba.” (Litemana 1, 15) Seotsoa sena se bitsoa “Babylona e moholo, ʼmʼa liotsoa le a manyala a lefatše,” ’me “o tahiloe ke mali a bahalaleli.” (Litemana 5, 6) “Babylona” ke lebitso le tšoanelang hantle bolumeli ba bohata bo hlophisitsoeng, kaha boholo ba lithuto tsa bona li hlaha motseng oa boholo-holo oa Babylona.a Ba tsejoa ka ho bolaea ka baka la ho hlorisa Bakreste ba ʼnete ka makholo a lilemo.
Hape ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tšoantšoa o lutse holim’a sebata “se nang le lihloho tse supileng, le linaka tse leshome . . . [tse emelang] marena a leshome.” (Litemana 3, 12) Lihlooho tse fetileng tsa makasine ʼona li hlalositse “sebata” sena e le kofuto eo ho tšepetsoeng ho eona hore e boloke khotso ea lefatše, e leng, Machaba a Kopaneng. Litlaleho li bontša hore likereke li ile tsa tšehetsa mokhatlo oona o hlophisitsoeng. Ka Mphalane 1965, Mopapa Paul VI a hlalosa Machaba a Kopaneng e le “tšepo ea ho qetela ea bonngoe le khotso.” Ka 1979, Mopapa John Paul II a bua le Seboka-Kakaretso sa Machaba. Ha a ka a bua ka Kreste kapa ʼmuso oa hae, o buile ka Machaba a Kopaneng e le “motheo o moholo oa khotso le toka.”
Empa ke hobane’ng ha selekane sena sa bolumeli le Machaba a Kopaneng se le kotsi hakaale? Kahobane “linaka tse leshome . . . [le] sebata, li tla hlōea seotsoa, li se felise, li se hlobolise . . . li se chese mollong.” (Temana 16) Bolumeli ba bohata bo tseleng ea ho thulana le lipolotiki. Bo tla be bo hlobolisitsoe likobo tsa bona, ho pepesitsoe litšila tsa bona, ʼme bo qetelle bo felisitsoe.
Ketso eo e tla qalisa ‘mahlomola a maholo’ ao Jesu a buileng ka oona, a fihlang sehlohlolong sa oona ntoeng ea Armageddone. Kreste, ea tšehelitsoeng ke makhotla a sa bonahaleng a leholimo, o tla “robaka [a] felise” tsamaiso ea lefatše lohle ea Satane, ʼme a siee feela ‘ba bonolo ho rua lefatše.’ Bao e tla ba Bakreste ba ʼnete ba ileng ba qhela lipolotiki tse arohanyang.—Mattheu 24:21; Daniele 2:44; Pesaleme ea 37:10, 11; Mattheu 5:5; Tšenolo 6:2; 16:14-16.
Haeba u e mong ea khathatsoang ke bohloko le qoso ea bohata eo bolumeli ba bohata bo e tliselitseng lebitso la Molimo, u lokela ho etsa eng? Bibele ea laela: “Tlohang ho eena [bolumeli ba bohata], lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae.” (Tšenolo 18:4) Ke Lipaki tsa Jehova feela tse phehellang batho ho mamela taelo ena. Li etsisa Bakreste ba pele ka hore li se kopanele ntoeng le lipolotiking ʼme ka hona li ke ke tsa e-ba tseleng ha bolumeli le lipolotiki li thulana. Ikopanye le tsona. Li tla thabela ho u bontša kamoo u ka fumanang ‘tsela e tšesaane’ e isang bophelong, e seng timetsong.—Mattheu 7:13, 14; Johanne 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha tse qaqileng bona buka “Babylon the Great Has Fallen!” God’s Kingdom Rules!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ka 1914, aletareng ea meropa pel’a methati ea St. Paul, Mobishopo oa Engelane a hōlisa moea oa ho rata naha le bochaba ho masole a Brithani