Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 5/1 maq. 3-5
  • Na Baruti ba Lokela ho Buella Lipolotiki?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Baruti ba Lokela ho Buella Lipolotiki?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Lipolotiki Tse Etsoang Lebitsong la Kreste li Qalehileng Kateng
  • Kamoo Lipolotiki li Ileng Tsa Ama Baruti Kateng
  • Bolumeli le Lipolotiki na li Tseleng ea ho Thulana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Bolumeli Lipolotiking—Na Ena ke Thato ea Molimo?
    Tsoha!—1987
  • Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Na Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo ba ne ba Kopanela Lipolotiking?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 5/1 maq. 3-5

Na Baruti ba Lokela ho Buella Lipolotiki?

“MOAREKABISHOPO e mong oa Mocanada o ile a bolella baeti ba bang ba bolumeli hore ho kenella lipolotiking ho ka thusa mafutsana, . . . Le hoja tsamaiso ea lipolotiki e bonahala e sa tsamaisane le thato ea Molimo, ‘ho hlokahala hore re kenelle litabeng tsa lipolotiki e le hore re ka etsa hore mafutsana a sebeletsoe ka toka.’”—Catholic News.

Hase mohlolo hore ho be le litlaleho tsa baeta-pele ba bolumeli ba buellang ho kenella litabeng tsa lipolotiki; ebile hase ntho e sa tloaelehang hore baeta-pele ba bolumeli ba be le maemo lipolotiking. Ba bang ba ’nile ba leka ho ntlafatsa lipolotiki. Ba bang ba hlomphuoa le ho hopoloa ka matšolo a bona litabeng tse kang ho lekana ha merabe le ho felisoa ha bokhoba.

Leha ho le joalo, litho tse ngata tsa likereke lia tšoenyeha ha baruti ba tsona ba nka lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Makasine ea Christian Century e neng e bua ka thuto ea bolumeli ba lipolotiki e re: “Ke litho tsa likereke tsa Boprostanta tseo ka linako tse ling li neng li belaella ho ameha phatlalatsa ha baruti ba tsona lipolotiking.” Batho ba bangata ba bolumeli ba na le boikutlo ba hore kereke ke sebaka se halalelang haholo hore e ka kenella lipolotiking.

Sena se hlahisa lipotso tse thahasellisang tseo bohle ba batlang ho bona lefatše le molemo ba amehileng ka tsona. Na babuelli ba Bokreste ba ka ntlafatsa lipolotiki? a Na ho buella lipolotiki ke tsela ea Molimo ea ho tlisa ’muso o molemo ho feta e teng kapa ea ho tlisa lefatše le ntlafalitsoeng? Na Bokreste bo ile ba thehoa ka morero oa hore ebe tsela e ncha ea ho tsamaisa lipolotiki?

Kamoo Lipolotiki Tse Etsoang Lebitsong la Kreste li Qalehileng Kateng

Bukeng ea The Early Church, rahistori Henry Chadwick o re phutheho ea pele ea Bokreste e ne e tsejoa ka “ho se tsotelle ho fumana matla lefatšeng lena.” E ne e le “sehlopha seo e seng sa lipolotiki, se sa tšoenyeng, le se khahlanong le ntoa ka ho feletseng.” A History of Christianity e re: “Boikutlo bo neng bo le teng har’a Bakreste ba bangata ke ba hore ha ho le ea mong oa bona ea neng a lokela ho ba le maemo a itseng litabeng tsa lipolotiki . . . Hamorao mathoasong a lekholo la boraro la lilemo, Hippolytus o ile a re ka lebaka la moetlo oa bohlokoa oa Bokreste, maseterata oa sechaba o ne a lokela ho tlohela mosebetsi oa hae haeba a ne a batla ho kena Kereke.” Leha ho le joalo, butle-butle batho ba neng ba nyoretsoe ho ba le matla ba ile ba qala ho etella pele liphuthehong tse ngata, ba ipha litlotla tse phahameng haholo. (Liketso 20:29, 30) Ba bang ba ne ba batla ho ba baeta-pele ba bolumeli le ho ba bo-ralipolotiki. Ka tšohanyetso phetoho e ile ea e-ba teng ’musong oa Roma e ileng ea etsa hore baruti ba joalo ba fumane monyetla oa ntho eo ba neng ba e batla.

Selemong sa 312 C.E., Moemphera oa Moroma oa mohetene ea bitsoang Constantine o ile a qala ho khahloa ke Bokreste-’motoana. Ho makatsang ke hore babishopo ba kereke ba ne ba khotsofalletse ho sekisetsa e le hore moemphera eo oa mohetene a ba fe maemo a itseng. Henry Chadwick o ile a ngola tjena: “Butle-butle Kereke e ile ea fetoha e kenellang liqetong tsa bohlokoa tsa lipolotiki.” Ho kenella lipolotiking ho ile ha ama baruti joang?

Kamoo Lipolotiki li Ileng Tsa Ama Baruti Kateng

Boikutlo ba hore Molimo o tla sebelisa baruti e le bo-ralipolotiki bo ile ba hlahisoa haholo-holo ke Augustine, setsebi se seng sa thuto ea bolumeli sa Mok’hatholike se neng se e-na le tšusumetso e matla lekholong la bohlano la lilemo. O ne a ile a nahana ka ha kereke e busa lichaba e bile e tlisetsa moloko oa batho khotso. Empa rahistori H. G. Wells o ile a ngola tjena: “Boholo ba tlaleho ea se etsahetseng Europe lilemong tsa bo-400 ho ea ho bo-1400 bo bontša kamoo boiteko ba ho phethahatsa khopolo ena e matla ea hore ho be le puso ea lefatše e halalelang e ileng ea hlōleha kateng.” Bokreste-’motoana ha boa ka ba etsa hore khotso e be teng Europe, re se re sa re letho ka ho etsa hore e be teng lefatšeng. Seo ho ’nileng ha lumeloa hore ke Bokreste se ile sa qetella se hlompholloa ke batho ba bangata. Ho senyehile hokae?

Batho ba bangata ba neng ba ipolela hore ba buella Bokreste ba ile ba hoheleha hore ba kenelle lipolotiking ba e-na le merero e metle, leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta ba ile ba iphumana ba kene tloara! liketsong tse khopo. Martin Luther, moruti le mofetoleli oa Bibele, o tumme ka boiteko ba hae ba ho leka ho fetola Kereke e K’hatholike. Leha ho le joalo, mohato ona o neng o le khahlanong le lithuto tsa kereke o ile oa etsa hore a ratoe ke batho ba neng ba susumetsoa ke moea oa borabele oa bopolotiki. Luther le eena, batho ba bangata ba ile ba qala ho mo hlompholla ha a ne a hlahisa maikutlo a hae litabeng tsa lipolotiki. Qalong o ne a thoholetsa batho ba sa rutehang ba neng ba fetohela batho ba boemo bo phahameng ba neng ba ba hatella. Eitse ha borabele boo bo e-ba mabifi, a khothalletsa batho bao ba boemo bo phahameng hore ba bo felise, e leng seo ba ileng ba se etsa ka ho rinya batho ba likete. Ha ho makatse hore ebe batho ba sa rutehang ba ne ba mo nka e le lehlabaphio. Luther o ile a boela a khothalletsa batho bao ba phahameng hore ba fetohele moemphera oa K’hatholike. Ha e le hantle, ho tloha qalong, Maprostanta, kamoo balateli ba Luther ba ileng ba tsejoa kateng, a ile a theha mokhatlo oa lipolotiki. Ho ba le maemo ho ile ha ama Luther joang? Ho ile ha mo mathela hloohong. Ka mohlala, le hoja qalong a ne a le khahlanong le ho susumetsa ka likhoka batho bao ho sa lumellanoeng le bona ka maikutlo litabeng tsa bolumeli, hamorao o ile a khothalletsa metsoalle ea hae ea lipolotiki hore ba hanyetsang kolobetso ea masea ba bolaoe ka ho chesoa.

John Calvin e ne e le moruti ea tummeng oa Geneva, empa le eena o ile a ba le tšusumetso e khōlō litabeng tsa lipolotiki. Ha Michael Servetus a ne a bontša hore Boraro-bo-bong ha bo hlahe ka Mangolong, Calvin o ne a e-na le tšusumetso litabeng tsa lipolotiki eo ka eona a ileng a tšehetsa ho bolaeloa ha Servetus ka ho chesetsoa thupeng. Batho baa ba ile ba kheloha lithuto tsa Jesu ka tsela e tšabehang hakaakang!

Mohlomong banna bana ba ile ba lebala seo Bibele e se buang ho 1 Johanne 5:19, e reng: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Na ba ne ba hlile ba e-na le boikutlo ba sebele ba ho ntlafatsa lipolotiki tsa mehleng ea bona, kapa ba ne ba hohetsoe ke tebello ea ho fumana matla le ea ho ba le metsoalle e litulong tse phahameng? Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba susumelitsoe ke eng, ba ne ba lokela ho hopola mantsoe a bululetsoeng a Jakobo morutuoa oa Jesu, a reng: “Na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) Jakobo o ne a tseba hore Jesu o ne a ile a bua tjena ka barutuoa ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.”—Johanne 17:14.

Ho ntse ho le joalo, le hoja ba bangata ba hlokomela hore Bakreste ha baa lokela ho ba karolo ea lefatše lena le khopo, ba hana ho se nke lehlakore lipolotiking, ba hana ho se be “karolo ea lefatše.” Ba bolela hore ho se nke lehlakore ka tsela eo ho thibela Bakreste hore ba bontše batho ba bang lerato la sebele. Ba lumela hore baeta-pele ba likereke ba lokela ho ntša maikutlo a bona ba be ba kenye letsoho toantšong ea bobolu le ho hloka toka. Empa na ho se nke lehlakore hoo Jesu a ileng a ruta ka hona ho hlile ho tsamaisana le ho ameha ka matla ka batho ba bang? Na Mokreste a ka lula a ikarotse litabeng tsa lipolotiki tse arohanyang ’me ka nako e tšoanang a kenye letsoho hamolemo ho thuseng ba bang? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipolotiki li ’nile tsa hlalosoa e le “liketso tse amanang le puso ea naha kapa ea sebaka se itseng, haholo-holo ho pheha khang kapa khohlano pakeng tsa batho kapa mekha e seng e fumane matla kapa e nang le tšepo ea ho a fumana.”—The New Oxford Dictionary of English.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Baeta-pele ba kereke ba ile ba sekisetsa tabeng e amang babusi ba kang Moemphera Constantine, e le hore ba fumane matla lipolotiking

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Ke hobane’ng ha baeta-pele ba tummeng ba bolumeli ba ile ba hoheloa hore ba kenele lipolotiki?

Augustine

Luther

Calvin

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Augustine: ICCD Photo; Calvin: Portrait by Holbein, from the book The History of Protestantism (Vol. II)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela