U ka Tsamaea le Molimo
MOPROFETA Amose o ile a botsa: “Na ba babeli ba tla tsamaea hammoho, ba sa lumellana?” (Amose 3:3) Empa na u ka “lumellana” le ho tsamaea le Molimo?
E! Hobane, bonneteng, ke Molimo o qalang ka ho atolosetsa memo ena ho rōna hore re be metsoalle ea oona. Ha o re qobelle botsoalleng bo joalo. Ho e-na le hoo o re atametsa ho oona ka litšoaneleho tsa oona tse hlollang. Pōpo feela e fana ka bopaki bo bongata ba molemo oa Molimo! “Tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona.” (Ba-Roma 1:20) Kapa joalokaha moapostola Pauluse a boletse ho Liketso 14:17: “Ha oa [Molimo] ka oa phetsa ho itsebahatsa ho rōna ka lipontšo, ka ho etsa batho hantle, oa re sitsa ka lipula tsa leholimo le ka lilemo tsa nala, ’me oa tlatsa lipelo tsa rōna ka lijo le ka thabo.”
Ka hona banna ba kang Henoke le Noe ba ne ba thahasella ho amohela mpho ea Molimo ea setsoalle. Ba ile ba lemoha hore Molimo o ne o “loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho.” (Tšenolo 4:11) Ka hona ba arabela memong ea Molimo ’me ba o atamela ka tumelo. Pauluse o itse: “Empa tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang; ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heberu 11:6) Ka hona, ka ho batla setsoalle le Molimo, le uena, u ka “lumellana” le Oona. Le mopesaleme o itse: “Ho lehlohonolo eo u [Molimo] mo khethileng, eo u mo atametsang pel’a hao.”—Pesaleme ea 65:4.
Kaha setsoalle le Molimo se etsoa ka ho lumellana le oona, motho o tlameha ho ithuta Lentsoe la oona, Bibele, e le hore a ka fumana “ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” (Ba-Roma 12:2) Morao mehleng ea Bibele e mong ea batlang Molimo ka tieo o ile a botsa: “Nka [utloisisa boprofeta ba Esaia ba Bibele] joang ha e mong a sa nkenye tseleng?” ’Me mohlomong u ikutloa ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, Molimo oa etsa hore morutuoa ea bitsoang Filippi a atamele monna enoa ’me a mo hlalosetse boprofeta. (Liketso 8:30-35) Na Molimo o bontša ho se thahaselle ba o batlang ka tieo kajeno? ’Nete ea hore e be u bala makasine ona o theiloeng Bibeleng e bontša hore Molimo o-oa u thahasella! Na e ne e ke ke ea e-ba bohlale ho lumella bao u fumaneng makasine ona ho bona hore ba u thuse ho ithuta haholoanyane ka Molimo?
Ho Bona Ea sa Bonoeng
Ha tsebo ea hao ka Molimo e ntse e hōla, o tla ’ne a fetohe motho oa sebele haholoanyane ho uena. Kapele u tla ananela hore hase sehlopha se seng sa matla se se nang lebitso empa ho e-na le hoo ke Motho ea nang le lebitso! Ho Pesaleme ea 83:18, Bibele e re: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena o ’notši lefatšeng lohle.” Joaloka Motho, Jehova o na le litšoaneleho, o-oa rata e bile ha a rate—e bile o na le boikutlo!—Bapisa Exoda 34:6, 7; Pesaleme ea 78:40, NW.
Molimo o boetse o na le litekanyetso tse lokileng. Ka mohlala, Liproverbia 3:32 e re: “Ho Jehova motho ea khopo ke manyala, empa ea lokileng o na le lekunutu la hae.” Josefa e ne e le e mong oa ‘ba lokileng.’ Bibele e bolela kamoo mosali oa mong a hae oa Moegepeta, Potifaro, a ileng a qophella Josefa hore a be le likamano tse litšila le eena. Empa a hana, a re, “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?”—Genese 39:9.
Jehova e ne e le motho oa sebele ho Josefa. A ne a Mo tšaba ka tšabo e phelang ’me a itšoara joaloka hoja a le moo O leng teng. O ne a tšoana le mopesaleme ea itseng: “Ke beile Jehova pel’a ka ka mehla; nke ke ka sisinyeha, hobane o lehlakoreng la ka le letona.” (Pesaleme ea 16:8; bapisa Liproverbia 3:5, 6) Moshe o bile le tumelo e tšoanang. O ile a ’na a “tiea joale ka hoja a bona ea sa bonoeng.”—Ba-Heberu 11:27.
Ka hona ho tsamaea le Molimo ho bolela ho fetang feela ho rua tsebo. Ho bolela ho nka tsela ea bophelo e lumellanang le thato ea Molimo le morero oa hae tse senotsoeng! Joalokaha moapostola Pauluse a ho bea tjena: “Empa leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.”—1 Ba-Korinthe 10:31.
Melemo ea Ho Tsamaea le Molimo
Sussman le Goode bukeng ea bona The Magic of Walking, ba ngotse: “Ka lebaka la ho baballa hoa hona litšutšu le matla, ho tsamaea ho khothalelitsoe ke ba boholong bongakeng le bophelong ka lebaka la melemo e hlollang e sa tšoaneng.” Har’a melemo e boleloang ke ho laola boima ba ’mele, boroko bo molemo, ho khatholoha kelellong, le ho thibela mafu a pelo. Haeba hoo ke ’nete ka ho tsamaea hoa sebele, re ka lebella hore ho tsamaea le Molimo ho molemo haholoanyane.
Leha ho le joalo, u se ke ua lebella phihlelo ea boikutlo bo bong bo tebileng. Empa ha u ntse u ‘atamela Molimo’ ka thapelo le ho nka bohato ka tumelo, u tla thabela “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.” (Jakobo 4:8; Ba-Filippi 4:6, 7) Ka mohlala, mosali e mong o ne a tloaetse ho noa haholo le ho sebelisa lithethefatsi ka baka la ho tepella ho sa khaotseng. O bile a leka mekha e ’maloa ea Bokreste-’mōtoana. Empa joale a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O itse: “Ha ho se letho leo ke le lekileng le ileng la nkimolla ho tepelleng hoa ka, ho utloisisa merero ea Jehova ho ile hoa mpha morero oa sebele bophelong.” E, ha motho a qala ho tsamaea le Molimo, o tsamaisoa tseleng eo ho seng tika-tiko hore e tla mo tlisetsa melemo ea moea le ea boikutlo.—Bapisa Esaia 30:21.
Molemo o mong o ile oa suptjoa ke mosali e mong ea bohlale ea bitsoang Abigaile. O ile a bolella Morena Davida: “Leha motho a ka tsoha ho u hlorisa le ho u bolaea, moea oa monghali o tla phutheloa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Molimo oa hao.” U ka inahanela! Ha bophelo ba Davida bo tšosoa ke lira tsa hae, bo ne bo tla ba polokelong e sireletsehileng ea Jehova joalokaha eka e ne e le ntho ea bohlokoa e phuthetsoeng ka hloko bakeng sa ho bolokoa. Le hoja hona ho hlile ho sa fane ka maikutlo a hore kamehla bahlanka ba Molimo ba tla sireletsoa ’meleng, ruri o tla sireletsa lithahasello tsa ka ho sa feleng tsa ba tsamaeang le oona kajeno!—1 Samuele 25:29; bapisa Pesaleme ea 116:15.
Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore u tla ba mokhelo mathateng a tloaelehileng ho batho, joaloka hoja Bakreste ba phela “bophelo ba mohlolo.” Salomone o ile a hlokomela hore batho “bohle ba hlaheloa ke nako le sebaka sa ntho tseo.” (Moeklesia 9:11) Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a utloa bohloko ka “phatsa e hlabang ka nameng,” mohlomong e ne le ho kula ho hong hoa ’mele. (2 Ba-Korinthe 12:7; Ba-Galata 4:13-15) Ka ho tšoanang motsoalle oa hae Timothea o ile a utloa bohloko ba ho ‘kula hangata.’ (1 Timothea 5:23) Ka ho tšoanang, kajeno Bakreste ba na le ho kula esita le boikutlo ba ho nyahama kapa ba ho tepella ka linako tse ling.
Ho feta moo, Jehova Molimo ka linako tse ling o lumella liteko tsa nakoana e le ho re hloekisa, joalokaha a ile a etsa ha a lumella Josefa hore a kenngoe teronkong. (Pesaleme ea 105:17-19) Ba bang ba ka ’na ba utloa bohloko ba ho shoa pele ho nako matsohong a bahlorisi ba befileng joaloka Setefane. (Liketso 7:57-60) Empa le kamohla metsoalle ea Molimo ha e-ea lokela ho ikutloa e lahliloe. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 4:8, 9.) “Hobane Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona.” (Ba-Heberu 6:10) Mosali e mong oa Mokreste ea ileng a bolokoa ho feta lilemo tsa ho kenngoa teronkong ka leeme o itse: “Ke kholisehile ka ho teba hore ha ho lea mong ho ba mamellang ka cheseho tšebeletsong ea Jehova ea tla utloa masoabi. Ka pelo eohle ea ka ke ile ka tšepa Jehova le mantsoe a hae a kholisang, ‘Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.’”—Ba-Heberu 13:5.
Thuso ea ho Ntšetsa Ntoa ea Rōna Pele
Ho boloka tsela e tšepahalang joalo ha ho bonolo. Satane le makhotla a hae a khopo a moea ba ikemiselitse ho re tšoasa. (Ba-Efese 6:12) Joale ho teng tsamaiso ea joale e khopo ea lintho ka maraba a eona a hohelang. Mokreste e mong oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Demase o ile a khelosoa hobane o ile a “rata lefatše la joale.” (2 Timothea 4:10) Qetellong, ho na le nama ea rōna ea boetsalibe e sekametseng bobeng. (Ba-Roma 7:21-23) Ho hlokahala ntoa e tsoelang pele khahlanong le litšusumetso tsena haeba re tla tsoela pele re tsamaea le Molimo.
Leha ho le joalo, Molimo o entse hore likofuto tse tharo tse matla li fumanehe bakeng sa ho re thusa: (1) Lentsoe la Oona, Bibele, le fanang ka tataiso e hlokahalang. (Pesaleme ea 119:105) (2) Mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng o bonahalang, phutheho ea Bokreste, o fanang ka lenaneo la Molimo la lijo tsa Moea. (Mattheu 24:45-47; Ba-Efese 4:11-16) Watch Tower Society, bahatisi ba makasine ona, e amana haufi-ufi le mokhatlo oo o hlophisitsoeng. (3) Moea oa oona o halalelang, oo re o amohelang ka thapelo, ka ho ithuta Mangolo, le ka ho kopanela le batho ba oona. E ne e tla ba phoso e khōlō ho hlokomoloha leha e le efe ea litokisetso tsena. Moprofeta Mikea o re khothaletsa hore, ‘Re itlhomphe ha re tsamaea le Molimo.’ (Mikea 6:8, NW) Hoo ho bolela ho hlokomela meeli ea rōna ’me ka ho feletseng re itšetlehe ka Molimo.
Ka sebele, ho tsamaea ho rōna le Molimo hoa ka bapisoa le ngoana e monyenyane ea tsamaeang le ntate oa hae nakong ea sefefo se matla. Haeba a ne a ka ikhula letsohong la hae kapa a etsa qeto ea ho itsamaela ka boeena, o ne a tla lahleha kapele. Empa haeba a itšoarella ka matla, a ka tsamaea a sireletsehile le ka tšepo le ntate oa hae. Le rōna, re tlameha ho hlokomela ho ikokobeletsa tataiso ea Molimo joalokaha e fanoe Lentsoeng la oona le mokhatlong oa oona o hlophisitsoeng. Ho ipusa ho ka re lahla ka ho se nang thuso. Leha ho le joalo, ha re tsamaea le Molimo ka boitlhompho, re ka tsamaisoa re sireletsehile ho feta sefefo se tlang sa Harmagedone le ho pholohela tsamaisong e ncha e tšepisitsoeng. Mono lefu le bohloko li tla be li fetile. (Tšenolo 16:16; 21:3, 4; 2 Petrose 3:13) Ka hona, na joale u tla amohela memo e mohau ea Molimo ea ho tsamaea le oona?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lentsoe, moea, le mokhatlo o hlophisitsoeng tsa Molimo li ka re thusa ho tsoela pele ‘ho tsamaea le Molimo’ ka botšepehi