Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 9/1 maq. 16-21
  • Basebeletsi ba ’Muso Ba Tobana le Phephetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Basebeletsi ba ’Muso Ba Tobana le Phephetso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Basebeletsi ba Molimo ba Hlokahala ka Potlako
  • Ho Sireletsa Tšoaneleho ea Rōna Re le Basebeletsi
  • Le Eena Jesu O lle a Phephetsoa
  • ‘Ho Rutoa ke Jehova’
  • Basebeletsi ba Molimo ba Paka Tšoaneleho ea Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Basebeletsi ba Molimo ke Bo-mang Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha Ho ba Basebeletsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Kamoo ho ka Khetholloang Basebeletsi ba ’Nete ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 9/1 maq. 16-21

Basebeletsi ba ’Muso Ba Tobana le Phephetso

“Hantle-ntle Apolosi ke eng? Paulosi eena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le lumetseng ka baka la bona.”—1 BAKORINTHE 3:5, Testamente E Ncha Le Lipesalema.

1. (a) Ka bolumeli, ke eng e belaelloang kajeno, hona hobane’ng? (b) Ke ’muso ofe o sokeloang, ’me ke eng se tla etsahala ka oona?

KAJENO ho phephetsoa tokelo ea basebeletsi ba bolumeli. Hona ho etsahala haholoanyane ha karolo ea bopolotiki ea lefatše lena e fetohela bolumeli, ho akarelletsa bolumeli ba “Bokreste,” e bo nka e le tsela e batlang ho hoeba ka bolotsana. Le bona ba nang le mangolo a liseminari tsa bolumeli ha ba eloe hloko hore ekaba basebeletsi ba nang le tokelo e lumellehang ’me ba ntse ba thibeloa lichabeng tse koenehelang bolumeli. E, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tlas’a tlhaselo ’me o sokeloa ka tlhaselo ea lefatše ka bophara e tla bolela ho felisoa hoa bona. Moqapi ea halalelang oa borapeli ba ’nete o profetile sena, ’me a bea nako ea hae e loketseng hore boprofeta ba hae bo phethahatsoe. Bophelo ba libōpuoa bokahohleng bohle bo tla rua molemo ketsahalong ena e khōlōhali!

2. Ka bolumeli, ke eng se tla hlola ka ho sa feleng ’me ke eng se sa tlo hlola ka ho sa feleng?

2 Leha ho le joalo, lefatše le ke ke la hlola halelele tlas’a puso e se nang bolumeli, empa ’Mōpi ea tumisitsoeng oa bokahohleng o tla hlola ka ho sa feleng! E, le bolumeli ba ’nete ba Molimo ona o Holimolimo o sa shoeng bo tla hlola ka ho sa feleng! Ka lebaka leo, le hoja ba libillione ba lefatšeng ba latola linnete, hona joale ba sebelisang borapeli bo hloekileng ba Molimo baa phela ’me ba mafolo-folo lefatšeng. ’Me polelo e latelang e nang le makholo a lilemo ke ’nete kajeno: “Tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a kamehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona, e le hore ba tle ba hloke meitatolo.”—Ba-Roma 1:20

3, 4. (a) Ho ka pakoa joang hore Jehova o na le basebeletsi lefatšeng? (b) Re tseba joang hore basebeletsi ba bolumeli ba Babylona e Moholo ba tla tloha ba felloa ke mosebetsi?

3 Ha ho ne ho ngoloa mantsoe ao lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, Jehova Molimo o ne a e-na le basebeletsi ba hae lefatšeng. Ka hona moapostola Pauluse o ne a ka ngola: “Hantle-ntle Apolosi ke eng? Paulosi eena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le lumetseng ka baka la bona, ba sebelitseng ho ea kamoo Morena a abetseng e mong le e mong oa bona kateng. ’Na ke ile ka lema, Apolosi eena a noesetsa, empa ke Molimo ea melisitseng.”—1 Bakorinthe 3:5-9, Testamente e Ncha le Lipesalema.

4 Le kajeno Jehova o tlameha a be a e-na le basebeletsi lefatšeng. Empa ha a sebelise basebeletsi ba bolumeli ba Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Haele hantle, ba tla tloha ba felloa ke mosebetsi. Hoo ho tla etsahala ha ho felisoa Babylona e Moholo ka boeona. Tšenolo 16:19 ha e profeta sena e re: “Motse o moholo oa aroloa likarolo tse tharo; metse ea lichaba ea heleha, ’me Molimo oa hopola Babylona e moholo ho mo noesa senoelo sa veine ea khalefo e tukang ea oona.”

5. Ho etsahetse eng Babylona ea boholo-holo ka 539 B.C.E., ’me ho thoe’ng ka basebeletsi le batšehetsi ba bang ba malumeli a Babylona e Moholo?

5 Ho thoe’ng joale ka batho ba khomaretseng ka botšepehi litsamaiso tsa bolumeli tse sebeletsoang ke basebeletsi ba lefuoang ba Babylona e Moholo? Ak’u nahane ka se ileng sa etsahala bosiung bane ba 539 B.C.E. ha Morena Belshatsare le mahosana a hae ao a neng a a memile ba ne ba rorisa melimo ea Bababylona moketeng o moholo o nyelisang Bamede le Bapersia ba neng ba futuhile. Baketeki ba ile ba hlokomelisoa ka lekhetlo la pele ha ba bona mongolo oa mohlolo leboteng la holo ea mokete ’me ba utloa tlhaloso e fanoang ke moprofeta oa Jehova Daniele. Joale, ka ho oa hoa Babylona ka bosiu bona boo, morena, ’me mohlomong le ba bang ba neng ba le moketeng ba neng ba phahamisa melimo ea bohata ba ile ba bolaoa ke bahapi ba futuhileng. (Daniele, khaolo ea 5) Tlokotsi e tšoanang e emetse basebeletsi le ba ntseng ba tšepahetse litsamaisong tsa bolumeli tsa Babylona e Moholo.

Basebeletsi ba Molimo ba Hlokahala ka Potlako

6. (a) Nakong ena e thata, Molimo o tlameha ho ba le eng bakeng sa lelapa la motho? (b) Mehla ea Balichaba e felile neng, ’me Jesu o itse’ng ka see?

6 Ha ho lea mong eo ka ho utloahalang a ka belaellang ’nete ea hore ho tloha Moroallong oa mehla ea Noe hona joale re phela nakong e thata ka ho fetisisa ea histori ea motho. (2 Timothea 3:1-5) Ka hona ke hoa bohlokoa hore hona joale ho be le basebeletsi ba ’nete ba Molimo oa Noe. Ka sebele, joalokaha Jehova a lemositse batho ba mehleng ea Noe le ba neng ba keteka moketeng oa Belshatsare, O tlameha ho ba le molaetsa o potlakileng bakeng sa lelapa la motho ho tloha ka 1914, ha Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma. Haele hantle, ka lilemo tse mashome a mane bahlanka ba Molimo ba ile ba supa selemo seo ka mokhoa o batsi e le se tšoaeang ho fela hoa Mehla ea Balichaba, eo ka eona Jesu a itseng: “Jerusalema o tla hatakeloa ke lichaba, ho be ho phethoe mehla ea lichaba.”—Luka 21:24.

7. (a) Jerusalema ea lefatšeng e ile ea hatakeloa ke Balichaba ba e seng Bajode ho fihlela neng? (b) Qetellong Jesu o ne a bua ka eng ha a bua ka hore Jerusalema “o tla hatakeloa ke lichaba”?

7 Ka lilemo tse ka bang 53 kamorao ho 1914, kapa ho fihlela Ntoeng ea Matsatsi a Tšeletseng ea 1967, Jerusalema ea lefatšeng e ne e ntse e hatakeloa ke lichaba tseo e seng Bajode. Leha ho le joalo, ho hlakile hore Jesu o ne a sa bolele Jerusalema ea Bajode ea kajeno, empa o ne a bua ka seo motse oo o neng o se emela ho fihlela ka 607 B.C.E. Empa o ne o emela eng? O ne o emela ’Muso oa Jehova Molimo ka Morena ea tlotsitsoeng oa hae oa ntlo ea borena ea Davida!—Luka 1:32; 1 Likronike 29:11.

8. Jehova o ne a tla nea mang ’muso oa Davida, ’me ke hobane’ng ha batho ba ne ba sa tlo bona ho beoa teroneng ho profetiloeng?

8 Ke Jesu Kreste eo Jehova Molimo a neng a tla mo nea ’muso oa moholo-holo oa hae Davida oa khale. Kapel’a moahloli Pilato, Jesu o boletse hore ’Muso oa Hae hase oa lefatše lena, a bolela hore e ne e tla ba oa leholimo. (Johanne 18:36) Ka ho utloahalang, ho beoa hoa Jesu ’Musong qetellong ea Mehla ea Balichaba ho ne ho tla etsahala maholimong a sa bonahaleng. Ke kahoo ho beoa hoa hae teroneng ho neng ho sa tl’o bonahala mahlong a batho, ’me ke ka lebaka leo rōna kapa lichaba tsa Balichaba re sa kang ra bona ha a beoa teroneng ’Musong o mo loketseng oo a o filoeng ke Molimo ka 1914. Lichaba tseo ruri li ne li sa lumele hore ketsahalo ena e ka etsahala, ho sa tsotellehe ’nete ea hore e ne e ile ea boleloa ke batho ba Jehova ho tloha ka bo1870.

9. (a) Lichaba li ile tsa etsa’ng ho hlokomoloha molaetsa oa Jesu? (b) Ha ho talingoa se entsoeng ke lichaba ka 1914, ho ile hoa hlokahala eng?

9 Ka ho hlokomoloha molaetsa oa ’Muso, hoetla [karolong e ka leboea ea lefatše] ka 1914 lichaba li ile tsa kena ntoeng. Joalokaha ho profetiloe ho Pesaleme ea 2:1-12, li ipakile hore ke lira tsa Jesu, li hana ho ‘aka’ Morena ea sa tsoa beoa teroneng e le pontšo ea boikokobetso le botšepehi ba tsona. Ka hona, ho ile hoa hlokahala hore ho phethahatsoe Pesaleme ea 110:1, 2 moo re balang: “Jehova o itse ho Morena oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.”

10. (a) Jesu o qalile ho busa tlas’a maemo afe ka 1914? (b) Ke bo-mang ba emetseng Jehova lekholong lee la bo20 la lilemo?

10 Bahanyetsi ba Bajode ba bontša bora ba bona ho baapostola ba Jesu ha Jesu a lula ka letsohong le letona la Molimo ho emela nako ea hore a qale ho busa har’a lira tsa hae. (Liketso 4:24-26) Tumellanong le seo, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ile a qala ho busa har’a lira tsa hae qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914. Ka hona lekholong lena la bo20 la lilemo, joaloka nakong e fetileng, Jehova o entse hore a be le bajari ba molaetsa oa hae, basebeletsi ba hae ba ’nete ba ’Muso har’a lira. Ke lipaki tsa hae.—Esaia 43:10-12.

Ho Sireletsa Tšoaneleho ea Rōna Re le Basebeletsi

11. Tokelo ea Lipaki tsa Jehova ea ho ba baboleli ba ’Muso ba khethiloeng ke Molimo e phephelitsoe ke bo-mang?

11 Ka nako ena eohle, ho ile hoa hlokahala hore basebeletsi ba khethiloeng ke Molimo ba ’Muso ba sireletse tokelo ea bona bakeng sa tšebeletso. Hoo ruri ebile ’nete ka Lipaki tsa Jehova lekholong lena la bo20 la lilemo. Tšoaneleho ea tsona e le basebeletsi ba khethiloeng ka tšoanelo ba Molimo e phephelitsoe le ho hlokomolohuoa. Ke bomang? Haholo-holo ke baruti ba bolumeli ba liseminari ba Bokreste-’mōtoana ba amohelang mangolo a khetho ’me ba fetoha baruti ba lefuoang. Ba inka ba rutiloe ka ho tšoanelehang ’me ba tšoaneleha hantle hore ekaba bona feela basebeletsi ba loketseng ba Molimo oa Bibele.

12. Ke tokelo ea Mokreste ofe ea tsebisahalang oa lekholo la pele la lilemo e ileng ea phephetsoa, ’me mang le mang ea neng a tlisa litaba tse molemo tse fapaneng o ne lokela ho talingoa joang?

12 Boemo bo ne bo tšoana le ba lekholong la pele la lilemo C.E. Seterekeng sa Roma sa Galatia, le ea ileng a ngola ka pululelo hoo e ka bang halofo ea libuka tsa Mangolo a Bakreste a Segerike o ile a thulana le phetoho e ileng ea phephetsa tšoaneleho ea hae e le moapostola oa Jesu Kreste, hobane e ile ea hlahisa pelaelo ka ho nepahala hoa seo a neng a se ruta e le Bokreste. Ka hona o ile a tlameha ho bolella Bagalata: “Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ea le bitsitseng ka mohau oa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele; e seng hore e ’ngoe e teng, empa batho ba teng ba le ferekanyang, ’me ba rata ho sokanya Evangeli ea Kreste. Athe motho, leha e ka ba rōna, kapa lengeloi le tsoang leholimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse eona, a neeloe anathema. Joale ka ha re se re le boleletse pele, le joale ke sa rialo: Ekare ha e mong a fela a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a neeloe anathema.”—Ba-Galata 1:6-9.

13. Ke hobane’ng ha Bagalata ba ne ba sa lokela ho belaella tokelo ea Pauluse?

13 Ke ’nete, mongoli eo, moapostola Pauluse, ha a qala ho ithuta lithuto tsa Bokreste ka hore a kopane le Jesu Kreste kapa baapostola ba Hae ba 12. Hamorao, Pauluse o ile a nka nako a e-na le moapostola Petrose, kapa Kefase. (Johanne 1:43; Ba-Galata 1:18, 19) Empa ha a sireletsa ho tšoaneleha hoa hae e le ’moleli oa litaba tse molemo tse tsoang ho Molimo ka Kreste, Pauluse o ne a ka bolella Bakreste ba sa tsitsang ba Bagalata hore: “Eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neiloeng, ba re nea matsoho a bolekane, ’na le Barnabase, hore rōna re ikele ho balichaba, ’me bona ba ee ho ba lebollo.” (Ba-Galata 2:9) Ka hona Bagalata bao ba ka be ba ile ba ipotsa: Haeba baapostola ba Jesu Petrose, Jakobo le Johanne ba ne ba hlokomela hore Pauluse ke mojari oa litaba tse molemo tsa ’nete, re na le motheo ofe oa ho phephetsa molaetsa oa hae le ho tloha ho oona?

14. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore boemo ba bosebeletsi ba Lipaki tsa Jehova bo phephetsoe?

14 Empa ho thoe’ng ka batho ba Jehova kajeno? Haele hantle, kaha motho ea kang Pauluse o ile a tlameha ho sireletsa litšoaneleho tsa hae e le mosebeletsi oa Molimo le oa Kreste, ke hobane’ng ha re ka makala haeba rōna, joaloka Lipaki tsa Jehova tse inehetseng tsa ba tsa kolobetsoa, re phephetsoa ’me re lokela ho sireletsa boemo ba rōna re le basebeletsi ba ’Muso? Haele hantle, joaloka tabeng ea Pauluse, ho qosoa hoa rōna ka mokhoa o joalo o se nang motheo ha ho pake letho.

Le Eena Jesu O lle a Phephetsoa

15. Ke mang, ea phahametseng baapostola, ea ileng a phephetsoa ka tokelo ea hae ea ho ruta, ’me o ile a re matla a hae ke a mang?

15 Morena Jesu Kreste ka boeena o ile a phephetsoa ’me a thulana le ho se utloisise hoa batho bahabo hore ba mo amohele e le mosebeletsi ea loketseng oa Molimo. Ka mohlala, rea bala: “Ha e se e le mahareng a mokete [oa metlotloane], Jesu a nyolohela tempeleng, a ruta. Ba-Jode ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo joang, athe ha a ka a ithuta?” Jesu a thula phephetso eo ka phatla, a re: “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng. Ekare ha motho a rata ho etsa thato ea hae, o tla tseba thuto hore na e tsoa ho Molimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka. Ea iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ea hae; empa ea batlang thoriso ea ea mo romileng, ke eena e leng oa ’nete, ’me bokhopo ha bo eo ho eena.”—Johanne 7:14-18.

16. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba Sejode ba ile ba ikutloa hore ba na le mabaka a ho belaella matla a Jesu a ho ruta?

16 Baeta-pele ba bolumeli ba Sejode ba ne ba nahana hore Jesu Kreste ke Mogalelia feela tjee. Haele hantle, ba ne ba sa nahane hore a ke ke a bala ka lebaka la hore ha a kena sekolo, haholo-holo se kang seminari ea thuto ea bolumeli. Haele hantle, Jesu o ne a se a ile a bontša hore a ka bala Mangolo a Seheberu. (Luka 4:16-21) Se ileng sa ipaka se sa amohelehe ho Bajode ba joalo ba Judea le Jerusalema e ne e le hore enoa eo e neng e le ’metli e ne e se moruti oa bolumeli ’me o ne a ke ke a balelloa har’a bangoli, Bafarisi, le Basadduce ba sechaba sa habo bona. Ebe joale ke hobane’ng ha a ne a ka ipolela pontšeng hore o tseba se boleloang ke Mangolo a Seheberu le hore na a sebelisoa joang, a bua ka matla a maholo ao a neng a bua ka oona? Sena ke sona se ileng sa etsa hore Bajode bao ba koalehe litsebe moeeng hore ba ka utloa molumo oa ’nete ea bomolimo. Ba ne ba ikhohomosa haholo hore ba ka amohela se tsoang ho motho ea neng a sa fumana mangolo a thuto ea sekolo sa bolumeli.

‘Ho Rutoa ke Jehova’

17. Mabapi le Jesu Kreste, baeta-pele ba bolumeli ba Sejode ba ile ba hlokomoloha Moruti ofe, ’me Jesu e ne e le seithuti sa mofuta ofe?

17 Bajode bao ba bohlale ka mokhoa oa lefatše ba ile ba hlokomoloha Ea neng a hlile a ruta Jesu Kreste. E, bohlale ba Jesu ba ho ruta bo ne bo tsoa ho ‘Moruti e moholohali,’ Jehova Molimo! (Jobo 36:22, Today’s English Version) Ha Jesu a bua ka Molimo ntlheng ena, a re: “Etlare hobane le fanyehe Mor’a motho, ke moo le tla tseba hobane ke ’na enoa, le hobane ha ke etse letho ke ’notši, ke mpa ke bolela litaba tseo joale ka ha Ntate a nthutile.” (Johanne 8:28) Ka hona Jesu o ipakile hore ke morutuoa ea molemo ka ho fetisisa sekolong sa bokahohle sa Moruti e moholohali bophelong. Hona e ne e le tlotla ho Ea mo rutileng. Hase feela batho ba Nazaretha ba itseng ka eo e neng e le motho oa motse oa habo bona: “Enoa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?”—Mattheu 13:54.

18. (a) Re lokela ho batla moruti oa mofuta ofe? (b) Jesu o itse’ng ka Moruti e moholo le ba rutoang ke eena?

18 Rea batla re bile re hloka moruti ea molemohali hore re tle re utloisise Bibele. ’Me moruti eo ke Mobululeli oa Buka eo ho seng e kang eona. Ha a bua le bao e neng e le litho tsa mokhatlo o bonahalang o hlophisitsoeng oa lefatšeng oa Moruti eo, bophelong ba hae lefatšeng, Jesu o itse: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng; ’me ’na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. Ho ngoliloe mangolong a baprofeta, ho thoe: Ba tla rutoa bohle ke Molimo [Jehova]. Ka baka leo, e mong le e mong ea utloileng Ntate, ea ithutileng ho eena, o tla ho ’na.” (Johanne 6:44, 45) Mono Jesu o ne a qotsa Esaia 54:13, e reng: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena [Jehova]; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.”

19. Ke “bana” ba mang ba neng ba tla rutoa ke Jehova?

19 Leha ho le joalo, rea botsa: Ke “bana” ba mang ba neng ba tla “rutoa” ke Jehova? Tšepiso eo ea boprofeta e ile ea etsetsoa “mosali” oa tšoantšetso, ea neng a lebelletsoe ho ba ’mè oa “bana” kapa bara ba itseng. “Mosali” enoa ke eo ho buuoang le eena ho Esaia 54:1, moo ho thoeng: “Thaba, uena nyopa, u sa kang ua tsoala; u lumise litlatse le lipina tsa thabo, uena u sa kang ua tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ea furaletsoeng ba bangata ho feta bana ba ea nyetsoeng, ho bolela Jehova.”

20. Ha ho talingoa 2 Ba-Korinthe 13:5, Bakreste ba inehetseng ba tlameha ho tsoela pele ba etsa’ng, ’me hona ho amana joang le tšoaneleho ea bona e le basebeletsi ba ’Muso?

20 Kaha Jehova ke Eena ea buisanang le “mosali” enoa ’me ke eena eo e lokelang hoba Moruti oa “bana” ba hae, o tlameha ebe e le Monna oa hae oa tšoantšetso, ’me mosali e tlameha ho ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae oa leholimo o kang mosali. “Bana” kapa bara ba hae, ke liithuti tsa ‘moruti e moholohali.’ Haele hantle, ke hoa bohlokoa hore “bana” bao, balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu, le metsoalle ea bona, “bongata bo boholo,” ba tsoele pele ho sebelisa taeo e fanoang ke Jehova. (Tšenolo 7:9) Eo ruri ke tsela e ’ngoe ea ho mamela keletso ea Pauluse: “Itekoleng e le lōna, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lōna.” (2 Ba-Korinthe 13:5) Haeba Bakreste ba inehetseng ba ba ba kolobetsoa ba tsoela pele ho etsa sena ’me ba lula e le liithuti tse masene tsa Moruti e moholohali, ba lokela ho ba le tšoaneleho e hlokahalang e le basebeletsi ba ’Muso ba filoeng tokelo ke Jehova. Joale re tla bona hore na basebeletsi ba Molimo ba paka tšoaneleho ea bona joang.

U Ne U Ta Re’ng?

◻ U ka paka joang hore Jehova o na le basebeletsi lefatšeng?

◻ Ke eng e neng e emeloa ke Jerusalema e neng e ‘hataketsoe ke Balichaba’?

◻ Kaha lichaba li hlokomolohile ’Muso, Jesu o ile a lokela ho etsa’ng?

◻ Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore boemo ba bosebeletsi ba Lipaki tsa Jehova boa phephetsoa?

◻ Ke eng e ileng ea hlokomolohuoa ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ileng ba phephetsa matla a Jesu a ho ruta?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Joalokaha Jehova a sebelisitse Daniele ho hlokomelisa baketeki ba mokete oa Belshatsare, le kajeno O na le basebeletsi ba fanang ka molaetsa o potlakileng

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba ikhohomosa haholo hore ba ka amohela le Jesu e le mosebeletsi oa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela