Kamoo ho ka Khetholloang Basebeletsi ba ’Nete ba Molimo
E NE e le ka 1948. Basebeletsi ba babeli, ba Lipaki tsa Jehova, ba ne ba tsamaea ka bese e tsofetseng tseleng e mpe, ba lebile motseng o mong o ka leboea ho Spain manepana le Lithaba tsa Pyrenees. Ba ne ba le leetong la ho ea hloela mosebeletsi e mong ea neng a le sebakeng se ka thōko. Ha bese e ema setopong se haufi le motse oo mosebeletsi eo a neng a phela ho oona, ba ile ba hlokomela hore o ne a ba emetse ka tonki ea hae. Empa hape ba ile ba hlokomela sehlopha se sa tloaelehang—Balebeli ba ’Muso ba bane ba hlometseng hammoho le moprista haufi le moo! Ha basebeletsi bao ba nyoloha ka tsela e moepa e lebang motseng, e mong oa Balebeli bao a ntša sethunya sa hae ’me a hoeletsa, “Manos arriba!” (Phahamisang matsoho!) Baeti bao ba ile ba tšoaroa. Hobane’ng? Moprista o ne a boleletse Balebeli hore baeti bao e ne e le likhukhuni—leshano le pepenene! Ka baka leo, basebeletsi bao ba bararo kaofela ba ile ba kenngoa chankaneng.
See se paka eng? Hore hase bohle ba ipolelang e le baprista kapa basebeletsi bao e leng basebeletsi ba ’nete ba Molimo. Ha e le hantle, hangata ho na le phapang e khōlō pakeng tsa basebeletsi ba ’nete le ba bohata. Litlhokahalo tsa motheo ke life bakeng sa basebeletsi ba ’nete?
Litlhokahalo Bakeng sa Basebeletsi ba ’Nete
Moelelo oa motheo oa “ho sebeletsa” ke “ho fana ka thuso kapa tšebeletso.” Basebeletsi ba ’nete ba Bakreste ba tlameha ho ba le tumelo e tiileng ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (Johanne 17:17) Leha ho le joalo, tlhokahalo eo ea motheo ha ea lekana. Hape ba tlameha ho ba le tsebo le kutloisiso e ntle ea Bibele. Empa ha baa lokela ho sebelisa tsebo eo ka boithati—molemong oa bona ba le bang. Hape e lokela ho ba baboleli ba chesehang ba Evangeli—litaba tse molemo tse buang ka ’Muso oa Molimo le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Johanne 17:3; Pesaleme ea 37:11, 29.
Ho thahasellisang, ’nete ea hore Lipaki tsa Jehova ha li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso Spain feela empa lefatšeng ka bophara ke phethahatso ea seo Jesu a se profetileng bakeng sa mehla ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ea khale e khopo. O itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14, 33, 34.
Tlhokahalo e ’ngoe ea motheo bakeng sa basebeletsi ba ’nete ke hore, joalokaha Jesu a boletse, ba lokela hore e se be “ba lefatše”; kahoo, ba lokela ho ikhula lipolotiking. (Johanne 15:19) Hape e lokela ho ba ba ikokobelitseng haholo, ba lerato, le ba mosa, bao ka mehla ba itokiselitseng ho thusa ba tšoanelehang ba hlokang.—1 Ba-Korinthe 13:1, 4; 1 Petrose 5:6.
Ena ke taba e tebileng haholo. Ho hlalohanya basebeletsi ba ’nete le ba bohata ke taba e amang lefu kapa bophelo. Ke ea bohlokoa hakaalo! Thutong ea hae ea Thabeng e tsebahalang, Jesu o lemositse: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang.”—Mattheu 7:15.
Leha ho le joalo, hase hore basebeletsi ba ’nete ba Molimo ba na le mosebetsi le litlhokahalo feela empa ba boetse ba fumana litokelo tse ngata. Ha e le hantle, e le sehlopha, ke ba fumaneng litokelo tse khōlō ka ho fetisisa, ba atlehileng ka ho fetisisa, ’me ke sehlopha se thabileng ka ho fetisisa lefatšeng kajeno, joalokaha u tla bona sehloohong se latelang.