Na U Bontša Mosa o Kang oa Molimo?
NA U ka hopola lekhetlo la ho qetela leo motho e mong a bileng mosa ho uena kannete? Ka sebele, bohle re ananela thuso, kutloelo bohloko, le bonolo tsa motho ea mosa.
Le hoja hangata o haella, mosa o ntse o fumaneha lefatšeng la kajeno. Batho ba rekisang ba rutoa ho o bontša ho bareki ba bona. Banna ba khoebo ba tseba molemo oa oona ha ba sebelisana le bareki ba bona. Ke ’nete, hangata mosa o bontšoa ho pata bolotsana. Empa mosa oa ’nete oa botho o teng. Ka hona, ha banyalani ba bang ba babeli ba phelang sebakeng se hōle ba chakela ntat’a monna ea neng a holofalitsoe ke “stroke” ’me a sisinyeha ka thata, ba ile ba thaba hakaakang ha ba hlokomela hore baahelani ba entse mesebetsi e meng e hlokahalang!
Bibele e na le mehlala e meng e totobetseng ea mosa oa botho. Ha a le tseleng ho ea Roma ka sekepe, Juliuse, molaoli oa sesole eo moapostola Pauluse a neng a ikarabella ho eena, a lumella motšoaruoa oa hae ho ea bona metsoalle le ho thabela paballo ea eona Sidone. E, Juliuse “a ba mosa ho . . . Pauluse.” (Liketso 27:3, Testamente e Ncha le Lipesalema) Nakoana kamorao ho moo, ha ba robeheloa ke sekepe, batho ba Melita ba bontša “mohau [mosa] o moholo” ho baeti ba 276 le basebeletsi ba sekepe. Ha e le hantle, Publiuse, “moholo oa sehleke-hleke,” o ne a tsebahala ka ho amohela baeti.—Liketso 28:1-10.
Hore batho bohle, ba bopiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ba ka bontša tekanyo e itseng ea botho ba Jehova e ile ea bontšoa ha moapostola Pauluse a ngola: “Hobane ba-lichaba ba se nang molao, ha ba etsa, ka ho itsebela ha bona, taba tseo e leng tsa molao, bona ba se nang molao ba na le molao ka ho bona. Ba bonahatsa hobane mosebetsi oa molao o ngoliloe lipelong tsa bona.” (Ba-Roma 2:14, 15; Genese 1:26) Ka hona ho na le mosa oo batho ba o futsang. Empa ka nepo re ne re tla lebella hore Bakreste ba ’nete ba bontše mosa o khethollehileng o kang oa Molimo. Empa mosa o joalo ke o joang? Molimo o sebelisa mosa joang? Hona re ka o etsisa joang ha re bontša tholoana ee ea moea oa oona?—Ba-Galata 5:22.
Mosa o Lerato oa Jehova
Bibele e phahamisa mosa o lerato oa Molimo khafetsa. Mopesaleme o itse: “Bokang Jehova! Rorisang Jehova, hobane o molemo; hobane mohau [“mosa o lerato,” NW] oa hae ke o sa feleng!” (Pesaleme ea 106:1; 107:1) Mangolong a Seheberu, lentsoe le sebelisitsoeng bakeng sa “mosa o lerato” le bua ka tšobotsi eo ka lerato e ikamahanyang le ntho ho fihlela morero o phethoa. Ka hona, ka baka la ho rata batho hoa oona, Molimo o sebelisitse mosa o lerato o hopotse ka poloko ea batho. Ho seng joalo, batho ba ka be ba timetse khale. O sa lumelle ho etsa phoso, Molimo o ile oa leleka batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, tšimong ea Edene. Ho ntse ho le joalo, a bontša mosa o lerato ka ho ba fa liaparo, a ba lumella hore ba tsoale bana le ho ba lumella hore ba phele nako e telele ho sa tsotellehe liketso tsa bona tsa bofetoheli.—Genese 3:21–4:2; 5:4, 5.
Ka litsela tse ngata, Jehova o ile a bontša mosa o lerato ho litloholo tsa Adama tsa baetsalibe. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a ka bolella balumeli ba bohata ba Lystra hore Molimo “ha oa ka oa phetsa ho itsebahatsa ho rōna ka lipontšo, ka ho etsa batho hantle, oa re sitsa ka lipula tsa leholimo le ka lilemo tsa nala, ’me oa tlatsa lipelo tsa rōna ka lijo le ka thabo.” (Liketso 14:16, 17) Le hoja borapeli ba bona bo ne bo tobisitsoe ho molimo oa bohata, ka mosa Jehova a ba hlokomela ka ho enneng.
Leha ho le joalo, hoa bohlokoahali, ebile mosa o lerato oo Molimo o o bontšitseng ho bana ba neng ba e-so ho tsoaloe ba Adama. Ka “peo” e tšepisitsoeng, Jehova o ile a fana ka tšepo ea ho lokoloha sebeng sa botho le lefung. (Genese 3:15; Ba-Roma 5:12) Ho sa tsotellehe tlaleho ea ho hlompholla Molimo hoa batho, Molimo ha o-oa ka oa ba lahla. O bile oa fana ka Mora oa oona ea ratoang haholo le ea tsoetsoeng a ’notši e le sehlabelo sa topollo molemong oa bona! (Johanne 3:16) ’Me e le ho bontša “mosa o sa tšoanelang” o tsoelang pele, Molimo o boetse oa lokisetsa batho ba bang ba tšepahalang ho ba majalefa hammoho le Jesu Kreste ’Musong oa leholimo o tlang ho hlohonolofatsa batho bohle ba utloang.—Ba-Roma 5:8, 15-17, NW; 8:16, 17; Tšenolo 14:1-4.
Ho Bontša Mosa o Kang oa Molimo
Batho ba sa phethahalang ba ka bontša mosa o kang oa Molimo joang? Jesu o ile a fana ka mohlala le tataiso tse ka re thusang hore re be le mosa o joalo. (1 Petrose 2:21; Mattheu 11:28-30) Ka mohlala, o ile a bontša hore re lokela ho ba mosa le ho lira tsa rōna. Jesu o itse: “Ratang hao e leng lira ho lōna, le etse batho hantle, le alimane le sa belaele; ’me moputso oa lōna o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ea holimo-limo; hobane eena o mohau [mosa] ho ba sa leboheng le ho ba lonya.” (Luka 6:35) Ka hona haeba re ne re tla bontša tšoaneleho e phahameng ea mosa o kang oa Molimo, re ne re ke ke ra ba mosa feela ho litho tsa lelapa, metsoalle, le ho baena ba Bakreste empa hape le ho ba sa leboheng ’me ba ipontšitse hore ke lira tsa rōna. Hona ha ho etsoe ho ba khopisa empa ho ba thusa le ho ntša se molemohali ho bona.—Ba-Galata 6:10; Ba-Roma 12:20, 21.
Kaha tšekamelo ea rōna batho ke ho tšoara ba bang ka tsela eo ba re tšoarang ka eona, re etsa hantle ha re hopola khopotso ea Jehova: “Ke thabela lerato [“mosa o lerato,” NW] haholo ho sehlabelo.” (Hosea 6:6) Ka hona, haeba re lakatsa ho hauheloa ke Jehova re tlameha ho ikemisetsa ho bontša mosa o kang oa Molimo, kapa mosa o lerato, litšebelisanong tsohle tsa rōna le ba bang. (Bapisa Mikea 6:8.) Empa ho bontša tšobotsi ena ea bomolimo, re hloka ho etsisa Jehova ka tsela e khethehileng. Ke efe? Joalokaha ka mosa a nkile mehato ea pele ea ho re bea boemong bo botle le eena, ka hona re lokela ho nka ketello pele ho arolelaneng linnete tsa Bibele le ba bang. Esita le haeba re sa amoheloe ka lekhetlo la pele, re ntse re tlameha ho bontša mosa o lerato ka ho ikemisetsa khafetsa ho fihla lipelong tsa bona ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ke ntho e molemo hakaakang ha ho bontša mosa hona hoa bomolimo ho thusa ba bang ho kena tseleng e isang bophelong!—Mattheu 7:13, 14.
Mokhoa oa ho O Hlaolela
Ho hlaolela mosa o kang oa Molimo ho ka etsoa feela ka ho ithuta le ho nka khato tumellanong le menahano ea Molimo joalokaha e boletsoe ka Bibeleng. E, re tlameha ho qala ka ho rua tsebo e nepahetseng ea ’nete. Pauluse o ile a babatsa Bakreste ba Kolosse ’me a lumela hore ’nete e ba hlahiselitse litholoana haesale ‘mohla ba e utloileng, ba tsebileng mohau o sa tšoanelang oa Molimo ka ’nete.’ (Ba-Kolosse 1:5, 6) Empa, ha ho Mokreste ea fihlang ntlheng eo ho sa hlokahaleng hore a tsoele pele. Ka hona, e mong le e mong ho rōna o tlameha ‘ho hōla mohaung o sa tšoanelang le tsebong ea Jesu Kreste, Morena le ’Moloki oa rōna.’—2 Petrose 3:18.
Kaha mosa ke karolo ea tholoana ea moea oa Molimo o halalelang, Bakreste ba ikokobeletsang tšusumetso ea moea oo ba tla ba mosa. Ha e le hantle, ka ho toba Pauluse o amahanya ho halalela ho kang hoa Molimo le mosa, o re: “Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau [mosa].” (Ba-Kolosse 3:12) Ka hona re tlameha ho ba le moea o halalelang oa Molimo e le hore re ka bontša mosa o kang oa Molimo.
Empa re fumana moea oa Jehova joang? Ka ho mo kōpa oona—khafetsa. Jesu o ile a bontša hore ha ka boikokobetso re kōpa Jehova bakeng sa mpho ena ea bohlokoa, kōpo ea rōna e tlohang botebong ba pelo e tla arabeloa. Hoba a bolele hore hoa hlokahala ho ‘’na re kōpa’ le ho ‘batla,’ Jesu o itse: “’Me ha esita lōna ba lonya, le tseba ho nea bana ba lōna lintho tse molemo, Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!” (Luka 11:9-13) Ka sebele, ka ho kōpa moea oa Jehova ’me ka ho toba re kōpa thuso ea hae ka ho bontša mosa haholoanyane, re kholisoa hore re tla arabeloa hantle. (1 Johanne 5:14, 15) Ha e le hantle, liketso tsa rōna ho hlokahala li lumellane le likōpo tsa rōna bakeng sa moea oa Molimo.
Thuso e ’ngoe ea ho hlaolela tšoaneleho ena ke ho nahanisisa ka lipolelo tsa mosa oa Jehova tseo re ka li hlokomelang ho re potoloha. Mabapi le Molimo, mopesaleme o itse: “Ka sebele ke tla thuisa liketso tsohle tsa hao, ’me ke tla nahanisisa ka litšebelisano tsa hao.” (Pesaleme ea 77:12, NW) Re etsa hantle ha re hlokomela re bile re bontša litšoaneleho tsa Molimo joalokaha li hlokomeloa bophelong ba letsatsi ka leng. Botle ba pōpo, ho thabela lijo le lino, lintho tseo re li hlokang bakeng sa boiketlo le boithabiso ba rōna, thabo eo bana ba e tlisang—le menyakoe e etsoang ke liphoofolo—tsohle li bolela mosa oa Molimo ho batho. E, ho likela hoa letsatsi ho hotle, mebala-bala ea mookoli, lijo tse monate, kapa setsoalle sa bohlokoa li ka re hopotsa hore Molimo ka mosa o fana ka lintho tse ngata hore re li thabele. Kannete, “tse sa bonoeng tsa oona [ho akarelletsa mosa], e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa.” (Ba-Roma 1:20) Ho thuisa ka lintho tse joalo ke hoa bohlokoa haeba kannete re lakatsa ho etsisa Molimo oa rōna o moholo oa mosa.
Ho Etse Pakane
Ka sebele ke hoa bohlokoa ho ho etsa pakane ea rōna ho haha tšoaneleho ea mosa o kang oa Molimo. Likamano tsa botho le tsa lelapa li tlameha ho ntlafala moo ho bontšoang mosa. Mosa o boetse o hohella batho molaetseng oa ’Muso. Ba bangata ba sa lumeleng Bibele ba ile ba susumelletseha ho hlahloba linnete ka baka la mosa o bontšitsoeng ke Lipaki tsa Jehova tšebeletsong. E, mosa o ntšitse se molemohali ho bao mohlomong e neng e ka ’na eaba ba hlaha.
Tšebeletsong ea ntlo le ntlo, Paki e ’ngoe e nyenyane e ile ea kopana le mosali ea ileng a e leleka hampe. Ka ho hlokomela hore mosali eo o-oa kula, khaitseli enoa a kōpa hore na a mo etsetse lintho tse ling. Mosali eo a hana thuso leha e le efe. Empa kamor’a libeke tse peli khaitseli e monyenyane a pota le teng ho ea bona mosali eo hape ’me a mo botsa hore na o ile a khona ho reka lijo esale hoba ba arohane. Kaha mosali eo ha a ka a khona ho kenya lijo ka lapeng, khaitseli eo a tsitlallela ho mo ela lebenkeng bakeng sa lintho tse hlokahalang. Kamorao ho moo, mosali eo o ne a batla a le mofuthu ho Lipaki tse neng li mo etela—sena sohle ka lebaka la hobane khaitseli a bontšitse mosa o kang oa Molimo.
Tšoaneleho ena e lakatsehang haholo e na le matla a hulang. Ho bontšang sena ke seo mocha ea tsoang kolecheng a se boneng hoba a be Holong ea ’Muso ka lekhetlo la pele. Holong, Lipaki tsa boemo bo tlaase li ne li amehile ka hore na mosali enoa o tla li amohela joang le puo ea tsona. Empa mosali enoa ea rutehileng ha a ka a hopola mefokolo eo li bileng le eona. Ho e-na le hoo, o hopola feela hore e mong le e mong o ne a le mosa haholo ho eena, ’me o ile a khahloa haholo ke thahasello ea ’nete eo ba mo bontšitseng eona. A susumelitsoe ke mohlala oa bona, a nehela bophelo ba hae ho Molimo. Kapele a bontša thahasello e se nang boithati ho ba bang e le pula-maliboho oa kamehla ’me hamorao e le setho sa lelapa la Bethele.
Kannete, mosa o kang oa Molimo ke tšoaneleho e lakatsehang haholo. Ke e lokelang ho totobala litšebelisanong tsohle tsa rōna. Na u-ua o bontša?