Khotso le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe?
LE HOJA Machaba a Kopaneng a phethahalitse litšebeletso tsa bohlokoa likarolong tse ling, motho leha e le ofe ea mamelang litaba o tla lumela hore a hlōlehile ho boloka khotso le tšireletseho. Sena se lumeloa phatlalatsa ke babuelli ba baholo ba mokhatlo ona.
Morao koana ka 1953, ha mokhatlo ona o ne o e-na le lilemo tse robeli o hlonngoe, eo e neng e le Mongoli-kakaretso oa oona Dag Hammarskjöld, o itse: “Baeta-pele ba rōna ba ne ba hopotse hore lefatše e tla ba leholimo le lecha, empa rōna re tšepa hore mohlomong re ka lumelloa ho boloka lefatše lena la khale.” Lilemo tse tšeletseng hamorao, C. William Maynes, letsoho la mongoli United States, a lumela: “Sepheo se seholo sa Lekhotla la Tšireletso le Seboka-Kakaretso e ne e le ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba. . . . U bone bopaki ba hore mokhatlo ona o hlōlehile ho phethahatsa sepheo sa oona se seholo.”
Taba ena ke ’Nete Hakae?
’Nete ea taba ke hore, boholo ba liqeto tse amang khotso le tšireletseho lilemong tse fetileng tse 40 li entsoe ke lichaba ntle ho tumello ea Machaba a Kopaneng. Ka 1982 Mongoli-Kakaretso Javier Pérez de Cuéllar o ile a utloa bohloko hore “selemong sena, re bone ka makhetlo a mangata Mokhatlo ona o qheleloa thoko kapa o sonngoa, ka mabaka a sa tšoaneng, maemong ao o neng o tlameha ho etsa karolo ea bohlokoa le e thusang.” Empa ke hobane’ng ha ho le joalo?
Ba bang ba bolela hore lebaka ke ho eketseha haholo ha litho tsa mokhatlo ona. Lichaba tse 51 tse theileng mokhatlo li se li feta ho 150, ’me li na le vouto e lekanang Sebokeng sa Kakaretso. Athe lichaba tse ling li nyenyane haholo. Sechaba sa sehleke-hleke sa Saint Christopher le Nevis, seo e bileng sechaba sa bo158 ho kena mokhatlong ona, se na le baahi ba ka tlase ho 50 000, empa se na le livouto tse lekanang le tsa Chaena e nang le baahi ba batlileng ho ba billione. Ke ’nete hore tokisetso ena e neha lichaba tse nyenyane monyetla oa hore li mameloe; empa ha e khothalletse mebuso e nang le matla ho nka liqeto tsa mokhatlo ona ka botebo.
Shirley Hazzard o buile ka bothata ba bobeli: “Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ha o na matla a ho qobella litho.” Ka mantsoe a mang, mokhatlo ona o ka etsa liqeto, empa ha o na matla a hore ho tiisoe hore liqeto tseo lia bolokoa. Hangata ho buisanoa ka mathata a tebileng a lefatše. Liqeto lia etsoa—’me lia lebaloa. Ka 1982, mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng o ile a hlomoha ha a bona “kamoo lichaba tse etselitsoeng liqeto li neng li hloka hlompho kateng.”
Mathata ana ke a amang tlhophiso—’me ho na le a mang a boletsoeng ke bahlahlobi ba litaba. Empa ho na le mathata a tebileng haholo a etsang hore Machaba a Kopaneng a hlōlehe.
Mathata a Tebileng Haholo
“Nakong eo ho ne ho bonahala e ka ho tla khoneha hore ho hlonngoe tsamaiso eo sepheo se seholo sa eona e leng ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba ho ea ka litokisetso tsa lengolo la tumellano,” ho boletse Javier Pérez de Cuéllar, a hopola lipheo tse babatsehang tsa baqapi ba mokhatlo ona. “Ho etsahetse’ng ka pono eo e ntle? Ho bonahala e fifalitsoe ke likhohlano pakeng tsa Mebuso e meholo. . . . Ho feta moo, lefatše le se le rarahane haholo, ha se sebaka se nang le taolo kamoo ho neng ho tšepjoa kateng.”
Ha ho e-s’o ka ho e-ba le monyetla oa hore Machaba a Kopaneng a tlise khotso le tšireletseho. E ne e le mosebetsi o moholo haholo. Tlhaloso ea mongoli-kakaretso e re hopotsa mantsoe a moprofeta Jeremia: “Hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Batho ba ke ke ba nolofalloa ho lokisa mathata a ho tlisa khotso le tšireletseho bakeng sa bohle, kahobane bohlale le matla a bona a haelloa haholo.
Mongoli-kakaretso o boletse hore baqapi ba mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ba fumane hore lefatše “le rarahane haholo” ho feta kamoo ba neng ba tšepa kateng. Ho na le lebaka la motheo la boemo bona leo ho ka etsahalang hore ba ne ba sa le hlokomele. Moapostola Johanne o le hlalositse: “Hoba lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Bibele e re bolella hore kajeno “e mobe,” Satane, o etsa hore ‘lefatše le tlale bomalimabe,’ “o halefile hampe.” (Tšenolo 12:12) Satane ea sehlōhō le tšusumetso ea hae o bolaile boiteko bohle ba Machaba a Kopaneng ba ho tlisa khotso le pele mokhatlo ona o qala.
Hape, hopola hore mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ke ngoana ea tsoaloang ke lefatše lena ’me o futsitse botho ba lona. Mefokolo, limpe, le tšenyeho tse fumanoang lichabeng ka bomong li teng le har’a Machaba a Kopaneng. Alexander Solzhenitsyn o qolloa a boletse mantsoe ana ka 1972: “Lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano tse fetileng, ka litebello tse khōlō haholo bakeng sa batho, ha tsoaloa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Oee, kahobane o hōlela lefatšeng le litšila le oona o tla silafala.” Bibele e lemositse: “Ha ho khotso e boloketsoeng ba bolotsana, ho bolela Jehova!” (Esaia 48:22) Mokhatlo “o itšoereng hampe” o ke ke oa tlisa khotso le tšireletseho.
Ho Thoe’ng ka Khotso le Tšireletseho?
Ka hona, na khoeletso ea hore selemo sa 1986 ke “Selemo sa Khotso sa Machaba” e fetola boemo? Che, kahobane mathata a boletsoeng kaholimo mona a tebile haholo ho rarolloa ke batho. “Selemo sa Khotso” se ke ke sa atametsa batho khotsong le tšireletsehong joalokaha “Selemo sa Ngoana” ka 1979 se sa ka sa ntlafatsa mathata a bana machabeng kapa leha e le sona “Selemo sa Basali sa Machaba,” ka 1975 se sa ka sa etsa hore lefatše e be sebaka se molemo bakeng sa basali.
Leha ho le joalo, hore batho ba phonyohe, ho totobetse hore ho hlokahala e mong ea ka tlisang khotso le tšireletseho. Kajeno, lichaba tse hlometseng ka libomo tsa nuclear li ka felisa bophelo lefatšeng. Libetsa tsa ntoa tse tloaelehileng tsa moetso ea moraorao li bolaea batho ba bangata selemo le selemo. Khotso ea ’nete e hōle ho feta leha e le neng pele! Haeba Machaba a Kopaneng a hlōlehile ho rarolla mathata ana, ke mang ea tla a rarolla?
Ha re phetla historing re fumana karabo e fanang ka tšepo. Lilemo tse ka bang 3 000 tse fetileng Morena Davida, mohlabani le morena oa Bochabela bo Hare, o ngolile ka ’musi oa nako e tlang ea neng a tla atleha ho tlisa khotso ea machaba. Thapelong ea hae bakeng sa ’musi eo, Davida o itse: “Lithaba li tla tlisetsa sechaba khotso, le ’ona maralla ka baka la ho loka ha hae. Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.”—Pesaleme ea 72:3, 7.
Ke ’musi ofe ea neng a ka tlisa khotso e joalo e sa feleng? Davida o ne a sa bue ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa batho, empa o ne a bua ka Molimo, Jehova, ea neng a tla etsa sena ka matla a hae. Na e ne e le mohopolo o monate feela? Che. Mor’a oa Davida Salomone o ne a itšetlehile ka Molimo oona oo, le nakong ea puso ea hae Jehova a bontša matla a Hae ka hore a tlise khotso ’musong oa Salomone, sebakeng seo kajeno se tletseng ntoa e mahlo-mafubelu lefatšeng. Salomone e ne e se mohlabani oa morena, empa pusong ea hae, “Ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane [ka leboea] ho isa Beerseba [ka boroa], ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feiga ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.”—1 Marena 4:25.
Khotso eo ha ea ka ea lula ka ho sa feleng. Ba-Iseraele ba khelohela litseleng tse litšila tsa lefatše ’me ba lahleheloa ke tšireletso eo ba neng ba e filoe ke Molimo. Leha ho le joalo, lilemo tse ka holimo ho makholo a mabeli hamorao, ha ba-Assyria ba khopo ba ne ba le phutuhong ea ho hloma khotso ka tšoso, moprofeta Esaia a profeta ho tla ha Morena ea neng a tšoantšetsoa ke Salomone. O ngolile: “O tla bitsoa Moeletsi ea makatsang . . . Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.
‘Morena eo oa khotso’ ke mang? Lilemo tse ka holimo ho 700 kamor’a hore Esaia a bue mantsoe ao, ha ’muso oa lefatše oa Roma o leka ho tlisa khotso le tšireletseho, Morena eo a tsoaloa naheng ea Davida, Judea, ke Jesu Kreste. A bolella batho ba naha ea habo ka ’Muso oa Molimo, oo e neng e le Morena oa oona. ’Muso oo e tla ba oa leholimo, ’me o ne o tla lokisa mathata a tšusumetso ea Satane le ho hlōleha ha motho ho ipusa. Ho bonahala hore batho ba naha eo Jesu a hlahetseng ho eona ba ne ba ikhethela puso ea Baroma ’me ba lumella hore Jesu a bolaoe. Leha ho le joalo, histori e paka hore o ile a tsosoa ’me a nyolohela leholimong, moo a emela nako e loketseng ea Molimo hore a qale ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo.
Ha e le hantle, mehla ea rōna e tšoauoa ka ho phethahala ha boprofeta e le nako ea ketsahalo eo e khōlō. E bile ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo maholimong le ho liheloa ha Satane lefatšeng ho entseng hore Satane ‘a halefe’ le ho ‘tlisetsa lefatše bomalimabe.’ (Tšenolo 12:7-12) Phello ea sena e bile efe? Lintoa le litsietsi tse ling tsa batho, kamoo Jesu a li profetileng kateng. Lefatšeng, ‘lichaba li tsielehile, ha li tsebe tsela ea ho tsoa.’—Luka 21:25, 26, NW; Mattheu 24:3-13.
Tsela ea Motho kapa ea Molimo?
Boprofeta ba Jesu, bo fanoeng lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, bo hlalosa ka ho nepahala maemo a lefatše ho feta lipolelo tse tletseng tšepo tse boletsoeng ha ho theoa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng lilemong tse 40 tse fetileng. Ho hlōleha ha mokhatlo ona ho fumana ‘tsela ea ho tsoa’ ho totobatsa ho nepahala ha boprofeta ba Bibele. Ka sebele, ho ea ka mantsoe a Esaia, “manģosa a khotso a lla habohloko” ka baka la ho hlōleha ha merero ea oona.—Esaia 33:7.
Sena se totobatsa lebaka la ho qetela le etsang hore mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o se atlehe ho tlisa khotso ea lefatše. O sebetsa lintho ka tsela e hanyetsang ka ho feletseng tsela ea Molimo. Morero oa Jehova o bontša hore khotso ea lefatše e tla tla ka hore lichaba tsa lefatše li nkeloe sebaka ke ’Muso oa Molimo, e seng ka hore li kopane joaloka ngatana ea lithupa. (Daniele 2:44) Dag Hammarskjöld o boletse hore o ne a sebeletsa “ho boloka lefatše lena la khale.” Haeba o ne a bolela ka ho boloka tsamaiso ea hona joale ea lefatše e bōptjoang ke lichaba tse ikemetseng tsa lipolotiki, hona litebello tsa hae e ne e le lefeela li sa tloha fatše. ’Nete ea taba ke hore, “lefatše la khale” le lokela ho hleka tsela bakeng sa tsamaiso e ncha. “Lefatše lea feta.” (1 Johanne 2:17) Ha ho letho le tla le boloka, esita le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o ke ke oa le boloka.
Ho na le tsela e le ’ngoe e tla atleha ho tlisa khotso le tšireletseho lichabeng tse tletseng boithati le moea oa bochaba. ’Muso oa Molimo o le mong ke oona o ka tlisang mofuta oa khotso eo motho a ’nileng a e labalabela hoba a lelekoe tšimong ea Edene. Mona ho fanoa ka hlaloso e ’ngoe ea tšireletseho e tla tlisoa ke mesebetsi ea ’Muso: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
Na tšepiso eo e utloahala e le thata ho ka etsahala? Ke eona tšepo e le ’ngoe eo re nang le eona, khatiso e latelang ea Molula-Qhooa e tla hlalosa ka ho tebileng lebaka la sena. Khabareng, re lakatsa ho hulela tlhokomelo ea hao ’neteng ena ea bohlokoa: Histori ea mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ha e-s’o fele. Mokhatlo ona o na le karolo ea bohlokoa liketsahalong tsa nakong e tlang. Re u khothalletsa ho bala lihlooho tse peli tse hlahlamang sena, tse buang ka nako e tlang ea mokhatlo oa Machaba a Kopaneng leseling la boprofeta ba Bibele.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Mosebetsi oa ho tlisa khotso o thata haholo bakeng sa Machaba a Kopaneng
[Tlhaloso ea moo setšoantšo se nkiloeng teng e leqepheng la 5]
Foto ea Sesole sa U.S.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
‘Lefatše lohle le rapalletse tlas’a matla a e mobe.’ Ho akareletsa le Machaba a Kopaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Machaba a Kopaneng a ke ke a hloka litšila ho feta lichaba ka bomong tseo e leng karolo ea oona