Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 10/15 maq. 4-7
  • Khotso le Tšireletseho—Ka ’Muso oa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotso le Tšireletseho—Ka ’Muso oa Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokahala Bohlale bo Fetang ba Motho
  • Ho Hleka Lira tse Phahametseng Motho
  • “Ngoana” oa Molimo
  • Ho tla “Lefatše le Lecha”
  • ‘Ho Tea Liphehla tsa Ntoa Mehoma’
  • Khotso le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Khotso—Ntho ea Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Khotso e Tla Tla Joang Lefatšeng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 10/15 maq. 4-7

Khotso le Tšireletseho—Ka ’Muso oa Molimo

“LIPHEO tsa Machaba a Kopaneng ke: 1. Ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba.”—Charter of the United Nations.

Re ka bolela hore sepheo seo se babatseha ruri. Empa joaloka ha re se re hlokometse, litholoana tsa lilemo tse 40 li bontša hore Machaba a Kopaneng ha a atleha “ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba.” Hape ho bolela ha oona selemo sa 1986 e le “Selemo sa Khotso ea Machaba” ho ke ke ha etsa phapang ea letho.a

Ho na le tsela e le ’ngoe e tla tlisa khotso le tšireletseho tse sa feleng lefatšeng lena—e tla ba ka ’Muso oa Molimo matsohong a Jesu Kreste. Ke ’Muso oa sebele oa leholimo oo Jesu a rutileng balateli ba hae ho o rapella. (Mattheu 6:9, 10) Empa ke hobane’ng ha ’Muso oona o tla atleha ha Machaba a Kopaneng a hlōlehile? Karabo e bonolo: ’Muso oa Molimo o tla atleha mabakeng ao Machaba a Kopaneng a hlōlehileng ho oona.

Ho Hlokahala Bohlale bo Fetang ba Motho

Khatisong ea rōna e fetileng, re hlokometse hore Machaba a Kopaneng a hlōlehile ka lebaka la hore Molimo o sa ka oa nea motho bohlale kapa tokelo ea ho ipusa. (Jeremia 10:23) Ka baka leo, ho sa tsotellehe hore na mokhatlo o iketselitsoeng ke batho o na le merero e metle hakae, o ke ke oa atleha ho tlisa khotso le tšireletseho.

Ho fapana le hona, Jesu Kreste, Morena ea hlonngoeng oa ’Muso oa Molimo, o bontšitse bohlale bo phahametseng motho ka linako tsohle. (Mattheu 13:54) Mohlala o totobetseng ke oa Thuto ea hae e tsebisahalang haholo ea Thabeng. (Mattheu, likhaolo 5 ho ea ho 7) Thutong eo o hlalositse kamoo ho ka fumanoang thabo ea ’nete, ho ka lokisoang litsekisano, ho ka qojoang boitšoaro bo litšila ba botona le botšehali, le kamoo ho ka fumanoang bokamoso bo sireletsehileng. Na ha se taba e utloahalang hore ’musi ea nang le bohlale le kutloisiso tse joalo litabeng tsa batho a ka tseba kamoo khotso le tšireletseho li ka tlisoang kateng?

Ho feta moo, temoho e hlokolosi ea Jesu e ile ea totobala ha a bontša matla a hae a mohlolo a ho tseba ho bona se leng ka lipelong tsa batho le ho tseba tšusumetso ea bona le mehopolo e patehileng. (Mattheu 9:4; Mareka 2:8) Ak’u hlokomele hore sena se ne se bolela eng: Ntho e khōlō e sitisang khotso le tšireletseho kajeno ke ho se tšepane. Ka baka la ho se tsebe mohopolo le boikutlo ba motho e mong, batho le lichaba hangata ba hōlisa moea oa ho se tšepane. Ho se tšepane ho joalo ho fetoha lerako le thibelang khotso. Empa ho ’Musi ea tsebang “ho bona lipelo tsa batho” bothata bo joalo ha se qaka ho hang.—Johanne 2:25, Knox.

Ho Hleka Lira tse Phahametseng Motho

Lebaka le leng le leholo le entseng hore boiteko ba Machaba a Kopaneng ba ho tlisa khotso bo hlōlehe ke tšusumetso ea “morena oa lefatše lena,” Satane Diabolose. (Johanne 12:31) Satane le bademona ba hae ba tseba hore ‘nako ea bona ha e sa le e kae’ pele ba felisoa. Kahobane ba ikemiselitse ho tlisa ‘malimabe lefatšeng,’ ba eme tseleng ea khotso ka ho arola batho ka lipolotiki le ka bochaba.—Tšenolo 12:9-12.

Ke mang ea ka felisang bahlohlelletsi bao ba ntoa ba phahametseng motho? Bibele e arabela ka hore ke Jesu Kreste, ea bitsoang Mikaele, eo hammoho le mangeloi a hae ba lelekang Satane le bademona ba hae maholimong. Rea bala: “Ka ntoo bona lengeloi le leng [Jesu] le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me . . . la e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona.” (Tšenolo 20:1-3) Ka hona Satane o tla hlekoa tseleng. E tla ba kamor’a ketso eo feela re ka thabelang bophelo ba khotso ea ’nete le tšireletseho.

“Ngoana” oa Molimo

Khatisong ea rōna e fetileng re hlokometse lebaka la boraro le etsang hore Machaba a Kopaneng a hlōlehe ho tlisa khotso le tšireletseho: Machaba a Kopaneng ke ngoana oa lefatše lena ’me ka baka leo, o futsitse bofokoli, bobe, tšenyeho ea lichaba tseo e leng litho tsa hae.

Empa phapang ke ena, ’Muso o tla tlisa khotso le tšireletseho o tšoantšoa ho Tšenolo 12:5 le “ngoana” oa Molimo. ’Musi oa oona o futsitse litšoaneleho tsa Molimo. Hlokomela litšoaneleho tse ling tse ratehang tse bonahalitsoeng ke ’Musi oa oona, Jesu Kreste: lerato le itelang (Johanne 15:12, 13); mofuthu le boikutlo (Mattheu 9:10-13; Luka 7:36-48); boikokobetso (Johanne 13:3-5, 12-17); khauhelo (Mareka 6:30-34); kutloelo bohloko (Ba-Heberu 2:17, 18; 4:15); ho emela ho loka (Esaia 11:4, 5). Na u ne u ke ke ua thabela ho ikokobeletsa ’Musi ea joalo?

Ho tla “Lefatše le Lecha”

Lebaka la ho qetela le entseng hore Machaba a Kopaneng a hlōlehe ho tlisa khotso le tšireletseho le bontšitsoe mantsoeng a Dag Hammarskjöld eo e neng e le Mongoli-Kakaretso ka 1953: “Tšepo ea rōna e khōlō ke hore re lumelloe ho boloka lefatše la khale.” Haeba o ne a hopotse ka ho boloka tsamaiso ena ea lefatše ea lintho, ka hona boiteko bo joalo ba ho boloka “lefatše la khale” bo tla hlōleha. Lebaka?

Lebaka le leng ke hore, ‘lefatše lena la khale’ le entsoe ka mebuso ea batho. ’Muso ka mong o ntšetsa bochaba ba oona pele, ’me sena se arola batho; bochaba bo phahamisang lithahasello tsa sechaba se le seng ho e-na le ho batla katleho ea lichaba tsohle. Boithati bo joalo bo sitisa boiteko leha e le bofe ba Machaba a Kopaneng ba ho tlisa khotso. Sena se boletsoe ke mohlophisi oa litaba koranteng ea Brithani The Guardian: “Kahobane ho se sechaba se ikemiselitseng ho tela lithahasello tsa sona bakeng sa molemo o kopanetsoeng, litebello tsa tokiso li fokola ka sebele. Seboka [Kakaretso sa Machaba a Kopaneng] ke sekala sa mohopolo oa lefatše. Lenaneo la sona la puisano le tletse ka litseko tse ’nileng tsa buisanoa ka lilemo tse ngata empa ho se tharollo.”

Empa ho na le lebaka le leng le qobellang le bontšang kamoo boiteko ba Machaba a Kopaneng ba ho boloka “lefatše la khale” bo ke keng ba atleha kateng: A khahlanong le merero ea Molimo. Joang? Ho Molimo “lefatše la khale” le ke ke la lokisoa. Nako e se e le haufi eo Molimo o tla phethahatsa morero oa oona. Moapostola Johanne o re: “Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile.” (Tšenolo 21:1) Ha ’Muso oa Molimo o hleka mebuso ea batho o tla felisa bochaba bo arotseng batho. Sebakeng sa mebuso eo “lefatše le lecha,” mokhatlo o lokileng oa batho, o tla thaba tlas’a ’Muso o le mong oa leholimo, ’Muso oa Molimo. E tla ba hona batho ba thabelang khotso le tšireletseho tsa ’nete lefatšeng lohle.

‘Ho Tea Liphehla tsa Ntoa Mehoma’

Mantsoe a Bibele a boprofeta a ngotsoeng leboteng le bapileng le mehaho ea Machaba a Kopaneng a tiisa tšepo ena. A re: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—A qotsitsoe ho Esaia 2:4.

Che, Machaba a Kopaneng ha a atleha ho thibela lichaba ‘ho futuhelana.’ Empa leha ho le joalo, ho na le batho bao e leng bopaki ba sebele, ba ‘teileng liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma.’ Ba bonahalitse bonngoe bo phahametseng mekoallo ea mohlobo le bochaba. Ha ho khatello e ka qobellang Bakreste bana ba sa nkeng lehlakore hore ba ‘futuhele’ batho hammoho le bona ka “lerumo.” Ke bo-mang? Ke Lipaki tsa Jehova.

Mohlala oa sebele o bontšang karabelo ea bona ha ba le tlas’a khatello ea hore ba nke lehlakore lintoeng tsa lichaba ke se etsahetseng ho Paki e ’ngoe ea naha ea Afrika moo ho nang le khohlano ea botšosi ea lipolotiki.

Sehlopha se seng sa batšosi naheng ena se koetela banna ’me se ba bolella mantsoe ana ao ba lokelang ho khetha ho oona: Sebeletsa batšosi kapa u thunngoe. Ka letsatsi le leng ba koetela e mong oa Lipaki tsa Jehova. Baetapele ba bakhukhuni ba neng ba noa biri, ba mo tsebisa ka khetho eo. Ba bea ka pele ho eena botlolo tse peli tsa biri, ba supa e ’ngoe, ba re e emela ’muso; ’me e ’ngoe e emela sehlopha sa bona sa batšosi. Ba ’motsa, ‘U emela lehlakore lefe ho ana?’ Paki ea inahana ka motsotsoana ’me ea bona botlolo tse ling tsa biri tse neng li lahletsoe fatše, ea nka e ’ngoe ’me ea e emisa pakeng tsa tse peli tse emisitsoeng, ea re: ‘’Na ke eme mona.’ Ea eketsa: ‘Ha ke nke lehlakore, hobane ke emela ’Muso oa Molimo.’ Kamor’a moo a shapuoa ka makhetlo a mangata. ’Me a qobelloa ho sebetsa e le lekhoba kampong ea bakhukhuni, a sa tsebe hore na ba tla mo thunya kapa che. Kamor’a likhoeli tse robeli, a thoba ha masole a ’muso a hlasela kampo eo.

Lipaki tsa Jehova li bile kotsing ea ho tšoaroa, esita le ea ho bolaoa, ho e-na le hore li nke karolo lintoeng tsa lichaba. Ke ka baka leo pusong ea Jeremane ea Bonazi Lipaki tse likete-kete li ile tsa kenngoa likampong tsa tlhoriso ka hobane li hanne ho tšehetsa puso ea botšosi ea Bonazi. Lipaki tse makholo li ile tsa bolaoa kapa tsa e-shoa likampong tseo. Empa hona joale, kamor’a hore puso eo e sehlōhō ea Nazi e lihuoe ka lilemo tse telele, Lipaki tsa Jehova li eketsehile haholo Jeremane le lefatšeng lohle.

Empa ke hobane’ng ha li khona ‘ho tea liphehla tsa tsona tsa ntoa mehoma’? Leseli la karabo le fumanoa mantsoeng a selelekela a Lengolo la Tumellano la UNESCO, a reng: “Kaha lintoa li qala likelellong tsa batho, ke likelellong tsa batho moo ho ka hahuoang tšireletso ea ntoa.”

Mabapi le ba ‘teang liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma,’ boprofeta ba Esaia bo bolela hore, “ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Ho e-na le hoo, ka ho ithuta Mangolo le ho a sebelisa, ba ‘ithuta mekhoa le litsela tsa Molimo.’ (Esaia 2:3, 4) Moea o halalelang oa oona o ba thusa ‘ho fetola likelello tsa bona,’ ’me ba fetoha batho ba khotso.—Ba-Roma 12:2, 18.

Bopaki bo totobetseng ba hore Lipaki tsa Jehova ‘li teile liphehla tsa tsona tsa ntoa mehoma’ bo bontša hore ho ka khoneha hore batho ba phele ka khotso le ka tšireletseho. Tsela ea bona ea bophelo e bontša ka tekano e nyenyane seo ’Muso oa Molimo ka Kreste o tla se etsa lefatšeng lohle haufinyana.

Na tebello e joalo e-ea ipiletsa ho uena? Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho arolelana le uena bopaki ba hore ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso le tšireletseho tse sa feleng haufinyana. Ke hobane’ng ha u sa iteanye le tsona sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona? Ithute ka ho eketsehileng kamoo u ka ‘teang liphehla tsa ntoa mehoma’ hona joale, ka tebello ea hore haufinyana u thabele bophelo lefatšeng lohle le se nang ntoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le lebaka le entseng hore Machaba a Kopaneng a se atlehe, ka kōpo bona Molula-Qhooa oa la 1 Mphalane, 1986.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Mabaka a Entseng hore Machaba a Kopaneng a Hlōlehe:

◻ Bohlale ba motho bo sehetsoe moeli haholo (Jeremia 10:23)

◻ Tšusumetso ea Satane e felisa boiteko ba oona (Tšenolo 12:12)

◻ Ke ngoana oa lefatše lena ’me o futsitse mefokolo ea Iona (1 Johanne 5:19)

◻ A leka ho boloka “lefatše la khale,” ’me sena se latola merero ea Molimo (1 Johanne 2:17)

Mabaka a Tla Etsa hore ’Muso oa Molimo o Atlehe:

◻ ’Musi oa ’ona o na le bohlale bo phahametseng motho ’me o tseba ho bona lipelo tsa batho (Johanne 2:25)

◻ O tla felisa bahlohlelletsi ba ntoa ba bademona (Tšenolo 20:1-3)

◻ Ke “ngoana” oa Molimo, ’me ’musi oa oona o bonahatsa litšoaneleho tsa Molimo (Tšenolo 12:5)

◻ O tla hloma “lefatše le lecha” le lokileng tlas’a ’muso o le mong oa leholimo (Tšenolo 21:1)

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

’Muso oa Molimo o tla hloma “lefatše le lecha,” mokhatlo o lokileng oa batho, o tla thabela ’muso o le mong oa leholimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela