“Lentsoe le ne le le ho Molimo, ʼme Lentsoe e ne e le . . .”?
LIKEREKENG tse ngata tsa Bokreste-’motoana temana ena ea Bibele ho Johanne 1:1 e buelloa haholo ho feta tse ling. Libibeleng tse ngata temana ena e baleha joaloka King James Version: “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ʼme Lentsoe le ne le le ho Molimo [ὁ θεός], ʼme Lentsoe e ne e le Molimo [θεός].”
Ba bangata ba amohelang thuto ea Boraro-bo-bong ba qotsa temana ena ho tšehetsa thuto ea bona. Leha ho le joalo, temana ena e ngotsoe ka litsela tse sa tšoaneng liphetolelong tse ling, li lumela hore Segerike sa pele se bontša phapang e patehileng phetolelong e ka holimo.
Ka 1984 ha hlaha phetolelo ea Senyesemane ea tlhaloso ea Sejeremane ea seithuti Ernst Haenchen (Das Johannesevangelium. Ein Kommentar). Sa ngola Johanne 1:1 tjena: “Tšimolohong ho ne ho e-na le Logos, ʼme Logos o ne a na le Molimo, ʼme Logos o ne a e-na le bomolimo [a le boemong ba bomolimo].”—John 1. A Commentary on the Gospel of John Chapters 1-6, e fetoletsoeng ke Robert W. Funk, leqephe 108.
Ha tlhaloso ena e bapisa Genese 1:1 le temana ea pele ea Evangeli ea Johanne, e re: “Leha ho le joalo, Johanne 1:1 e bua ka ntho e ʼngoe e neng e le teng khale haholo; ka ho makatsang, e ne e se ‘Molimo.’ . . . Logos (ha re na lentsoe la Sejeremane kapa la Senyesemane le fanang ka tlhaloso ea lentsoe la Segerike) e phahamisitsoe haholo ka tsela e sa thabiseng. Polelo e utloahala ka mantsoe a tsoelang pele ‘ʼme Logos o ne a le bothong ba Molimo,’ ho fapana le hore o ne a le haufi, a kopane le Molimo.”
Na ho utloahala e ka seithuti Haenchen se lemoha phapang ea Segerike pakeng tsa Molimo le Logos, kapa Lentsoe? Mantsoe a latelang a sengoli a bontša hore puong ea pele ho ne ho sa sebelisoe lebopi-khetho hammoho le lentsoe the·osʹ, kapa molimo. Mongoli oa hlalosa:
“Ho qoba ho se utloisise, mona ho ka kenyelletsoa hore θεός [the·osʹ] le ὁ θεός [ho the·osʹ] (‘molimo, bomolimo’ le ‘the Molimo’) e ne e se ntho e tšoanang ka nako eo. Philo o ngotse: λόγος [Logos] e bolela feela θεός (‘bomolimo’) ʼme e seng ὁ θεός (‘Molimo’) kahobane logos hase Molimo ka kutloisiso e tobileng. . . . Ka tsela e tšoanang. Origen, o hlalositse: Moevangeli ha bolele hore logos ke ‘Molimo,’ empa hore logos ‘o na le bomolimo.’ Ha e le hantle, ho mongoli oa sefela [ho Johanne 1:1], Moevangeli, e ne e le Ntate feela eo e neng e le ‘Molimo’ (ὁ θεός; bapisa Joh 17:3); ‘Mora’ o ne a le ka tlase ho eena (bapisa Joh 14:28). Sena se boletsoe feela temaneng ena kahobane ho hatelloa kamano e haufi e mong ho e mong.”
Haenchen o hlokometse: “Ho ne ho tloaelehile hore Bajode le Bakreste ba lumelang ho Molimo o le mong ba bue ka libōpuoa tse nang le bomolimo tse sebetsang haufi le ka tlase ho Molimo empa li sa tšoane le oona. Ba-Fil. 2:6-10 e paka seo. Litemaneng tseo Pauluse o hlalosa sebōpuoa se seng se nang le bomolimo, seo hamorao se ileng sa fetoha motho Jesu Kreste. . . . Ka hona, ho Ba-Filippi le ho Johanne 1:1 hase taba ea kamano ea batho ba babeli ho a le mong, empa ke kamano ea botho ea batho ba babeli.”—Maqephe 109, 110.
Ka baka leo, ho e-na le ho bolela hore Logos (Jesu) o ne a e-na le Molimo le hore e ne e le Molimo, Johanne 1:1 e hlalosa hore Logos o ne a e-na le Molimo o Matla ʼOhle ʼme o ne a e-na le bomolimo, kapa e ne e le molimo (a god).