Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/09 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhatlo e Mecha e Thehiloeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • “Lentsoe le ne le le ho Molimo, ʼme Lentsoe e ne e le . . .”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Kamoo Sehlopha se Busang se Fapanang Kateng le Mokhatlo o Ngolisitsoeng ka Molao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 4/09 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Na ho nepahetse hore liphutheho kapa batho ba itseng ba sebelise matšoao a mekhatlo ea molao e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova?

Letšoao ke lebitso kapa setšoantšo se etsang hore ntho e itseng e tsebahale habonolo. Letšoao la Watch Tower le emela Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania le mekhatlo e meng e sebelisoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng. Mekhatlo e meng e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova e na le matšoao a fapaneng.

Liphutheho kapa batho ba itseng ha baa lokela ho sebelisa matšoao kapa mabitso a mekhatlo ea molao ea mokhatlo o hlophisitsoeng kapa a tšoanang le ’ona, ebang ke Liholong Tsa ’Muso, sehloohong sa lengolo, thepeng ea botho, le tse ling. Ho sebelisa matšoao a mokhatlo o hlophisitsoeng ho ka etsa hore bahlanka ba ’muso, bahoeletsi le batho ba bang ba se ke ba bona phapang pakeng tsa phutheho le mekhatlo ea molao e sebelisoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng. Ka ho tšoanang, ho ka ’na ha nkoa hore ntlo-khōlō kapa ofisi ea lekala e lumellana le mangolo ao kapa ke eona e a ngotseng.

Letšoao la Watch Tower, kapa le tšoanang le lona, ha lea lokela ho sebelisoa mehahong e mecha ea Liholo Tsa ’Muso, esita le haeba Holo eo ea ’Muso e ikarabella mokhatlong oa Watch Tower. Ha ho hlokahale hore liphutheho tseo Liholo tsa tsona Tsa ’Muso li nang le letšoao le joalo li le tlose hang-hang, kaha ho etsa joalo e ka ’na ea e-ba mosebetsi o moholo, o nkang nako e ngata le o litšenyehelo li ngata. Leha ho le joalo, li ka le tlosa haeba e le ntho e nyenyane kapa e se mosebetsi o mongata. Ho seng joalo le ka tlosoa ha ho nchafatsoa holo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela