Bokamoso ba Hao ke Mang ea ka Bo Profetang?
HO LEKA ho profeta bokamoso ho bonolo. Ho nepa hona ha ho joalo. Ho fetoha mosebetsi oa lefeela ha boprofeta bo hlanohela ba bo entseng, joalokaha mehlala e ka holimo e bontša ka ho totobetseng.
Ho tloha mehleng ea khale, motho o ’nile a leka ho sibolla seo bokamoso bo se fupereng. Esitana le kajeno, boholo ba rōna re lakatsa ho tseba ka bokamoso. Telekiso ena ea ho tseba ka liketsahalo tse tlang e entse hore motho a leke mekhoa e mengata. Ka mohlala, ’mele oa motho o ’nile oa hlahlobjoa bakeng sa ho fumana mehlala litšobotsing tsa sefahleho, meleng ea lehata, le meleng ea seatla. Motho o ithutile liphoofolo—metsamao ea litoeba kapa ea linoha, ho fofa hoa linonyana, esita le mokhoa oo mokoko o kobolang ka oona koro e hasitsoeng fatše. Ba bang ba sebelisitse lintho tse kang libolo tse entsoeng ka mahakoe, likarete, mataese, makhasi a tee, kapa maritsa a kofi. Mekhoa ena e fapane joaloka batho, meetlo, le linako, empa liphello kaofela lia tšoana: ho hlōleha.
Leha ho le joalo, ho teng Ea ka profetang bokamoso ka nepo. Ke mang? Ke Jehova Molimo. Ha ho ea tšoanang le Jehova hobane ke ‘eena eo ha e sa le ho hlaheng, a bolelang tse tlang ho tla.’ Le ha liketsahalo li e-s’o phethahale ka botlalo, Molimo o ka bolela e sa le pele hore na phello ea tsona e tla ba efe. E, Jehova a ka phuthullela batho bokamoso e seng feela matsatsi a seng makae pele ho nako empa makholo a lilemo pele ho moo!—Esaia 46:10.
Ka lebaka leo, ho batla ho tseba ka bokamoso ha ho’a tšoanela ho fella feela. Lentsoe la Molimo, Bibele, le re thathamiselitse lintlha tsa bohlokoahali. Feela le bontša batho ba tleloa ke eng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
“Ho ke ke hoa e-ba le mechine e fofang e boima ho feta moea.”—Lord Kelvin, setsebi sa lipalo le sa lintho tsa tlhaho sa Lenyesemane le Moeta-pele oa British Royal Society, c. 1895.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ana ke mantsoe a qotsitsoeng bukeng The Experts Speak, ea Christopher Cerf le Victor Navasky.
“Haeba re tla qala ho leka le ho utloisisa seo bophelo bo tla ba sona ka 1960, re tšoanela ho qala ho elelloa hore lijo, liaparo le matlo li tla fumaneha habonolo feela.”—John Langdon-Davies, moqolotsi oa Lenyesemane le Setho sa Royal Anthropological Institute, 1936.
“Ena ke ntho e bothoto ka ho fetisisa eo re kileng ra e etsa. . . . bomo eke ke ea qhoma, ’me ke bua ke le setsebi liqhomaneng”.—Molaoli ea ka sehloohong oa mabotho William Leahy, a eletsa Mopresidente oa U.S. Harry Truman ka morero oa bomo ea athomo oa U.S., 1945.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Sebaka sa Sechaba sa Poloko U.S.