‘Litaba Tse Senotsoeng ke Tsa Rōna’
“Litaba tse patiloeng ke tsa Jehova, Molimo oa rōna, empa tse senotsoeng ke tsa rōna.”—DEUTORONOMA 29:29.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha batho ba hloka tšenolo ea Jehova hakaale-kaale? (b) Boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka boitsebiso boo Jehova a entseng hore re bo fumane?
HAEBA motho a iphumana a le moo ho cheiloeng maraba a fatše empa a e-na le ’mapa o bontšang tsela ea ho tsoa pakeng tsa maraba ana, na u ka inahanela kamoo ka hloko a neng a tla ithuta ’mapa oo ’me a latele litsela tsohle tsa oona? Kapa nahana ka motho e mong ea jeoang ke lefu le sa phekoleheng. Na u ka nahana kamoo a tla thahasella ho latela liphuputso tsa meriana tsa morao-rao tse fanang ka tšepo ea ho qetella a folile? Koana, ntlha e bohloko ke hore re maemong ao ka bobeli. Re phela lefatšeng le koahetsoeng ke maraba le malumela a ka re timetsang. ’Me rea shoa ka lebaka la lefu la botho le sa phekoleheng la ho se phethahale ho futsitsoeng. (1 Johanne 2:15-17; Ba-Roma 7:20, 24) Ke Molimo feela o ka re thusang ho bona maraba ao le ho a qoba, ’me ke oona o ka phekolang ho se phethahale hoa rōna. Ke ka lebaka leo re hlokang lintho tseo Jehova a li senotseng.
2 Hape ke ka lebaka leo mongoli ea bululetsoeng oa buka ea Liproverbia a elelitseng: “Sekeha tsebe, u mamele lipolelo tsa ba bohlale, u nehele pelo ea hao tsebo ea ka.” (Liproverbia 22:17) Ka ho tšoanang, re bala ho Liproverbia 18:15: “Pelo ea motho ea nang le kelello e rua tsebo, tsebe tsa ba bohlale li sela eona.” E ka ba booatla ho furalla tsebo leha e le efe eo Jehova a etsang hore e fumanehe.
Makunutu a Senotsoeng a Jehova
3. Jehova o senoletse Adama le Eva eng ka morero oa hae?
3 Ka thabo, Jehova e bile ea fanang haholo ka ho senola tsebo. Ho tloha nakong ea pōpo, Molimo butle-butle o file barapeli ba oona boitsebiso bohle boo ba bo hlokang tlas’a maemo a sa tšoaneng. (Liproverbia 11:9; Moeklesia 7:12) Tšimolohong o ile oa hlalosa hore lefatše le liphoofolo tsohle tse ho lona li ne li tla ba ka tlaasana ho Adama le Eva le bana ba bona. (Genese 1:28, 29) Leha ho le joalo, Satane a susumelletsa Adama le Eva ho etsa sebe, ’me hoa e-ba thata ho bona kamoo morero oa bomolimo o neng o ka phethahala kateng tlotlisong ea Molimo. Leha ho le joalo, ka potlako Jehova a qala ho hlalosa litaba. A senola hore ka nako ea teng ho ne ho tla hlaha ngoana ea lokileng, kapa “peō,” ea neng a tla etsolla mesebetsi ea Satane le balateli ba hae.—Genese 3:15.
4, 5. Jehova o boetse a senola eng hape, hona o ne a sebelisa mecha efe?
4 Banna le basali ba tšabang Molimo e tlameha ebe ba bile le lipotso tse ngata ka Peō eo. E tla ba mang? O tla fihla neng? O tla tsoela batho molemo joang? Ha makholo a lilemo a ntse a feta, Jehova a ’na a senola merero ea hae, ’me a qetella a arabetse lipotso tsena kaofela. Pele ho Moroallo, a bululela Henoke hore a profete ka timetso e tlang ea peō ea Satane. (Juda 14, 15) Hoo e ka bang lilemo tse 2 400 pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng, o ile a senolela Noe hore bophelo ba motho le mali a hae li ea halalela—’nete eo e neng e tla ba ea bohlokoahali ha Peō e tšepisitsoeng e fihla.—Genese 9:1-7.
5 Kamor’a mehla ea Noe, Jehova a senola tsebo ea bohlokoa ka bapatriareka ba bang ba tšepahalang. Lekholong la bo20 la lilemo B.C.E., Abrahama a ithuta hore Peō e tšepisitsoeng e ne e tla ba e mong oa litloholo tsa hae. (Genese 22:15-18) Tšepiso ena ea e-ba ntho ea bohlokoahali ea mor’a Abrahama Isaaka le setloholo sa hae Jakobo (ea ileng a reoa Iseraele hamorao). (Genese 26:3-5; 28:13-15) Joale, ka Jakobo, Jehova a senola hore Peō ena, “Shilo,” e ne e tla ba ’musi ea matla ea tsoetsoeng lelokong la mor’a Jakobo Juda.—Genese 49:8-10.
6. Lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., ke bomang bao e bileng mocha oa ‘litaba tse senotsoeng,’ ’me tse ling tsa lintho tse ncha tseo ba ithutileng tsona ke life?
6 Lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., Jehova a thea sechaba sa bana ba Iseraele. Ka nako eo tšenolo e tsoelang pele ea ’nete e ne e le ea mang? Moshe o ile a arabela potso eo ka mantsoe ana sechabeng seo se secha: “Litaba tse patiloeng ke tsa Jehova, Molimo oa rōna, empa tse senotsoeng ke tsa rōna, le tsa bana ba rōna ka ho sa feleng.” (Deuteronoma 29:29) E, hoba se tsoaloe ka 1513 B.C.E., sechaba sa Iseraele ea e-ba mocha o ‘tšepetsoeng lipolelo tse halalelang tsa Molimo.’ (Ba-Roma 3:2) ’Me e bile lipolelo tse ngata hakaakang! Molimo o ile oa kenya Baiseraele selekaneng sa Molao, se neng se ba tšoaretse monyetla oa hore ebe sechaba sa baprista le marena. (Exoda 19:5, 6) Molao o ne o akarelletsa litaelo tsa boitšoaro tse ba thusitseng ho khetholla le ho qoba malumela a sebe hape le tsamaiso ea mahlabelo e neng e sebelisa mali a halalelang a liphoofolo ho koahela libe tsa bona ka tsela ea tšoantšetso.
7, 8. (a) Jehova o ile a senola boitsebiso bofe bo eketsehileng ka Peō e tlang? (b) ‘Litaba tse senotsoeng’ li bolokiloe joang, hona ke bo-mang ba senotseng kutloisiso e nepahetseng ea lintho tse joalo?
7 Ha nako e ntse e e-ea, Jehova a ’na a senola litaba tse buang ka peō eo haholoanyane. Ka mopesaleme, Molimo o ile oa senola hore sechaba seo se ne se tla hana Peō ea hae empa hore Peō eo e ne e tla hlōla ka thuso ea Jehova. (Pesaleme ea 2:1-12) Ka Esaia a senola hore Peō eo e ne e tla ba “Morena oa khotso” empa hape le hore e ne e tla utloa bohloko ka lebaka la libe tsa ba bang. (Esaia 9:6; 53:3-12) Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Jehova o bile a senola le sebaka seo Peō e tlang ho tsoalloa ho sona, lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., le kemiso ea nako bakeng sa tšebeletso ea eona—Mikea 5:2; Daniele 9:24-27.
8 Qetellong, ‘litaba tse senotsoeng’ li ile tsa bokelloa ho ba libuka tse 39 tsa Mangolo a Seheberu. Empa mabakeng a mangata, boo e ne e le feela bohato ba pele. Hangata lintho tse ngotsoeng ho ne ho le thata ho li utloisisa, esita le ho ba neng ba sebelisoa ho li ngola! (Daniele 12:4, 8; 1 Petrose 1:10-12) Leha ho le joalo, ha leseli le qetella le fihlile, ha lea ka la itšetleha ka litlhaloso tsa batho ba bang. Joaloka tabeng ea litoro tsa boprofeta, ‘liphuthullo li tsoa ho Molimo.’—Genese 40:8.
Mocha o Mocha
9. Ke hobane’ng ha Iseraele oa nama e ile ea lahleheloa ke tokelo ea ho ba mocha bakeng sa ‘litaba tse senotsoeng,’ ’me hoo ho etsahetse neng?
9 Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, Iseraele e ne e ntse e le mocha oa Molimo. Mang kapa mang ea neng a lakatsa ho sebeletsa Jehova o ne a tlameha ho etsa joalo kamanong le sechaba sa hae se khethiloeng. (Johanne 4:22) Empa Moshe o ne a bontšitse hore tokelo ea ho ba bahlahlobi ba ‘litaba tse senotsoeng’ e boetse e tsamaea le boikarabelo. O itse: “Litaba . . . tse senotsoeng ke tsa rōna, le tsa bana ba rōna ka ho sa feleng, re tle re etse ka litaba tsohle tsa molao ona.” (Deuteronoma 29:29) ‘Nako eo e sa feleng’ e ile ea fela ka 33 C.E. Hobane’ng? Hobane, joaloka sechaba, Bajode ba ile ba hlōleha ho ‘etsa ka litaba tsohle tsa molao ona.’ Haholo-holo, ba ile ba hlōleha ho amohela Peō, Jesu Kreste, le hoja Molao e ne e le ‘molisa ea ba isang ho Kreste.’ (Ba-Galata 3:24) Ka lebaka la ho hlōleha hona, Jehova a khetha mocha o mong bakeng sa ‘litaba tse senotsoeng.’
10. Mocha o mocha e ne e le ofe bakeng sa se senotsoeng ke Jehova?
10 Mocha oo o mocha e ne e le ofe? Pauluse o ile a o tsebisa Ba-Efese ha a ngola hore “bohlale ba Molimo, bo leng bongata mekhoeng ea jona, bo bonahale ka Kereke [“phutheho,” NW] . . . ka morero oo o o entseng ho hloleheng, ’me ke hona o tsoang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Ba-Efese 3:10, 11) E, e ne e le phutheho ea Bokreste e tsoetsoeng ka Pentekonta ea 33 C.E., e neng e tšepetsoe ‘litaba tse senotsoeng’ tse ncha. E le sehlopha, Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebeletsa e le “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” ea khethetsoeng ho fana ka lijo tsa moea ka nako ea teng. (Mattheu 24:45) Joale Bakreste e ne e le “liabi tsa liphiri tsa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 4:1.
11, 12. Tse ling tsa lintho tse senotsoeng tse babatsehang tse entsoeng ka mocha oo ke life?
11 ’Nete e setsing ea “liphiri” tsena tse ncha e ne e le hore Jesu Kreste, Peō e tšepisitsoeng, o hlahile. (Ba-Galata 3:16) Jesu e ne e le “Shilo,” ea nang le tokelo ea ho busa batho, ’me Jehova o mo khethile ho ba Morena oa ’Muso o neng o tla qetella o tsosoloselitse Paradeise lefatšeng lena. (Esaia 11:1-9; Luka 1:31-33) Jesu e ne e boetse e le Moprista e Moholo ea khethiloeng ke Jehova, ea faneng ka bophelo ba hae bo hloekileng le bo phethahetseng e le topollo bakeng sa batho—tšebeliso e babatsehang ka ho fetisisa ea molao-motheo oa khalalelo ea mali. (Ba-Heberu 7:26; 9:26) Kahoo, batho ba lumelang ba ne ba e-na le tšepo ea ho boela ba fumana bophelo bo phethahetseng ba botho boo Adama a bo lahlileng.—1 Johanne 2:1, 2.
12 Peō ena e tšepisitsoeng e ne e boetse e le ’muelli, ea kenyang tšebetsong selekane se secha se nkelang selekane sa khale sa Molao sebaka pakeng tsa balateli ba hae le Ntate oa hae oa leholimo. (Ba-Heberu 8:10-13; 9:15) Motheong oa selekane sena se secha, phutheho e hōlang ea Bokreste ea nkela sechaba sa Iseraele oa nama sebaka, e e-ba Iseraele oa moea, “Peō ea Abrahama” ea moea hammoho le Jesu, le bahlahlobi ba ‘litaba tse senotsoeng.’ (Ba-Galata 3:29, NW; 6:16; 1 Petrose 2:9) Ho feta moo, ntho e ’ngoe eo Bajode ba neng ba sa e nahane, Balichaba ba memeloa ho ba karolo ea Iseraele eo oa moea e mocha! (Ba-Roma 2:28, 29) Ba le hammoho, Baiseraele ba moea bao e leng Bajode le bao e seng Bajode ba ile ba rongoa ho ea etsa barutuoa ba Jesu lefatšeng lohle. (Mattheu 28:19, 20) Kahoo, ‘litaba tse senotsoeng’ ea e-ba ntho ea machaba.
13. ‘Litaba tsee tse ncha tse senotsoeng’ li ile tsa bolokeloa moloko o tlang joang?
13 Ka nako ea teng, ‘litaba tsena tse senotsoeng’ ka phutheho ea Bokreste li ile tsa tlalehoa libukeng tse 27 tsa Mangolo a Bakreste a Segerike tse ileng tsa phetha molao oa Bibele e bululetsoeng. Empa libukeng tsena ho ne ho boetsoe ho kenyellelitsoe boprofeta bo bongata mabapi le morero oa Jehova o neng o tla utloisisoa ka botlalo feela kamorao ho lilemo tse makholo a mangata. Hape, bangoli ba Mangolo ana ba ne ba hlile ba sebeletsa meloko e neng e e-so ho tsoaloe.
‘Litaba tse Senotsoeng’ Kajeno
14. Kamor’a bokoenehi bo boholo, Jehova o ne a tla boetse a chabisa leseli holim’a ‘litaba tse senotsoeng’ neng?
14 Kamor’a lefu la baapostola, bokoenehi bo bongata ba hlaha har’a ba ipolelang hore ke Bakreste, joalokaha ho ne ho profetiloe. (Mattheu 13:36-42; Liketso 20:29, 30) Joale hoa latela makholo a lilemo a malelele nakong eo kutloisiso ea ‘litaba tse senotsoeng’ e neng e fifala, le hoja Jesu Kreste a sa ka a lahla ba batlang ho lula ba tšepahala. (Mattheu 28:20) Leha ho le joalo, Jesu o ne a tšepisitse hore boemo bona bo ke ke ba e-ba teng ka ho sa feleng. Qetellong ea tsamaiso ea lintho, ba khopo le ba lokileng ba ne ba tla boetse ba aroloa ka ho bonahalang, ’me “ba lokileng ba tla khanya joale ka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.” (Mattheu 13:43) Feela joalokaha Daniele a profetile, ’nakong ea bofelo, tsebo ea ’nete e ne e tla eketseha.’ (Daniele 12:4) Leseli le ne le tla boela le khanyetse ‘litaba tse senotsoeng.’
15. Ke hobane’ng ha malumeli a Bokreste-’mōtoana a ipakile a sa tšoanelehe ho sebeletsa e le mocha bakeng sa kutloisiso ea morao-rao ea ‘litaba tse senotsoeng’?
15 Ho tloha ka 1914, re phetse nakong ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho. Kahoo, ke hoa bohlokoa ho tseba hore na kajeno Jehova o sebelisa mang e le mocha bakeng sa leseli lena la moea le lecha. Ka sebele, ha a sebelise malumeli a maholo a Bokreste-’mōtoana. Ana a ipakile a le leqe ho hlohlora lithuto tse fosahetseng tse bokelletsoeng nakong ea bokoenehi bo boholo. Kajeno, boholo ba baeta-pele ba oona bo tšoasehile lineanong le lithutong tsa motheo hoo ba sa bulehelang tsebo e ncha, kapa ba leng lekhonono hoo ba belaellang le ho bululeloa hoa Bibele le bohlokoa ba melao ea eona ea boitšoaro.
16. Ke bo-mang ba ipakileng e le mocha oa kajeno oa Jehova?
16 Jesu o boletse hore ’Muso oa Molimo o ne o tla amohuoa Bajode ’me o ‘neoe sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona.’ (Mattheu 21:43) Lekholong la pele la lilemo, sena se ipakile ho ba phutheho e ncha ea Bokreste ea Iseraele oa moea. Kajeno, ho na le sehlopha se le seng feela se beang litholoana tse batlang li tšoana le tsa phutheho eo ea pele. Baiseraele bana ba moea ke litho tsa sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” oa Mattheu 24:45-47. Joaloka Bakreste ba pele, Bakreste bana ba kajeno ha baa ka ba tšaba ho ‘khantša maseli a bona.’ (Mattheu 5:14-16) Ho tloha ka 1919, ka sebete ba ile ba nka mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle bakeng sa bopaki. (Mattheu 24:14) Kahobane ba beile litholoana tsa ’Muso oa Molimo, Jehova o ba hlohonolofalitse ka ho enneng ka ho ba etsa hore ba be nakong le “bohlale ba Molimo, bo leng bongata mekhoeng ea jona.”—Ba-Efese 3:10.
17, 18. Ke kutloisiso efe e tsoelang pele eo Jehova a e entseng ka mocha oa hae oa kajeno?
17 Kahoo, ka 1923 boprofeta bo boholo ba Jesu ka linku le lipōli bo ile ba utloisisoa hantle, ’me ho ile hoa lemohuoa hore lefatše lohle le tlas’a kahlolo. (Mattheu 25:31-46) Ka 1925 bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ba ile ba e-ba le kutloisiso e nepahetseng ea Tšenolo khaolo ea 12 ’me ba lemoha hantle se etsahetseng ka selemo se tšoailoeng sa 1914. Ka 1932 kutloisiso ea bona ea teba haholoanyane. Jehova a senola hore boprofeta bo amanang le ho khutlisetsoa hoa Bajode Jerusalema bo ne bo sa bue ka Iseraele oa nama, e neng e ipakile khale hore ha e tšepahale ’me e lahliloe, empa ho e-na le hoo bo bua ka Iseraele oa moea, phutheho ea Bokreste. (Ba-Roma 2:28, 29) Joale, ka 1935 kutloisiso e lokisitsoeng ea pono ea Johanne ea “bongata bo boholo” ho Tšenolo khaolo ea 7 ea bula mahlo a batlotsuoa bakeng sa mosebetsi o moholo o neng o sa larile ka pele ho bona.—Tšenolo 7:9-17.
18 Hona hoa qalisa keketseho e khōlō mosebetsing oa boboleli oa lefatše, ha ho bokelloa hoa “tse lefatšeng” ho qetella ho qalile ka matla. (Ba-Efese 1:10) Ka 1939, ha maru a ntoa a ne a aparetse Europe, taba ea ho se nke lehlakore e ile ea hlakisoa haholoanyane le ho feta pele. Ka 1950 “mahosana” a Esaia 32:1, 2 a ile a tsebahatsoa ka ho tobileng. Ka 1962 ho tsebahatsoa ho nepahetseng hoa “borena [bo phahameng]” le kamano ea Bokreste e nepahetseng le oona, ho boetse hoa utloisisoa ka ho hlakileng haholoanyane ‘litabeng tse senotsoeng.’ (Ba-Roma 13:1, 2) ’Me ka 1965 ho boetse hoa e-ba teng kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea tsoho ea lefatšeng le hore na ba ka ruang molemo ho eona ke bafe.—Johanne 5:28, 29.
19. Sehlopha sa “mohlanka” oa Jehova kajeno se ipakile e le mohlokomeli ea tšoanelehang joang oa Lentsoe la Molimo?
19 Ho phaella moo, phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng lekholong lena la bo20 la lilemo e ipakile e le mohlokomeli ea tšoanelehang oa Lentsoe la Molimo, pokello e ngotsoeng ea ‘litaba tse senotsoeng.’ Litho tse emelang phutheho ena li ile tsa fetolela Bibele Senyesemaneng sa kajeno, ’me, ho tla fihlela kajeno, New World Translation of the Holy Scriptures e hlahile ka lipuo tse 11, ’me ho hatisitsoe likopi tse 40 000 000. Sehlopha sena sa “mohlanka” sa Bakreste ba tlotsitsoeng se boetse se etelletse pele mananeo a ho ruta a machaba ’me se phatlalatsa libuka le limakasine tse theiloeng Bibeleng. Se hlophisa liboka tsa beke le beke, likopano tsa kamehla, le likolo tse fapaneng—tsohle li reretsoe ho thusa babatli ba ’nete ho fumana tsebo e nepahetseng ea ‘litaba tse senotsoeng.’ Kannete, “ba lokileng” hona joale ba “khanya joale ka letsatsi” ka kutloisiso ea moea, ba paka hore ba tšoaneleha e le bahlokomeli.—Mattheu 13:43.
Boikarabelo Ba Rōna
20, 21. (a) Mopesaleme o ile a susumelletseha ho itšoara joang Lentsoeng la Jehova le senotsoeng? (b) Ke litaba life tse tlang ho tšohloa sehloohong se latelang?
20 Kahoo Jehova ha a re siea re tsielehile marabeng a chehiloeng a lefatše lena. Ho e-na le hoo, o re file Lentsoe la hae bakeng sa ho re bonesetsa tsela ea rōna le ho re thusa ho qoba kotsi ea moea. (Pesaleme ea 119:105) Leha e le hore Jehova o re tlohelletse hore re shoe ka lebaka la sebe le ho se phethahale. Ho e-na le hoo, o butse monyetla oa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise ’me o entse hore ho tseba ka monyetla ona ho fumanehe habonolo. (Johanne 17:3) Hase feela mopesaleme, ha a bua ka ‘litaba tse senotsoeng’ mehleng ea hae, a ileng a re: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.”—Pesaleme ea 119:97.
21 Na ee ke tsela eo u ikutloang ka eona ka ‘litaba tse senotsoeng’ ke Jehova ’me li utloisisoa mehleng ea rōna? Na u ananela ka ho teba linnete tseo u ithutileng tsona? Na u bona ho hlokahala hore linnete tsee li u thuse ho etsa liqeto, ho qoba liteko, le ho sebeletsa Jehova? Ke nako e kae eo u hlileng u e senyang u bala le ho ithuta ‘litaba tsee tse senotsoeng’? Na ho na le tsela leha e le efe ea ho ntlafatsa mekhoa ea hao ea ho ithuta? Litaba tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.
Na U Sa Hopola?
◻ Pele ho mehla ea Jesu, e meng ea mecha bakeng sa ‘litaba tse senotsoeng’ e ne e le efe?
◻ ‘Litaba tse senotsoeng’ e ne e le tsa bo-mang kamor’a 33 C.E.?
◻ Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tse senotsoeng ka mocha oo o mocha e ne e le life?
◻ Ke hobane’ng ha Baiseraele ba moea ba tlameha ho ba bao ‘litaba tse senotsoeng’ e leng tsa bona kajeno?
◻ Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ipakile e le mohlokomeli ea tšoanelehang oa Lentsoe la Jehova joang?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 12]
Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e fetohile bahlokomeli ba bacha ba seo Jehova a se senotseng
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 13]
“Mohlanka” oa Jehova lipaki tse tlotsitoeng tsa Jehova o ipakile e le mohlokomeli oa Lentsoe la Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jehova o senotse tsebo ea bohlokoa ka banna ba tšepahalang ba boholo-holo