Morero oa Boprofeta ke Ofe?
BA TSEKANG hore mekhoa ea bona ea borapeli e sa tšoaneng ke litšenolo tse tsoang mehloling e phahametseng motho ba boetse ba lumela hore ho na le matla a matle le a mabe a phahametseng tlhaho. Tumelo ena e hlahisa lipotso tsena: Na mokhoa o mong le o mong oa borapeli ho ee o senotsoe o e-tsoa mohloling o motle? Kapa na e tsoa mohloling o mobe? Ke ofe o bululetsoeng ke Molimo oa ’nete?
Bolumeli ba Pele
Batho ba nkoa e le lelapa le le leng, ’me hona ho lumellana le tlaleho ea Bibele ea batho ba babeli ba pele, Adama le Eva. Jehova, ’Mōpi, o ile a itsebisa bona. O ile a senolela Adama le Eva karolo ea bona morerong oa hae le kamano ea bona ea ’nete le eena. Molimo oa etsa Adama moprofeta oa oona oa pele, a ikarabella ho fetisetsa litšenolo tsa Molimo ho mosali oa hae ’me hamorao ho bana ba bona, ke hore, ho batho bohle.—Genese 1:27-30; 2:15-17.
Bona e ne e le bona bolumeli feela, mofuta o le mong oa borapeli o senotsoeng ke Jehova Molimo. Bo ne bo bontšoa ka ho utloa thato ea Molimo. Ho ne ho sa hlokahale litšebeletso tse khethehileng, mahlabelo, litempelana kapa libaka tsa borapeli.
Ho Hlaha Bolumeli ba Bohata
“Tšenolo” ea pele ea bohanyetsi e hlahile ho lengeloi le neng le batla ho rapeloa. Le ile la etsa tlhahiso ea ho hong ho neng ho ka ema sebakeng sa bolumeli ba ’nete ’me la susumetsa Adama le Eva hore ba fetohele ’Mōpi oa bona le lona. Hona ha le etsa Satane, mohanyetsi oa Jehova. “Boprofeta” ba hae bo ile ba iketsa eka bo fana ka matla a ho iketsetsa liqeto le tokoloho ho Molimo. Ho e-na le hoo, bo ile ba etsa batho makhoba a Satane le a sebe, ho ba tlisetsa lefu.—Genese 3:1-19; Mattheu 4:8-10; Ba-Roma 5:12.
Qetellong mangeloi a bafetoheli kapa bademona a ile a ikopanya le Satane. Ha ho pelaelo hore bana ba ile ba hlahisa maikutlo a bolumeli ba bohata bo ileng ba tlatsetsa tšenyehong ea batho. Mehleng ea setloholo sa Adama Enose, ‘ho ile ha qaloa ho rapela lebitso la Jehova.’ Ho latela Targum of Palestine, hona ho ne ho etsoa ka bonyefoli e le karolo ea borapeli ba litšoantšo ba mehleng eo.—Genese 4:26; 6:1-8; 1 Petrose 3:19, 20; 2 Petrose 2:1-4.
Bolumeli ba bohata bo ile ba felisoa Moroallong oa mehleng ea Noe, ho sala mofuta o le mong feela oa borapeli bo neng bo sebelisoa ke moprofeta oa Jehova, Noe. (Genese 6:5-9, 13; 7:23; 2 Petrose 2:5) Leha ho le joalo, bademona ba ile ba sala ’me ba boetse ba kenya boprofeta ba bohata le maikutlo a bolumeli ba bohata. Ba etsa hore litloholo tsa Noe li khopise Jehova ka ho haha motse oa Babele e le setsi sa borapeli ba bohata. Empa Molimo oa ferekanya puo ea bona ’me ‘oa ba qhalanyetsa lefatšeng lohle.’—Genese 11:1-9.
Hoo hohle ho re bolella eng? Kaofela re litloholo tsa Noe le Adama. Ka hona meetlo eohle e simolohile sebakeng se le seng ’me e ntse e e-na le maikutlo a mang a itseng a Molimo e le mosaletsa oa tsebo e pholohileng ho tloha mehleng ea Noe. Empa maikutlo ana a motheo a silafalitsoe ke maikutlo a bolumeli ba bohata a futsitsoeng ho baholo-holo bao ba ileng ba qhalana ho tloha Babele (eo hamorao e ileng ea tsosolosoa e le Babylona) ho ea likarolong tsohle tsa lefatše. Hona ho bonoa ka litumela-khoela tse tloaelehileng ka meea ea bafu, borapeli ba balimo, le tšebeliso ea bolepi ba linaleli, bonohe le boloi.—Daniele 2:1, 2.
Morero oa Boprofeta
Na hona ho bolela hore malumeli a kajeno a theiloe feela maikutlong a futsitsoeng nakong eo ea boholo-holo? Che. Satane le bademona ba sa ntsane ba bululela boprofeta ba bohata, ho thetsa le ho arola batho, ho ferekanya litšenolo tsa ’nete tse buang ka Molimo, le ho thea likhopolo tsa bohata le malumeli a bohata. (1 Timothea 4:1; 1 Johanne 4:1-3; Tšenolo 16:13-16) Bibele e re: “Joale ka ha baprofeta ba bohata ba ile ba hlaha . . . le har’a lōna baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri lithuto tse senyang.”—2 Petrose 2:1.
Ka lehlakoreng le leng, Jehova o bolokile bolumeli ba ’nete bo fanoeng Edene. O ekelitse boitsebiso ho hōlisa tsebo ea rōna ka eena le boikarabelo ba rōna ho phethahaleng ha morero oa hae. Ka hona boprofeta ba ’nete bo tsebahatsa ’nete e buang ka Molimo, thato ea oona le litekanyetso tsa oona tsa boitšoaro. Bo hlakisa kamano ea motho le oona e le hore bo ka khutlisetsa motho kutloanong le morero oa oona, e leng ho isang phethahatsong e feletseng ea bona.—Esaia 1:18-20; 2:1-5; 55:8-11.
Qalong ea bofetoheli ba motho, Jehova o boletse boprofeta bo faneng ka tšepo ho bana ba Adama le Eva. O senotse hore ho ne ho tla ba le molopolli, “peō,” ea neng a tla timetsa Satane le peō ea hae. (Genese 3:15) Boprofeta ba moraonyana bo thusitse ho tsebahatsa “peō” ena e tšepisitsoeng, kapa “motlotsuoa” oa Molimo, le ho senola hore o ne a tla phetha karolo e ka sehloohong phethahatsong ea merero ea Molimo.—Pesaleme ea 2:2; 45:7; Esaia 61:1.
Ka hona morero o ka sehloohong oa boprofeta e ne e le ho tsebahatsa merero ea Molimo le “motlotsuoa,” kapa “Kreste, ” eo bo neng bo tla phethahatsoa ka eena. Kaha mokhethoa enoa o ipakile hore ke Jesu, lengeloi la Jehova le itse: “Khumamela Molimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moea oa boprofeta.” (Tšenolo 19:10) Polelo ena e hlakisa lintlha tsa ’nete tse peli. Ea pele, ha ho moromuoa le ea mong oa boprofeta ba ’nete ea tla laela hore a rapeloe hobane borapeli ba ’nete bo lebisoa ho Jehova Molimo feela. (Mattheu 4:4; Johanne 4:23, 24) Ea bobeli, sepheo sa boprofeta bohle ba ’nete e tlameha ho ba ho senola liketsahalo le linnete tse amanang le Jesu. Ena e ela hloko karolo e ka sehloohong eo Jehova a mo abetseng eona phethahatsong ea morero oa Hae oa ho halaletsa lebitso la Hae le ho tsosolosetsa lefatše sebakeng se le loketseng tokisetsong ea Hae ea lintho.—Johanne 14:6; Ba-Kolosse 1:19, 20.
Ka lebaka lena, melaetsa e bululetsoeng e tsoang ho Molimo e ne e supa haholo-holo ho Jesu. Moea ’ohle, kapa morero oa boprofeta bo joalo ba ’nete e ne e le ho mo pakela. Ho feta moo, ho phethahala ha boprofeta bohle ho Jesu ho bo tšoaea kaofela e le ba ’nete. Ke ka lebaka leo Bibele e reng ‘’nete e hlahisitsoe ka Jesu Kreste.’ “Lipallo tsa Molimo kaofela ha tsona ke e ho eena.”—Johanne 1:17; 2 Ba-Korinthe 1:20; Liketso 10:43; 28:23.
Ho Baiseraele Hobane’ng?
Jehova o qalisitse ‘bopaki ba hae ba Jesu’ ka boprofeta ba hae bo mabapi le “peō” e tšepisitsoeng. Hamorao Molimo oa senola lesika la lefatšeng la “peō” e le le tla tla ka Noe, Sema, Abrahama, Isaaka (e seng Ishmaele) le Jakobo. Banna bana ba ile ba tšepahala bolumeling ba ’nete, ba ipaka hore ke baprofeta ba tšepahalang ba Jehova ha lichaba tsohle li ne li silafalitsoe ke borapeli ba melimo ea bohata. (Genese 6:9; 22:15-18; Ba-Heberu 11:8-10, 16) Lesika lena le tsoetse pele ka bana ba banna bana—sechaba sa Iseraele ’me haholo-holo ka lelapa la Davida, morena ea tsebisahalang oa Iseraele.—2 Samuele 7:12-16.
Ha a bontša hore na ke hobane’ng ha a khethile Iseraele, Jehova o itse: “Hase kahobane le fetisa lichaba tse ling ka bongata . . . Empa kahobane Jehova . . . a bolokile kano eo a e anetseng bo-ntat’a lōna,” Abrahama, Isaaka le Jakobo. (Deuteronoma 7:6-8; 29:13) Ka ho hlakileng, ke sechaba se le seng feela se neng se ka hlahisa lesika la “peō” e tšepisitsoeng. Empa bolumeli ba ’nete bo ne bo sa lekanyetsoa Baiseraele feela. Le hoja lichaba tse ling li ne li sa senoleloa ’nete, batho ka bomong ba tsona ba ne ba ka ikopanya le Iseraele borapeling, ’me ba bang ba bona ba bile ba akarelletsoa ‘lesikeng la peō.’ (Numere 9:14; Ruthe 4:10-12; Mattheu 1:5-7) Litšenolo tse arohaneng tse fanoeng ho lichaba kapa masikeng a merabe li ne li tla baka karohano e kholoanyane ea bolumeli, ha thato ea Jehova e le ho kopanya batho borapeling bo le bong.—Genese 22:18; Ba-Efese 1:8-10; 2:11-16.
Litlhokahalo tsa Molimo lia tšoana bakeng sa merabe eohle. Kaha ha o fetohe litekanyetsong tsa oona tsa boitšoaro, le morerong oa oona, litšebelisano tsa oona le Iseraele li bontšitse kamoo o neng o tla sebetsana le maemo a tšoanang ka nako leha e le efe kapa efe. (Malakia 3:6) Ka hona Iseraele e sebelelitse e le mohlala bakeng sa lichaba tsohle. Ka eona Molimo o bontšitse melemo ea borapeli ba ’nete le booatla ba mekha ea bokhelohi. Ha Baiseraele ba ne ba tšepahala ho eena, o ne a ba sireletsa le ho ba hlohonolofatsa. Ha ba mo furalla ho ea ho melimo ea bohata ea lichaba tse ling, ba ne ba oela khatellong ea lichaba tseo, joalokaha Jehova a ne a ba lemositse pele ho nako.—Deuteronoma 30:15-20; Daniele 9:2-14.
Iseraele e boetse ea sebeletsa e le mohlala oa boprofeta, ’me Davida a fetoha tšoantšetso ea boprofeta ea Jesu, ea ileng a rua selekane sa ’Muso oa Molimo le Davida. (1 Likronike 17:11, 14; Luka 1:32) Molao o neng o neiloe Iseraele, ka mahlabelo a oona le boprista ba oona, o ne o tšoantšetsa sehlabelo sa Jesu le ho supa ’Musong oa hae oa leholimo le bopristeng ba hae ba leholimo. Ka hona Molao ea e-ba ‘molisa ea isang ho Kreste.’—Ba-Galata 3:19, 24; Liketso 2:25-36; Ba-Heberu 10:1-10; Tšenolo 20:4-6.
Buka ea Boprofeta ba ’Nete
Boitsebiso bona ba bohlokoa bo ne bo ke ke ba bolokoa ka nepo ka neano kapa ka litšenolo tse arohaneng ho lichaba tse sa tšoaneng. Mokhoa o molemohali oa ho bo boloka le ho bo fetisetsa ho lichaba tsohle ke ka tlaleho e ngotsoeng. ’Me Bibele e phetha karolo ena. Ke eona feela e nang le litšenolo tse bululetsoeng tsa Molimo ’me e boloka tlaleho ea histori le ea boprofeta ea litšebelisano tsa oona le batho. Ke eona feela e supang ho Jesu Kreste e le Moemeli oa Molimo bakeng sa poloko ’me e na le boprofeta ba ho qetela mabapi le hore na o tla finyella kabelo ea hae ea kamoso ea Bomessia joang. Ka hona ke eona Lentsoe le feletseng le bululetsoeng le ngotsoeng la Molimo.—Ba-Roma 15:4; 1 Ba-Korinthe 10:11; 2 Petrose 1:20, 21.
Haesale ho phethoa Bibele, ba kentseng “boprofeta” bo bocha, malumeli a macha le lihlopha tsa bokhelohi ha ba bululeloa ke Molimo. Boprofeta ba ’nete ha boa fanoa ho senola malumeli a macha. Bo bolokile bolumeli bo le bong ba ’nete bo le nakong ka linako tsohle ’me bo tsebahalitse phethahatso ea kamoso ea morero oa Jehova. Phethahatso ea bona e fana ka bopaki bo ikhethang ba Bomolimo ba oona le matla a oona, bo bontša hore ke oona feela o ka profetang liketsahalo makholo-kholo a lilemo e sa le pele ’me oa bo phethahatsa ho se phoso.—Esaia 41:21-26; 46:9-11.
Ka hona bohle ba lakatsang ho tloaelana le boprofeta ba ’nete le ho sebelisa bolumeli ba ’nete ho hlokahala hore ba retelehele Bibeleng. Ke buka ea Molimo ea boprofeta—molaetsa o feletseng oa oona ho batho.—2 Timothea 3:16, 17.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Lesika la “peō” e tšepisitsoeng
Noe
Sema
Abrahama
Isaaka
Jakobo
Davida
Jesu