Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/15 maq. 15-20
  • ‘Jala Haholo, Kotula Haholo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Jala Haholo, Kotula Haholo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Jala Haholo Boithutong ba Bibele
  • Ho Jala Haholo ka ho ba Teng Libokeng
  • Ho Jala Haholo Lithapelong tsa Rōna
  • Ho Jala Haholo Tšebeletsong sa Rōna
  • Ho Jala Haholo Likamanong tsa Lelapa
  • E ba Mokotuli oa Melemo!
  • Na U Jala Haholo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Ho Jala Haholo ho Tlisa Mahlohonolo a Enneng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Jala ho Loka, Kotula Mosa o Lerato oa Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Jala Haholo e le Hore U Kotule Haholo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/15 maq. 15-20

‘Jala Haholo, Kotula Haholo’

“Ea jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; ’me ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.”—2 BA-KORINTHE 9:6.

1. Ke hobane’ng ha Jehova Molimo e le motho ea thabileng ka ho fetisisa bokahohleng?

MOLIMO oa rōna Jehova ke “Molimo o thabileng.” Ha ho pelaelo hore lebaka le leng ke hore ke Mofani ea fanang haholo. Mora oa hae, Jesu Kreste, o hlalositse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (1 Timothea 1:11, NW; Liketso 20:35) Ha ho ea faneng ho feta Jehova—ho tloha ha a etsa Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae, Lentsoe, ho fihlela nakong ea hona joale. Ka hona ha ho tika-tiko hore ke motho ea thabileng ka ho fetisisa bokahohleng bohle.

2, 3. (a) Molimo o jetse haholo ka litsela life? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova o kotutse ’me o tla ’ne a kotule haholo?

2 Molao-motheo o batlang o tšoana o phatlalalitsoe ho 2 Ba-Korinthe 9:6: “Ea jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; ’me ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” Jehova Molimo o jetse haholo hakaakang tabeng ea mesebetsi ea hae ea pōpo! Lentsoe la hae le bolela ka libopuoa tsa moea tse makholo a limillione. (Tšenolo 5:11) Hlokomela hape lihlopha tsa linaleli tse se nang palo maholimong a tletseng linaleli, sehlopha ka seng se e-na le linaleli tse limillione. Ha u theohela lefatšeng lena, ho na le motsoako o mongata hakaakang oa lintho, tse phelang le tse sa pheleng, tse bōpiloeng ke Jehova Molimo! Ka sebele ‘lefatše le tletse lintho tse entsoeng ke eena.’ (Pesaleme ea 104:24) Ho feta moo, o re hlomelletse haholo hakaakang likelellong tsa rōna, likutlong tsa rōna le ’meleng ea rōna! Kannete re bōpiloe ka ‘mokhoa o hlollang.’—Pesaleme ea 139:13.

3 Ha ho tika-tiko hore Jehova Molimo o jetse haholo. Ha ho joalo ka mesebetsi ea hae ea pōpo feela empa ho joalo hape le ka litšebelisano tsa hae le libopuoa tsa hae tsa lefatšeng. Leha ho le joalo, na o kotutse haholo? Ka sebele o ho entse! Ka tsela efe? Ka hore o bile le libopuoa tse bohlale tse mo sebeletsang ka lebaka la ho mo rata ’me o ntse a e-na le tsona ebile o tla ’ne a be le tsona ka ho sa feleng. Ho etsa joalo hoa tsona ho thabisa pelo ea Jehova, haholo ha ho paka hore mosomi Diabolose o leshano.—Liproverbia 27:11.

4. Molao-motheo o ho 2 Ba-Korinthe 9:6 o sebetsa joang ka linako tsohle, ho akarelletsa nako ea rōna?

4 Bibele e na le bopaki bo bongata ba hore ho qala ka Lentsoe, bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Jehova Molimo ka ho tšoanang ba jetse haholo ’me ba kotula haholo. Ho joalokaha ho tšoanetse hore ho be joalo, kaha melao-metheo ea Jehova e sebetsa ka linako tsohle le ho batho kaofela. Ka hona, molao-motheo oa ho jala o ka ipaka e le ’nete bophelong ba hao.

5, 6. (a) Ke lira life tse re thatafaletsang ho jala haholo? (b) Re tlameha ho laba-labela ho etsa joang, hona e le litšobotsing life tsa tšebeletso ea rōna e halalelang?

5 Ha Mangolo a tletse mabaka le mehlala hore re jale haholo, ho hang hase ntho e ka etsoang habonolo. Hobane’ng? Hobane re na le lira tse tharo tse re hanyetsang ka matla hore re se ke ra etsa joalo. Sa pele, ke tšekamelo eo re e futsitseng ea boikhabi. Ho Genese 8:21 (NW) rea bala: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae ho ea pele.” Lentsoe la Molimo le boetse le re tsebisa hore pelo ea motho e mano ’me e bolile. (Jeremia 17:9) Sa bobeli, re lokela ho loana le likhatello tsa lefatše le khopo, le rapaletseng ka tlas’a matla a e mobe. (1 Johanne 5:19) Sa boraro, Diabolose ka boeena ke lelala-le-laotsoe le ka re harolang haeba re sa ikalosa.—1 Petrose 5:8.

6 Na u falimehetse lira tseo tse tharo ka linako tsohle? Ka lebaka la bahanyetsi bana, re tlameha ho chesehela ho ‘mamela keletso, re amohele taeo, re tle re hlalefe isao.’ (Liproverbia 19:20) Ha e le hantle, re tlameha ho etsisa moapostola Pauluse, re ‘laee ’mele ea rōna ’me re e tšoare joaloka bahlanka,’ re se tšohe ra lahleheloa qetellong. (1 Ba-Korinthe 9:27) Molao-motheo oa hore haeba re jala haholo re tla kotula haholo o sebetsa litšobotsing tsohle tse fapa-fapaneng tsa tšebeletso e halalelang eo Bakreste bohle ba Lipaki tsa Jehova ba kopanelang ho eona. E, leha re ka qamaka kae kapa kae, re fumana hore molao-motheo ona o’a sebetsa: boithutong ba rōna ba botho, ho beng teng hoa rōna libokeng, lithapelong tsa rōna, le bopaking ba rōna bo reretsoeng le bo sa rereloang le likamanong tsa rōna tsa lelapa.

Ho Jala Haholo Boithutong ba Bibele

7, 8. (a) Ho jala haholo boithutong ba rōna ba botho ba Bibele, re tlameha ho ba le eng? (b) Re lokela ho bea lipakane life, ’me re ka li finyella joang?

7 Hore re be basebeletsi ba beang ba Jehova Molimo, re tlameha ho qala ka ho jala haholo boithutong ba rōna ba botho ba Bibele. Re tšoanela ho batla ho ba le takatso e matla ea lijo tsa moea, re ananela hore ha re phele ka lintho tse bonahalang feela. Re tlakiloe ke mathata a bophelo ba letsatsi ka leng, ho hlokahala boiteko bo seli ho falimehela litlhoko tsa rōna tsa moea. (Mattheu 13:19) Kannete e ka ba ho hotle haeba rōna ka borōna re ka ananela Lentsoe la Molimo joaloka mopesaleme ha a ne a ngola: “Ke ithabisa ka lentsoe la hao, joale ka motho ea ithabisang ka khapo e kholo.”—Pesaleme ea 119:162.

8 Thuso e tiileng ho sena ke hore re ele hloko keletso ea hore ‘re tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale, re lopolle linako.’ (Ba-Efese 5:15, 16) Mohlomong u ka ba ua rata hore u itlhahlobe ntlheng ena. Ipotse: Na ke hlophisa litaba tsa ka hore ke fumane nako ea ho bala makasine o mong le o mong oa Molula-Qhooa le oa Tsoha! ha o fihla? Ho thoe’ng ka Yearbook, hammoho le libuka tse khōlō le lingoliloeng tse ling tseo re li fumanang likopanong? Mohlomong hase kamehla re ka fumanang hora kapa tse peli bakeng sa ho li bala, empa ka ho falimeha re ka ba le metsotsoana e seng mekae mona le mane ho bala khaolo ea Bibele kapa sehlooho sa makasine. Bakreste ba bangata ba lokisetsa ho fumana metsotso e 10 kapa e 15 hoseng ho hong le ho hong hore ba bale ha likelello tsa bona li sa hlaphohile hantle. Ba bang ba fumana hore ba ka bala haholo ha ba tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba. Uena?

9. Re ka kotula haholo joang boithutong ba rōna ba botho ba Bibele?

9 Ka ho jala haholo ka litsela tsena, re ka ba le tšepo ea hore hape re tla kotula haholo. Joang? Ka hore re tla ba le tumelo e matlanyana, tšepo e khanyang haholoanyane le likelello tsa rōna e ka ba tse thabileng le tse tsitsitseng haholoanyane. Ho feta moo, re tla hlomelloa hamolemonyana hore re pakele ba bang. Re tla khona ho tlatsetsa moqoqong o hahang le ho thusa baena ba rōna ha menyetla e itlhahisa. Hlokomela ho 1 Timothea 4:15, 16 hore na phello e ka ’na ea e-ba efe.

Ho Jala Haholo ka ho ba Teng Libokeng

10. Boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka liboka tsa rōna?

10 U ka ’na ua botsa: Na molao-motheo oo oa ho kotula haholo haeba re jala haholo o boetse o sebetsa le ho beng teng hoa rōna libokeng tsa phutheho? Hantle haholo! Re lokela ho ikutloa joalo ka mopesaleme Davida ha a ne a re: “Ka thaba ha ba itse ho ’na: A re eeng ka tlung ea Jehova!” E, re lokela ho ikutloa re huleha ho ea kopana le baena ba rōna.—Pesaleme ea 122:1.

11, 12. Re ka jala ra ba ra kotula haholo joang ho beng teng libokeng tsa rōna?

11 Hoo ho re hloka eng? Ho bolela ho ba teng kamehla le ka botšepehi libokeng tsa rōna tse hlano tsa beke le beke, re sa lumelle boemo ba leholimo bo bosulanyana kapa ho se ikutloe hamonate ho honyenyane ’meleng e be lebaka la ho lula lapeng. Ke hangata hakae re fumanang hore boemo ba leholimo—mocheso kapa serame, mongobo kapa komello—bo kena-kenana le ho ba teng libokeng? Empa, ha re hlōla litšitiso tse kholoanyane hore re be teng, tlhohonolofatso ea Jehova le eona ho bonahala e e-ba kholoanyane ho rōna. Hape re ka jala haholo ka ho tla pejana e le hore re ka ba le moqoqo o hahang pele ho liboka le ho lula-lula kamorao ho tsona ka morero oona oo. U eme joang tabeng ee? Na u lokela ho leka ho jala haholoanyane? Ho lokisetsa hantle bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa le liboka tse ling le hona ho’a ameha. Lebaka la sena ke ho re u jale haholoanyane ka ho hlalosa ha monyetla o itlhahisa.

12 Ke ka litsela life re ka bang le tšepo ea ho kotula haholo ho see? Re ke ke ra bua mantsoe a khothatsang re sa khothale ka borōna; re ke ke ra hlasimolla moea o tepeletseng lipelo tsa rōna li sa hlasimoloha. E, re ke ke ra itlhalosa sebokeng e be ha re matlafatse tumelo ea rōna ka linnete tseo re li bolelang. Ho bonolo: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.”—Liproverbia 11:25.

Ho Jala Haholo Lithapelong tsa Rōna

13, 14. Ke joang re ka (a) jalang haholo, (b) ra kotula haholo, lithapelong tsa rōna?

13 Molao-motheo oa Mangolo oa ho jala haholo o boetse o sebetsa le lithapelong tsa rōna tsa botho. Na lithapelo tsa rōna li latela mokhoa o le mong, ke tse sa nahaneloeng, tse phetang ntho e le ’ngoe, kapa na li hlile li tloha pelong? Na ha li akarelletse feela likōpo empa li boetse li akarelletsa lithoriso le liteboho tse tlohang botebong ba pelo, ’me, ka linako tse ling li akarelletse liqelo? Na re hlile re nka ka botebo tokelo ea bohlokoa ea thapelo? Na re tšollela lipelo tsa rōna ho Ntate oa rōna oa leholimo? Kapa na re rapela feela ka potlako, ka linako tse ling re bile re phathahane haholo hore re ka rapela? Mangolo a Bakreste a Segerike a bontša hore thapelo e ne e le ea bohlokoa bophelong ba Jesu Kreste le ba moapostola Pauluse.—Luka 6:12, 13; Johanne 17:1-26; Mattheu 26:36-44; Ba-Filippi 1:9-11; Ba-Kolosse 1:9-12.

14 Hore na re jala haholo hakae lithapelong tsa rōna, ke hona ho tla laola hore na re na le tšepo e kae ea ho kotula haholo ka hore Jehova a li arabele le ka hore re be le kamano e ntle le eena. Lithapelo tsa lelapa li sebeletsa ho momahanya litho tsa lelapa ho ea etsang thapelo. Hape re hopole mantsoe a Jesu ho Mattheu 7:7: “Kōpang, ’me le tla neoa; batlang, ’me le tla fumana; kokotang, ’me le tla buleloa.”

Ho Jala Haholo Tšebeletsong sa Rōna

15. Ke hokae ka ho khethehileng moo re ka thabelang ho jala haholo le ho kotula haholo?

15 Mohlomong ha ho kae kapa kae moo sehlooho sa rōna se hlakang ho feta tabeng ea bopaki ba rōna. Ka ho hlakileng, ha re sebelisa nako e ngatanyana ho bona, ho bonolo joalo hore re kotule liphihlelo tse thahasellisang, maeto a ho boela a beang le lithuto tsa mahae tsa Bibele tse beang, tse fellang ka mangolo a buellang.—2 Ba-Korinthe 3:2.

16, 17. (a) Ho re hloka eng hore re jale haholo tabeng ea tšebeletso ea tšimo? (b) Ka ho etsa joalo, re ka lebella litholoana life?

16 Leha ho le joalo, ho jala haholo tšebeletsong ea tšimo hase feela taba ea hore na u jala hakae empa le hore na u jala eng. Re batla ho ba le ‘cheseho moeeng’ ha re kopanela tšebeletsong. (Ba-Roma 12:11) Re lokela ho atamela batho ka puo e lokolohileng, ka pososelo e mofuthu, e botsoalle. Hoo ho sebetsa le haeba re e-ea ka ntlo le ntlo kapa re kopanela bopaking ba seterateng. Haeba e le teng ka puo ea rōna, thuso ea rōna e ncha ea ho paka Reasoning From the Scriptures e lokela ho re thusa bohle hore re be ba etsang hamolemonyana ’me kahoo ba beang haholoanyane, le ba kotulang haholoanyane nakong le matleng tseo re li sebelisang tšebeletsong.

17 Hona na ho jala haholo tabeng ea tšebeletso ea rōna ea tšimo ha ho bolele hape hore re lokela ho falimehela hore na ke hokae moo re fumaneng thahasello? Ho amanang le hoo ke hore re amohele tlamo ea ho khutlela le ho hlaolela thahasello eo ho fihlela moo ho ka qalisoang thuto ea lehae ea Bibele, haeba ho ka khoneha. Ho feta moo, re tlameha ho ba hlokolosi ho haha ka thepa e sa cheng. Hoo ho bolela hore re lokela ho ruta ka kholiseho, empa e le ka qenehelo le ka masene, ka bohlale re ntša litaba ho liithuti tsa Bibele hore na li ikutloa joang ka melao-metheo ea Bibele. Ke feela ka ho jala haholo lintlheng tsena, moo re ka bang le tšepo ea ho hlahisa botho ba Bokreste bo tla tseba ho mamella litlhaselo tsa Satane le tsamaiso ea hae ea lintho.—1 Ba-Korinthe 3:12-15.

Ho Jala Haholo Likamanong tsa Lelapa

18. Ke keletso efe eo re lokelang ho e hopola mabapi le likamano tsa rōna tsa lelapa?

18 Molao-motheo oa puso ea Molimo oa hore re kotula kamoo re jalang o sebetsa le tikolohong ea lelapa. Mona re ka hopola mantsoe a Jesu ho Luka 6:38: “Fanang, ’me le tla fuoa; le tla feloa sefubeng ka tekanyo e kholo, e hlohliloeng, e katiloeng, e tšolohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka eona, le tla lekanngoa ka eona le lōna.”

19. Banna le basali ba ka jala haholo joang hona ka melemo efe?

19 Ho na le menyetla e mengata haholo ea hore banna le basali ba jale haholo ka liketso tse bontšang lerato tsa ho nahanelana le ho hloka boikhabi! Moapostola Pauluse o fana ka keletso e ntle ho Ba-Efese 5:22-33. Ka kōpo bala litemana tsena ha u ntse u nahana kamoo u ka jalang haholoanyane. Ho ka etsahala hore mosali oa Mokreste a kotule haholo ka hore na ke moikokobetsi, ke ea sebelisanang le ea tšehetsang hakae. Ka litsela life? Ka botšepehi le lerato le ananelang tsa monna oa hae, a susumeletseha ho mo rata joaloka ’mele oa hae. Ka ho tšoanang, monna oa Mokreste a ka tšepa ho kotula boikokobetso le tšehetso e tšepahalang ea mosali oa hae, ka ho re na o ikitlaetsa hakae ho bontša ho nahanela ho khothalletsoang ho 1 Petrose 3:7 le lerato le se nang boikhabi le phahamisoang ho Ba-Efese 5:28, 29.

20. Ho jala haholo ho ka sebelisoa joang ho hōliseng bana, hona ka liphello life?

20 Leha e le hore re ka hlokomoloha boikarabelo ba rōna ba ho hōlisa bana ba rōna ka ho ba khalemela le ka ho etsa hore likelello tsa bona li laoloe ke Jehova. (Ba-Efese 6:4, NW) Ha e le hantle, hona ho tla pele ho litšoanelo le litokelo tse ling tsa Bokreste. Ka masoabi, ona ke molao-motheo o hlokomolohiloeng ke batsoali ba bang ba Bakreste. Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba tlameha ho utloisisa ho tela menyaka le menono ka lebaka la boiketlo ba kelello le ba moea ba bana ba bona, ba sebelisa nako e lekaneng ba e-na le bona, ’me ba ba tšollela lerato. Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba tlameha ho bontša ho tiea. Baa eletsoa: “Laea mora oa hao, o tla u fa phomolo, a nyakalatse moea oa hao.” Jala ka litsela tsena, ’me ho ba le menyetla e mengata ea hore u tla kotula ka hore u be le bana ba tšepahalang, ba u hlomphang le ba tla ikutloa ba atamelane le uena.—Liproverbia 29:17.

E ba Mokotuli oa Melemo!

21, 22. Ke ka litsela life tse sa tšoaneng re ka jalang le ho kotula haholo tšebeletsong ea rōna e halalelang le likamanong tsa rōna tsa lelapa?

21 Ka baka leo, rea bona hore molao-motheo oa hore re kotula kamoo re jalang o sebetsa litšobotsing tsohle tsa Bokreste. Haeba re jala haholo boithutong ba rōna ba botho ba Bibele, re tla kotula tumelo e matla, tšepo e khanyang le boitlhomello tšebeletsong ea rōna. Haeba re jala haholo libokeng tsa rōna, re tla etsa hore tumelo ea rōna e matlafatsoe ’me re tla matlafatsa tumelo ea ba bang. Haeba re jala haholo libokeng tsa rōna, re tla kotula kamano e ntle le Ntate oa rōna oa leholimo ’me lithapelo tsa rōna li tla arabeloa. ’Me ha re jala haholo bopaking ba rōna, re tla rua molemo oa botho, ’me re ka ba le tšepo ea ho fumana mangolo a buellang ao re ka a bontšang bakeng sa boiteko ba rōna.

22 Ka ho tšoanang, le kamohla re se lebale hore molao-motheo ona o sebetsa likamanong tsa rōna tsa lelapa. Ka ho jala haholo ho nahaneleng ka lerato le liketsong tsa ho se be baikhabi, rōna joaloka banna, basali, batsoali, kapa bana re ka ba le tšepo ea ho kotula bophelo ba lelapa bo beang haholo, kamano le liphihlelo tse putsang. Hape e tla ba bopaki bo botle ho ba kantle bo buellang tsela eo re phelang ka eona.

23. Re etsa hantle ka ho ela hloko keletso efe?

23 Ka hona paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Mokreste ea Jehova ha e ke e ipotse: Na nka jala haholoanyane? Mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Thessalonika 4:1 ke a loketseng hantle: “Ha e le ka ho hong, banab’eso, rea le rapela, hape re le khothatsa ka Morena Jesu, hore, joale ka ha le ithutile ho rōna kamoo le tšoanetseng ho tsamaea le ho khahlisa Molimo, le ’ne le hōle teng kamehla.” E, ka sebele, a re lekeng bohle ho jala haholoanyane e le hore re tle re kotule haholoanyane, tlotlisong ea Jehova le tlhohonolofatsong ea rōna le baena ba rōna.

Lintlha tsa Tlhahlobo

◻ Jehova Molimo o beile mohlala oa ’nete e fumanoang ho 2 Ba-Korinthe 9:6 joang?

◻ U ka etsa joang ho kotula haholoanyane mabapi le boithuto ba Bibele le liboka tsa Bokreste?

◻ U ka jala ua ba ua kotula haholoanyane joang mabapi le tšebeletso ea tšimo?

◻ Ke mehato efe e molemo e ka thusang lelapa la hao hore le jale haholoanyane le ho kotula haholoanyane?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela