Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/94 leq. 1
  • Na U Jala Haholo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Jala Haholo?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Jala Haholo, Kotula Haholo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Jala Haholo ho Tlisa Mahlohonolo a Enneng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Jala ho Loka, Kotula Mosa o Lerato oa Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Jala Haholo e le Hore U Kotule Haholo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 6/94 leq. 1

Na U Jala Haholo?

1 Ho na le polelo e reng: “Ha u ikitlaetsa haholoanyane, u tla fumana ho eketsehileng.” Sena se bonahala ka ho khetheha borapeling ba rōna. Ha re qeta nako e eketsehileng le ho etsa boiteko bo eketsehileng haholoanyane ha re lokisetsa liboka, re bolela molaetsa oa ’Muso, le ho bontša lerato ho baena ba rōna, re tla ba le khōlo e eketsehileng ea moea. Liphello e tla ba tse tšoanang haeba re etsa ka ho fapaneng. Haeba re iqenehela kapa re sa etse ka pelo eohle, na ruri re ka lebella liphello tse khotsofatsang?

2 Moapostola Pauluse o ile a bolela molao-motheo ona hantle ho 2 Ba-Korinthe 9:6: “Ea jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; ’me ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” Na u jala haholo?

3 Thuto ea Botho ea Bibele: E le hore re be basebeletsi ba behang litholoana, re tlameha ho qala ka ho jala haholo thutong ea rōna ea botho. Re lokela ho ba le takatso e matla ea lijo tsa moea. (Pes. 119:97, 105; Matt. 5:3) Ka lebaka la ho ameha ka litlhoko tse re hatellang tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, ho hlokahala boiteko bo matla e le hore re ka falimehela tlhoko ea rōna ea moea ka tieo. Ho ba bangata ba rōna, ho hlokahala “ho reka nako e loketseng.” (Ba-Ef. 5:16, NW) Ba bang ba na le tokisetso ea ho tsoha hoseng ka matsatsi a mang hore ba etse thuto ea botho. Ba bang ba beheletse mantsiboea a mang ka thōko bakeng sa morero ona. Re kotula haholo ka tsela efe? Re ba le tumelo e matla haholoanyane, tšepo e khanyang haholoanyane, le sebōpeho sa kelello se thabileng le se lokileng haholoanyane.—Ba-Roma 10:17; 15:4; 1 Pet. 1:13.

4 Liboka tsa Phutheho: Ho Pesaleme ea 122:1, Davida o itse: “Ka thaba ha ba itse ho ’na: A re eeng ka tlung ea Jehova!” Na u ikutloa ka tsela e tšoanang? Ho jala haholo ho bolela ho ba teng kamehla libokeng tsa rōna tse hlano tsa beke le beke. Etsa qeto ea hore u ke ke ua lumella boemo bo seng botle ba leholimo hore bo u sitise. Hangata, ha re hlōla litšitiso tse eketsehileng, re tla amohela litlhohonolofatso tse khōloanyane.

5 Fihla pele ho nako ’me u eme ho se ho kae ha liboka li fela bakeng sa ho kopanela puisanong e hahang le baena ba hao. Atolosa botsoalle ba hao ’me u kopanyelletse le ba sa tšoaneng ba bangata kamoo u ka khonang kateng. Lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa le liboka tse ling hantle e le hore u ka jala haholo ka ho fana ka tlhaloso ha u na le monyetla. Ka ho ‘nosetsa’ ba bang libokeng, le uena u tla ‘nosetsoa.’—Liprov. 11:25.

6 Tšebeletso ea Tšimo: Mohlomong ha ho moo molao-motheo ona oa ho jala haholo o sebetsang ho feta tšebeletsong ea tšimo. Ha re qeta nako e ngata ho eona, ho ka etsahala hore re kotule liphihlelo tse thahasellisang haholoanyane, maeto a ho boela a behang litholoana, le lithuto tsa Bibele tse atlehang.

7 Ho jala haholo tšebeletsong ea tšimo ho akarelletsa boleng haesita le bongata. Thuso e babatsehang bakeng sa ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea rōna ke buka Ho Bea Mabaka. Maqephe 9 ho ea ho 15 a thathamisa likenyeletso tse 40 tse akaretsang lihlooho tse 18 tse thusang ho tsosa thahasello ha re le matlong. Haeba u fumana thahasello, tiisa hore u e ela hloko e le hore u ka khutlela ’me ua kotula litholoana tsa ho jala ha hao. Re tšepa hore boiteko ba hao bo tla lebisa thutong ea Bibele, moo u tla ruta e mong mokhoa oa ho jala haholo.

8 Haeba re jala haholo, re ka lebella litlhohonolofatso tse khōloanyane ho Jehova.—Mal. 3:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela