Moroallo Temoso e Tsoang Nakong e Fetileng
HISTORING e telele ea batho ho bile le likoluoa tse ngata tsa tlhaho tse lekanang kapa tse fetang ho phatloha hoa Thaba ea St. Helens. Empa ha ho le e ’ngoe e kileng ea lekana le Moroallo o moholo oa mehleng ea Noe. Moroallo oo o bile moholo, oa senya hoo o siileng letšoao le sa hlakoheng ho batho lefatšeng lohle.
Ho na le lipale tsa boholo-holo tse arohaneng tse 150 tsa Moroallo tse tsoang likarolong tse ngata tse fapaneng tsa lefatše, tse akhang Babilona, Roma, India, Australia le Liamerika. Le hoja lipale tsena tsa boholo-holo li sa phete taba e tšoanang hantle, li lumellana ka kakaretso tseleng ea Moroallo, timetso ea lefatše ea batho, le ho pholoha hoa lelapa ka arekeng kapa sekepaneng. Ke koluoa e akaretsang lefatše feela e neng e ka siea khatiso e batsi hakaalo le ea kamehla joalo.
Seithuti se seng sa Bibele se ngotse: “Tumellano e pakeng tsa litlaleho tsena tsohle ke tiiso e ke keng ea latoloa hore neano ena hase tšōmo feela tjee; taba e iqapeloang e fella sebakeng se le seng, ha e akaretse, ka baka leo, neano eo, e na le motheo oa histori; ke phello ea ketsahalo e hlileng ea etsahala boseeeng ba moloko oa motho.” Empa ke hobane’ng ha koluoa eo ea khale-khale e le temoso ho moloko o phelang hona joale?
Hoa bohlokoa haholo ho rōna ke hore re hlokomele maemo a bakileng Moroallo. Ho tšoana hoa oona le maemo a lefatše kajeno ho etsa hore Moroallo e be oa bohlokoa ho rōna. Tlaleho ea histori e ka bukeng ea Bibele ea Genese e hlalosa maemo ao tjena: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle. Molimo oa talima lefatše, ’me oa bona hoba le bolile, le hoba nama eohle e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.”—Genese 6:5, 12.
Lefatše la batho le ne le hlokofalitsoe ke boitšoaro bo oeleng hohle, ka tšekamelo ea mehopolo eohle ea bona e le mpe ka linako tsohle. Kahoo, “lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” (Genese 6:11) Bophelo bo ne bo neetsoe ka ho feletseng linthong tse bonahalang le litakatsong tsa ho kopanela liphate. Jesu Kreste o hlokomelisitse ka sena ha a re: “Joale ka mehleng e bileng teng pele ho moroallo oa metsi, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.” (Mattheu 24:38, 39) Ba ne ba thahasella feela ho khotsofatsa litakatso tsa nama.
E ne e le lilemo Noe a fane ka temoso pele ho nako, empa moloko oo oa hana ho e kholoa. Ho ne ho se mohla ba kileng ba bona moroallo o joalo. Kaha lintho li ne li itsoella joaloka pele, temoso ea oela litsebeng tse thibaneng. “Ha ba ka ba lemoha.” E ne e se letho ho bona hore temoso e ne e tsoa ho ’Mōpi oa bona ka Noe.
Empa Molimo oa re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile pel’a ka, hobane lefatše le tletse ho bolaeana ha bona, ’me joale ke tla ba timeletsa le lefatše.” (Genese 6:13) Ha Moroallo o fihla, Noe le lelapa la hae ba bolokoa hobane ba ile ba ela temoso hloko, ’me ba latela litaelo tsa Molimo. Empa ke hobane’ng ha hoo hohle ho lokela ho re khahla haholo?
Maemo a Tšoanang
Joaloka mehleng ea pele ho Moroallo, haholo-holo ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, pefo e fetohile tsela eo ho pheloang ka eona. Pefo ea lipolotiki har’a linaha e felletse ka lintoa tse bolaeang le tse sisimosang haholo tsa histori ea batho. Pefo e atetse metseng e meholo, literateng le malapeng; haesita le hona ho nyarosa mehahlaula. Ho feta moo, thelefishene, libaesekopo le libuka li busoa ke lihlooho tsa pefo.
Tšoano e ’ngoe e tseleng eo ho pheloang ka eona kajeno. Ho khotsofatsa litakatso tsa ho kopanela liphate le tsa lintho tse bonahalang ke tsona feela lintho tse thahaselloang ke moloko oa hona joale. Lefatšeng ka bophara, re bona boitšoaro bo oeleng bo tsoetseng mafu a seoa a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate. Bofebe, bohlola le ho jana maotoana [bosodoma] li tloaelehile. Joaloka moloko oa pele ho Moroallo, moloko oa hona joale o rata menyaka ea nama le matlotlo a bonahalang ho feta kamoo o ratang Molimo.
Kaha Molimo o ile oa e-ba ‘pelo-ntšo’ ke boitšoaro bo bobe ka ho feteletseng ba batho ba pele ho Moroallo, na hase ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore o ne o tla ikutloa ka ho tšoanang kajeno ke boitšoaro bo bobe bo tloaelehileng lefatšeng ka bophara? Na seo o se entseng ka lefatše leo la mehleng ea Noe e ke ke ea e-ba temoso ho moloko oa kajeno? Na hase ho utloahalang ho nahana hore o tla fihlela qeto e tšoanang le eo re e fumanang ho Genese 6:5-7? Eitse ha Molimo o bona bobe ba batho, “pelo ea hae ea e-ba ntšo. Jehova a re: Ke tla timetsa lefatšeng batho bao ke ba bōpileng.” Ka bangoli ba bululetsoeng ba Bibele, Molimo o boletse hore o tla lihela moloko o ikhahlisang o phelang kajeno kahlolo e tšoanang. O haufi le tlokotsi e khōlōhali historing ea batho.
Mehla ea Bofelo
A shebile nakong ea rōna, mongoli ea bululetsoeng oa Bibele oa lengolo la bobeli le eang ho Timothea o hlalositse boemo bo bolileng ba litaba boo re bo bonang hona joale lefatšeng ka bophara. Khaolong ea 3 temaneng ea 1 ho ea ho ea 4, o re: “Tseba hona: mehleng ea bofelo ho tla ba le linako tsa bothata. Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, baithorisi, baikhantši, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngoa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitšoaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng, mahlabaphieo, ba sōrō, baikhōhōmōsi. Ba tla rata menate ea lefatše, ho e-na le Molimo.”—TLP.
Jesu Kreste le eena o ile a profeta ka mehla ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho. Boprofeteng ba hae o buile ka pefo e feteletseng eo re e boneng ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše, a re: “Hobane sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Mattheu 24:7) O boetse a bua ka ngatafalo ea bokhopo e jeleng setsi kajeno le ka tšabo eo batho ba nang le eona ka bokamoso. Jesu o itse: “Lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:12) O boetse a bolela hore batho ba ne ba “tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.”—Luka 21:26.
Poleloana ‘mehla ea bofelo’ e bolela ho tšoanang bakeng sa moloko oa kajeno joalokaha e entse bakeng sa moloko oa pele ho Moroallo—bofelo ba karolo e laolang ea tsamaiso eo ea lintho ea batho. Ho 2 Ba-Thesalonika 1:8, 9, mongoli ea bululetsoeng oa Bibele Pauluse o re, ka Jesu Kreste, Molimo o tla “iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng, ba tlosoe pel’a Morena, le pel’a khanya ea matla a hae.”
Baphonyohi ba Moroallo ba fumane hore moloko oa pele ho Moroallo o ne o hohotsoe lefatšeng. Batho le sohle seo ba neng ba se phelela ba ne ba ile. Ho tla ba joalo ha phetetso ea bomolimo e felisa moloko oa hona joale o mabifi. “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo, u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo.”—Pesaleme ea 37:10.
Monyetla oa ho Pholoha o Teng
Ho tšoana pakeng tsa moloko oa pele ho Moroallo le moloko oa rōna ha ho’a lekanyetsoa feela bobeng ba batho le ho timetsoa hoa bona. Joalokaha ho bile le baphonyohi ba Moroallo, ho tla ba le baphonyohi ba bofelo ba tsamaiso ea joale ea lintho. Baphonyohi ba Moroallo e ne e le batho ba bonolo ba sa kang ba phela joaloka batho ka kakaretso. E ne e le barati ba ho loka ba neng ba utloa Molimo ’me ba ela hloko litemoso tsa oona. Ho Genese 6:8, 9, rea bolelloa: “Noe a fumana mohau pel’a Jehova. . . . Noe e ne e le motho ea lokileng, ea khabane mehleng ea hae; ’me Noe o ne a tsamaea le Molimo.” Tabeng ea hae le ba pholohileng le eena, moapostola Petrose o ngotse hore Molimo “ha o . . . ka oa hauhela lefatše la khale, oa mpa oa boloka Noe, ’moleli oa ho loka, e le eena oa boroba meno e le ’meli, mohla o tlisang moroallo holim’a lefatše la banyefoli.”—2 Petrose 2:5.
Baprofeta ba Molimo ba re tiisetsa hore ho tla ba le letšoele le leholo la baphonyohi timetsong e tlang ea bomolimo ea tsamaiso ea joale ea lintho. Le bona, e tla ba batho ba bonolo, ba ratang ho loka le ba utloang litaelo tsa Molimo joaloka Noe. Hoba mopesaleme a profete ka timetso ea ba khopo, o re: “Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11; Tšenolo 7:9, 13, 14.
Jesu o profetile hore mehleng ea qetello litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ne li tla boleloa lefatšeng ka bophara. Ona ke mokhoa oo ka oona batho ba lefatše ba sekametseng ho lokeng ba bokelleloang ho pholoha. Jesu o bontšitse sena setšoantšong sa hae se buang ka ho aroloa hoa linku ho lipōli. ’Me o phethile setšoantšo ka ho bolela hore ba kang lipōli ba sa lokang ba “tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng [ba kang linku] ba tla ea bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 25:31-46.
Le hoja e le khale Moroallo o ne o etsahale, ho hlakile hore ke temoso ho rōna hore re se be ba sa eleng hloko. Joalokaha Bibele e re, tlaleho ea oona e ngoletsoe “ho re ruta.” (Ba-Roma 15:4) Ke temoso khahlanong le mokhoa oa lefatše oa ho phela ka pefo, nama le lintho tse bonahalang ho sa natsoe ’Mōpi oa rōna. Ha a fetohe. Molimo o ile oa felisa moloko oa pele ho Moroallo ka lebaka la bobe ba oona. Ka lebaka lona leo, o tla felisa moloko ona oa kajeno le tsamaiso eohle ea oona ea puso ea lipolotiki, khoebo ea lintho tse bonahalang le bolumeli ba bohata.
Ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, re tlameha ho ela hloko temoso e tsoang nakong e fetileng. Re tlameha ho ipaka re le barati ba ho loka, joaloka baphonyohi ba robeli ba Moroallo. ’Me bakeng sa ho pholoha re tlameha ho latela keletso e ho Sofonia 2:3: “Batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Joalokaha Noe le lelapa la hae ba pholohile Moroallo, le uena u ka ba har’a baphonyohi ba thabileng ba bofelo ba tsamaiso ena