Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
Jesu o Leleka Mahlomola a Mohlolohali
NAKOANA kamor’a hore a phekole mohlanka oa molaoli oa sesole, Jesu o ea Naine, motse o lik’hilomithara tse 32 ka boroa bo ka bophirima ho Kapernauma. Barutuoa ba hae le bongata bo boholo ba batho ba tsamaea le eena. Mohlomong ke ho elella ka shoalane ha ba fihla mathokong a Naine, moo ba teanang le mokoloko oa batho ba eang mabitleng. Ho jeroe setopo sa mohlankana ho ea se epela ka ntle ho motse.
Boemo ba ’mè ke bo otlang pelo ka ho khethehileng, kaha ke mohlolohali ’me enoa ke ngoana ea ’notši oa hae. Ha monna oa hae a e-shoa, o ne a ka tšelisoa ke ’nete ea hore o na le mora oa hae. Tšepo ea hae, litakatso tsa hae le tabatabelo ea hae li ile tsa lohelloa bokamosong ba mora oa hae. Empa joale ha ho eo a ka hlolang a fumana matšeliso ho eena. Mahlomola a hae a maholo ha batho ba motse ba mo felehetsa ho ea mabitleng.
Ha Jesu a bona mosali enoa, pelo ea hae e angoa ke masoabi a hae a maholo. Ka hona ka bonolo, empa e le ka tieo e kholisang, o re ho eena: “Se lle.” Mokhoa oa Jesu le tsela eo a ileng a etsa ka eona tsa hapa tlhokomelo ea bongata. Ka hona ha a atamela ’me a ama mojaro oa mofu, ba jereng mofu ba ema tlekelele. Bohle ba tlameha ba be ba ipotsa hore na o tla etsa eng.
Ke ’nete hore ba tsamaeang le Jesu ba ’nile ba mo bona a phekola ka mohlolo mafu a batho ba bangata. Empa ho hlakile hore ha ba e-s’o mo bone a tsosa mang kapa mang bafung. Na a ka etsa ntho e joalo? Ha a bua le setopo, Jesu oa laela: “Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha!” Eaba monna eo oa lula, o qala ho bua; ’me Jesu a mo nea ’m’ae.
Ha batho ba bona hore kannete mohlankana oa phela, ba qala ho re: “Moprofeta e moholo o hlahile har’a rōna.” Ba bang ba re: “Molimo o etetse sechaba sa oona.” Litaba tsa ketso ena e hlollang tsa jaleha kapele Judea le mathōkong ’ohle a eona.
Johanne Mokolobetsi o ntse a le chankaneng. Empa barutuoa ba hae ba mo tlalehela lintho tsena tsohle tseo ba bonang Jesu a li etsa. Johanne o arabela ka ho re’ng? Hona ba bang ba bangata hakana ba libakeng tseo Jesu a etsang mehlolo ea hae ho tsona ba arabela joang? Tokollo ea rōna e tlang e tla arabela. Luka 7:11-18.
◆ Ho etsahala’ng ha Jesu a atamela Naine?
◆ Jesu o ameha joang ke seo a se bonang, ’me o etsa’ng?
◆ Batho ba arabela joang mohlolong oa Jesu?