Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 5/15 maq. 21-23
  • Thuso ea Ho Etsa Liqeto tse Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso ea Ho Etsa Liqeto tse Bohlale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ithute Ho Tse Fetileng
  • Ha U Tobane le Qeto
  • Ho Rua Molemo Keletsong e Bohlale
  • Tseba Maqiti a Satane
  • Buka ea Bibele ea 46—1 Ba-Korinthe
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Buka ea Bibele ea 47—2 Ba-Korinthe
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Na Bonngoe ba Bakreste bo Hloka Hore ba Tšoane?
    Tsoha!—2003
  • “Elang Hloko Banna ba Mofuta Oo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 5/15 maq. 21-23

Thuso ea Ho Etsa Liqeto tse Bohlale

ALICE o ile a etsa qeto ea booatla e ileng ea fella ka tsietsi. Oa lumela, “Ke ile ka ikarola ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.” Le hoja a ile a qetella a khutlile, ho ile ha mo nka lilemo tse fetang 13 ho etsa joalo—o li bitsa “lilemo tsa masoabi.”

Mokreste ha a lokela ho tella kotsi ea ho etsa liqeto tsa booatla mabapi le tšebeletso ea hae ho Molimo. Hase hore liqeto tse fosahetseng li etsoa ka boomo kamor’a ho nahana ka linnete tsa bohlokoa. Ka linako tse ling li etsoa feela metheong ea boitšoaro ba tlhaho. Hang ha maikutlo a atleha ho koahela taba le pelo e sa phethahalang e imela kelello, ho ka ’na ha fella ka mekhoa eohle ea kotsi le masoabi.

Ruri, “pelo e mano ho fetisa tsohle.” (Jeremia 17:9) Leha ho le joalo, Bibele e re bolella mokhoa oa hore re itšireletse. E re, ha ‘bohlale bo kena pelong ea hao, masene a tla u lebela.’ (Liproverbia 2:10, 11) Empa re ka etsa joang hore bohlale bo kene ka lipelong tsa rōna?

Ithute Ho Tse Fetileng

Leka sena. Ipee boemong ba bahlanka ba pejana ba Molimo ba neng ba talimane le maemo a lekang a tšoanang le a hao. Ka mohlala, nka hore boemo bo ka phuthehong ea moo ea Bokreste boa u tšoenya. Leka ho nahana ka boemo bo tšoanang bo boletsoeng ka Bibeleng.

Ho thoe’ng ka phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo Korinthe? Nahana hore u setho sa phutheho ea Korinthe. U bile Mokreste ka lilemo tse peli kapa tse tharo. E bile thabo e kakaang ho tseba ’nete nakong ea ho lula ha Pauluse moo ka likhoeli tse 181 Empa joale, lintho li shebahala li le mpe.

Tšekamelo ea ho bōpa lihlotšoana le mekha e baka karohano ka phuthehong, e tšosa bonngoe ba eona. (1 Ba-Korinthe 1:10, 11) Ho mamella boitšoaro bo bobe ho bea moea oa eona kotsing. (1 Ba-Korinthe 5:1-5) Ho pepesa liphapang pakeng tsa litho tsa phutheho ka pele ho makhotla a lefatše ho senya botumo ba eona bo botle.—1 Ba-Korinthe 6:1-8.

U ntse u inka u le Korinthe ea boholo-holo, u amehile ka hore litho tse ling tsa phutheho kamehla li ngangisana ka litaba tseo ha e le hantle e seng tsa bohlokoa haholo. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 8:1-13.) U soabisitsoe ke ho bona likhang, mōna, bohale, le moferefere. (2 Ba-Korinthe 12:20) Ruri, u tšoentsoe ke ba fokolang ba halefileng ba thatafatsang bophelo ba Bokreste ntle ho mabaka. (1 Ba-Korinthe 4:6-8) U utloisoa bohloko ke ho utloa hore ba bang ba bile ba belaella boemo le boholo ba moapostola Pauluse, ba etsa liqoso tse sa nepahalang, ba mo nyelisa ka lebaka la botlaila ba hae puong. (2 Ba-Korinthe 10:10; 12:16) U tšoenyehile ka hore bao ba phahamisang maikutlo a botho phatlalatsa ba se ke ba senya tumelo ea phutheho thutong ea motheo.—1 Ba-Korinthe 15:12.

Ha U Tobane le Qeto

Ua feheloa, ‘Hona ha hoa lokela ho etsahala. Ke hobane’ng ha baholo ba sa lokise litaba? Ho na le ntho e fosahetseng haholo.’

Na u tla tloha phuthehong ea Korinthe, u qeta ka hore ho tla ba molemo ha u sebeletsa Molimo kae-kae? Kapa mohlomong le ho etsa qeto ea hore ho molemohali hore u khaotse ho hang ho kopanela le Bakreste ba bang? Na u tla lumella mathata aa ho fokotsa thabo ea hao le tšepo ea hao ea hore Jehova Molimo le Jesu Kreste baa ikarabella linthong? Na u tla haha moea oa ho nyatsa le oa ho belaela, o etsang hore u belaelle lipheo tsa Bakreste ba bang? Na u tla nyehlisa mosebetsing oa boboleli, u bea mabaka ka hore ha ho na bohlokoa ba ho lebisa ba khahlehang phuthehong e joalo?

Ha u talima taba ntle ho leeme boemong bo hlakileng ba kajeno, u ka ’na ua ho fumana ho le bonolo ho bolela hore qeto ea hao e ne e tla ba ho lula ka botšepehi haufi le phutheho ea Molimo, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha eona. Empa haeba u tobane le boemo bo tšoanang le boo kajeno, na u tla khona ho boloka kelello e pholileng le pelo e bonolo? Na kajeno u ne u tla etsa qeto eo u nahanang hore u ne u tla e etsa haeba u ne u phela ka nako eo?

Ho Rua Molemo Keletsong e Bohlale

Bakreste ba Korinthe ba ileng ba etsa qeto e bohlale ke ba ileng ba lula haufi le phutheho. Ba ile ba ikutloa joaloka Petrose lilemo pejana. Ha ba bang ba barutuoa ba khaotsa ho kopana le Jesu, Petrose a re: “Morena, re ka ea ho mang? ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng. ’Me re lumetse, ra ba ra tseba hobane ke uena Kreste, Mokhethoa oa Molimo.” (Johanne 6:68, 69) Ka ho hlakileng, ke ka ho lula haufi le mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng feela re ka ruang molemo keletsong ea oona.

Liphuthehong tse ncha, joaloka ea morao koana Korinthe, ho tloaelehile hore ho se phethahale ha botho ho bake bothata bo ka ’nang ba hloka ho fana ka keletso e matla. Empa ha a eletsa Bakreste ba Korinthe, Pauluse o ile a hopola hore boholo ba bona e ne e ntse e le “baratuoa.” (1 Ba-Korinthe 10:14; 2 Ba-Korinthe 7:1; 12:19) Ha a ka a lebala hore Jehova o atolosa mosa o sa tšoanelang le tšoarelo ho ba arabelang tataisong ea Hae.—Pesaleme ea 130:3, 4.

Ha e le hantle, kaha phutheho ea Bokreste e hohela mefuta eohle ea batho, ba bang ba nka nako e telele ho feta ba bang ho arabela tataisong ena. Hona ke ’nete ka mabaka a sa tšoaneng. Ho thata ho etsa liphetoho tse ling ho feta ho etsa tse ling. Hape, motho e mong le e mong o fapana ka tsela eo a bopehileng ka eona ’meleng le kelellong, tikoloho, semelo, le maemo. Kahoo ke bohlale bo bokaakang ho qoba ho ba ea nyatsa-nyatsang le ho hopola hore “lerato le apesa libe tse ngata”! (1 Petrose 4:8) Ho feta moo, haeba Jehova le Mora oa hae ba utloisisa ho mamella ho se phethahale ha batho le ho se hōle tsebong ka phuthehong ea bona, na ha rea lokela ho bontša moea o tšoanang?—1 Ba-Korinthe 13:4-8; Ba-Efese 4:1, 2.

Haeba u ne u kile ua ba phuthehong ea Korinthe ea boholo-holo, ho mamela keletso e lerato empa e le e tiileng ea Pauluse ho ne ho tla u hopotsa hore Kreste, e le hlooho ea phutheho ea Bokreste, o thahasella boiketlo ba eona haholo. (Mattheu 28:20) Ho ne ho tla haha tšepo ea hao tšepisong ea Jesu ea ho boloka balateli ba hae ba kopane ha ba arabela thusong e fanoeng ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47; Ba-Efese 4:11-16) E, ’me mantsoe a Pauluse a ka be a u thusitse ho boloka thabo le botsitso le tlas’a maemo a lekang. U ka be u ile ua tšepa hore Molimo o ne o tla u fa matla a ho tobana ka katleho le bothata leha e le bofe boo o neng o ka ’na oa bo lumella ka nakoana.

Hona hase ho bolela hore Mokreste ha a lokela ho etsa letho haeba ho hlaha boemo bo bobe ka phuthehong. Morao koana Korinthe, banna ba hōlileng tsebong ba kang Setefanase, Fortunate, Akaike, le ba bang ba tsoang lapeng la Kloe, ba ile ba nka bohato. Ka ho totobetseng ba ile ba eletsa Pauluse ka boemo boo. (1 Ba-Korinthe 1:11; 5:1; 16:17) Empa hang ha ba entse joalo, ka tšepo ba siea litaba matsohong a hae. Ho chesehela ho loka ha hoa ka ha ba etsa hore ba lahleheloe ke tšepo bohloohong ba Kreste kapa hona ho “hlonamela Jehova.”—Liproverbia 19:3.

Ho chesehela ha rōna ho loka kajeno ho tla re thibela le ho nahana ho ikhethela ho nyehlisa kabelong eo re e filoeng ke Molimo ea ho bolela litaba tse molemo. Ho etsa joalo ho ne ho tla bontša ho haelloa ke kameho ka boiketlo ba ba bang, ’me e ne e tla ba ho hlōleha ho etsa seo Kreste a batlang ha re se etsa. Pauluse o ile a eletsa: “Ka baka leo, banab’eso ba ratoang, tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.”—1 Ba-Korinthe 15:58.

Tseba Maqiti a Satane

Mathata a phutheho a kang a bileng teng Korinthe ka linako tse ling a ka ’na a thatafala haholoanyane ho feta ho hlorisoa ka ho toba. Satane o sebelisa maemo a joalo ho leka ho re etsa hore re etse liqeto tse fosahetseng tse tla re furallisa Jehova. Empa ‘re tseba maqiti a Satane.’—2 Ba-Korinthe 2:11, TLP.

Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Korinthe hore ba ka rua molemo ha ba hlahloba tlaleho ea bahlanka ba Molimo ba pejana. O ile a re ka Baiseraele: “Taba tseo tsohle li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.” (1 Ba-Korinthe 10:11) Ka ho tšoanang, le rōna kajeno re ka rua molemo ka hore ka hloko re hlahlobe tlaleho ea Bakreste ba pele. Ka mohlala, re ka nahana ka se etsahetseng Korinthe. Ho thuisa ka kamoo re neng re tla etsa liqeto tse nepahetseng kateng ka nako eo ho tla re thusa ho qoba ho etsa liqeto tse fosahetseng hona joale.

Kamor’a “lilemo tsa masoabi” tse 13 a le sieo, Alice o bua tjena ka seboka sa hae sa pele Holong ea ’Muso: “Ke ne ke tšaba ho bua esere ka lla. Ke ne ke le hae—lehae la sebele. Ke ne ke sa kholoe.” Kahoo ikemisetse, ho sa tsotellehe mathata a ka ’nang a hlaha, ho tšoarella qetong ea hao e bohlale ea ho se lahle mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ka mohla! Mahlohonolo a hao kamanong le batho ba Molimo a tla ba mangata. ’Me a ke ke a fela.—Liproverbia 2:10-15, 20, 21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela