“Elang Hloko Banna ba Mofuta Oo”
LINTHO li ne li sa tsamaee hantle phuthehong ea Korinthe. Ho ne ho bile le boemo bo nyarosang ba boitšoaro bo bobe, ’me ho ne ho le lihlotšoana har’a barab’abo rōna. Ba bang ba ne ba tobane le mathata a tebileng a botho kapa ba e-na le lipotso tse neng li hloka ho arajoa. Barab’abo rōna ba bang ba ne ba isana makhotleng; ba bang ba ne ba bile ba latola tsoho ea bafu.
Hape ho ile ha phahama lipotso tse tebileng. Na bao ba malapeng a arohaneng bolumeling ba lokela ho lula le balekane ba bona ba sa lumelang, kapa ba lokela ho arohana le bona? Karolo ea baralib’abo rōna ka phuthehong e ne e le efe? Na ho ne ho loketse ho ja nama e hlabetsoeng litšoantšo? Ke joang liboka—ho kopanyelletsa le Lijo tsa Shoalane tsa Morena—li lokelang ho tsamaisoa?—1 Bakorinthe 1:12; 5:1; 6:1; 7:1-3, 12, 13; 8:1; 11:18, 23-26; 14:26-35.
Ntle ho pelaelo ba tšoenyehile ka boiketlo ba barab’abo bona boemong bo hatellang joalo moeeng, Akaikase, Fortunatuse le Setefanase ba ile ba nka leeto ba etela moapostola Pauluse Efese. Ka ntle ho litaba tsena tse ferekanyang, ho ka etsahala hore ebe ba ne ba nkile lengolo le eang ho Pauluse le tsoang ho phutheho le nang le lipotso litabeng tsena. (1 Bakorinthe 7:1; 16:17) Ka ho hlakileng, e ne e se barab’abo rōna ba bararo bana feela ba neng ba amehile ka boemo bona. Ha e le hantle, Pauluse o ne a se a ile a fumana litaba ka “ba ntlo ea Kloe” tsa hore ho hloka kutloano ho teng ka har’a litho tsa phutheho. (1 Bakorinthe 1:11) Ka sebele, tlaleho ea manģosa e ile ea thusa Pauluse ho fumana kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea boemo, e le hore a rere hore na a ka fana ka keletso efe le hore na a ka araba lipotso tse phahamisitsoeng joang. Ho bonahala eka lengolo leo hona joale le tsebahalang e le Bakorinthe ba Pele ke karabo ea Pauluse, e neng e tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo. Akaikase, Fortunatuse le Setefanase mohlomong ke bona ba neng ba isitse lengolo.
Akaikase, Fortunatuse le Setefanase e ne e le bo-mang? Ke’ng seo re ka ithutang sona ka seo Mangolo a se bolelang ka bona?
Ba Ntlo ea Setefanase
Ba ntlo ea Setefanase e ne e le “litholoana tsa pele” tsa tšebeletso ea Pauluse profinseng ea Roma ea Akaia, Greece e ka Boroa, hoo e ka bang selemong sa 50 C.E., ’me ba ile ba kolobetsoa ke Pauluse ka boeena. Ka ho totobetseng, Pauluse o ne a ba talima e le mehlala, e le ba hōtseng ho lekana ho fana ka tšusumetso e tsitsitseng ho Bakorinthe. O ile a ba babatsa ka mofuthu ka lebaka la mosebetsi oa bona molemong oa phutheho: “Joale kea le eletsa, barab’eso: Lea tseba hore ba ntlo ea Setefanase ke litholoana tsa pele tsa Akaia le hore ba ile ba ikhethela ho sebeletsa bahalaleli. E se eka le lōna le ka ’na la ipeha tlas’a batho ba mofuta oo le tlas’a e mong le e mong ea nang le tšebelisano-’moho hape le ea sebetsang.” (1 Bakorinthe 1:16; 16:15, 16) Hore na ka ho khetheha ke bo-mang “ba ntlo” ea Setefanase ha hoa boleloa. Polelo eo e ka ’na ea bolela litho tsa lelapa empa hape e ka ’na ea akareletsa makhoba kapa bahiruoa. Kaha Akaikase e ne e le lebitso la Selatine le tloaelehileng la lekhoba, ’me Fortunatuse e le le tloaelehileng la motho ea lokolotsoeng, bahlalosi ba bang ba hakanya hore mohlomong bao ba babeli e ne e le litho tsa ntlo eona eo.
Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Pauluse o ile a talima ba ntlo ea Setefanase e le mohlala. Litho tsa eona li ne li ‘ikhethetse ho sebeletsa bahalaleli.’ E tlameha ebe lelapa la Setefanase le ne le ile la hlokomela hore ho ne ho e-na le mosebetsi o ka etsoang molemong oa phutheho ’me ka boithatelo la amohela tšebeletso ena e le boikarabelo ba lona ba botho. Takatso ea bona ea ho sebeletsa bahalaleli joalo, ntle ho pelaelo e ne e lokela ho tšehetsoa le ho eloa hloko.
“Ba Khatholotse Moea oa ka le oa Lōna”
Le hoja Pauluse a ne a khathatsehile ka boemo bo Korinthe, ho fihla ha manģosa a mararo ho ile ha mo hlasimolla. Pauluse o re: “Ke thabela ho ba teng ha Setefanase le Fortunatuse le Akaikase, hobane ba koetse sekheo sa ho se be teng ha lōna mona. Etsoe ba khatholotse moea oa ka le oa lōna.” (1 Bakorinthe 16:17, 18) Ha u nahana ka boemo, mohlomong bosieo ba Pauluse ka seqo ho Bakorinthe e bile sesosa sa ho tšoenyeha ho eena, empa joale boteng ba baemeli ba bona ho ile ha ema sebakeng sa bosieo ba phutheho eohle. Tlaleho ea bona mohlomong e ile ea fa Pauluse setšoantšo se feletseng sa boemo ’me bonyane ea leleka tšabo e itseng. Mohlomong ebile lintho li ne li se mpe hakaalo joalokaha a ne a nahana.
Ho ea ka Pauluse, leeto la manģosa ana a mararo ha lea ka la khatholla eena feela moeeng empa le ile la boela la thusa ho nyolla moea phuthehong ea Korinthe. Ha ho pelaelo hore e bile khatholoho ho bona ho tseba hore baemeli ba bona ba hlaloselitse Pauluse ka ho hlaka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea boemo le hore ba ne ba tla khutla le keletso ea hae.
Kahoo Setefanase le metsoalle ea hae e ’meli ba ile ba buelloa ka mofuthu ka lebaka la mosebetsi oa bona molemong oa Bakorinthe. Kutloisiso ea Pauluse e ne e le hore banna bana ha ba khutlela hae ba ne ba il’o fana ka ketello-pele phuthehong e arohaneng ea Korinthe. Moapostola o phehella barab’abo rōna: “E se eka le lōna le ka ’na la ipeha tlas’a batho ba mofuta oo le tlas’a e mong le e mong ea nang le tšebelisano-’moho hape le ea sebetsang. . . . Elang hloko banna ba mofuta oo.” (1 Bakorinthe 16:16, 18) Likhothaletso tse matla joalo li bontša ka ho hlaka botšepehi bo feletseng ba banna bana ho sa tsotellehe likhohlano tse ka phuthehong. Banna ba mofuta oo ba lokeloa ho tšoaroa ka kananelo.—Bafilippi 2:29.
Tšebelisano-’moho e Tšepahalang e Hlahisa Litholoana Tse Molemo
Ha ho pelaelo hore tšebelisano-’moho e haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le baemeli ba oona e hlahisa litholoana tse molemo. Ha Pauluse a ngola lengolo leo hona joale le tsebahalang e le Bakorinthe ba Bobeli, nakoana ka mor’a lengolo la pele, lintho li ne li se li tsamaea hamolemonyana ka phuthehong. Mosebetsi o tsoelang pele ka mamello oa barab’abo rōna ba kang Akaikase, Fortunatuse le Setefanase, hammoho le ketelo ea Tite, o ile oa hlahisa liphello tse molemo.—2 Bakorinthe 7:8-15; bapisa le Liketso 16:4, 5.
Litho tsa liphutheho tsa batho ba Jehova kajeno li ka rua molemo ka ho thuisa ka tlaleho e khutšoanyane ea banna bana ba tšepahalang bao ho buuang ka bona ka Mangolong. Ka mohlala, nka hore ka mabaka a itseng ho na le boemo bo sa rarolleheng ka potlako ka phuthehong ’me sena se baka ho ngongoreha ho barab’eno. Ke’ng se lokelang ho etsoa? Etsisa Setefanase, Fortunatuse le Akaikase, ba sa kang ba qea-qea ho nka boikarabelo ba bona ba ho tsebisa Pauluse boemo ebe ka kholiseho ba siea lintho matsohong a Jehova. Ho hang ho chesehela ho loka ha hoa ka ha ba etsa hore ba nke khato ka bobona kapa ha etsa hore ‘pelo tsa bona li hlonamele Jehova.’—Liproverbia 19:3.
Liphutheho ke tsa Jesu Kreste, ’me ka nako ea hae e loketseng, feela joaloka Korinthe, o tla nka khato ho rarolla mathata a ka ’nang a sokela boiketlo le khotso ea tsona ea moea. (Baefese 1:22; Tšenolo 1:12, 13, 20; 2:1-4) Ha ho le joalo, haeba re latela mohlala o motle o behiloeng ke Setefanase, Fortunatuse le Akaikase ’me re tsoela pele ka mosebetsi oa ho sebeletsa barab’abo rōna, le rōna ka ho tšoanang re tla be re tšehetsa kemiso ea phutheho ka botšepehi, re haha barab’abo rōna, ’me re ‘ba susumeletsa leratong le mesebetsing e metle.’—Baheberu 10:24, 25.