Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 9/15 maq. 26-30
  • Na Histori ea Bolumeli e na le Molemo oa Letho ho Uena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Histori ea Bolumeli e na le Molemo oa Letho ho Uena?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Senotsoeng ke Thekiso ea Mangolo a Tšoarelo
  • Se Ileng sa Senoloa ke Mabaka a 95 a Luther
  • Kamoo ho Lahla Tumelo ea ’Nete ho Qalehileng
  • Tokiso—E ne e se Tsosoloso
  • Thuto Historing ea Kajeno ea Bolumeli
  • Na Histori ea Bolumeli e na le Molemo oa Letho?
  • Martin Luther—Monna eo le Lefa la Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 16—lekholo la bo9-bo16 la lilemo C.E.—Bolumeli bo Hlokang Nchafatso
    Tsoha!—1989
  • Wessel Gansfort—“Mofetoheli oa Pele ho Phetohelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 9/15 maq. 26-30

Na Histori ea Bolumeli e na le Molemo oa Letho ho Uena?

BARBARA o lumela phatlalatsa hore, “Sekolong ke ne ke sa rate histori ho hang.” Empa ka mohlala, hona joale, o ananela ho tseba ka Ntoa ea I ea Lefatše. Hammoho le Bibele ea hae, boitsebiso bona bo mo thusa ho hlalosa hamolemonyana hore na ke hobane’ng ha lefatše le sa ka la e-ba le khotso ho tloha ka 1914. (Tšenolo 6:4) Ka ho tšoanang, histori ea bolumeli e ka re thusa ho utloisisa lefatše leo re phelang ho lona.

Ke hobane’ng ha lichaba, metse, haesita le malapa li ile tsa arohana pakeng tsa litumelo tsa Bok’hatholike le Boprostanta ho tloha lekholong la bo16 la lilemo? Rahistori Friedrich Oehninger o hlalosa hore, “Ntoeng ea thuto e hloekileng ea Molaetsa o Molemo, oo ka nako eo o ileng oa qalisoa haholo-holo ke baruti ba kereke ba Majeremane, Maswiss le Mafora, Roma e ne e sa utloisise ho tela.” Hona ha etsa hore ho theoe likerekana.

Empa na “thuto e hloekileng ea Molaetsa o Molemo” e ile ea theoa bocha kannete? Ho talima histori ea bolumeli ho tla re thusa ho fumana hore na ke hofe ho hlileng ha etsahala.

Se Senotsoeng ke Thekiso ea Mangolo a Tšoarelo

“Tokiso e qalile ka ntoa ea Luther khahlanong le tšebeliso e mpe ea thekiso ea mangolo a tšoarelo, taba eo ho neng ho bonahala e le ea bohlokoa ba sebele feela ho kereke,” kamoo ho bolelang rahistori Gottfried Fitzer. “Empa bonneteng e ile ea senola hore litaba tsa baruti li ne li se li lohellane le lichelete, moruo le lipolotiki.” E re re ke re nyakurele taba ena.

Khosana Albert oa Brandenburg o ile a fumana maemo a fapa-fapaneng a tšusumetso ka kerekeng. O ile a lokela ho lefa Vatican hoo e ka bang halofo ea liranta tse millione, a tšehelitsoe ke chelete eo a e alimileng bankeng. Mopapa a khetha Moarekabishopo Albert hore e be mosebeletsi oa hae bakeng sa thekiso ea mangolo a tšoarelo bakeng sa Jeremane bohareng ’me a mo lumella hore a fumane halofo ea phaello hore a lefe melato ea hae.

Baboleli ba Albert ba thekiso ea mangolo a tšoarelo ba a buella hamolemo, ba tiisetsa batho “tšoarelo e feletseng ea libe tsohle” le tokollo ea hang-hang pelekatoring. Ha e le hantle, kereke e ne e fana ka tokollo feela likotlong tsa kereke, empa batho ba ne ba lumela hore mangolo a tšoarelo a ne a tla ba lokolla libeng tsohle. Martin Luther o ile a khoboheloa ’me, ka 1517, a phatlalatsa mabaka a hae a tummeng a 95, “ka lebaka la ho rata ’nete,” joalokaha a ile a ngola kenyeletsong ea oona.a

Kaha Luther o ne a mpa a batla feela hore liithuti li buisane, e leng hoo eena, joaloka tichere a neng a e-na le tokelo ea ho ho etsa, mabaka ana a ile a ngoloa ka Selatine. Empa a tsosa “cheseho e makatsang,” kamoo ho bolelang Friedrich Oehninger. “Ka matsatsi a 14 tsona [liphetolelo tse hatisitsoeng tsa Sejeremane] li ne li tsejoa hohle Jeremane, ka libeke tse 4 feela tsa be li tsejoa ho Bokreste-’mōtoana kaofela. Ba bang ba ile ba nyakallela hore qetellong motho a le mong o ne a eme khahlanong le khatello ea Roma; ba bang bona ba ile ba hloea Luther.” Luther ka boeena o ile a makatsoa ke phello ea mabaka a hae. A ile a senola eng?

Se Ileng sa Senoloa ke Mabaka a 95 a Luther

Ho latela lebaka la hae la pele, “bophelo bohle ba balumeli bo lokela ho bontša tšoabo.” Moetsalibe a ke ke a fumana khotso le Molimo ka mangolo a tšoarelo empa ka pako ea ’nete le boitšoaro ba ’nete ba Bokreste. Le leng la mabaka a ho qetela le ne le re: “Ka baka leo, ho ke ho felisoe baprofeta bao bohle ba bolellang Bakreste: ‘Khotso, khotso,’ empa khotso e le sieo.”—la bo92.

Luther o ile a ngola hore hase neano empa molaetsa o molemo o tlamehang hore e be “letlotlo la ’nete” le le “phahameng ka ho fetisisa.” (a 55, 62 le 65) Ke ’nete. Jesu o ile a bea mohlala ka ho ruta ka Mangolo a bululetsoeng, a re ka Lentsoe la Molimo: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17; Luka 24:44) Baruti ka ho kheloha mohlala ona, ba ile ba hana Bibele e le matla a phahameng ka ho fetisisa ’me ba tšoasoa lerabeng la lithuto tsa batho. Luther o ile a ba nyatsa, a re: “Lithuto tsa batho li rutoa ke ba bolelang hore moea o fofa (hore o tsoe pelekatoring) hang feela ha chelete e lla ka lebokoseng.”—la bo27.

Luther o ile a hlokomelisa hore “phaello le meharo lia eketseha” ka boboleli bo joalo. (la bo28) Histori ea bolumeli e paka hore baruti ba ile ba hlokomoloha litemoso tsa Mangolo ’me ba hlaseloa ke lerato la chelete. (Ba-Heberu 13:5) Buka ea histori ea K’hatholike ea lumela: “Motso oa ho senyeha ka kerekeng ea mehleng eo e ne e le mokhoa oa tsamaiso ea lichelete oa Lekhotla la Puso la kereke, o neng o qaphalelitsoe ka ho hlaka ke ho reka litulo ka kerekeng.”

Ha Luther a phahamisa lentsoe la hae khahlanong le “neano e ‘halalelitsoeng’ ea kereke” ’me “a nyatsa pepeneneng ho oela ha kereke lefapheng la chelete le puso,” joalokaha rahistori e mong oa Moprostanta a ile a ho bolela, o ile a opa khomo lenaka: ho lahloa ho akaretsang ha lithuto tsa pele tsa Bokreste.

Kamoo ho Lahla Tumelo ea ’Nete ho Qalehileng

Lebaka la bo11 le ile la hlalosa thuto e ’ngoe eo e seng ea Mangolo e le “mofoka oo ka ho hlakileng o ileng oa jaloa ha babishopo ba sa robetse.” Hona ho re hopotsa setšoantšo sa Jesu sa koro le mofoka, seo ho sona a ileng a profeta ho jaloa ha Bakreste-’mōtoana. (Mattheu 13:36-43) Kamorao ho lefu la baapostola, Bakreste-’mōtoana bana hammoho le baruti ba bakoenehi, ba ile ba tsoaka lithuto tse hloekileng tsa Bibele le khopolo ea Bagerike ’me ba kenya lithuto tseo e seng tsa Mangolo tse kang ho se shoe ha moea, mollo oa lihele le Boraro-bo-bong.b—Liketso 20:29, 30.

Ka mohlala, Bakreste ba pele ba ne ba sa etse litšoantšo, ’me ba ileng ba bitsoa bo-Ntate ba Kereke ba ne ba talima ho rapeloa ha litšoantšo e le “bokhelohi le tlōlo ea molao.” Leha ho le joalo, hoo e ka bang qetellong ea lekholo la bone la lilemo, likereke li ne li se li tletse litšoantšo tsa Jesu, Maria, baapostola, mangeloi le baprofeta. Ho ea ka Epiphanius oa Salamis, ba tšoantšelitsoeng ba ne ba neoa tlhompho e sa lokelang ha batho ba koba-mangole ka pel’a bona. Butle-butle, temoso “itšabiseng melimo ea bohata” ea qala ho hlokomolohuoa.—1 Johanne 5:21; bapisa Liketso 10:25, 26.

Bakreste-’mōtoana ba ile ba hana taelo ea Jesu ha ba qala ho ‘iketsa marena holim’a’ banab’abo bona ka ho hlophisa bahlahlamani ba baruti. (Mattheu 20:25-27; 23:8-11) Hamorao, babishopo ba Roma ba bolela hore ke bona ba phahameng. Ha “tšenyeho ea bophelo ba baruti tlas’a puso ea bo-papa ba lefatše e ile ea tsoela pele e sa tsotelloe,” kereke e ile ea etsa boiteko ba ho “itokisa empa e ne e sitoa ho etsa joalo,” kamoo ho hlalosang rahistori Oehninger.

Lekholo la bo16 la lilemo la bona liphetoho tse tsoelang pele. Oehninger o re “moea oa mehleng eo o ne o emela [Luther],” a phaella ka hore “bahanyetsi ba ile ba mo hlasela, ba mo tšosa ka ho mo bolaea joaloka mokhelohi, empa ba mpile ba mo susumeletsa hore a etse lipatlisiso tse eketsehileng le tse ncha motheong oa Mangolo a Halalelang, ho fihlela ha tsamaiso eohle ea Roma, joaloka ntho feela tjee e qaliloeng ke motho, e qala ho oa ka pel’a mahlo a hae.” Empa na likereke tse tsoetsoeng bocha li ne li lokolohile kannete, joalokaha li ne li bolela, “tlatlapong e sisimosang le lithutong tsa bohata”?

Tokiso—E ne e se Tsosoloso

Mohoo oa tokiso lekholong la bo16 la lilemo ha oa ka oa isa tsosolosong ea kereke “ea bokahohle” kapa lithuto tsa pele tsa Bokreste empa e ile ea baka hore Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi bo arohe ka likarolo tsa bokoenehi tse ileng tsa arohana hape. Babishopo ba kajeno, ho akarelletsa majalefa a Luther, ba sa ntsane ba bonahala ba “robetse,” joalokaha lebaka la bo11 le ile la bolela.

Baprostanta ba ile ba hana thuto ea mangolo a tšoarelo empa ba nka lithuto tse ling tse ngata tsa bohata. Evangelischer Erwachsenenkatechismus (Katekisema ea Boprostanta ea ba Baholo) e re, “Thuto ea ho tseba ka Molimo ea Bokreste e ile ea boela ea amohela thuto ea moea o sa shoeng, ea khopolo ea Bagerike.” E ile “ea kopanngoa . . . le bopaki ba Bibele bo buang ka tsoho ea ’mele.”

Ka ho sebelisa lithuto tsa batho le ka ho tsoaka tšebeletso ea bona le lintho tsa lefatše, ho akarelletsa lipolotiki, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, joaloka mehleng ea Luther, ba fokolisa matla a Bibele. Ka baka leo, ‘sebopeho sa bona sa borapeli’ se paka hore ha se na matla ’me ha se khone ho etsolla phokotseho ea ba bang teng litšebeletsong tsa kereke, ho iphapanya ha litho tsa kereke, lipolotiki tse kenngoang lipuisanong tsa kereke le ho ikhula ho eketsehang ha litho.—2 Timothea 3:5.

Hantle joalokaha ngaka e thusoa ke boitsebiso bo amanang le nako e fetileng ea mokuli ’me kahoo e ka mo hlahloba hamolemo ho fumana hore na o jeoa ke eng, ka ho joalo histori ea bolumeli e ka re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo ntse bo kula lefu le isang lebitleng mehleng ea rōna. Joale, na ha ho tšepo ea Bokreste bo hloekileng? E teng! Setšoantšo sa Jesu se ile sa bontša hore balateli ba hae ba kang koro, “bana ba ’muso” ba ’nete, ba ne ba tla khetholleha kotulong “nakong ea bofelo.” (Mattheu 13:38, 39; Daniele 12:4) Hoo ho ne ho tla etsahala joang?

Thuto Historing ea Kajeno ea Bolumeli

Ka 1891 sehlopha sa Liithuti tsa Bibele se ile sa etela moo e neng e le lapeng ha Luther Wittenberg. Moeti e mong o ile a hlalosa “Kamoo ho ileng ha mo hopotsa ka ho hlaka linako tseo tse mahlonoko.” Har’a ba ileng ba kena ka kamoreng eo Luther a neng a “ithutela ka ho eona ’me a lula setulong sa hae” e ne e le Charles Taze Russell. Tlaleho e tsoela pele: “[Re] na le lebaka le matla la ho thaba kajeno hore, le hoja basimolli ba tokiso e khōlō ba ile ba haelloa mosebetsing ona ’me ba ’na ba hlophisa litsamaiso tse ling tse fosahetseng, leha ho le joalo, tlas’a tataiso ea bomolimo, ho hloekisoa ha sehalalelo ho ile ha tsoela pele ho fihlela qetellong, ’me lijana tsa gauda tsa ’nete ea bomolimo joale li beiloe ka tšoanelo.” Seo Luther a ileng a haelloa ho se finyella, moeti enoa o thusitse hore se finyelloe.

E bile ketsahalo e kholohali historing ha Russell—hammoho le banna le basali ba bang ba ratang ’nete—ba qala thuto e ikemetseng ea Bibele ka bo-1870. Leha ho le joalo, lipakeng tsa 1870 le 1875, ba ne ba “mpa ba rala metheo feela ea Tokisetso ea Molimo ’me ba khoa liphoso tse ngata tseo ba neng ba li rata, nako ea hore ho hlokomeloe ka ho hlakileng lintho tse ngata tse nyenyane e ne e e-so ho fihle ka botlalo,” joalokaha Russell a ile a ngola hamorao. Empa lilemo tse latelang e bile tsa bohlokoahali ho tsosoloseng litekanyetso tsa mathomo tsa Bokreste.

Ka makasine oa Zion’s Watch Tower, Liithuti tsa Bibele li ile tsa tsebahatsa hore lebitso la Ea Holimo-limo ke Jehova, hore moea oa shoa (1881), hore Boraro-bo-bong ha bo lumellane le Mangolo (1882), le hore lihele tsa Bibele ke lebitla (1883). Joalokaha lithuto tsa bohata li ne li ile tsa kena butle-butle, joale leseli la ’nete le ’nile la eketsa khanya butle-butle. (Liproverbia 4:18, 19) Ho tloha qalong, Bakreste bana ba ile ba utloisisa ’nete ea motheo mabapi le Jesu, ea faneng ka bophelo ba hae e le sehlabelo, ’me ba fetola ho khutla ha hae a sa bonahale le ’Muso oa Molimo sehlooho sa mosebetsi oa bona.—1 Timothea 2:6.

Bakeng sa ‘kabo e hlophisitsoeng hamolemonyana ea linnete tsa Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng’ ka libuka, ka 1884 Liithuti tsa Bibele tsa ngolisa ka molao United States Mokhatlo o neng o se o ntse o le teng oa Zion’s Watch Tower Tract. Selemo pele ho moo ho ne ho bonahetse libuka tsa Seswedishe, joale ka 1885, ha bonahala libuka tsa pele tsa Sejeremane. Ho ile ha nahanoa ka mosebetsi oa boromuoa linaheng lisele ka 1892. Kajeno, Liithuti tsa Bibele—tse tsebisahalang haholo e le Lipaki tsa Jehova—li bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” linaheng tse 208 le libaka ’me e le ka lipuo tse ka bang 200.—Mattheu 24:14, NW.

Boholo ba Lipaki e ne e le litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana kapa malumeli a mang ’me bo ne bo lumela lithuto tse hlomphollang Molimo. Hoba bo be le tsebo e nepahetseng ka Molimo le ka ho bontša tumelo, bo ile ba bakela tsela ea bona e fosahetseng, ba sokoloha ’me ea e-ba bahlanka ba Jehova ba ineetseng le ba kolobelitsoeng. Ho etsa ha bona “mesebetsi e tšoanelang pako” ho ile ha fella ka letsoalo le hloekileng le ka khotso le Molimo.—Liketso 26:20; Johanne 17:3.

Na Histori ea Bolumeli e na le Molemo oa Letho?

O teng ka sebele. Likarolo tse khōlō tsa Bibele li na le histori e molemo ea bolumeli. (Ba-Roma 15:4) Melaetsa e bontša hore na Jesu o ile a ruta joang ’nete e buang ka Molimo le merero ea oona bakeng sa lefatše. Balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho emela ’Muso oa leholimo o neng o tla rarolla mathata a lefatše. Jesu o itse, “Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora.”—Mattheu 6:9, 10; 25:1-13.

Histori ea Bibele e tiisa ho tla ha Bakreste-’mōtoana ba profetiloeng, ba ileng ba hloma puso ea bona ea lefatšeng. Tokiso e ile ea fetola ponahalo ea lefatše empa ha e ka ea tsosolosa lithuto tse hloekileng tsa Bibele. Histori e boetse e supa boteng ba Bakreste ba kajeno ba ‘lutseng ba lebetse,’ bao ‘e seng ba lefatše,’ le ba etelletsang ’Muso oa Molimo pele. (Johanne 17:16) Boitsebiso bona bo thusitse batho ba bangata ho khetholla balateli ba ’nete ba Jesu kajeno.

Barbara, ea boletsoeng qalong ea sehlooho sena, ke e mong oa Lipaki tse mafolo-folo tse fetang 3 000 000 lefatšeng ka bophara tse lekang ho fihla ho batho ba lipelo li tšepahalang ka “thuto e hloekileng ea Molaetsa o molemo.” Tsebo e itseng ea histori ea bolumeli e bile molemo le ho baboleli bana ba ’Muso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mehleng ea kajeno, bo-rahistori ba Kereke ea Roma e K’hatholike ba tiisitse hore ho khokhothela ha Luther mabaka ana monyakong oa kereke e qhobosheaneng Wittenberg ka la 31 Mphalane, 1517, ke “tšōmo ea histori ea likereke tsa Boprostanta.” Leha ho le joalo, ho sa hanyetsoeng ke ’nete ea hore hona mohlang oo o ile a ngola lengolo la hlompho le eang ho Moarekabishopo Albert ’me a kenya kopi ea mabaka ana. Luther o ile a mo kōpa hore a khalemele baboleli ba hae ba mangolo a tšoarelo le hore a hlakole litaelo tseo. Lengolo leo la pele le ntse le le teng Polokelong ea Litlaleho tsa Bohlokoa ea ’Muso ea Sweden Stockholm.

b Bona “Tšimo e Melang Koro le Mofoka” ho Molula-Qhooa oa January 15, 1982, maqephe 17-21, le “Ba Kenya ka Sekhukhu Mekha e Timetsang” ho Molula-Qhooa oa March 1, 1984, maqephe 11-16.

[Lebokose le leqepheng la 28]

Lengolo la tšoarelo ke tšoarelo ea kotlo (ea lefatšeng) bakeng sa libe . . . Tšoarelo e sebetsa mona kapa pelekatoring.—Seithuti sa K’hatholike Josef Lortz.

Le hona kajeno, liithuti li hanana ka hore na lengolo la tšoarelo ke eng le hore na le bolela eng bakeng sa bophelo ba Mok’hatholike.—Rahistori oa Moprostanta Heinrich Bornkamm.

Lengolo la Tšoarelo—Thuto e Ikhethang ea K’hatholike

Moprista eo ho ipoleloang ho eena o beela Mok’hatholike ea bakileng litšebeletso tsa pontšo ea tšoabo (tse kang thapelo, ho itima lijo, ho thusa bahloki, kapa ho ea sehalalelong). Mopapa a ka tšoarela likotlo tsena hobane, ho ea ka khopolo ea Roma e K’hatholike, ke morena holim’a likotlo tsohle tsa lefatšeng (le tsa pelekatori) ’me o fana ka mangolo a tšoarelo a tsoang letlotlong leo ho thoeng ke la bohlokoa ba Kreste le bahalaleli. Mehleng e Bohareng, tokelo ena e ile ea tsoala tlatlapo e tebileng ’me ea hlalosoa e le “khoebo e phahameng ka ho fetisisa, e etsoang ho tetsoe litekanyetso tsa boitšoaro le khahlanong le lithuto tsa Mangolo a Halalelang.”

Bibele ha e lekanye tšoabo le tšoarelo ea libe. Leha ho le joalo, le mehleng e bohareng, batho ba ne ba e-na le “tumelo e bonolo ea hore molato oa [sebe] o ne o hlakoloa ka tefo,” ’me baboleli ba mangolo a tšoarelo ba ile ba tšehetsa maikutlo ana. Mabaka a Luther a ile a tobisoa khahlanong le “litšōmo” tsena ’me kahoo a akaretsoa ka hore: “Mangolo a tšoarelo ke mesebetsi ea batho ’me ha ho moo a amanang le molaetsa o hloekileng.”

Mopapa Clement VI o ile a thea thuto ena ka 1343 empa a se ke a hlakisa tlhaloso ea eona hantle. Ka hona Luther o ne a ka ipiletsa sebopehong sa eona se sa hlakang. Kereke ea potlakela ho koala sekheo sena ka ho lokolla tlhaloso ea molao ea lengolo la tšoarelo ka 1518. Empa lengolo le potolohang la mopapa Leo X ha lea ka la fana ka “bopaki ba Bibele ba ho etsa bohlokoa ba Kreste le bahalaleli bo lekanang le pokello ea chelete ka mangolo a tšoarelo.” Hona ha susumeletsa Luther oa K’hatholike qetong ea bohlokoa. Ho hana ha hae tsamaiso ea lengolo la tšoarelo eo e seng ea Mangolo ha tsoala Tokiso, ’me ho lahloa ha nyatso ea hae ha isa karohanong e khōlō ea kereke.

Mehleng ea kajeno, nyatso e matla e tsoang ka hare ho Kereke ea Roma e K’hatholike “ha ea ka ea etsa hore tsamaiso ena e fetoloe empa e ile ea etsa feela hore mokhoa ona o lokisoe.” Ka 1967 Mopapa Paul VI o ile a etsa qeto e emelang khopolo ea khale ea lengolo la tšoarelo. Bakeng sa Mak’hatholike, potso ea bohlokoa e sa ntsane e le: Na ke latela Lentsoe la Molimo, kapa ke lumela lithuto tsa batho?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela