Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 10/15 maq. 2-4
  • Na Bolumeli Ke Tšusumetso Bakeng sa Boitšoaro bo Botle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli Ke Tšusumetso Bakeng sa Boitšoaro bo Botle?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lehlakore le Hanyetsang
  • Mekoallo e Senyehileng ea Boitšoaro
  • Na Malumeli a Lefatše a Fana ka Ketello Pele e Nepahetseng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Bolumeli bo Nka Lehlakore
    Tsoha!—1994
  • Bolumeli—Molemo oa Bona ke Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lebaka Leo ka Lona Bolumeli ba Lefatše bo Tla Fela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 10/15 maq. 2-4

Na Bolumeli Ke Tšusumetso Bakeng sa Boitšoaro bo Botle?

HA BA arabela potso ena, ba limillione ba ne ba tla lumellana le George Bernard Shaw, ea ileng a ngola: “Bolumeli ke tšusumetso e khōlō—eona feela tšusumetso ea sebele e khannelang ketsong lefatšeng.” Ka lehlakoreng le leng, mongoli oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo John Ruskin, ha a ngola ka motheo bakeng sa botšepehi, a nyefola: “Kamehla bolumeli ba molotsana ke eona ntho e bolileng ka ho fetisisa ka eena.” Ke pono efe eo u nahanang hore e atametse ’nete haholoanyane?

Motho e mong a ka ’na a supa motho e mong, eo e ileng ea e-ba “motho ea fetohileng” ha a ‘nehelana ka bophelo ba hae ho Jesu Kreste,’ e le bopaki ba tšusumetso ea bolumeli bakeng sa boitšoaro bo botle. Ke kamoo makasine oa machaba o ileng oa hlalosa “tšokoloho” ea Charles Colson, ea neng a ile a ameha tabeng ea mahlabisa-lihlong a Watergate. E mong a ka ’na a supa bao ba bolelang hore bolumeli ba bona bo ba pholositse bophelong ba botekatse kapa ba bokhoba ba joala. Linaheng tseo e seng tsa Bokreste, Libibele tse limillione li ’nile tsa abjoa, tseo ntle le pelaelo li thusitseng batho ba bangata ho ntlafatsa bophelo ba bona boitšoarong. Ka ho totobetseng, bolumeli bo fane ka tšusumetso e ntle boitšoarong ho batho ba joalo.

Lehlakore le Hanyetsang

Ka lehlakoreng le leng, bolumeli ba Hitler ha boa ka ba mo thibela hakaalo ho etsa mesebetsi e itseng. Hona ho ile ha etsa hore batho ba tšepahalang ba ipotse hore na ke hobane’ng ha boipiletso bo ileng ba etsoa ho Mopapa Pius XII ba ho khaola Hitler ho se mohla bo ileng ba arabeloa. Catholic Telegraph-Register ea Cincinnati, Ohio, tlas’a sehlooho “O Hōlisitsoe e le Mok’hatholike empa o Latola Tumelo, ho Bolela Mohala o Eang ho Mopapa,” e ile ea tlaleha hore: “ho entsoe boipiletso ho Pius XII ba hore Moetapele Adolph Hitler a khaoloe.” Haeba bohato bona bo ne bo ile ba nkoa, na mohlomong bo ka be bo sa ka ba ama liphello tsa ntoa le ho thusa ho boloka batho mahlomoleng? Ka masoabi, ha ho mohla mopapa a ileng a araba.

Ho lula ’moho ha batho ba babeli ba sa nyalanang ho tloaelehile haholo linaheng tse ling tsa K’hatholike tse Amerika Boroa. ’Me Amerika Leboea mobabatsehi e mong oa kereke o ile a ngolla bohlophisi: “Ngolisang Botekatse ka Molao—Ke Pheko e Halalelang.” (Philadelphia Daily News) Hape ak’u talime maemo linaheng tse ling tsa Boprostanta tseo ho tsona ho fapanyetsana basali, ho kopanela liphate pele ho lenyalo, le ho kopanela liphate kantle ho lenyalo ho tloaelehileng. Re fumana lebaka la sena le boletsoe sehloohong sa koranta: “Baruti ba Thotse ka ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo.” Taba eo e ne e re: “Baruti ba Amerika ba ’nile ba thola ka mokhoa oa boetsalibe mabapi le ho ruta ka ho kopanela liphate pele ho lenyalo . . . Ba tšaba hore ba tla lahleheloa ke ba bang ba litho tsa liparishe tsa bona.” (Telegraph, North Platte, Nebraska) Kahoo na ke bolumeli bohle boo e leng tšusumetso bakeng sa boitšoaro bo botle?

Ho Bokreste-’mōtoana, ho haella ha tšusumetso ea boitšoaro bolumeling ho totobala haholo nakong ea ntoa. Bona hore na u nahana eng ka boipolelo bona bo utloahalang bo le botle. Ka 1934 Walter W. Van Kirk, eo ka nako eo e neng e le mongoli oa lefapha le leng la Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika, o ngotse: “Baruti le litho tsa kereke ba nkile bohato bo tiileng khahlanong le ntoa . . . Letšolo lena la likereke la khotso le hlaha tumelong ea hore ntoa e khahlanong ka ho feletseng le seo Jesu a se rutileng le ho se etsa.” (Religion Renounces War) Kamor’a ho qotsa likereke tse ’maloa le baruti, buka e ile ea qetella ka hore: “Ka kakaretso, likereke li boletse ka ho hlaka hore ha li sa loketse hore li nkoe e le tse tšehetsang mosebetsi oa ho bolaea le ho holofatsa batho. Baruti ba . . . khaotsa ho tšolla mali a bana babo bona, ba khaola maqhama le Cesare.”

Leha ho le joalo, ka masoabi litebello tse joalo tse tletseng tšepo ha lia ka tsa phethahala. Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma, ha ho le bo bong ba malumeli a maholo a Bokreste-’mōtoana bo ileng ba nka khato e tiileng ho ‘hanyetsa ntoa.’ Na kereke e sebakeng sa heno eona e ile ea ho etsa?

Mekoallo e Senyehileng ea Boitšoaro

Kamor’a ho hlahloba bopaki bo itseng ka mahlakoreng ka bobeli, na u ne u ke ke ua lumela hore mabakeng a mangata haholo, malumeli a tsebisahalang a lefatše ha e ea ba tšusumetso e matla bakeng sa boitšoaro bo botle? Makasine oa Look o ile oa phatlalatsa: “Likereke . . . li hlōlehile ho fana ka tataiso ea boitšoaro, ’me kaha boikarabelo ba tsona e le bo boholo ka ho fetisisa, ho hlōleha ha tsona ke ho hobe ka ho fetisisa.” The Courier-Mail ea Brisbane, Australia, e ile ea hlalosa tjena ka ho hlōleha ha bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ho etsa thibelo boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali: “Ha re tla ho Babishopo le Baruti . . . ba ngola hore ho kopanela liphate kantle ho lenyalo e ka ’na ea e-ba ketso ea lerato e ‘phatlalatsang Khanya ea Molimo,’ . . . hore bohlola ka bobona ha bo bobe leha e le hore bofebe bo hlile bo fosahetse; joale monna le mosali ba tloaelehileng, hape moshemane le ngoanana ba bacha ka ho khetheha, baa ferekana pakeng tsa botle le bobe. Phello ea mokhosi ona ’ohle oa ho buella Boitšoaro bo Bocha e ’nile ea e-ba ho senyeha ha mekoallo ea boitšoaro.”

Che, ka kakaretso, malumeli a lefatše hase tšusumetso ea ’nete bakeng sa boitšoaro bo botle. Ho fapana le moo, a tlameha ho jara boikarabelo bo itseng bakeng sa boemo bo bohloko ba boitšoaro kajeno. Leha ho le joalo, kaha bolumeli bo nkoa bo bolela “tšebeletso le borapeli tsa Molimo kapa matla a phahametseng a tlhaho,” na ha boa lokela ho ba tšusumetso bakeng sa botle linaheng tsohle tseo bo atileng ho tsona? Ke eng e haellang? Ke joang bolumeli ba hao bo ka fanang ka tšusumetso e joalo kajeno?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Lifoto, maqepheng 10, 31: Polokelo ea litšoantšo (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela