Bosoha—Tsela e Putsang ea Bophelo
“O lokolotsoe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng. . . . Ha a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa.”—1 BA-KORINTHE 7:39, 40.
1. Ebang re masoha kapa re lenyalong, re kolota Jehova eng?
JEHOVA o lokeloa ke borapeli ba moea ’ohle ba bohle ba ineetseng ho eena. Ebang re lenyalong kapa re masoha, re lokela ho rata Molimo ka pelo ea rōna eohle, moea, mohopolo, le matla. (Mareka 12:30) Ke ’nete hore Mokreste oa lesoha o na le litšitiso tse fokolang ho feta ea leng lenyalong. Empa na mohlanka oa Jehova oa lesoha a ka thaba kannete?
2, 3. (a) Ha e le hantle, Pauluse o boletse eng ho 1 Ba-Korinthe 7:39, 40? (b) Ke lipotso life tse lokelang ho nahanisisoa?
2 Moapostola Pauluse oa lumela. Mabapi le ba neng ba le lenyalong empa maemo a bona a fetohile, o ngotse: “Mosali o tlameletsoe ho monna oa hae ke molao mehleng eohle eo monna oa hae a phelang ka eona; empa ekare ha monna oa hae a shoele, eba o lokolotsoe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng. Leha ho le joalo, molomo oa ka, ke re: Ha a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa: ’me ke lekanya hoba le ’na ke na le Moea oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 7:39, 40.
3 Kaha Pauluse o bontša hore batho ba masoha ba ka thaba, ke mang eo ka ho utloahalang a ka nahanang ho lula e le lesoha, bonyane ka nako e itseng? Ke eng se tlatsetsang thabong ea Bakreste ba masoha? Bonneteng, ke joang bosoha ekabang tsela e putsang ea bophelo?
Lilemo tse Putsang tsa Bosoha
4. ’Nete ke efe ka lilemo tsa bohlankana le boroetsana?
4 Morena ea bohlale Salomone o khothalitse: “U mpe u hopole ’Mopi oa hao matsatsing a bocha ba hao, ho e-so ho tle litšiu tsa tlokotsi, ho e-so ho fihle le lilemo tseo ka tsona u tla re: Ha ke sa khahlisoa ke tsona.” (Moeklesia 12:1) Ka kakaretso lilemo tsa bohlankana le boroetsana ke nako eo bonyane motho a nang le matla a maholoanyane le bophelo bo botle. Ho loketse hakaakang he, hore melemo ena e sebelisoe tšebeletsong ea Jehova ntle ho tšitiso! Hape, lilemo tsena tsa pele tsa bocha ke nako ea ho fumana phihlelo bophelong, ea ho hōlisa botsitso. Empa hape ena ke nako eo bacha ba lefatše ba latsoang ho nkeha maikutlong a lerato. Ka mohlala, nahana ka liphello tsa phuputso e ileng ea etsoa ho batho ba 1 079 ba pakeng tsa lilemo tse 18 le 24. Ka karolelano, ba ile ba ameha “liphihlelong tsa lerato” ka makhetlo a supileng e mong le e mong ’me kaofela ba bile ntsoe-leng hore phihlelo ea bona hona joale ke ea lerato la ’nete, e seng la ho nkeha maikutlo.
5. Mabapi le lenyalo, ke lipotso life tse loketseng tseo mocha a ka li nahanang?
5 Lipalo-palo tse bontšang karohano, tlhalano, le ho senyeha ho itseng ha malapa li hlalosa ho hloka kelello ha ho nyala kapele. Ho e-na le ho potlakela ho laetsana, lefereho, le lenyalo, Bakreste ba bacha ba tla be ba le bohlale ha ba nahana hantle kamoo ba ka sebelisang bonyane lilemo tsa bona tsa pele tsa bocha ba sebeletsa Jehova ntle ho litšitiso. Ha u hlahlobisisa maemo a hao joaloka mocha, mohlomong u ka ipotsa lipotso tse kang tsena: Na hona joale ke hōlile maikutlong ’me ke loketse ho nahana ka ho teba ka lenyalo? Na ke na le phihlelo e lekaneng bophelong ea ho ba molekane ea molemo oa lenyalo? Na nka jara hantle boikarabelo ba lenyalo mohlomong le ba lelapa le bana? Ka baka la boineelo ba ka ho Jehova, na ho molemo ho mo nea matla a ka a bocha ntle ho litšitiso tsa lenyalo?
Meputso ea Boitšoaro bo Hloekileng Bosoheng
6, 7. (a) Ke melemo efe e meng e thabetsoeng ke Bakreste ba masoha ka kakaretso? (b) Tabeng ena, moromuoa oa lesoha Afrika o itseng?
6 Bakreste ba masoha ba thabela ho lokoloha litšitisong ’me ba na le “ho hongata hoo ba ka ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Ba-Korinthe 7:32-34; 15:58, NW) Ho e-na le ho lebisa tlhokomelo mothong a le mong e motona kapa e motšehali, lesoha le na le menyetla e eketsehileng ea ho atolosetsa lerato la Bokreste ho ba bangata ka phuthehong, ho kopanyeletsa le ba tsofetseng le ba bang ba hlokang thuso e lerato. (Pesaleme ea 41:1) Ka kakaretso, masoha a na le nako e eketsehileng ea ho ithuta le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo. (Liproverbia 15:28) A na le monyetla o moholoanyane oa ho hlaolela kamano e haufi le Jehova, ho ithuta ho itšetleha haholo ka eena le ho batla tataiso ea hae. (Pesaleme ea 37:5; Ba-Filippi 4:6, 7; Jakobo 4:8) Monna oa lesoha ea sebelelitseng Jehova ka lilemo-lilemo e le moromuoa Afrika o itse:
7 “Bophelo metsaneng ea Afrika bo bile bonolo lilemong tsena kaofela, ho se litšitiso tse ngata tsa tsoelopele ea kajeno. Ka lebaka la bosieo ba litšitiso tsena, ke bile le menyetla e lekaneng ea ho ithuta le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo. Sena se mpolokile ke le matla. E, bophelo ba boromuoa ebile tlhohonolofatso ea sebele le tšireletso khahlanong le lerato la maruo. Linakong tse thabisang tsa mantsiboea a futhumetseng ke bile le nako e lekaneng ea ho thuisa le ho nahanisisa ka pōpo ea Jehova le ho ikatametsa haufi le eena. Thabo ea ka e khōlō e tla mantsiboea a mang le a mang ha kelello ea ka e ntse e hlaphohetsoe, ’me boinotšing ba ka ke sebelisa nako e itseng ke bohile linaleli tsa maholimo ke tsamaea le ho bua le Jehova. Sena se nkatamelitse haufi le Jehova.”
8. Mabapi le bosoha, khaitseli oa lesoha ea nang le lilemo tse ngata tšebeletsong ea ntlo-khōlō ea Mokhatlo o itse’ng?
8 Habohlokoa hape, ke tlhaloso ea khaitseli oa lesoha ea nang le lilemo tse ngata a le tšebeletsong ea ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower: “Ke khethile ho iphelela ke le lesoha tšebeletsong ea Jehova. Na ke ee ke be bolutung? Che. Ha e le hantle, linako tseo ke leng mong ka tsona li har’a linako tse ling tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Nka buisana le Jehova ka thapelo. Nka thabela ho thuisa le boithuto ba botho ntle ho tšitiso. . . . Bosoha bo tlatselitse haholo thabong ea ka.”
9. Ke litokelo life tse ling tsa tšebeletso tseo Mokreste oa lesoha a ka li thabelang?
9 Hape lesoha le ka amohela litokelo tsa tšebeletso tse ke keng tsa bulehela batho ba leng lenyalong ba nang le boikarabelo ba lelapa. Ka mohlala, ho ka ’na ha ba le monyetla oa ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng u le pula-maliboho sebakeng se nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso. Kapa mohlankana oa lesoha a ka ’na a ba le tokelo ea ho sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower kapa ofising ea lekala. Mohlomong mosali e mocha oa lesoha a ka sebetsa le khaitseli ea hōlileng oa lesoha tšebeletsong ea bopula-maliboho phuthehong ea sebaka sa bona kapa phuthehong e ’ngoe e nang le tšimo e lokelang ho sebetsoa. Ke hobane’ng ha u sa buisane le molebeli oa potoloho ka menyetla ena? Joaloka Mokreste oa lesoha, iketse ea fumanehang bakeng sa tšebeletso e eketsehileng thorisong ea Jehova, ’me o tla u hlohonolofatsa haholo.—Malakia 3:10.
Mehlala ea Nakong e Fetileng
10. Ke mang eo ebileng mohlala o moholo oa mohlanka oa lesoha oa Jehova, ’me ke hobane’ng u nahana hore bosoha ba hae bo bile molemo?
10 Mohlala o moholo oa mohlanka oa lesoha oa Jehova e ne e le Jesu Kreste. O ne a tšoarehile ka ho feletseng ho etseng thato ea Molimo. “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae,” ho boletse Jesu. (Johanne 4:34) O ne a tšoarehile hakaakang—a bolela, a folisa ba kulang, joalo-joalo! (Mattheu 14:14) Jesu o ne a e-na le khahleho ea sebele ho batho ’me o ne a ikutloa a lokolohile ha a le har’a banna, basali, le bana. Ka sebele o ile a tsamaea haholo tšebeletsong ea hae, ka linako tse ling a tsamaea le ba bang. (Luka 8:1-3) Empa mosebetsi oo o ka be o bile thata hakaakang hoja a ne a tsamaea le mosali le bana ba banyenyane! Ntle ho pelaelo, bosoha bo bile molemo haholo ho Jesu. Kajeno, Mokreste oa lesoha a ka thabela melemo e tšoanang, haholo-holo haeba a biletsoa ho bolela molaetsa oa ’Muso libakeng tse hōle kapa tse kotsi.
11, 12. Ke mehlala efe e metle e qotsitsoeng ea basali ba masoha ba sebeletsang Jehova kajeno?
11 Empa hape ba bang ba fumane bosoha bo thusa ’me bo putsa. Morali oa Jafeta ka boithaopo o ile a phetha kano ea ntat’ae ka ho lula e le lesoha har’a batho ba neng ba buella haholo lenyalo le ho ba le bana. O ile a fumana thabo tšebeletsong ea hae ho Jehova, ’me hoa hlokomeleha hore ba bang ba ne ba atisa ho mo khothatsa. E, “ka lilemo tsohle baroetsana ba Iseraele ba ea ka matsatsi a mane selemong se seng le se seng ho ea babatsa morali oa Jafeta mo-Gileade”! (Baahloli 11:34-40) Ka ho tšoanang, Bakreste ba leng lenyalong le ba bang ba lokela ho babatsa le ho khothatsa basali ba masoha bao ka mafolo-folo ba sebeletsang Jehova kajeno.
12 Barali ba bane ba Filipi ba ne ba “profeta.” (Liketso 21:8, 9) Basali bana ba masoha ba iphumanetse khotsofalo tšebeletsong ea bona e mafolo-folo thorisong ea Jehova. Ha ho bapisoa, basali ba bangata ba bacha ba masoha kajeno ba na le tokelo e putsang ea ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho, kapa bahoeletsi ba nako e tletseng ba ’Muso. Ka sebele, ba lokela ho babatsoa joaloka karolo ea ‘lekhotla le leholo la basali ba bolelang litaba tse molemo.’—Pesaleme ea 68:11.
13. Taba ea Pauluse e bontša joang hore bosoha ekaba tsela e putsang ea bophelo?
13 Moapostola Pauluse o fumane bosoha bo le molemo haholo. O tsamaile lik’hilomethara tse likete-kete tšebeletsong ea hae ’me a thulana le mathata a maholo, likotsi tse ngata, a hloka boroko, a lapa. (2 Ba-Korinthe 11:23-27) Ntle ho pelaelo, lintho tsena kaofela li ka be li bile thata ka ho fetisisa haeba Pauluse a ne a le lenyalong. Ho feta moo, ha ho bonahale hore a ka be a bile le litokelo tsa hae e le “moapostola oa balichaba” haeba a ne a hōlisa bana. (Ba-Roma 11:13) Ho sa tsotellehe liteko tseo a neng a talimane le tsona, Pauluse o bone ka mahlo a hae bopaki ba hore bosoha ekaba tsela e putsang ea bophelo.
Mehlala ea Kajeno
14. Ke liphihlelo life tse thabetsoeng ke batsamaisi ba libuka, bao boholo ba bona e neng e le masoha?
14 Ho tšoana le Pauluse le Bakreste ba bang ba pele ba masoha, lenane la batho ba Molimo ba ileng ba kopanela mosebetsing oa ho tsamaisa libuka (ho tloha ka 1881 ho ea pele) e ne e le masoha a se nang boikarabelo ba malapa. Ka boithatelo ba tsamaile metseng e meholo eo ba sa e tloaelang, le libakeng tsa mahae, ba batla ba pelo li tšepahalang le ho ba tsamaisetsa libuka tsa Bibele. Leeto le ne le etsoa ka terene, baesekele, kariki, kapa koloi. Hangata, ba ne ba thabela ho tsamaea ka maoto ha ba e-ea ka ntlo le ntlo. (Liketso 20:20, 21) “Ka linako tse ling ba ne ba bapatsa [libuka tsa Bibele] ka meroho, likhoho, sesepa kapa leha e leng eo ba neng ba ka e sebelisa kapa ba e rekisetsa ba bang,” ho hopola joalo paki e ’ngoe ea Jehova, ’me ea phaella: “Ka linako tse ling, libakeng tse arohaneng, ba ne ba robaletsa ho borapolasi, ’me ka linako tse ling ba ne ba robala holim’a qubu ea furu . . . Balumeli bana ba tšepahalang [bao bongata ba bona e neng e le masoha] ba tsoetse pele ka lilemo ho fihlela ba tsofala.” E, e mong oa bona o ile a akaretsa mantsoe a batsamaisi ba libuka ba khale ha a ngola: “Re ne re le bacha ’me re thabile tšebeletsong, re nyakallisoa ke ho sebelisa matla a rōna ho sebeletseng Jah.”
15. Bakeng sa bo-pula-maliboho ba bangata ba masoha, ke monyako ofe o isang tšebetsong e khōloanyane o ’nileng oa buleha lilemong tse ka bang 45 tse fetileng?
15 Bo-pula-maliboho ba bangata kapa bahoeletsi ba ’Muso ba nako e tletseng, ba ileng ba hlaha morao ho moo, le bona e ne e le masoha. Hangata ba ne ba paka libakeng tse kathōko, ba thusa ho hloma liphutheho tse ncha, ’me ba thabela mahlohonolo a mang tšebeletsong ea Jehova. Bakeng sa ba bang ba bona, monyako o isang tšebeletsong e khōloanyane oa buleha ha Sekolo sa Gileade sa Watchtower se qala ho sebetsa ka 1943 ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e loana. (1 Ba-Korinthe 16:9) E, boholo ba bo-pula-maliboho bao ba masoha bo amohetse thupelo ea boromuoa Sekolong sa Gileade ’me hang-hang ba jala molaetsa oa ’Muso masimong a macha. Ba sa tlangoa ke boikarabelo ba lenyalo, ba ikentse ba fumanehang tšebeletsong ea Jehova, ba bang ho liithuti tseo tsa pele e ntse e le masoha ’me ba mafolo-folo tšimong ea boromuoa kapa tšobotsing e ’ngoe ea tšebeletso ea nako e tletseng.
16. Ke bopaki bofe bo leng teng ba hore litho tsa lelapa la Bethele tsa masoha li fumane bosoha e le tsela e putsang ea bophelo?
16 Bakreste ba bangata ba masoha ba sebelelitse ka lilemo e le litho tsa lelapa la Bethele ntlo-khōlō ea Mokhatlo ea Watch Tower kapa makaleng a eona kae-kae lefatšeng. Na ba fumana bosoha e le tsela e putsang ea bophelo? E, ka sebele. Ka mohlala, moena oa lesoha ea sebelelitseng Bethele e Brooklyn ka lilemo tse ngata o boletse: “Thabo ea ho bona limakasine tse limillione le libuka tse ling tse jereng molaetsa oa Lentsoe la Molimo o hasoang ho isa lipheletsong tsa lefatše e bile moputso o hlollang ka boeona.” Kamor’a lilemo tse 45 tsa tšebeletso ea Bethele, moena e mong oa lesoha o itse: “Ka matsatsi ’ohle ka thapelo ke kōpa thuso le bohlale ho Ntate oa rōna ea ratehang oa leholimo ho mpoloka ke phela hantle moeeng hammoho le ’meleng ke le matla hore ke tsoele pele ho etsa thato ea hae e halalelang. . . . Ruri ke thabetse tsela ea bophelo e thabisang, e putsang le e hlohonolofalitsoeng.”
Ho Boloka Boitšoaro bo Hloekileng Bosoheng
17. Ke lithuso life tse peli tsa ho boloka boitšoaro bo hloekileng bosoheng?
17 Hore bophelo ba bosoha ekaba bo putsang ho bonahala mehlaleng ea linako tsa Bibele le ea kajeno. Ho hlakile hore, nako efe kapa efe ea bophelo ba hao eo u e sebelisang u le lesoha, u lokela ho ema ‘u tsitsitse pelong ea hao.’ (1 Ba-Korinthe 7:37) Empa ke eng se ka u thusang ho boloka boitšoaro bo hloekileng nakong ea bosoha? Mohloli o moholo oa thuso ke Jehova, “ea utloang merapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Kahoo ho etse tloaelo ho mo rapela kamehla. “Tiea thapelong,” u kōpe moea oa Molimo le thuso ea ho bontša litholoana tsa ’ona, tse kopanyeletsang khotso le boitšoaro. (Ba-Roma 12:12; Luka 11:13; Ba-Galata 5:22, 23) Hape, ka boikutlo ba thapelo thuisa kamehla ’me ka linako tsohle u sebelise keletso ea Lentsoe la Molimo.
18. Ba-Korinthe ba Pele 14:20 e amana joang le ho lula u itšoere hantle u le lesoha?
18 Thuso e ’ngoe ea ho boloka boitšoaro bo hloekileng bosoheng ke ho qoba ntho efe kapa efe e ka tsosang takatso ea botona le botšehali. Ka ho totobetseng, hona ho kopanyeletsa litšoantšo tsa bootsoa le boithabiso bo sa lokang. Pauluse o itse: “Le mpe le be bana lonyeng; ’me ha e le hlalefong, le be banna.” (1 Ba-Korinthe 14:20) U se batle ho tseba kapa ho latsoa bobe, empa ka thuso ea Molimo ka bohlale lula u le sethoto le ea se nang molato joaloka lesea litabeng tsena. Hape, hopola hore boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le ho etsa bobe ha lia loka mahlong a Jehova.
19. Ke mangolo afe a bontšang litsela tse ling tsa ho lula u itšoere hantle u le lesoha?
19 Hape u tla thusoa ho lula u itšoere hantle bosoheng ka ho hlokomela bao u tloaelanang le bona. (1 Ba-Korinthe 15:33) Qoba ho tloaelana le ba etsang botona le botšehali le lenyalo lintho tse khōlō bophelong ba bona le meqoqong ea bona. Ka mekhoa eohle qoba mesoaso e mebe! Pauluse o elelitse: “Empa ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli kateng; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe, e leng taba tse sa tšoanelang; ho mpe ho utloahale liteboho.”—Ba-Efese 5:3, 4.
Bokamoso bo Putsang
20. Ha motho a sebelisa hamolemohali lilemo tsa hae tsa bosoha tšebeletsong ea Jehova, liphello etlaba life?
20 Ho sebelisa hamolemo lilemo tsa hao u le lesoha la Mokreste tšebeletsong ea Jehova ho tla u tlisetsa khotsofalo le khotso ea kelello hona joale. Hape ho etsa joalo ho tla tlatsetsa khōlong ea hao ea moea le botsitsong. Haeba u lula u le lesoha ka baka la ’Muso ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena e khopo ea lintho, Jehova a ke ke a lebala boiteko ba hao ba ho iketsa sehlabelo tšebeletsong ea hae e halalelang.
21. Haeba u ka nyaloa kamor’a nako e itseng ea bosoha bo hloekileng le bo putsang, ke eng eo u ka ratang ho kena bophelong ba lenyalo u e-na le eona?
21 Haeba ka khothalo u hahamalla lithahasello tsa ’Muso u le monna kapa mosali oa lesoha, u tla thabela mahlohonolo a mangata. (Liproverbia 10:22) ’Me haeba u ka nyala hamorao bophelong, u tla kena lenyalong u e-na le phihlelo e khōlō le setšehetso se enneng sa moea. Ho feta moo, ka ho latela keletso ea Mangolo, u tla khetha molekane ea inehetseng ea bolokang botšepehi ea tla u thusa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Mothating oa joale, u ka fumana bosoha e le tsela e putsang ea bophelo tšebeletsong ea Molimo oa rōna o lerato, Jehova.
U ka Arabela Joang?
◻ Har’a bahlanka ba Jehova, meputso e meng ea boitšoaro bo hloekileng bosoheng ke efe?
◻ Ke mehlala efe ea Mangolo e bontšang hore bosoha bo ka putsa?
◻ Mehleng ea kajeno, ke mehlala efe ea bosoha bo putsang eo re nang le eona?
◻ Ke eng se ka thusang Mokreste ho lula a itšoere hantle ha e ntse e le lesoha?
[Lebokose le leqepheng la 19]
Lithuso tsa ho Boloka Boitšoaro bo Hloekileng Bosoheng
◆ Rapella moea oa Molimo kamehla le thuso ea oona hore u bonahatse litholoana tsa oona
◆ Thuisa ’me ka linako tsohle u sebelise keletso ea Lentsoe la Molimo
◆ Qoba litšoantšo tsa bootsoa le boithabiso bo sa lokang
◆ Hlokomela bao u tloaelanang le bona
◆ Qoba meqoqo e litšila le mesoaso e mebe
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Morali oa Jafeta, moapostola Pauluse, le bahlanka ba bang ba Jehova ba fumane bosoha e le tsela e putsang ea bophelo. Na le uena u ka etsa joalo?