Ho Folisa ka Tumelo—Na ho Tsoa ho Molimo?
MONNA e mong o ne a kutse ka lilemo tse 38. Jesu a botsa, “Na u rata ho fola na?” Haeba u ne u le monna enoa, na u ka be u sa ka ua arabela ka e e mafolo-folo? Jesu o ile a ’molella: “Ema, nka liphate tsa hao, u tsamaee.” Phello ea mantsoe ao ea e-ba efe? “Monna eo a hla a fola hang, a nka liphate tsa hae, a tsamaea.”—Johanne 5:5-9.
Ketsahalo ena ea pholiso ea bomolimo ke e ’ngoe ea lipholiso tse ngata tseo Jesu a ileng a li etsa nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng. (Mattheu 11:4, 5) Batho ba folisang ka tumelo kajeno ba bolela hore Molimo o ntse a etsa lipholiso tse joalo, ’me ba tšehelitsoe ke ba likete ba pakang hore ba folisitsoe ke bona.
Phapang e Khōlō
Ho ithuta Bibele ho senola ho fapana ho hohōlō pakeng tsa liphekolo tse tlalehiloeng ka Bibeleng le tse tlalehiloeng ke batho ba folisang ka tumelo kajeno. Ka mohlala, ha ho mohla Jesu le barutuoa ba hae ba kileng ba lefisa bakeng sa liphekolo tsa bona. Jesu o rutile hore, “Le neiloe feela, neang feela.” (Mattheu 10:8) Kahona ba ile ba latela mohlala o beiloeng ke Elisha, ea ileng a hana mpho e tsoang ho monna ea bitsoang Naamane eo Elisha a neng a mo phekotse lepera. (2 Marena 5:1, 14-16) Kahona, ha batho ba folisang ka tumelo ba lefisa bakeng sa litšebeletso tsa bona, ba tlōla mohlala ona oa Mangolo.
Ntho e ’ngoe e hlokomelehang ke hore lipholiso tse neng li etsoa mehleng ea Bibele e ne e le tse etsahalang hang-hang kapa tse phethoang ka nako e khutšoanyane. Ha moapostola Petrose a bona monna “ea tsoetsoeng e le seritsa,” o ile a bolella monna eo hore: “Ka lebitso la Jesu Kreste oa Nasaretha ema, u tsamaee!” Tlaleho e senola hore: “Maoto a [monna eo oa seritsa] le maqaqailana a tiea hang-hang. A raoha, a ema, a tsamaea.” (Liketso 3:1-8, TLP) Ipalle mehlala e meng ho Liketso 5:15, 16 le 14:8-10.
Leha ho le joalo, hangata liphekolo tsa kajeno tse etsoang ka ho folisa ka tumelo li nka matsatsi, libeke, esita le likhoeli hore li sebetse! Hape, ntho e ’ngoe e hlokomelehang ke ’nete ea hore batho ba folisang ka tumelo ba sekamela ho shebaneng le ho kula ho amanang le mokhoa oa tšebetso ea litho tsa ’mele, ho joaloka bofofu, ho shoa litho, kapa ho ba tsebe-tutu—mafu ao ka linako tse ling a bakoang ke khathatso ea kelello. Ngaka Paul Brand oa hlokomela: “Hang ha ’nete ea hore ho na le litho tsa ’mele tse kulang e le e ke keng ea hanyetsoa—ho hloka mahlo, ho hloka maoto, kapa bosieo ba masoba ao moriri o melang ho ’ona e bile e le a o fepelang—ke seoelo mehlolo e etsahalang.” Leha ho le joalo, Jesu o ne a phekola “maloetse ’ohle le mefokolo eohle,” ho akarelletsa mefokolo eo ho neng ho totobetse hore e lithong tsa ’mele, joaloka letsoho le omeletseng.—Mattheu 9:35; Mareka 3:3-5.
‘Ha U na Tumelo!’
Ka masoabi, batho ba bangata ba kulang habohloko ba tsamaea ‘matšolo a pholiso’ empa ba tla khutlela hae ba kula ho feta leha e le neng pele. Batho ba folisang ka tumelo ba hlalosa ho hlōleha ho joalo ka ho bolela hore, ‘Ha ba na tumelo!’ Leha ho le joalo, hona ho utloahala ho e-na le bolotsana. Joalokaha Dr. William Nolen a hlokomela: “Ho fapana le ngaka e tloaelehileng ha ho mohla mofolisi oa moea a lokelang ho jara boikarabelo ha a hlōleha ho folisa. Ke tlameha ho lumela hore ke ne ke tla thabela ho balehela boikemelong bo joalo ha ke thulana le mokuli eo ke sitoang ho mo phekola.”
Ha ho lea mong oa baprofeta ba Molimo, Jesu, kapa barutuoa ba Jesu ea kileng a hloka ho etsa boikemelo ba hore mokuli ha aa phekoloa hobane a ne a se na tumelo. Ke ’nete hore ho haelloa ke tumelo ho ne ho ka ’na ha fokotsa palo ea batho ba neng ba e-tla ho tla folisoa. Empa ho bao ba neng ba e-tla, kamehla ba ne ba phekoloa ka ho feletseng!—Mareka 6:5, 6.
Ka sebele, mabakeng a mang batho bao ka ho totobetseng ba neng ba se na tumelo ba ne ba phekoloa. Ka mohlala, Naamane, molaoli oa lebotho la Syria, o ne a sa lumele ka botlalo hore o ne a ka phekoloa lepera la hae ka tsela eo moprofeta Elisha a neng a e laetse. E bile feela kamor’a hore a phekoloe a ileng a lumela: “Bona, kea tseba hobane ha ho Molimo lefatšeng lohle, ha e se Iseraeleng.” (2 Marena 5:11-13, 15) Kahona boikemelo bo se nang motheo ba batho ba folisang ka tumelo boa taloleha.
Ho Folisa—Neo E Fetileng
Empa na hase ’nete hore lineo tsa mohlolo tsa ho folisa li ne li tloaelehile har’a Bakreste ba pele? (1 Ba-Korinthe 12:9) E, empa ho ne ho e-na le lebaka le letle leo ka lona mehlolo e neng e etsahala morao koo. Ka lilemo tse sekete le halofo, sechaba sa Iseraele oa nama e ne e bile batho ba khethiloeng ba Molimo; empa lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rona e Tloaelehileng, Iseraele e ile ea lahloa ka baka la ho haelloa ke tumelo, ’me a nkeloa sebaka ke phutheho e ncha ea Bokreste. Bakreste bao ba pele ba ne ba hloka ho thusoa ka tsela e fetang e tloaelehileng ho matlafatsa tumelo ea bona le ho pakela ba kantle lefatšeng hore ba ne ba tšehelitsoe ke Jehova Molimo.
Kahona, lineo tsa mohlolo, tse akarelletsang ho folisa, li ile tsa fanoa phuthehong ea Bokreste eo e neng e le lesea. Tsena li ne li sebetsa e le “lipontšo” ho ba sa lumelang hape e le mokhoa oa ho haha tumelo ea balumeli. (1 Ba-Korinthe 14:22) Leha ho le joalo, kamorao ho hoo e batlang e le lilemo tse likete tse peli, Bokreste ha e sa le lesea. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 13:9-13.) Ke khale Bibele e qetiloe ’me e tsamaisoa ka likopi tse limillione. Kahoo Bakreste ba ’nete kajeno ba ka lebisa ba sa lumelang habonolo feela maqepheng a eona ho tšehetsa seo ba se rutang. Lipontšo tsa mohlolo ha li sa hlokahala.
Pauluse o ile a tsoela pele ho bontša hore lineo tsa matla a phahametseng a tlhaho li ne li “tla fela.” (1 Ba-Korinthe 13:8) Lineo tse joalo li ile tsa fetisoa feela ha baapostola ba Jesu Kreste ba le teng kapa tsa fetisoa ke bona ka ho toba. (Liketso 8:18-20; 10:44-45; 19:6) Kamor’a lefu la baapostola, liphekolo tsa mohlolo li ile tsa khaotsa.
Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea McClintock le Strong (Moqolo VI, leqephe 320) e hlokomela hore ke “polelo e ke keng ea hanyetsoa hore nakong ea lilemo tsa pele tse lekholo kamor’a lefu la baapostola re utloa hanyenyane feela kapa ha re utloe letho ka ho sebetsa ha mohlolo ha Bakreste ba pele.”
Lebaka la Ho ba Seli
Jesu Kreste o ile a lemosa hore ho ne ho tla ba le nako eo ka eona ba bangata ba neng ba tla re ho eena: “Morena, Morena, na ha rea ka ra porofeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra etsa liketso tse ngata, tse hlollang, ka lebitso la hao na?” Empa Jesu o ne a tla ba bolella hore: “Ha kea ka ka le tseba; tlohang ho ’na, lōna ba etsang bokhopo!” (Mattheu 7:22, 23, TLP) Kahona, ke eng e ikarabellang bakeng sa katleho eo ho bonahalang ba e-na le eona ho etseng “liketso tse . . . hlollang” haeba e se moea oa Molimo?
Mabakeng a mang, ho bonahala ho ameha bolotsana bo pepenene. Ka mohlala, The Herald, koranta ea Zimbabwe, e tlaleha ka batho ba bararo bao motho ea tsebahalang ea folisang ka tumelo a ileng a ba hlahisa e le ba phekotsoeng. Pampiri eo e ile ea senola sena e le bolotsana: “Ngoana e mong le joale o ntse a sa utloe a bile a sa tsebe ho bua; ngoana e mong ha ho mohla e kileng ea e-ba sethōlō; ’me mosali, eo e neng e mpa e le tsebe-tutu feela, le joale o ntse a sa utloe.”
Ka linako tse ling, ho folisa ka tumelo ho bonahala ho e-na le tšusumetso e thobang kelello ea mokuli. Mabakeng a mang—haholo-holo moo ho fetang nako e telele pele phekolo e iponahatsa—ho bonahala ho ameha tšebetso ea tlhaho ea ’mele ea ho iphekola. Bukeng Science and the Paranormal, Dr. William Nolen o bolela hore “hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea bakuli ba tlang ho [ngaka e tloaelehileng] ba na le mafu a nkang nako e khutšoanyane—ke hore mafu ao ho ’ona ba tlang ho hlaphoheloa ntle le phekolo.” Kahona ha nako e ntse e feta, motho ea folisang ka tumelo a ka inkela tlotla bakeng sa pheko habobebe.
Qetellong, Bibele e lemosa hore “Satane o iketsa e ka ke lengeloi la leseli” ka boiteko ba ho khelosa. (2 Ba-Korinthe 11:14, TLP) Ho 2 Ba-Thessalonika 2:9, 10, (TLP), Pauluse o ile a tsoela pele ho hlalosa: “Ea khopo o tla tla ka mesebetsi ea Satane, ’me o tla etsa liketso tse matla, [“mehlolo ea mefuta eohle,” The Jerusalem Bible] le mehlolo le limakatso tse thetsang. O tla sebelisa mefuta eohle ea lithetso tsa bokhopo ho ba eang timelong.” Kahoo e-ba seli! Hangata ho folisa ka tumelo ho ama matla a bodemona! Pauluse o ile a lemosa: “Ke hana hoba le ka jesana le bademona. Le ke ke la noela senoelong sa Morena le senoelong sa bademona.”—1 Ba-Korinthe 10:20, 21.
Ha Mokreste a Kula
Ke ’nete hore ha motho a kula, phekolo ea mohlolo e ka ’na ea bonahala e le monyetla o mong o hohelang. Leha ho le joalo, hlokomela hore mosebetsi-’moho le moapostola Pauluse Epafrodite o ile a kula hoo a ileng a batla a e-shoa. (Ba-Filippi 2:25-27) Ka ho tšoanang motsoalle oa Pauluse ea haufi-ufi Timothea, o ne a “kula hangata.” (1 Timothea 5:23, TLP) Empa, Pauluse ha aa ka a phekola ka mohlolo leha e le ea mong oa banna bao ba babeli. Hape ha Pauluse ka boeena a hloka thuso ea ngaka, e ka ’na eaba o ile a thusoa ke Luka, “ngaka e ratoang,” ea neng a tsamaea le eena.—Ba-Kolosse 4:14.
Ka ho tšoanang kajeno, Mokreste ea kulang a ka batla thuso ea ngaka kapa mophekoli ea nang le mangolo, a qoba ho kopa-kopana le liphekolo tse susumetsoang ke bademona kapa le tšebetso ea bo-kea-tseba e tloaelehileng hakana linaheng tse ngata kajeno. A ka boela a rapella bohlale ba ho sebetsana le bohloko boo, e seng phekolo ea mohlolo. (Jakobo 1:5) A ka boela a rapela ka tieo hore Jehova ‘a mo tšehetse ha a le liphateng tsa boloetse.’—Pesaleme ea 41:3.
Ke ’nete hore e ka ba ho nyahamisang haholo ha tsebo ea mahlale a bongaka e sitoa ho phekola mofuta o itseng oa bohlōkō. Leha ho le joalo, esita le ha a kula Mokreste o tlameha ho loanela ho “lemoha litaba tse fetisang ka molemo,” a se lumelle ho ameha ka bophelo hore ho sire lintho tsa moea tseo a lokelang ho ameha ka tsona ka ho felletseng. (Ba-Filippi 1:10) A ka boela a itiisa ka tšepo ea ho phela tlas’a ’Muso oa Molimo moo “ho seng moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ ”—Esaia 33:24, NW; 65:17-19.
Ka sebele, tšepo ena ea lefatše le lecha la ho loka ke ea bohlokoa haholo ho feta litšepiso tse se nang thuso tsa batho ba folisang ka tumelo. Nahana ka Peter, monna oa sefofu ea phelang Akumadan, Ghana. O ne a qetile kakaretso ea lilemo tse 26 likerekeng tse fapaneng tse folisang ka tumelo ka tšepo ea hore bofofu ba hae bo tla phekoloa. Empa ha ho motho ea folisang ka tumelo ea ileng a tutubolla mahlo a hae. Joale, ha a ntse a kena kereke e folisang ka tumelo, a kopana le Lipaki tsa Jehova.
Lipaki tsa mo hlalosetsa ka Bibele hore tlas’a ’Muso oa Molimo ho kula hohle ho tla folisoa. Sena se ile sa tutubolla mahlo a Peter a kutloisiso. A tletse kananelo bakeng sa linnete tse hlollang tsa Bibele, o ile a fetoha ’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso oa Molimo ’me o ’nile a sebeletsa joalo ka nako e fetang lilemo tse tharo! O lebelletse nako eo ka eona, ka tsela ea sebele, “mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe.”—Esaia 35:5, 6.
Ka thuso ea Lentsoe la Molimo, ba bang ba likete ba itokollotse ka ho tšoanang tšepong e beiloeng hosele ho batho ba folisang ka tumelo.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ke seoelo batho ba folisang ka tumelo ba folisang batho ba nang le mathata a ho kula ha litho tsa ’mele
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Mokreste ea kulang o rapella matla a ho mamella. O boetse o lebelletse lefatše le lecha, moo “ho seng moahi ea tla re: ‘Kea kula’”