Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 12/1 maq. 22-23
  • ‘Ho Folisa ka Mohlolo’ Kajeno—Na ho Etsoa ka Matla a Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Folisa ka Mohlolo’ Kajeno—Na ho Etsoa ka Matla a Molimo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Jesu a Neng a Phekola Batho Kateng
  • Ba “Folisa” ka Matla a Mang?
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu le Baapostola ba Neng ba Phekola Batho
  • Na Molimo o Amohela ho Folisa ka Tumelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Folisoa ha Moloko oa Batho ka Mohlolo ho Atametse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Folisa ka Tumelo—Na ho Tsoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Kamoo Tumelo e ka Thusang ba Kulang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 12/1 maq. 22-23

‘Ho Folisa ka Mohlolo’ Kajeno—Na ho Etsoa ka Matla a Molimo?

LINAHENG tse ling, ho tloaelehile ho bona batho ba ea libakeng tseo ho nkoang hore lia halalela moo ba bangata ba reng ba phekotsoe maloetse le mafu a neng “a sa phekolehe.” Ho tse ling, ho na le lingaka tse re’ng li phekola batho ka matla a mohlolo. Libakeng tse ling teng, ho tšoaroa lipokano tseo ho tsona batho ba kenoang ke moea ’me ba kulang ba ka ’nang ba raoha litulong tsa batho ba holofetseng kapa ba lahla lithupa tseo ba ikokotlelang ka tsona, ebe ba bolela hore ba folisitsoe.

Hangata batho ba phekolang ka litsela tseo ke ba malumeli a fapaneng ’me ba bang ba atisa ho re ba bang ke bakhelohi, ke ba bolumeli ba bohata, kapa ke bahetene. Joale motho a ka ’na a botsa potso e reng, Na Molimo o etsa mehlolo ka batho ba fapa-fapaneng ba atisang ho hanyetsana? Etsoe Bibele e re: “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.” (1 Bakorinthe 14:33) Kahoo na ‘lipholiso tse joalo tsa mohlolo’ li hlile li etsoa ka matla a Molimo? Batho ba bang ba folisang ba bolela hore ba folisa ka matla a Jesu. A re ke re hlahlobeng hore na Jesu o ne a phekola batho joang.

Kamoo Jesu a Neng a Phekola Batho Kateng

Jesu o ne a phekola batho ba kulang ka litsela tse fapaneng ka ho feletseng le tsa batho ba kajeno ba bolelang hore ba folisa batho. Ka mohlala, Jesu o ne a phekola motho e mong le e mong ea neng a tla ho eena a kōpa thuso. O ne a sa khethe ho phekola batho ba itseng feela ka har’a letšoele ebe o khutlisa ba bang a sa ba phekola. Jesu o ne a phekola batho ka ho feletseng, le hona hangata o ne a ba phekola hang-hang. Bibele e re: “Bongata boo kaofela bo ne bo batla ho mo ama, hobane matla a ne a tsoa ho eena ’me a ba folisa kaofela.”​—Luka 6:19.

Ho fapana le batho ba kajeno ba rapellang batho hore ba fole, ba atisang ho beha batho molato ka ho re ha ba na tumelo ha ba sa khone ho ba phekola, Jesu o ne a phekola esita le batho ba neng ba e-s’o behe tumelo ho eena. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng Jesu o ile a ea ho monna e mong oa sefofu ea neng a sa mo kōpa thuso eaba oa mo phekola. Hamorao Jesu o ile a re ho eena: “Na u beha tumelo ho Mor’a motho?” Monna eo a araba: “Eo ke mang, mohlomphehi, e le hore nka beha tumelo ho eena?” Jesu a re ho eena: “Ea buang le uena ke eena eo.”​—Johanne 9:35-38.

Mohlomong u ka ipotsa, ‘Joale haeba tumelo e ne e se eona ntho e ka sehloohong e hlokahalang hore Jesu a phekole motho ea kulang, ke hobane’ng ha Jesu a ne a atisa ho re ho batho bao a ba phekotseng: “Tumelo ea hao e u folisitse”?’ (Luka 8:48; 17:19; 18:42) Ka ho rialo, Jesu o ne a bontša hore bao tumelo ea bona e neng e ba susumelletsa hore ba mo batle ba ne ba phekoloa, empa batho ba neng ba hana ho ea ho eena ba ne ba sa fumane monyetla oa ho phekoloa. Ba neng ba phekoloa ba ne ba sa phekoloe ke tumelo ea bona; empa ba ne ba phekoloa ke matla a Molimo. Ha Bibele e bua ka Jesu e re: “Molimo [o ile] a mo tlotsa ka moea o halalelang le matla, ’me a pholletsa le naha a etsa se molemo ’me a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose; hobane Molimo o ne a e-na le eena.”​—Liketso 10:38.

Hangata ho bonahala chelete e le eona ntho ea bohlokoa kajeno ho batho ba bolelang hore ba folisa batho. Batho ba rapellang ba bang hore ba fole ba tumme ka ho tseba ho susumelletsa batho hore ba ntše chelete. Ho tlalehoa hore motho e mong eo ho thoeng oa folisa o ile a bokella liranta tse limilione tse 684 ka selemo ka mananeo a hae lefatšeng ka bophara. Mekhatlo ea likereke le eona e etsa chelete e ngata ka batho ba tlang libakeng tseo ho thoeng lia halalela ba tšepile hore ba tla fola. Ka lehlakoreng le leng, ha ho mohla Jesu a neng a batla chelete ho batho bao a ba phekolang. Ka linako tse ling, o ne a bile a ba fepa. (Matheu 15:30-38) Ha Jesu a rōma barutuoa ba hae hore ba e’o bolela litaba tse molemo, o ile a re ho bona: “Phekolang batho ba kulang, le tsose batho ba shoeleng, le hloekise balepera, le leleke bademona. Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:8) Ke hobane’ng ha batho ba reng ba phekola ba bang kajeno ba sebelisa mekhoa e fapaneng hakaale le eo Jesu a neng a e sebelisa?

Ba “Folisa” ka Matla a Mang?

Ka lilemo tse ngata ba bang ba lefapheng la bongaka ba ’nile ba etsa liphuputso ka lipholiso tsa batho ba bolelang hore ba folisa ka tsela ea bolumeli. Ba fumane eng? Ho latela Daily Telegraph ea London, ngaka e ’ngoe ea Engelane e ileng ea qeta lilemo tse 20 e etsa liphuputso ka taba ena, e ile ea re: “Litlaleho tsa batho ba bolelang hore ba na le matla a ho phekola ka mohlolo ha li na bopaki le bo bong too! bo lumellanang le tsa bongaka ba hore ho na le batho ba ileng ba hla ba phekoloa.” Leha ho le joalo, batho ba bangata ba lumela hore ba ile ba phekoloa ka lintho tse hlomphuoang hobane e kile ea e-ba tsa bahalaleli, ka ho ea litempelaneng, kapa ba ile ba folisoa ke batho ba rapellang ba bang. Na mohlomong ba thetsitsoe?

Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng, Jesu o ile a re ba ikhakanyang ka bolumeli ba ne ba tla re ho eena: “Morena, Morena, na ha rea ka ra . . . etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?” Leha ho le joalo o tla ba araba ka ho re: “Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.” (Matheu 7:22, 23) Ha moapostola Pauluse a ne a lemosa ka mohloli oa matla ao batho ba mofuta oo ba reng ba na le ’ona, o ile a re: “Ho ba teng ha ea sa eeng ka molao ho teng ho ea ka tšebetso ea Satane ka mosebetsi o mong le o mong o matla le lipontšo le limakatso tsa leshano le ka thetso e ’ngoe le e ’ngoe e sa lokang.”​—2 Bathesalonika 2:9, 10.

Ho feta moo, “lipholiso” leha e le life tseo ho thoeng li entsoe ka lintho tsa bolumeli tse hlomphuoang hobane e kile ea e-ba tsa bahalaleli, kapa ka litšoantšo tse rapeloang, e ke ke eaba li entsoe ka matla a Molimo. Hobane’ng? Hobane Lentsoe la Molimo le fana ka taelo ena e hlakileng: “Le balehele borapeli ba litšoantšo,” ebile le re: “Le itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Bakorinthe 10:14; 1 Johanne 5:21) “Lipholiso” tsa mofuta oo ke le leng la maqiti a Diabolose a ho suthisetsa batho hōle le borapeli ba ’nete. Bibele e re: “Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli.”​—2 Bakorinthe 11:14.

Lebaka Leo ka Lona Jesu le Baapostola ba Neng ba Phekola Batho

Liketsahalo tsa sebele tse ka Mangolong a Segerike a Bakreste tseo ho tsona Jesu le baapostola ba ileng ba phekola batho li ne li bontša ka ho hlakileng hore ba ne ba tšehetsoa ke matla a Molimo. (Johanne 3:2; Baheberu 2:3, 4) Ha Jesu a ne a phekola batho ka mohlolo, seo se ne se boetse se tšehetsa molaetsa oo a neng a o bolela: “A potoloha ho pholletsa le Galilea eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa bona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso le ho phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong har’a batho.” (Matheu 4:23) Mesebetsi ea Jesu e matla—e neng e akarelletsa ho phekola ba kulang hammoho le ho fepa matšoele, ho laola boemo ba leholimo esita le ho tsosa bafu—e ne e bontša seo a tla se etsetsa moloko oa batho o mamelang ha a se a busa ’Musong oa hae. Ruri tseo ke litaba tse monate!

Mesebetsi e joalo e matla, kapa limpho tsa moea, li ile tsa khaotsa ka mor’a lefu la Jesu le la baapostola hammoho le la mang kapa mang eo ba neng ba li fetiselitse ho eena. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ebang ho na le limpho tsa ho profeta, li tla felisoa; ebang ho na le maleme [a buuoang ka mohlolo], a tla khaotsa; ebang ho na le tsebo [e senotsoeng ke Molimo], e tla felisoa.” (1 Bakorinthe 13:8) Hobane’ng? Mesebetsi e joalo e matla e akarelletsang ho phekola ha e sa hlokahala; kahoo ‘e felisitsoe’ hobane e phethile morero oa eona—e leng ho paka hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng le hore Molimo o rata phutheho ea Bokreste.

Ho ntse ho le joalo, kajeno ho na le molaetsa oa bohlokoa oo re o fumanang ka mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ea ho phekola batho. Haeba re mamela seo Jesu a se rutileng mabapi le ’Muso oa Molimo re bile re bontša tumelo ho seo, re ka lebella nako eo ka eona boprofeta bona bo bululetsoeng bo tla phethahala ka tsela ea sebele le ea moea: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”​—Esaia 33:24; 35:5, 6; Tšenolo 21:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela