Part 1—Egepeta ea Boholo-holo—Oa Pele Mebusong e Meholo ea Lefatše
EGEPETA—naha ea boholo-holo ea bo-Faro le ea Nile—e ne e le se seng sa libaka tse tsoetseng pele haholo tsa lefatše. Lipontšuoa tsa eona tsa mesebetsi ea matsoho li khabisitse matlo a maholo a polokelo ea lintho tsa khale. Histori ea eona e tlalehiloe libukeng tsa lithuto tsa sekolo. Liemahale tsa eona tse khōlōhali li hlolla bahahlaoli. Ho feta moo, liketsahalo tse ngata tsa Bibele ke tse ileng tsa etsahala hona teng kapa tse neng li ama naha ena. Bibele e bua ka Egepeta le batho ba eona ka makhetlo a fetang 700.
Empa ke eng eo u hlileng u e tsebang ka Egepeta ea boholo-holo? Ho ithuta ho eketsehileng ka eona ho tla u thusa ho utloisisa lintho tse ngata tse boletsoeng ka Bibeleng.
Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane ho hongata Egepeta ho tiisang tlaleho ea Bibele. Ka mohlala, nahana ka tlaleho ea Josefa. Mabitso, litlotla, boemo ba Josefa e le mookameli oa ntlo, boemo boo a ileng a bo neoa ba ho ba ’musi oa bobeli oa naha le molaoli oa lijo, meetlo ea Baegepeta ea liphupu, esita le tloaelo ea baapehi ba bohobe ea ho roala lirōtō tsa bohobe hloohong—tsena kaofela li fumanoe li lumellana le meetlo ea Egepeta ea nako eo.—Genese likhaolo 39–47; 50:1-3.
Naha le Batho ba Eona
Egepeta e itšetlehile ka nōka ea Nile. Phula e nonneng ea nōka eo, e akaretsang feela hoo e ka bang lik’hilomithara tse 19 ka bophara ho tloha Aswân ho isa Cairo, e tsamaea e lebile leboea joaloka lelente le lesesaane le letala le fohlang lehoatata la Afrika le omeletseng. Mehleng e fetileng, meroallo ea eona e neng e e-tla selemo le selemo e ne e tlisa mahoholi a nontšang mobu a neng a etsa hore Egepeta e be moabi oa lijo le setšabelo nakong ea tlala. (Genese 12:10) Pampiri ea pele-pele e ne e entsoe ka loli le fumanoang mabōpong a eona.
Molomo oa nōka o ahlameng, moo metsi a Nile a arohanang pele a phallela kahar’a Mediterranean e putsoa, o bitsoa Egepeta e Katlaase. Ho bonahala eka mona e ne e le hona “naheng ea Goshene,” moo Baiseraele ba ileng ba lula teng ka nako e telele ea bojaki ba bona Egepeta.—Genese 47:27.
Bolumeli ba Egepeta
Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lumela hore Faro oa bona e ne e le molimo. ’Nete ena e eketsa moelelo potsong ea Faro e nyelisang ho Moshe: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae?” (Exoda 5:2) Baegepeta ba ne ba boetse ba e-na le melimo e meng e mengata. Mabitso a e ka bang 740 ea eona a fumanoa lethathamong le ileng la fumanoa lebitleng la Thutmose III. Baegepeta ba ne ba rapela melimo ka lihlopha tsa boraro, kapa boraro bo bong, ’me o mong oa e tummeng haholo har’a eona e ne e le sehlopha sa melimo e meraro ea Osiris, Isis, le Horus.
Melimo e mengata e tsebahalang ka ho fetisisa ea Egepeta e ne e tšoantšetsoa ka ’mele ea batho le lihlooho tsa liphoofolo. Baegepeta ba ne ba tšoantša Horus ka hlooho ea phakoe le Thoth ka hlooho ea mokotatsie kapa ea tšoene. Likatse, liphokojoe, likoena, litšoene, le linonyana tse fapa-fapaneng li ne li talingoa e le tse halalelang ka baka la ho amana ha tsona le melimo e itseng. Poho ea Apis, e neng e talingoa e le molimo Osiris ka sebopeho sa nama, e ne e bolokoa tempeleng Memphis, ’me e etsetsoa phupu e khōlō le ho nōkoa ha e shoele. Litšoantšo tsa likhola-bolokoe tse tsebahalang tsa Egepeta, tse neng li roaloa joaloka lifaha kapa liroala tse sireletsang, li ne li emela khola-bolokoe—eo ho neng ho lumeloa hore ke ponahatso ea molimo oa pōpo.
Ho sa tsotellehe bolulo ba bona bo bolelele Egepeta le kamano ea bona e haufi-ufi le batho ba naha eo, Baiseraele ba ne ba e-na le Molimo o le mong feela, Jehova, ’me ba ne ba lokela ho sebeletsa eena feela. Ba ile ba lemosoa hore ba se ke ba iketsetsa setšoantšo sefe kapa sefe sa bolumeli—e-bang ke sa Molimo ka booona kapa sa nonyana, sebata, tlhapi, kapa ntho leha e le efe e ’ngoe. E ka ’na eaba borapeli ba bona ba namane ea gauda nakoana kamor’a ho tsoa ha bona Egepeta bo ile ba tlisoa ke tšusumetso ea Baegepeta.—Exoda 32:1-28; Deuteronoma 4:15-20.
Tumelo Ea Hore Moea Ha O Shoe
Baegepeta ba ne ba lumela ka tieo hore moea ha o shoe. Kahona, babusi ba Egepeta ba ne ba lokisa mabitla a majaba-jaba, a phakhelletsoeng ka litlhokahalo tsa bophelo le matlotlo a tlisang boiketlo, ba tšepa ho sireletsa thabo ea ka ho sa feleng bophelong ba kamorao ho lefu. Liemahale tse neng li etsoa mabitleng a marena ke mohlala o totobetseng oa mokhoa ona.
Mabenyane a gauda, liaparo, thepa e betliloeng, veine, lijo, lintho tsa letsopa, mabokose a entsoeng ka manaka a tlou, esita le matlapa a manyenyane a silang pilo e tlolang lintši kaofela li ne li beoa ka hloko mabitleng a Baegepeta. Ho ne ho lumeloa hore lintho tsena li ka sebelisoa bophelong ba kamorao ho lebitla. Mehleng ea pejana, makhoba a ne a bolaoa ’me a patoa ’moho le beng ba ’ona, ho ea ba sebeletsa kamorao ho lefu. Pokello ea mantsoe a boselamose e tsebjoang e le “Buka ea Bafu” e ile ea fumanoa kahar’a makase a bafu a likete-kete a Baegepeta. Ho ne ho tšeptjoa hore mantsoe ana a boselamose a ne a tla thusa motho ea shoeleng hore a hlōle likotsi tse fapa-fapaneng tsa bophelo ba kamorao ho lefu.
Pono ea Baiseraele e ne e le e fapaneng hakaakang! Joalokaha Bibele e ne e tla bolela hamorao, ba ne ba tseba hore, “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” ’Me ha motho a e-shoa, “merero ea [hae] e felile.”a Tšepo ea bona bakeng sa bophelo ba kamoso e ne e le tsohong ea bafu.—Moeklesia 9:5, 10; Pesaleme ea 146:4; Jobo 14:13-15.
Ke Bo-mang Ba Neng ba Phela Neng?
Liithuti tsa histori ea Egepeta li tsebahatsa “masika” a 31 a marena a Egepeta ’me li bua ka ’Muso oa Khale (Masika 3-6), ’Muso o Mahareng (Masika 11, 12), le ’Muso o Mocha (Masika 18-20). Empa tsela ena ea ho bala ha ea nepahala ho hang. E akarelletsa mengolo e belaetsang le e nang le liphoso ’me e ka ba ’na ea akarelletsa marena a ’maloa a busitseng libakeng tse fapaneng ka nako e le ’ngoe, ho fapana le letoto la babusi ba hlahlamanang.b
Ha Moshe a qala ho ngola libuka tsa pele tsa Bibele, o ile a latela ho bonahalang e ne e le mokhoa oa Baegepeta oa ho bua ka morena oa bona e le “Faro,” ntle le ho sebelisa lebitso la hae la botho. Kahona, ha re tsebe mabitso a bo-Faro bao Abrahama le Josefa ba neng ba ba tseba kapa hore na ke ofe ea neng a busa nakong ea ho falla ha Iseraele Egepeta. Leha ho le joalo, tlotla “Faro” hamorao e ile ea qala ho sebelisoa ’moho le lebitso la morena ka boeena, ’me hoo ho etsa hore re khone ho matahanya liketsahalo tsa Bibele le lethathamo la marena a Egepeta. Ba bang ba bo-Faro ba thahasellisang ho seithuti sa Bibele ke bana:
Akhenaton (oa ho bitsoang Lesika la bo18) e ne e le morapeli ea chesehang oa selika-likoe sa letsatsi Aton. Ka 1887 pokello ea matlapa a letsopa a ka bang 377 e ile ea fumanoa Tel el-Amarna, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 320 ka boroa ho Cairo. Matlapa ana a thahasellisang e ne e le mangolo a tsoang lichabeng tse hole a ileng a amoheloa ke Akhenaton le ntat’ae Amenhotep III. A ne a akarelletsa mangolo a tsoang ho babusi ba Jerusalema, Megiddo, Hatsore, Sikeme, Lakishe, Hebrone, Gaza, le metseng e meng ea linaha tsa Palestina. Mohlomong a ngotsoe nakoana pele Iseraele e kena Kanana, mangolo ana a senola ho loantšana ha mebuso le bolotsana ba eona. A boetse a bontša hore motse o mong le o mong o ne o e-na le morena oa oona, joalokaha buka ea Bibele ea Joshua e bontša.
Tutankhamen, mokhoenyana oa Akhenaton, o tumme e le “Morena Tut” eo mekhabiso ea lebitla la hae la gauda le mabenyane e ileng ea epolloa ke baepolli ’me e bontšitsoe matlung a fapa-fapaneng a polokelo ea lintho tsa khale. Mekhabiso ena ke pontšo e totobetseng ea leruo la bo-Faro. E ne e le leruo le joalo leo Moshe a ileng a le furalla pejana ha a ne a “hanne ho bitsoa mora oa morali oa Faro; a mpa a ikhethela ho tšoenngoa le sechaba sa Molimo, e seng ho thabela menate ea libe e felang kapele.”—Ba-Heberu 11:24, 25.
Merneptah e ne e le oa “Lesika la bo19.” Seemahaleng sa tlhōlo se fumanoang tempeleng ea Thebetse, Faro enoa o ile a tlaleha hore “Iseraele e lutse e le lesupi, peo ea hae ha e eo.” Tlaleho ena ke eona feela e bolelang Iseraele ka ho toba e le sechaba e fumanehileng ho tla fihlela joale litlalehong tsa Baegepeta tsa boholo-holo. Le hoja ka ho totobetseng e le boikhantšo bo se nang thuso, polelo ena e bonahala e bontša hore Baiseraele ba ne ba se ba hapile Kanana. Kahona, tlhōlo eo ea 1473 B.C.E. e tlameha e etsahetse pakeng tsa nako eo Akhenaton a fumaneng mangolo a Tel el-Amarna le mehleng ea Merneptah.
Shishake (Sheshonk I, “Lesika la bo22”) ke Faro oa pele ea boletsoeng ka lebitso ka Bibeleng. Ka lebotho le matla la makoloi a ntoa le bakalli ba lipere, o ile a futuhela Juda, a sokela Jerusalema, ’me “a nka matlotlo a ntlo ea Jehova le matlotlo a ka tlung ea morena; a nka ntho tsohle.” (2 Likronike 12:9) Ketsahalo ena e tiisoa ke litšoantšo tse leboteng le ka boroa la tempele ea Amone e Karnak (Thebetse ea boholo-holo). Li bontša batšoaruoa ba 156 ba tlanngoeng ka mahlaahlela, e mong le e mong oa bona a emela motse kapa motsana o hapiloeng, ho akarelletsa Megiddo, Shuneme, le Gibeone. Har’a libaka tse hapiloeng, Shishake o bile a thathamisa “Tšimo ea Abrame”—e leng moo ho buuoang ka Abrahama ka lekhetlo la pele litlalehong tsa Baegepeta.
Mebuso E Meng ea Lefatše Ea Phahama
Qetellong, Egepeta e ile ea nkeloa sebaka ke Assyria e le ’muso oa lefatše o okametseng. Empa e ile ea sala e ntse e le tšusumetso e matla ea bopolotiki. Osea, morena oa ho qetela oa ’muso o ka leboea oa meloko e leshome oa Iseraele, o ile a rera phetohelo le Morena So oa Egepeta boitekong bo sa kang ba atleha ba ho hlohlolla joko ea Assyria. (2 Marena 17:3, 4) Lilemo hamorao, nakong ea puso ea Morena Ezekiase oa Juda, Morena Tirhakah oa Ethiopia (mohlomong e ne e le ’musi oa Moethiopia oa Egepeta, Faro Taharqa) o ile a kena Kanana ka mabotho a hae ’me ka nakoana a faposa tlhaselo ea morena Sankeribe oa Assyria. (2 Marena 19:8-10) Litlaleho tsa Sankeribe ka boeena tsa selemo le selemo, tse fumanoeng Assyria, li bonahala li supa ho sena ha li re: “’Na ka bonna ke ile ka hapa ba sa ntse ba phela . . . bakhanni ba makoloi a ntoa ba morena oa Ethiopia.”—Mokhatlo oa Bochabela oa Seemahale sa Sankeribe, Univesithi ea Chicago.
Moprofeta oa Jehova Esaia o ne a ile a bolela esale pele hore Egepeta e ne e tla neeloa “letsohong la morena ea thata” le hore morena ea “matla” o ne a tla busa Baegepeta. (Esaia 19:4, NW) Bonnete ba boprofeta bona bo tiisoa ke tokomane ea Baassyria eo ho eona mor’a Sankeribe Esar-haddon a ikhantšang ka ho hapa ha hae Egepeta, a re: “Morena oa eona, Tirhakah, ke mo ntšitse kotsi ka makhetlo a mahlano ka metsu ’me ka busa naha eohle ea hae.”
Faro Neko o ile a leba leboea ka mabotho a hae hoo e ka bang ka 629 B.C.E. ho ea thiba mabotho a neng a e-tla a ’muso oa boraro oa lefatše, Babylona. Bibele e bolela hore ka bothoto Josiase oa Jerusalema o ile a leka ho thiba makhotla a Baegepeta Megiddo ’me a hlōloa a ba a bolaoa.c (2 Likronike 35:20-24) Hoo e ka bang lilemo tse ’nè hamorao, ka 625 B.C.E., Faro Neko ka boeena o ile a hlōloa ke Bababylona Karkemishe. Bibele le Litlaleho tsa Histori ea Babylona ka bobeli li bua ka ketsahalo ena, e ileng ea nea Bababylona bobusi holim’a Asia bophirimela.
Ka 525 B.C.E. Egepeta e ile ea oela tlas’a tsamaiso ea ’muso oa bone oa lefatše, Medo-Persia. Hoo e batlang e le makholo a mabeli a lilemo hamorao, ka 332 B.C.E., ho ile ha hlaha Alexander e Moholo ’me a tlisa Egepeta tlas’a ’muso oa bohlano oa lefatše, Greece. Alexander o ile a thea motse oa Alexandria sebakeng se likolohileng molomo oa Nile ea Egepeta, moo, hoo e ka bang ka 280 B.C.E., ho ileng ha qaloa phetolelo ea pele ea Bibele ho tloha Seheberung ho ea Segerikeng. Phetolelo ena, e ileng ea tsebahala e le Septuagint, ke Bibele e neng e sebelisoa ke balateli ba Jesu lefatšeng la batho ba buang Segerike.
Nakong ea Roma, ’muso oa lefatše oa botšelela, Jesu o ile a tlisoa Egepeta e le ngoana e monyenyane ho mo pholosa ho Heroda ea mōna. (Mattheu 2:13-15) Baegepeta ba ne ba le teng Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. ho tla utloa boboleli bo tsotehang ba litaba tse molemo tsa Bokreste. ’Me Mokreste oa lekholong la pele la lilemo Apollos oa kheleke o ne a e-tsoa moo.—Liketso 2:10; 18:24.
E, Egepeta le Baegepeta ba hlahelletse haholo historing ea Bibele, ’me litšibollo tsa baepolli li tiisa seo Mangolo a se bolelang ka naha ena ea boholo-holo. Ka sebele, Egepeta e ne e tsebahala hoo litlalehong tse ling tsa boprofeta e tšoantšetsang lefatše lohle le tlas’a puso ea Satane. (Ezekiele 31:2; Tšenolo 11:8) Empa Egepeta ea boholo-holo, ho sa tsotellehe matla a eona e le ’muso oa lefatše, ha ho mohla e kileng ea khona ho thibela phethahatso ea merero ea Jehova. ’Me hona e boetse ea e-ba ’nete ka ’muso oa bobeli oa lefatše oa histori ea Bibele, Assyria, joalokaha re tla bona tokollong e latelang ea makasine oa Molula-Qhooa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Jewish Encyclopedia e re: “Tumelo ea hore moea o tsoela pele ho phela kamor’a ho fela ha ’mele . . . ha ho moo e rutoang teng pepenene ka Lengolong le Halalelang.”
b Bakeng sa tlhaloso e thahasellisang ea mathata a amanang le mathathamo ana, bona buka Aid to Bible Understanding, maqephe 324-5, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
c Ena e ne e le e ’ngoe ea lintoa tsa makhaola-khang tse loannoeng Megiddo, tse entseng hore e sebelisoe e le tšoantšetso ea ntoa ea Molimo ea ho qetela khahlanong le lichaba tsa batho ba marabele ka Har–Magedone, kapa Armageddone.—Tšenolo 16:16.
[’Mapa o leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle la Mediterranean
Karkemise
Eufrates
Megiddo
Jerusalema
Aleksandria
GOSHENE
Memphise
Nile
EGEPETA E KATLAASE
Thebetse
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
E theiloe ’mapeng o hatisitsoeng ke Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Molimo oa Baegepeta o tšoantšelitsoeng ka ’mele oa motho le hlooho ea phakoe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Museum oa Brithani, London
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Karolo ea “Buka ea Bafu” e fumanoeng kahar’a lekase la bafu la Egepeta
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Botsamaisi ba Museo Egizio, Turin
Lekase la bafu la Egepeta le sekoahelo sa lona bakeng sa setopo se nokiloeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Botsamaisi ba Museo Egizio, Turin
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Morena Tutankhamen a le pel’a molimo Amone o lutseng fatše
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Botsamaisi ba Museo Egizio, Turin