Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 7/1 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ba Le Teboho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ba Le Teboho?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li Nkoa e le Lefeela Habonolo
  • Teboho e Ka Tlosa Mesarelo
  • “Le Iponahatse le e-na Le Teboho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Mabaka a Eketsehileng a ho ba le Teboho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Iponahatseng le le ba Lebohang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 7/1 leq. 3

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ba Le Teboho?

AK’U talime bokantle ba makasine ona. Ka sebele, bo re hopotsa hore ho na le lintho tse ngata tse ntle tse hlakolang bobe le litšila tseo re li bonang hohle.

Na u ananela lintho tse ntle? Ak’u nahane ka mookoli ka motsoako oa oona oa mebala e hlakileng, e khanyang kamorao ho lefifi la sefefo. Ak’u nahane ka phororo e khōlō. Kapa leka ho bona ka mohopolo liphoofolo tse tlolakang le malinyane a tsona. Bona serapa sa lipalesa se khahlehang, kapa limela tse ngata tsa koro. E, tsena ke lintho tseo batho ba bangata ba li bonang kamehla. Empa li na le tšusumetso efe ho uena?

Li Nkoa e le Lefeela Habonolo

Hangata, ha motho a kopana le ntho eitseng khafetsa, e fetoha ntho e tloaelehileng haholoanyane—’me ho ba bonolo haholoanyane ho e nka e le lefeela. Ho hlōleha hona ho ka ’na ha bonahala ho totobetse haholoanyane lekholong lena la bo20 la lilemo le tsamaeang ka potlako. Empa ho se iphe sebaka sa ho thuisa kapa ho nahana ka mahlohonolo le mabaka a ho ba le teboho kamehla e ’nile ea e-ba o mong oa mefokolo ea batho ba sa phethahalang.

Ka lehlakoreng le leng, mopesaleme Davida, tlas’a pululelo, hangata o ne a senola teboho ea hae ka pina. Mantsoe ana a lebisitsoeng ho Molimo pineng e ’ngoe ea Davida ea thoriso ke mohlala oa sehlooho oa teboho:

“Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao,

Khoeli le linaleli tseo u li bopileng,

Ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola?

Le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?

U mo laolisitse mesebetsi ea matsoho a hao;

U beile tsohle ka tlas’a maoto a hae:

Linku hammoho le likhomo,

Le libatana tsa naha,

Le linonyana tsa leholimo, le lihlapi tsa leoatle,

Tsohle tse itsamaelang litseleng tsa leoatle.

Jehova, Morena oa rōna, lebitso la hao le bokhabane hakakang lefatšeng lohle!”—Pesaleme ea 8:3, 4, 6-9.

Teboho e Ka Tlosa Mesarelo

Teboho eo mopesaleme a neng a e-na le eona bakeng sa lintho tse ntle e ile ea thusa ho hlakola mesarelo leha e le efe e neng e tlisitsoe ke lintho tse soabisang kapa maemo a thata tseo a neng a li bona. Le uena u ka ba le phihlelo e tšoanang. Joang? Ka ho loanela ho ananela ka botlalo haholoanyane lintho tse ngata tse thabisang tse re potileng. Ka tsela ena, u ka eketsa thabo ea hao le ea ba u potileng.

Kahoo ke hobane’ng ha u sa etse hore lintho tse ntle tseo u li bonang le tse u makatsang letsatsi le leng le le leng li u susumelletse hore u be le teboho e tsoang botebong ba pelo ho ’Mōpi oa rōna ea etsang liketso tse mosa? Joale ak’u nahane ka mabaka a mang a eketsehileng a ho ba le teboho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela