Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 7/1 leq. 4
  • Mabaka a Eketsehileng a ho ba le Teboho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mabaka a Eketsehileng a ho ba le Teboho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phonyoha Lefu ka Makhetlo a Mabeli
  • Mekhoa ea Molimo e Hlollang ea Ho Loana
  • Teboho ea E-ba ea Nakoana
  • “Le Iponahatse le e-na Le Teboho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ba Le Teboho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ba Tšela Leoatle le Lefubelu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 7/1 leq. 4

Mabaka a Eketsehileng a ho ba le Teboho

BATHO ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba e-na le mabaka a mangata a ho bontša teboho ho ’Mōpi ho feta ba bang. Ke hobane’ng ha re ka bolela tjee?

Koana, joaloka batho ba bang kaofela, Baiseraele ba ne ba e-na le lebaka la ho ba le teboho bakeng sa lintho tsohle tse ntle le tse babatsehang tseo Molimo o li bōpileng. Empa ba ne ba e-na le lebaka le eketsehileng la kananelo hobane Ea Matla ’Ohle o ne a ba khethile hore e be sechaba sa hae se khethehileng ’me a ba hlokomela ka mokhoa o khethehileng. (Amose 3:1, 2) Nahana ka mabaka a mang a totobetseng ao ba neng ba e-na le ’ona a hore ba be le teboho.

Ho Phonyoha Lefu ka Makhetlo a Mabeli

E tlameha e be batsoali bohle ba Baiseraele ba ne ba tletse kananelo hakaakang bosiung ba la 14 Nisane, 1513 B.C.E.! Bosiung boo ba liketsahalo, lengeloi la Molimo la bolaea “matsibolo kaofela a naha ea Egepeta, a batho le a liphoofolo.” Empa la feta matlo a Baiseraele ao ho ’ona mali a liphoofolo tsa Paseka a neng a fafalitsoe likoseneng tsa menyako le mapolankeng a menyako a sefahleho. Khutso e neng e le teng ea senngoa ke ha ho “e-ba seboko se seholo Egepeta, hobane ho no ho se ntlo e hlokang mofu.” Empa, ntlo ea Moiseraele e mong le e mong e ne e ntse e e-na le letsibolo la eona la bohlokoahali le ntse le phela hantle.—Exoda 12:12, 21-24, 30.

Nakoana hamorao, e tlameha e be lipelo tsa Baiseraele li ile tsa tlala teboho ha ba bona ka mahlo ha Jehova a kenella litabeng tsa bona ka mokhoa oa mohlolo ha ho ne ho bonahala eka ba tšoasitsoe mabōpong a Leoatle le Lefubelu, lebotho la Faro oa Egepeta le tla le ba jahelletse ka matla. Pele, ba ne ba bone topallo ea leru e neng e ba etelletse pele e checha ’me e ba pota kamorao, e hlile e sebetsa ho etsa hore bajahelli bao ba tsamaee butle. Eaba Baiseraele ba bona Moshe a otlollela letsoho la hae holim’a leoatle, ’me ba talima ka ho hlolloa ha Molimo o etsa hore moea o matla o tsoang bochabela o foke bosiu bohle, o arola metsi ’me o fetola bohare ba leoatle sebaka se omileng. Baiseraele ba ne ba sa hloke ho khannoa hore ba potlake ha ba tsamaea tseleng ena ea pholoho e hlahisitsoeng ke Molimo.

Leha ho le joalo, joale ha hlaha ntho e ncha e tšosang! Baegepeta ba tšolohela kahare ho sebaka se neng se koahetsoe ke leoatle, ba kholisehile hore ba tla tšoara Baiseraele. Empa bonang! Ha Baegepeta bohle ba kene kahare ho tsela e hlahisitsoeng ke metsi a entseng mabōpo, likoloi tsa bona tsa qala ho tsoa mabili, ’me ka nakoana feela ho ne ho se ho le morusu. Joale, ha Baiseraele kaofela ba tšeletse lebōpong le ka mose ba sireletsehile, Jehova a boela a bolella Moshe hore a otlolle letsoho la hae, “’me leoatle la khutlela tulong tsa lona ha bosiu bo e-sa.” Phello? Ha ho lea mong oa lebotho la sesole la Faro le neng le nkoa e le la bohlokoahali ea ileng a pholoha ho khangoa ke metsi, leha e le eena ’musi eo oa moikhohomosi ka boeena. (Exoda 14:19-28; Pesaleme ea 136:15) Na u ka inahanela hore na Baiseraele ba lopolotsoeng ba ne ba leboha Jehova hakaakang?

Mekhoa ea Molimo e Hlollang ea Ho Loana

Le hoja ba ne ba tletse teboho ka ho lopolloa ha bona Egepeta le ho feta ha bona ho sa lebaleheng Leoatleng le Lefubelu, Baiseraele ba ne ba lokela ho talimana le liphihlelo tse ngata tse lekang pele ba fihla Lefatšeng la Pallo. Empa phihlelo ka ’ngoe eo ba thulaneng le eona leetong la bona la lilemo tse 40 lefeelleng e lokela hore e be e ile ea fetoha lebaka le eketsehileng la hore ba be le teboho e khethehileng ho Jehova.

Qetellong, Baiseraele ba tšela Nōka ea Jordane ’me ba kena lefatšeng leo Molimo o neng o ba neile lona. Ka potlako ba bona ka mahlo mohlala oa mekhoa ea Jehova e hlollang ea ho ba loanela. Joang? Ka ho hapa le ho timetsa ka mokhoa o hlollang motse oa pele oa Bakanana oo ba ileng ba thulana le oona—Jeriko! (Joshua, khaolo ea 6) Maqiti a ntoa a neng a sebelisoa ke Molimo a ho pota Jeriko ba ntse ba jere areka ea selekane e ne e le a sa tloaelehang hakaakang! Ka matsatsi a tšeletseng a latelanang, ba pota lerako leo hanngoe ka letsatsi. Ka letsatsi la bosupa, ba pota lerako ka makhetlo a supileng. Ha baprista ba letsa literompeta tsa bona, Baiseraele ba tlerola ka “litlatse tse kholo,” ’me “lerako la heleha kaofela”! (Temana ea 20) Ke ntlo ea Rahaba feela le karoloana ea lerako le ka tlaase ho eona tse ileng tsa sala li ntse li eme. Lerako la motse ona oo ho neng ho bonahala eka o ke ke oa kenoa le ne le oele ho sa ka ha hlokahala hore Joshua le lebotho la hae ba phose motsu leha o le mong feela! Ka sebele, phihlelo eo ea Jeriko e ne e le lebaka le eketsehileng le totobetseng la ho ba le teboho ho Molimo.

Ka lekhetlo le leng, ha ba le pontšo e eketsehileng e totobetseng ea mekhoa ea Jehova e hlollang ea ho loana. Ha batho ba Gibeone ba etsa khotso le Baiseraele, marena a mahlano a Baamore a phatlalatsa ntoa khahlanong le Bagibeone. Joshua a ba phallela, ’me tšebetso ea Jehova ea mohlolo ea bontšoa ka makhetlo-khetlo ntoeng e ileng ea latela. Molimo oa ferekanya Baamore, ’me “ha ba ntse ba baleha pel’a ba-Iseraele, ba le motheong oa Bethe-Horone, Jehova a ba lihela majoe a matonana a tsoang leholimong ho ea fihla Azeke, ba e-shoa ke ’ona.” Ba bangata ba bolaoa ke majoe ana a sefako ho feta ba bolailoeng ke lerumo la Baiseraele.—Joshua 10:1-11.

Eaba Joshua o bua le Jehova, “pontšeng ea bana ba Iseraele,” a re: “Letsatsi, ema holim’a Gibeone, le uena khoeli, sekhutlong sa Ajalone!” Phello? Tlaleho eo e re: “’Me letsatsi la ema, le khoeli ea ema, ho fihlela sechaba ha se iphetelitse ho lira tsa sona.”—Joshua 10:12, 13.

Ke liketso tse makatsang hakaakang! Hape ke mabaka a eketsehileng a totobetseng hakaakang a hore batho ba Jehova ba be le teboho!

Teboho ea E-ba ea Nakoana

Kamor’a pontšo ka ’ngoe ea ho kenella ha Jehova litabeng tsa bona, Baiseraele ba ne ba tletse teboho. E ka ’na eaba Moiseraele e mong le e mong ka pelong ea hae o ile a bolela hore le ka mohla a ke ke a lebala lintho tseo a li boneng. Empa, ka ho ke keng ha lumeloa teboho e joalo ea e-ba ea nakoana. Nako le nako, Baiseraele ba ne ba bontša boikutlo ba ho hloka teboho. Kahona, ka makhetlo-khetlo Molimo “a ba neela matsohong a lichaba, ba ba hloileng ba ba busa.”—Pesaleme ea 106:41.

Empa, Jehova a bontša moea oa hae oa ho ba rekolohela le ho ba tšoarela ha Baiseraele ba kena maqakabetsing, ba bakela tsela ea bona e fosahetseng le e hlokang teboho, ’me ba kōpa thuso ho eena. “A ’na a talima matšoenyeho a bona, a utloa melumaelo ea bona; a ’na a elelloa selekane sa hae bakeng sa bona, a ba hauhela ka baka la mohau oa hae o moholo.” (Pesaleme ea 106:44, 45) Nako le nako, Molimo oa bona o tšoarelang oa ba lokolla ho bahatelli ’me oa boela oa ba amohela mohaung oa oona.

Ho sa tsotellehe mamello ea Molimo le ho rōma ha oona ka makhetlo-khetlo baprofeta ho lokisa monahano oa bona, Baiseraele ba ipaka e le ba sa khalemeleheng. Qetellong, mamello ea Jehova ea fela, ’me a lumella sechaba sa Juda hore se haptjoe ke Bababylona ka 607 B.C.E. Ba neng ba sa bolaoa ke mabotho a Morena Nebukadnezare ba isoa kholehong Babylona.

Ke phello e bohloko hakaakang ea ho hloka teboho le ho hloka botšepehi ho Molimo ho entsoeng ka ho phetoa-phetoa! Hape sena se ’nile sa etsahala ho sa tsotellehe mabaka a mangata a ho ba le teboho ao ba neng ba e-na le ’ona.

Kajeno ke joang Bakreste ba ka qobang ho etsa phoso e tšoanang ea ho hlōleha ho bontša teboho bakeng sa tsohle tseo Jehova Molimo a ba etselitseng tsona, ho phaella liketsong tsa hae tse molemo ho batho ka kakaretso? Sena re se siela hore ho nahanisisoe ka sona sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela