Jesu Kreste—Molimo, Motho, kapa Tšōmo?
PONTŠO ea ’mino oa rock e ileng ea buloa Broadway Motseng oa New York ka 1971 e ile ea ipaka e le e tsosang khang, le hoja e ne e amana le taba ea bolumeli. Empa mohlomong ho neng ho tsosa khang e khōlō le ho feta tabeng eo e ne e le hore na motho ea ka sehloohong tabeng eo ke mang.
E ’ngoe ea lipina tse ratoang ka ho fetisisa tsa pontšo ena ea ’mino e ne e botsa: “Jesu Kreste Khalala, na u nahana hore u seo ba bolelang hore u sona?” Morao koana lekholong la pele la lilemo batho ba ne ba re Jesu ke mang? Jesu ka boeena o ile a botsa barutuoa ba hae eona potso eo ’me a fumana likarabelo tse ’maloa tse fapaneng. (Mattheu 16:13, 14) Kajeno, hoo e ka bang lilemo tse 2 000 hamorao, ho sa ntsane ho e-na le khang ea hore na Jesu ke mang.
Na ho hlile hoa tsotelleha hore na Jesu e ne e le mang? Ho tsebahatsoa ha hae ho ka ba le tšusumetso efe ho rōna? Koana, batho ba hlahelletseng ba mehleng e fetileng ba amme histori ea lefatše, e leng ho re ammeng kaofela, le haeba e se ka ho toba. Empa kajeno ba shoele. Ka hona, le hoja ba re amme ka seo ba se entseng, ha ho tsela eo ba ka re amang ka eona ka seo ba ntseng ba se etsa.
Leha ho le joalo, tabeng ea Jesu Kreste boemo ke bo fapaneng haholo. Ho latela seo ba limillione ba se lumelang, o ntse a phela, eseng e le motho lefatšeng empa e le moea o matla leholimong. Seo Jesu a ’nileng a se etsa, haholo-holo lekholong lena la bo20 la lilemo, se bile le phello e tebileng haholo ho batho bohle. Ho feta moo, tšusumetso ea Jesu bophelong ba rōna ha e ea lekanyetsoa ho seo a se entseng nakong e fetileng. E tsoela pele ho akarelletsa seo a ntseng a se etsa hona joale le seo a tla se etsa nakong e tlang.
Ha re khutlela sehloohong sa rōna: Jesu Kreste—Molimo, motho, kapa tšōmo?U nahana joang? Haeba lipale tse buang ka Jesu Kreste hase letho ha e se litšōmo feela, ka ho hlakileng e ne e se Molimo kapa motho joale ho hlahlobisisa taba ho ea pele ho ne ho ke ke ha ba le molemo. Ka lehlakoreng le leng, re lokela ho thahasella ho ithuta ka Jesu ea phelang le eo Molimo o mo fileng matla bakeng sa ho tlisetsa batho melemo e sa feleng.