Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 7/15 maq. 7-8
  • “Kreste, Mor’a Molimo o Phelang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Kreste, Mor’a Molimo o Phelang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Ananetse Jesu—Na Uena Ua Mo Ananela?
  • Na Ruri Jesu e ne e le Mora oa Molimo?
    Tsoha!—2006
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 7/15 maq. 7-8

“Kreste, Mor’a Molimo o Phelang”

KA MOR’A hore barutuoa ba hae ba tlalehe hore na batho ba ne ba re eena ke mang, Jesu o ile a botsa: “Lōna, le re, ke mang na? Eaba Simone Petrose o araba, a re: U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.”—Mattheu 16:15, 16.

Na e ne e le Petrose feela ea fihletseng qeto ee? Le hanyenyane! Hlokomela ba bang ba ileng ba e fihlela, ’me u hlokomele motheo oa bona oa ho mo tsebahatsa tjena.

BATŠEHETSI BA PELE: Johanne Mokolobetsi, morutuoa Nathanaele le morutuoa Maretha, le Saule oa Tarese, har’a ba bang, kaofela ba ile ba bitsa Jesu Mor’a Molimo. (Mattheu 14:33; Johanne 1:33, 34; 1:50; 11:27; Liketso 9:20) Kholiseho ea bona e ile ea matlafala ha ba bona kamoo boprofeta bo neng bo etselitsoe ho tsebahatsa Messia ea tšepisitsoeng bo phethahala ho Jesu.

BAHANYETSI BA PELE: Bajode ba neng ba batla ho bolaea Jesu ba ile ba bua ka eena e le Mor’a Molimo, joalokaha masole a neng a le teng ha a khokhotheloa a buile joalo. (Mattheu 27:54; Johanne 19:7) Le hoja sena se hlile se sa bontše hore bahanyetsi ba joalo ba ne ba e-na le tumelo, bonyane se bontša hore ba ne ba tloaelane le seo ba bang ba neng ba se bolela ka Jesu hape liketsahalo tse phahametseng matla a tlhaho tse neng li likolohile ho khokhotheloa ha hae ka ho hlakileng li ile tsa etsa hore ba bang ba inahane hape ka hore na e ne e le mang.

MANGELOI: Ha le phatlalatsa tsoalo ea Jesu, lengeloi Gabriele le ile la ’mitsa Mor’a Molimo. (Luka 1:32, 35) Esita le batho ba neng ba tšoeroe ke bademona ’me ba le tlas’a tšusumetso ea mangeloi a khopo ba ile ba bokolla: “Taba ea rōna le uena ke’ng, Mora oa Molimo?” (Mattheu 8:28-32) Ka baka la ho ba teng ha Jesu leholimong pele e e-ba motho, ho hlakile hore mangeloi a lokileng ’moho le a khopo a ne a tla tseba hore na e ne e le mang.

JESU KA BOEENA: Ha ho mohla Jesu a kileng a ithorisa ka hore ke Mora oa Molimo ka boiteko ba ho etsa hore ba bang ba mo rate kapa ho ikhantša ka tlotla eo kamano ena e neng e fana ka eona. Ka ho fapaneng, ka makhetlo a mangata ka boikokobetso o ne a ipolela e le “Mor’a motho.” (Mattheu 12:40; Luka 9:58) Empa ka makhetlo a ’maloa o ile a lumela hore ke Mor’a Molimo.—Johanne 5:24, 25; 10:36; 11:4.

JEHOVA MOLIMO: Ke mang ea neng a ka tsebahatsa Jesu Kreste ka matla a maholoanyane ho feta Jehova Molimo ka boeena? Ka makhetlo a mabeli Jehova a paka a le leholimong: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo ananetseng.”—Mattheu 3:17, NW; 17:5, NW.

Molimo o Ananetse Jesu—Na Uena Ua Mo Ananela?

Lekholong la pele la lilemo, batho ba likete-kete ba ne ba amohela Jesu bakeng sa seo a neng a le sona: Messia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste, ea neng a rometsoe lefatšeng ho tla tlosa boreneng ba Jehova le ho fana ka bophelo ba hae e le topollo bakeng sa batho. (Mattheu 20:28; Luka 2:25-32; Johanne 17:25, 26; 18:37) Ha ba talimane le khanyetso e mabifi, batho ba bangata ba ne ba ka thatafalloa hore ba susumetsehe ho fetoha balateli ba Jesu haeba ba ne ba sa kholiseha hore na ke mang. Ka cheseho le ka sebete, ba nka mosebetsi oo a ba neileng oona, oa ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’—Mattheu 28:19, NW.

Kajeno, barutuoa ba Bakreste ba limillione baa tseba hore Jesu hase tšōmo feela. Ba mo amohela e le Morena oa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng ea beiloeng teroneng leholimong, eo butle-butle a ntseng a qala ho laola lefatše le litaba tsa lona. Puso ena ea Molimo e tlang ke litaba tse amoheloang hobane e tšepisa topollo mathateng a lefatše. Bakreste bana ba ’nete ba paka ho tšehetsa ha bona ka pelo eohle ’Musi ea khethiloeng ke Molimo ka ho bolella ba bang “Evangeli ena ea ’muso.”—Mattheu 24:14.

Ba tšehetsang tokisetso ea ’Muso ka “Kreste, Mor’a Molimo o phelang,” ba tla phelela ho thabela mahlohonolo a ka ho sa feleng. Le uena u ka fumana mahlohonolo ana!

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Ba limillione bao ka nako e ’ngoe ba neng ba sa kholiseha hore na Jesu ke mang joale ba kopane ho mo tšehetsa joaloka ’Musi oa ’Muso oa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Petrose o tsebahalitse Jesu e le “Kreste, Mor’a Molimo o phelang.” Kajeno Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho 3 000 000 li etsa ho tšoanang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela