Litšoantšo tsa Bolumeli—U Li Talima Joang?
KA 1888 ho ile ha ba le moroallo o moholo Canton, Chaena. Pula e sa khaotseng ea senya lijalo. Ka ho tsieleha batho ba tlaase ba phelang ka temo ba rapela molimo oa bona Lung-wong hore o emise pula, empa hoo ha se ke ha thusa letho. Ba halefisitsoe ke ho iphapanya ha molimo oa bona, ba kenya setšoantšo sa oona teronkong matsatsi a mahlano! Lilemonyana pele ho moo, molimo oona ona o ne o iphapanyetse lithapelo tsa bona tsa hore o emise komello. Ba ile ba tlama setšoantšo sa oona ka ketane ka ntle mochesong o bataolang.
Ka 1893 komello ea hlasela Sicily. Mekoloko ea bolumeli, likerese tse khantšitsoeng ka likerekeng, le lithapelo tse lebisoang ho litšoantšo kaofela tsa sitoa ho nesa pula. Ba feletsoe ke mamello, batho bao ba tlaase ba phelang ka temo ba hlobolisa litšoantšo tse ling liaparo tsa tsona, ba li reteletsa lifahleho hore li shebe leboteng, ’me ba ba ba akhela tse ling ka matamong ao lipere li noang ho ’ona! Licata, “Mohalaleli” Angelo o ile a hlobolisoa, a tlangoa ka liketane, a rohakoa, ’me a sokeloa ka hore o tla fanyehoa. Palermo, Itali, “Mohalaleli” Joseph o ile a akheloa ka serapeng se otliloeng ke mocheso hore a emele pula.
Liketsahalo tsena, tse boletsoeng bukeng The Golden Bough, ke Sir James George Frazer, li fana ka maikutlo a ferekanyang. Li bontša hore ka bobeli batho ba ipolelang hore ke Bakreste le bao eseng Bakreste ba bonahala ba e-na le maikutlo a tšoanang hantle ka litšoantšo tsa bolumeli. Maemong ao ka bobeli, barapeli ba ’nile ba sebelisa litšoantšo tsa bona e le mokhoa oa ho kopana le “mohalaleli” kapa molimo. Hape ho thahasellisang, ka bobeli ba lekile ho susumelletsa “bahalaleli” ba bona ba liehang kapa melimo ea bona e liehang hore ba nke bohato ka ho ba hlokofatsa ka maemo a bohloko ao barapeli ba bona ba neng ba feta har’a ’ona!
Leha ho le joalo, kajeno ba bangata ba sebelisang litšoantšo tsa bolumeli ba ne ba tla talima liketso tse joalo e le tse feteletseng, mohlomong e bile e le tse qabolang. Ba ne ba tla phea khang ea hore ho bona litšoantšo empa e le lintho tse hlonepshoang—eseng tse rapeloang. Ba ka ba ba bolela hore liemahale, lifapano, le litšoantšo tsa bolumeli tse entsoeng ka pente ke lithuso tse loketseng tsa ho rapela Molimo. Mohlomong u ikutloa ka tsela e tšoanang. Empa potso ke ena: Molimo o ikutloa joang ka see? Na e be ho tlotlisoa ha setšoantšo ho hlile ho lekana le ho se rapela? Na ho ka etsahala hore e be mekhoa e joalo e hlile e na le likotsi tse ipatileng?