Ho Pholosa Codex Sinaiticus
CODEX SINAITICUS e ’nile ea hlalosoa e le “buka ea bohlokoahali, e thahasellisang ka ho fetisisa, le e molemo ka ho fetisisa libukeng tse teng.” Hona ha ho joalo feela hobane bonyane e le lilemo li 1 600 empa hobane e bōpa khokahanyo ea bohlokoa letotong la libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho. Ho sibolloa ha eona bocha, ke Tischendorf hoo e ka bang nakong e fetang lilemo tse lekholo tse fetileng, ke pale e hapang maikutlo.
Konstantin von Tischendorf o hlahetse Saxony, Europa-leboea, ka selemo sa 1815 ’me a ithuta Segerike Univesithing ea Leipzig. Ha a ntse a ithuta, o ile a tšoenngoa haholo ke ho tšoauoa liphoso ha Bibele, ho neng bo boleloa ke baruti ba bolumeli ba tsebisahalang ba Majeremane ba neng ba batla ho paka hore Mangolo a Bokreste a Segerike hase a ’nete. Leha ho le joalo, Tischendorf o ile a kholiseha hore ho ithuta libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa pelenyana ho tla paka bonnete ba mangolo a Bibele. Ka lebaka leo, o ile a ikemisetsa hore a iketsetse lipatlisiso libukeng tsohle tse ngotsoeng ka letsoho tse tsebjoang, ka tšepo ea ho sibolla tse ling maetong ao a neng a tla a nka.
Kamorao ho lilemo tse ’nè tseo a ileng a li qeta a ntse a etsa lipatlisiso lipolokelong tsa libuka tse molemo ka ho fetisisa Europa, ka Motšeanong 1844, Tischendorf o ile a fihla Sebakeng sa Baitlami sa Mohalaleli Catherine, se phahametseng Leoatle le Lefubelu ka limithara tse 1 400 Sinai. Mokhoa oa ho fihla setšabelong seo se kang qhobosheane sa baitlami e ne e le ka baskete e fanyehiloeng mohaleng e neng e leketlile lesobeng le lenyenyane le leboteng.
HO FUMANA LINTHO TSE PUTSANG
Ka matsatsi a itseng o ile a lumelloa ho batlisisa lipolokelong tse tharo tsa libuka tsa bona, empa a se ke a atleha. Eare moo a reng o tla tsamaea, a bona seo a neng a ntse a se batla—libuka tsa boholo-holo tsa matlalo! Li ne li tletse baskete e khōlō e neng e behiloe holong ea polokelo e khōlō ea libuka. Mohlokomeli oa polokelo ea libuka o ile a mo bolella hore libuka tseo li lokela ho chesoa, joalokaha libaskete tse peli tse tletseng li se li chesitsoe. Har’a libuka tsena tsa matlalo, Tischendorf o ile a hlolloa ke ho fumana maqephe a 129 a libuka tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho tseo a neng a kile a li bona, phetolelo ea Segerike ea likarolo tsa Mangolo a Seheberu. O ile a fuoa maqephe a 43, empa a haneloa ka a mang.
Tischendorf o ile a boela a etela sebaka seo sa baitlami ka 1853 ho fumana feela mesaletsa e seng mekae ea Genese hona bukeng eane e ngotsoeng ka letsoho ea lekholong la bone la lilemo. O ne a kholisehile “hore buka eo e ngotsoeng ka letsoho pele e ne e e-na le Testamente ea Khale kaofela ha eona, empa hore karolo e khōlō ea eona ke khale e ne e senngoe.” Mohlomong buka eo e ngotsoeng ka letsoho e feletseng e ne e e-na le maqephe a 730. E ne e ngotsoe ka litlhaku tse khōlō tsa Segerike matlalong a suhiloeng hore a be bonolo haholo a linku le lipōli.
Lilemo tse tšeletseng hamorao Tischendorf o ile a etela baitlami ba Sinai ka lekhetlo la boraro. Mantsiboeeng a mohla a tla tsamaea, o ile a bontšoa ka mokhoa o se nang thahasello maqephe ao a neng a a bolokile lilemong tse 15 pelenyana le a mang hape a mangata. Maqephe ao a ne a e-na le Mangolo a Bokreste a Segerike a feletseng le karolo ea phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu.
Tischendorf o ile a lumelloa hore a nke buka eo e ngotsoeng ka letsoho ha a e-ea Cairo, Egepeta, hore a e kopitse, ’me qetellong a e ise ho morena oa Russia e le mpho e tsoang ho baitlami bao. Hona joale e lutse ka khotso Polokelong ea Lintho tsa Bohlokoa ea Brithani, e behiloe pontšeng pel’a Codex Alexandrinus. Maqephe a pele a 43 a Polokelong ea Libuka ea Univesithi ea Leipzig, Riphabliking e Kopaneng ea Jeremane.
Re lokela ho leboha Tischendorf bakeng sa ho nehela bophelo ba hae le mahlale a hae ho batlisisa libuka tsa boholo-holo tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho ’me haholo-holo bakeng sa ho pholosa Codex Sinaiticus e khōlō tšenyong. Empa liteboho tse khōlō haholo tsa rōna li leba ho Jehova Molimo, ea ileng a hlokomela hore Lentsoe la hae le bolokoe ka ho nepahetseng hakana bakeng sa molemo oa rōna kajeno.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Ho Sebelisa “Codex”
Letšoao le tsebahatsang Codex Sinaiticus ke tlhaku ea Seheberu א. “Codex” ena e ngotsoeng ka letsoho e tiisa ho nepahala ha “papyrus” tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tse ngotsoeng hamorao haholoanyane. Hape e thusa liithuti tsa kajeno tsa Bibele ka ho totobatsa liphoso tse entsoeng ka bolotsana tse ileng tsa khukhunela likoping tsa moraonyana.
Ka mohlala, Johanne 1:18 (“NW”) ea baleha: “Ha ho motho ea kileng a bona Molimo ka nako leha e le efe; molimo o tsoetsoeng o ’notši o leng boemong ba ho ba sefubeng sa Ntate ke oona o mo hlalositseng.” Se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho “New World Translation Reference Bible” se senola hore “molimo o tsoetsoeng o ’notši,” ho e-na le mokhoa o mong oo e ngoloang ka oona oa “Mora ea tsoetsoeng a ’notši,” ke oona o tšehetsoang ke Codex Sinaiticus le libuka tse ling tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho. Tšupiso ea se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe אc le eona e fana ka tlhokomeliso ea molokisi oa “codex” ho tiisa ho khutlisetsoa ha lentsoe le khethollang the (ka Senyesemane) le tlang pele ho ngoloa “molimo o tsoetsoeng o ’notši.” Boemo ba Jesu Kreste bo khethehile, joalokaha lengolo lena le tiisa.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Sebaka sa Baitlami sa Mohalaleli Catherine mosikong oa Thaba ea Sinai e tloaelehileng. [Setšoantšo se senyenyane] Polokelo ea sona ea libuka ea hona joale
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Polokelo ea Lifoto (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Polokelo ea Lifoto (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Ka tumello ea Polokelo ea Lintho ea Brithani, London