Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 12/1 leq. 24
  • Ho Boloka Tumelo Lelapeng le Arohaneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Tumelo Lelapeng le Arohaneng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphello Tsa ho Pakela Lelapa Labo
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Molimo ha O Ee ka Tšobotsi”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lerato le Kopanya Malapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 12/1 leq. 24

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Boloka Tumelo Lelapeng le Arohaneng

MOAPOSTOLA Pauluse o elelitse Bakreste ka ho re: “Itlhokomele, u hlokomele le thuto ea hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa joalo u tla ipholosa, u be u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16, TLP) Naheng e ’ngoe ea Bochabela, ‘ho tiisetsa’ lithutong tsa Bibele ho ile ha tlisa mahlohonolo a tsotehang ho Mof. L—— ka mor’a hore a fetohe e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Ka bobeli Mof. L—— le monna oa hae ba ne ba e-tsoa malapeng a Bohindu. O ile a eteloa ke Lipaki tsa Jehova ka 1959, ’me ka mor’a ho ithuta Bibele le tsona, a amohela ’nete ea Lentsoe la Molimo. Eaba o fana ka bopaki ho monna oa hae le beng ka eena ba bang. (Bapisa Johanne 1:41, 42.) Monna oa hae ha aa ka a bontša thahasello, empa ngoan’abo eo a tsoaloang le eena oa mosetsana R—— a kenella thutong. Ka 1961 eena le ngoan’abo oa mosetsana ba kolobetsoa ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova. Ha bana ba Khaitseli L—— ba hōla, o ile a ithuta le bona ’me a ea le bona libokeng. Ha morali oa hae e moholo, S——, a qeta sekolong, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova, a kolobetsoa, ’me a nyalana le Paki e ’ngoe. Leha ho le joalo, ka mor’a nako eena le monna oa hae ka bobeli ba khathala moeeng. Mora oa hae e moholo a ea univesithing ’me a kenella setsoalleng se sebe. Eaba o nyala ngoanana oa Mok’hatholike ’me a khaotsa ho kopanela le batho ba Jehova. Ka lehlakoreng le leng, morali oa hae e monyenyane, ka mor’a ho qeta sekolong, a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa.

Khaitseli L—— a tsoela pele ho fana ka bopaki ho beng ka eena. Ngoan’abo e mong oa mosetsana eo a tsoaloang le eena a bontša thahasello, empa monna oa hae a mo hanyetsa ka mabifi, a ba a senya Bibele ea hae le libuka tsa hae. O ne a sa lumelloe ho ea le bana ba hae ba bararo libokeng, empa o ile a ithuta le bona lapeng. Ka mor’a nako le eena a inehela ’me a kolobetsoa, ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea monna oa hae. Qetellong, bana ba hae ba bararo kaofela ba fetoha Lipaki tse inehetseng le tse kolobelitsoeng.

Khabareng, Khaitseli L—— a tsoela pele ho fana ka bopaki ho beng ka eena bao a tsoaloang le bona. Ha a buisana le khaitseli ea hae le mosali oa hae, khaitseli ea hae ha aa ka a bontša thahasello, empa mosali oa hae o ile a mamela. Ka mor’a ho fumana tsebo ea Bibele e lekaneng, a inehela ho Molimo ’me a tšoantšetsa sena ka kolobetso ea metsing.

Khaitseli L—— o ile a fana ka bopaki ho khaitseli ea hae e mong eo a tsoaloang le eena, ea neng a hanyetsa ’nete. Empa mosali oa hae, ’moho le morali oa bona, ba qala ho ithuta. Morali o ile a isoa Canada bakeng sa lithuto tse eketsehileng tsa lefatše empa a tsoela pele ho ithuta Bibele le ho kopanela le Lipaki ha a le moo. Qetellong, le eena a emela ’nete ’me a kolobetsoa. O ile a nyalana le moena e mong oa pula-maliboho Canada, ’me ntat’ae le ’m’ae ba e-ba teng lechatong. Ho thabela botsoalle le baena ba Canada ho ile ha e-ba le tšusumetso e molemo haholo ho ntat’ae.

Liphello Tsa ho Pakela Lelapa Labo

Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko bo entsoeng ka botšepehi ba Khaitseli L——. Ka mor’a nako morali oa hae oa ho fela o ile a tlohela mosebetsi oa hae o lefang haholo, a nka mosebetsi oa nakoana, ’me a qala ho sebeletsa Jehova e le mosebeletsi oa nako e tletseng. Morali e moholo le monna oa hae ba qala ho ithuta hape le ho ba teng libokeng ’me ba ba mafolo-folo tšebeletsong. Mora oa hae ea neng a nyetse ngoanana oa Mok’hatholike ea ileng a suthela thōko le ’nete le eena a qala ho ithuta hape ’me qetellong a nehela bophelo ba hae ho Jehova a ba a kolobetsoa. Mora oa hae oa ho fela le eena a inehela ’me a kolobetsoa eaba o nka khato e tiileng tsekong ea ho se nke lehlakore. (Esaia 2:4) O ile a ahlōleloa lilemo tse tharo teronkong e ’ngoe ea sesole, empa ho seo sohle o ile a fana ka bopaki bo matla ka pele ho lekhotla la baahlōli. Ntat’ae, monna oa Khaitseli L——, o ile a khahloa haholo ke khato eo mora oa hae a ileng a e nka hoo joale a ileng a thahasella ’me a qala ho ba teng libokeng.

Ka sebele, lilemo tse 29 tsa tšebetso e etsoang ka botšepehi lelapeng le arohaneng tseo Khaitseli L—— a li qetileng e bile tse khotsofatsang le tse putsang hakaakang! Joale o thabela ho bala litho tsa lelapa le beng ka eena bao a tsoaloang le bona ba 18 ba kolobelitsoeng. E se eka phihlelo ena e ka ba mohloli oa khothatso le matšeliso ho baena le bo-khaitseli ba bangata ba rōna bao, tlas’a maemo a tšoanang, ba lokelang ho mamella le ho boloka tumelo malapeng a arohaneng.—1 Petrose 2:19, 20; 1 Ba-Korinthe 7:12-16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela