Ho Nyarela ka Litabeng
Ntlo e Arohaneng
Jesu o boletse hore “ntlo ha e khaohane ho itoantša,” e ke ke ea ema. (Mareka 3:25) Ke kamoo Kereke e Kopaneng ea Canada, e leng kereke ea Prostanta e khōlō ka ho fetisisa sechabeng seo, e iphumanang e le tsekong ea bosodoma le ho khetheloa bosebeletsi ha banna le basali ba basodoma.
Qeto e nkiloeng ke Seboka se Akaretsang sa bo32 sa Kereke e Kopaneng ea Canada e lumella batho ba phelang ka bosodoma ho sebeletsa e le baruti. Ho latela koranta ea Canada The Globe and Mail, qeto eo e bolela hore ho sa tsotellehe tšekamelo ea bona ea botona kapa botšehali, batho leha e le bafe “ba ipolelang hore ba lumela ho Jesu Kreste ’me ba Mo utloa ba amoheloa e le litho tsa Kereke ka botlalo kapa hore e ka ba tsona,” ’me “litho tsohle tsa Kereke lia tšoaneleha hore li ka nkeloa bosebeletsi bo hlophisitsoeng.” Tlaleho e maqephe a 125 ea Kereke e Kopaneng e re: “Ho na le litšekamelo tse fapa-fapaneng tsa botona kapa botšehali: bosodoma, ho kopanela liphate ha batho ba sa tšoaneng ka botona kapa botšehali kapa ba tšoanang, likamano pakeng tsa batho ba sa tšoaneng ka botona kapa botšehali. Tsena li lokela ho talingoa e le tsa tlhaho ’me e le mpho e tsoang ho Molimo.”
Ha e bua ka qeto ea kereke ea ho amohela basodoma hore e be baruti, Globe e hlalosa hore “tseko e khōlō e ne e le ho pholoha ha kereke.” Litlaleho li senola hore ho tloha ka 1972, kereke e ’nile ea lahleheloa ke litho butle-butle le hore e bothateng ba chelete. Lebaka? Moruti John Tweedie o bolela hore lebaka ke “Ienane le leholo la batho ba tsoang kerekeng kaha ba bona e ntse e suthela hōle le metso ea eona ea Bokreste.” The Post ea Canada e tlaleha hore: “Kahoo, ho amohela ha bona lintho tse kang bosodoma, likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho tlamo ea lenyalo, ho ntša mpa ha ho hlokahala, le manyalo a ka qhaloang habobebe ke ntho eo ba lekang ho hapa moloko o mocha ka eona.”
Leha ho le joalo, na ho utloa Kreste ho lumella motho ho sekisetsa melaong ea motheo ea Bibele? Ho fapana le hoo, Lentsoe la Molimo le hlakile: “Le se ke la ithetsa; batho ba itšoereng hampe . . . batho ba etsang litloaelo tse mpe tsa bosodoma . . . ha ho lea mong oa bana ea tla ja lefa la ’Muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10, Today’s English Version.
Ho Sebelisa Thupa
“Tlohela Thupa, Empa Hlokomela Litholoana” ke sehlooho sa taba e hlahileng ho The Natal Mercury, koranta ea Afrika Boroa, e tletleba ka phetoho ea kajeno ea ho tlohela ho shapuoa ha bana lapeng le sekolong. Ke mang ea ikarabellang bakeng sa boikutlo boo bo fetohileng mabapi le ho shapa? Moprofesa Smythe, ngaka ea mafu a bana Univesithing ea Natal, Afrika Boroa, o bea molato haholo-holo ho litsebi tsa likelello tsa bana. Smythe o hlalosa hore, “Hangata ha ho batlisisoa metsong ea tseko ea maikutlo, motho o fumana hore boikutlo bo fetohileng bo qalile ka thuto ea kelello. Pele e ne e hanyetsa ka mabifi ho shapuoa ka tsela efe kapa efe, eaba e tsietsoa ke litholoana tsa ho se khalemele tse tlisoang ke thuto ea ho se ferekanye ngoana maikutlong le ho se mo etsetse lithibelo.”
Smythe o buella ho leka-Iekana. O bolela hore: “Ho lumella ngoana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho fetelletseng ho hobe ka mokhoa o tšoanang le ho mo shapa ka ho fetelletseng, empa ’nete ea hore phekolo e bobebe haholoanyane ho bana ba khalemeloang ho tlolisa ho feta ho bana ba sa khalemeloeng e tšehetsa hore motho a ka itšetleha ka lehlakore la ho khalemela ha a e-na le khoao.” Moprofesa eo o hatisa hore lebaka la ho shapa ngoana e lokela ho ba kameho e lerato bakeng sa boiketlo ba ngoana hona joale le ka moso.
Keletso e joalo ha e ncha empa ke ho khutlela tataisong ea Bibele e sa foseng: “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.”—Liproverbia 13:24; bona hape Liproverbia 23:13, 14.
Na Papali ea Chelete Hase Sebe?
The Sheboygan Press e tlaleha hore parishe ea Roma e K’hatholike haufinyane e bile mokhatlo oa pele oa bolumeli oa Wisconsin, U.S.A., oa ho kōpa tumello ea ho rekisa litekete tsa ho becha. Le hoja ho rekisa hoo ho hlalosoa e le boiteko ba ho “eketsa” likoleke tsa beke le beke, Press e hlokomela hore lebaka le leholo le etsang hore ho buelloe ho rekisa litekete tsa ho becha “ke ho eketsa lenane la ba bang teng lipapaling tsa eona tsa bingo.” Kereke e tlalehoa e se e ntse e tsamaisa lipapali tsa bingo ’me e etsa phaello e “pakeng tsa [R2 000] le [R2 500]” bosiu bo bong le bo bong.
Ha a botsoa hore na e hlile papali ea chelete ke sebe, moprista oa parishe Robert Fleishman a arabela ka hore: “Ha ke tsebe.” Le hoja a lumela hore ho khothalletsa ha kereke bingo kapa ho rekisoa ha litekete tsa ho becha “mohlomong ho batla ho tsoile tseleng mabapi le pitso ea rōna ea moea e akaretsang,” o ile a phaella ka hore “haeba ba sa tle mona, ba tla ea libakeng tse ling” ba senye chelete ea bona teng.
Na moeta-pele oa bolumeli ea ipolelang hore ke molateli oa Kreste o lokela ho khothalletsa papali ea chelete? Le hanyenyane! Papali ea chelete ea mofuta ofe kapa ofe e ipiletsa tšobotsing e mpe ka ho fetisisa ea batho—meharo. Ba e buellang ba khothalletsa batho ho lumela hore ho nepahetse ho ithuisa ka seo batho ba bang ba lahlehetsoeng ke sona. Empa, ka ho hlakileng Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le bolela hore batho ba meharo ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10, NW; Ba-Efese 4:19; 5:3.