Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 7/15 leq. 30
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li-lottery—Ke Hobane’ng ha li Ratoa Hakaale?
    Tsoha!—1991
  • Li-lottery—Ke Mang ea Hapang Moputso? Ke Mang ea Hlōloang?
    Tsoha!—1991
  • Lerato le Matla la Lottery—Papali ea Chelete e Ratoang Haholo
    Tsoha!—1991
  • Papali ea Chelete—Ntho e Thahaselloang ke Lefatše Lohle
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 7/15 leq. 30

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Na ho loketse hore Mokreste a ka reka litekete tsa lottery e le boithabiso feela haeba chelete e ea ho ba hlokang?

Bibele ka sebele ha e hanele boithabiso bo tšoanelehang, kaha Jehova ke “Molimo o thabileng.” (1 Timothea 1:11, NW) Batho ba oona ba ka thabela ’mino, tantši e hlomphehang, ho ja kapa ho noa ho itekanetseng, le lipapali tse leka-lekaneng tsa boikhathollo. (Pesaleme ea 150:4; Moeklesia 2:24) Leha ho le joalo, papali ea chelete ka ho hlakileng e hohlana le keletso ea Molimo e bohlale, ’me sena ke ’nete le ka ho kopanela lipapaling tsa lottery.

Ha e le hantle lottery ke eng? E akarelletsa ho reka litekete ho ba le monyetla oa ho hapa meputso. Ba hapileng ba reroa ka ho hula kapa ka tsela e ’ngoe ea tšohanyetso ea ho khetha nomoro.a Hangata ho na le moputso o le mong o moholo, mohlomong o etsang limillione tsa lidolara, liranta kapa lipondo. Boipiletso ba moputso o moholohali joalo bo boholo haholo hoo li-lottery li fetohileng “mokhoa o pharalletseng ka ho fetisisa oa papali ea chelete.” (The World Book Encyclopedia) Batho ba makholo a limillione ba bapala ka chelete ka mokhoa oa li-lottery.

Batho ba bang ba behile mabaka a hore ho ameha ka lottery ha hoa fosahala kapa hore ho hobe hobane theko ea tekete (monyetla) e ka ’na ea e-ba nyenyane, hobane ba kopanelang ba etsa joalo ka boithatelo, le hobane e ’ngoe ea chelete eo e ka ’na ea sebelisetsoa morero oa ho thusa ba hlokang, joaloka ho thusa bafumanehi. Mabaka a joalo a utloahala hakae?

Le hoja ba bang ba bolela hore ho reka tekete ea lottery ke boithabiso bo bonolo, bo sa senyeng chelete, ho ke ke ha latoloa taba ea meharo. Batho ba reka tekete ea lottery ba tšepile ho hapa chelete e ngata. Sena ka sebele se tlōla keletso ea bomolimo khahlanong le meharo, e leng hoo e ka bang tšitiso e khōlō hoo e ka thibelang motho ‘ho rua lefa la ’muso oa Molimo.’ Ka hona, haeba Mokreste a bonahalitse ho phehella meharo ka ho bapala papali ea chelete, a ka lelekoa ka phuthehong. (1 Ba-Korinthe 5:11; 6:10) Bibele e re: “Lefa ha le le manyala ho qaleng, le ke ke la hlohonolofatsoa qetellong.” (Liproverbia 20:21) Haeba Mokreste a utloile tšusumetso leha e le efe ea ho ‘nka monyetla’ ka lottery, o lokela ho nahana ka ho tebileng ka meharo eo lottery e theiloeng ho eona. Ba-Efese 5:3, (TLP), e bolela hore ‘meharo e se ke ea boleloa le ho boleloa har’a rōna,’ haholo ha e le Mokreste ea kenelletseng teng.

Karolo e khōlō ea libapali tsa lottery li fumanoa metseng e futsanehileng. Kahoo esita le haeba theko ea tekete e le nyenyane, ho khelosoa lichelete tse tšoanelang ho leba litlhokahalong tsa ’nete tsa lelapa—lijo tse eketsehileng, liaparo tse hlokahalang, tlhokomelo e ntlafalitsoeng ea meriana. Motho ea ipolelang hore ke Mokreste empa a hlokomoloha litlhokahalo tse joalo tsa lelapa “o fetisoa ke ea sa lumelang.”—1 Timothea 5:8.

Esita le haeba theko ea tekete ea lottery e ne e ke ke ea senya maemo a motho a lichelete kapa a lelapa hakaalo, hoo ha ho bolele hore ba bang ha ba ntšoe kotsi. Hobane’ng ho le joalo? Hobane hoo e ka bang e mong le e mong ea rekang tekete ea lottery o tla rata ho hapa. Chelete ea hae ea moputso e tla hlaha hokae? Haeba tekete ea hae e le liranta tse leshome ’me moputso e le liranta tse millione, hoo ho bolela hore o nka chelete ho batho ba bang ba likete tse lekholo. Na seo se lumellana le keletso ea Molimo khahlanong le ho lakatsa lintho tsa bohlokoa tsa ba bang? (Deuteronoma 5:21) Ha e le hantle moputso oa hae o tla akarelletsa chelete e nkiloeng bathong ba eketsehileng ba bangata, kaha litekete tse fetang likete tse lekholo hōle li tla tlameha ho rekisoa. Chelete e khotsofatsang ea tekete e tlameha ho ea litefellong tsa tsamaiso, ho akarelletsa le hore e ’ngoe e tla ea morerong oa ho thusa bahloki o bolelisoang e le motheo oa lottery. Kahoo esita le haeba motho a ka khona liranta tse leshome bakeng sa tekete ea hae, ho thoe’ng ka lipalo-palo tse khōlō tsa ba bang? Ho feta moo, ho ka etsahala hore ho hapa ha hae ho phatlalatsoe, ho susumelletsa ba bangata ho qalisa ho bapala lottery kapa ho reka litekete tse eketsehileng, esita le haeba ba ke ke ba ho khona.

Hape ho ke ke ha latoloa hore ho tlamelletsoeng ’moho le lottery ke toro ea ho hapa chelete ka ntle le ho e sebeletsa. E, lottery e khothalletsa botsoa kapa e ipiletsa ho bona. Leha ho le joalo, Bibele e khothalletsa batho ba Molimo ho ba ba khothetseng, ba mahlaha-hlaha, le ba sebetsang ka thata. Ho e-na le ho khothalletsa moea oa ‘fumana ho hong mahala,’ e-ea eletsa: “Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.”—2 Ba-Thessalonika 3:10; Liproverbia 13:4; 20:4; 21:25; 1 Ba-Thessalonika 4:9-12.

Hore ba bang ba ka kopanela ho lottery ka boikhethelo ba bona le hore e lumelletsoe ka molao ha ho lokafatse hore Bakreste ba ka kenella ho eona. Mebuso e meng e lumella ka molao mefuta e meng ea papali ea chelete, ’moho le botekatse le sethepu. Le hoja lintho tse joalo li ka lumelloa ka molao ’me batho ba bangata ba kenelletse ho tsona ka boithatelo, hona ha ho bolele hore mesebetsi e joalo e loketse mahlong a Molimo. Ho fapana le hoo, Bakreste ba loanela ho bonahatsa pono ea Davida: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, u nthute mekhoa ea hao. U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute, hobane ke uena Molimo oa poloko ea ka.”—Pesaleme ea 25:4, 5.

Haeba Mokreste ka tieo a batla ho thusa ba futsanehileng, ba holofetseng, kapa ba hōlileng, ka sebele a ka etsa joalo ka ho toba kapa ka tsela e sa amaneng le papali ea chelete.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja e tsejoa ka ho pharalletseng e le lottery, mofuta ona oa ho bapala ka chelete o ka boetse oa bitsoa pool, tlholisano, rafole, kapa lebitso le leng la sebaka ka seng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela