Jehova—Moetsi oa litsǒantšo e Moholo!
“BAETSI ba litsǒantšo ba ferefa litsǒantšo tse ke keng tsa baloa tsa ho chaba le ho likela ha letsatsi, ’me lintho tseo ba li ferefileng li rekisoa makholo-kholo, esita le likete-kete tsa lidolara. Empa, Jehova Molimo, Moetsi oa Litsǒantšo e Moholo ka ho fetisisa le Moqapi oa ho likela le ho chaba ha letsatsi, o re nea setšoantšo se le seng letsatsi ka leng—ntle ho tefello. Litsǒantšo tsa sebele li feta hole tse kopilitsoeng. Na seo ha sea lokela ho re neha lebaka la ho mo ananela e le ’Mōpi?” Ke kamoo molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova Hawaii a ileng a beha mabaka kateng puong e’ngoe eo a ileng a fana ka eona phuthehong.
Mosali e mong ea neng a sa lumele ho Molimo, ea neng a etetse Holong ea ’Muso ka lekhetlo la pele, o ne a le teng har’a ba mametseng. O ile a hlokomela mabaka a mosebeletsi eo, empa lipelaelo tse matla ka boteng ba Molimo li ne li sa ntsane li salletse kelellong ea hae. Leha ho le joalo, ha a ntse a khanna koloi a e-tsoa mosebetsing hoo e ka bang lilemo tse peli hamorao, o ile a tšoarelloa ke sephethe-phethe sa batho ba tsoang mosebetsing. Sena se ile sa etsa hore a hlokomele ho likela ha letsatsi ho hlollang ka ho khethehileng. Mehopolo ea hae e ile ea khutlela puong eane ea molebeli ea tsamaeang.
Oa tlaleha: “Ho e-na le ho khopeha ka baka la ho tšoarelloa ke sephethe-phethe, ke ile ka hlokomela ho likela ha letsatsi ho hotle, ’me hoo ho ile ha nkhopotsa seo sebui seo se neng se se bolele mabapi le ho ananela Jehova Molimo e le Moetsi oa Litsǒantšo le ’Mōpi. Se ile sa etsa hore ke nahane, ‘Mohlomong seo a se buileng ke ’nete; mohlomong ’Mōpi o hlile o teng.’ Ke ile ka nahana ka hona ha ke ntse ke le tseleng e eang hae, ’me bosiung boo ka letsetsa motsoalle oa ka eo qalehong a neng a ile a ’memela Holong ea ’Muso. Ke ile ka qala ho ithuta Bibele, ’me hona joale ke rapela Jehova e le Molimo oa ka le ’Mōpi oa ka.”
Joaloka mopesaleme, mosali enoa ha aa ka a ananela Jehova e le Moetsi oa Litsǒantšo tsa pōpo e Moholo feela empa hape o ile a bina lithoriso tsa hae. Mopesaleme o ngotse: “Rorisang Jehova maholimong . . . Mo roriseng, lōna letsatsi le khoeli! Mo roriseng kaofela, lōna linaleli tse khanyang! . . . Tsohle tseo a li ke li rorise lebitso la Jehova! Hobane o na a laele, ’me tsa eba teng.”—Pesaleme ea 148:1-5.