Ho Nyarela ka Litabeng
“E Seng ka Pono”
Liteko tsa morao-rao tsa mahlale li lumetse hore Shroud of Turin (setšoantšo se leseleng le phuthelang setopo) ke leshano la lekholong la bo14 la lilemo. Leha ho le joalo, “Mak’hatholike a khothallelitsoe ho tsoela pele a se hlompha e le setšoantšo sa Kreste, se ntseng se tseba ho etsa mehlolo,” ho tlaleha The New York Times. Anastasio Ballestrero, mobishopo e moholo oa Turin, o boletse: “Matla a khethehileng a setšoantšo sa Jesu Kreste a lokela ho bolokoa.”
Sena se bolela eng? Se bolela hore le hoja kereke e lumetse hore setšoantšo sa motho se leseleng leo le phuthelang setopo ha se sa Jesu Kreste, Mak’hatholike a tšepahalang a ka ’na a tsoela pele ho se talima eka ke Kreste ebile e le ntho e halalelang. Hobane’ng? Ho ea ka Adam Otterbein, moprista oa Roma e K’hatholike ea ikarabellang ka Holy Shroud Guild, litšoantšo tse rapeloang tse kang lesela le phuthelang setopo li ka thusa balumeli ho hlompha eo setšoantšo se mo emelang.
Hase ho makatsang hore ho sa tsotellehe ho se be ha lona ntho ea sebele, lesela le phuthelang setopo le tla lula e le letšoao le matla la tumelo ea Kereke e K’hatholike. “Liemahale, litšoantšo tse ferefiloeng, le tse betliloeng . . . li hlomphuoa haholo mosebetsing oa K’hatholike,” ho hlokomela The New York Times.
Na Bibele e tšehetsa tšebeliso ea litšoantšo borapeling? Che! Lentsoe la Molimo le bolela ka ho hlakileng: ‘Le ke le tšabe tšebeletso ea litsǒantšo.’ (1 Ba-Korinthe 10:14; bapisa Exoda 20:4-6.) Bakreste ba eletsoa ho rapela Molimo ka “moea le ka ’nete,” e seng ka thuso ea litšoantšo. (Johanne 4:24) Ka ho loketseng, Pauluse o ngotse hore Bakreste ba ’nete ba “tsamaea ka tumelo, e seng ka pono.”—2 Ba-Korinthe 5:7.
Monahano o Fosahetseng
Tumellanong le boemo ba hona joale ba ho hlephisa litekanyetso tsa Bibele har’a balumeli, “lenane le eketsehang la baruti ba U.S. le phea khang ka hore likereke tsa Bokreste li hloka phetoho likamanong tsa botona le botšehali,” ho tlaleha Star Tribune. Koranta ena ea Minnesota e qotsa lipono tse hlahisitsoeng ke litsebi tse kang John Spong, mobishopo oa Newark oa Kereke ea Episcopal ea Amerika, le James Nelson, setsebi sa boitšoaro ba botona le botšehali Sebokeng se Kopaneng sa Bolumeli New Brighton. Koranta e bolela hore litsebi le baruti ba bang ba ikutloa hore likereke li tlameha ho “hlohonolofatsa banyalani ba basodoma litšebeletsong tsa kereke, li lumele tlamo ea bona ea lerato, boitšoaro; . . . le ho hlohonolofatsa bacha ba babeli haeba ba lula ka lerato, botsoalle bo botle, le hoja ba sa nyalana”; le “ho lumela ha batho ba baholo ba chesehella likamano tsa botona le botšehali ka litsela tse nang le boikarabelo le hoja ba sa nyalana.” Ke hobane’ng ha baruti baa ba lumela hore liphetoho tse joalo lia hlokahala? Spong o bolela hore “re lumella likamano tse mpe tsa bophelo” haeba kopano e joalo e sa hlohonolofatsoe.
Leha ho le joalo, seo Spong le ba bang ba hlōlehang ho se hlokomela ke hore ho hlohonolofatsa batho ba joalo ke hona ho ka etsang hore kereke e lumele “likamano tse mpe.” Lentsoe la Molimo le hlakile: “Ha e le . . . babōki, le bafebi, le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” Balateli ba Kreste ha ba laeloe feela ho ‘se kopane’ le batho ba joalo, empa ba boetse ba bolelloa ho ‘tlosa e mobe’ har’a bona.—1 Ba-Korinthe 6:9-11; 5:11, 13.
Ntho e Kholo e Batlehang
Selemong sena, tlaleho ea lipalo-palo ea Lekhotla le Kopaneng la Free Church la Brithani le hlalositse lebaka la ho theoha ho eketsehang ha litho tsa malumeli a lona a 15. Ka lekhetlo la pele, litho tsa kereke li fokotsehile ho fihla ka tlaase ho millione, ho tlaleha Church Times, koranta ea Kereke ea Chache. Lebaka? Le hoja likereke li bolela hore li tšepa “boholo ba batho . . . boo tlhoko e khōlō e batlehang e leng tokoloho,” sehlooho se hlokomela hore “mekhatlo ea Free Church e tsoetse pele ho sebelisa nako e ngata le matla . . . mesebetsing ea sechaba.” Ho ea ka Church Times, “haeba Likereke li haelloa ke litho, ha se ka lebaka la ho hloleha ha mekete ea tsona ea selemo ea ho bokelletsa chelete kapa ho se tšehetsoe ha lifilimi tsa eona tsa baesekopo: ke hobane ha lia nka boboleli ba tsona ba tokoloho ka botebo bo lekaneng.”
Baetapele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu le bona ha baa ka ba nka boboleli ba bona ka ho teba. Ka ho loketseng Jesu o ile a ba nyatsa ka ho etsa “lentsoe la Molimo lefeela” ka lineano tsa bona. O ile a bolela hore ke baikaketsi, ba neng ba ‘hlompha Molimo ka melomo ea bona feela empa lipelo tsa bona li le hōle le eena.’—Mareka 7:6, 7, 13, TLP.
Leha ho le joalo, bahlanka ba ’nete ba Jehova Molimo ba inehetse “tšebeletsong ea lentsoe.” Ba nkile ka botebo taelo ea Jesu ea ho “etsa barutuoa,” ’me ba latela mohlala oa baapostola, ba “tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo ka Jesu.”—Liketso 6:4; Mattheu 28:19, 20; Liketso 5:42, NW.