Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 1/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bohobe ba Bophelo” Boa Fumaneha Bakeng sa Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu ke “Bohobe ba Bophelo”
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Bohobe ba ’Nete bo Tsoang Leholimong”
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu—“Bohobe ba ’Nete bo Tsoang Leholimong”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 1/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tšepisa hore ba lumelang ho eena ‘ba ke ke ba shoa le ka mohla o le mong,’ ha bonneteng bamameli ba hae bohle ba ile ba shoa?—Johanne 11:25, 26.

Ha Jesu a ne a bua ka ho se shoe, kapa ho phela ka ho sa feleng, ka ho hlakileng o ne a sa bolele hore bamameli ba hae morao koana le ka mohla ba ne ba ke ke ba shoa. Ntlha ea motheo eo Jesu a neng a e bontša e ne e le hore ho lumela ho eena ho ka lebisa bophelong bo sa feleng.

Ka nako e ’ngoe, Jesu o ile a ipitsa “bohobe ba bophelo.” Eaba oa eketsa: “Ke bona bohobe be theohang leholimong, hore motho a bo je, ’me a se ke a shoa. Ke ’na bohobe ho phelang be theohileng leholimong; ekare ha motho a e-ja bohobe bona, o tla phela ka mehla.”—Johanne 6:48-51.

Ha motho a talima mantsoe ana feela, a ka etsa qeto ka hore Jesu o ne a bolella bamameli ba hae hore ba ne ba ka qoba lefu. Leha ho le joalo, moelelo oa temana ha o tšehetse qeto eo. Jesu o ne a sa tsoa re: “’Me ho rata ha ntate ea nthomileng ke hore ke se ke ka lahla letho la tseo a ’neileng tsona, ke mpe ke li tsose ka letsatsi la bofelo. . . . E mong le e mong ea talimang Mora, ’me a lumela ho eena, a be le bophelo bo sa feleng; ’me ’na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. . . . Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng; ’me ’na ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.” (Johanne 6:39-44) ’Me hamorao o ile a eketsa: “Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.” (Johanne 6:54) Ka lebaka leo, tšepiso ea Jesu ea ‘ho phela ka ho sa feleng’ ka ho loketseng e ke ke ea utloisisoa e ne e bolela hore bamameli ba hae le ka mohla ba ne ba ke ke ba shoa.

Ho tšoana le tšepiso e tsebahalang haholo ea Jesu ho Maretha: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.” (Johanne 11:25, 26) Ka mohlala, ho a utloahala hore Jesu o ne a sa bolele hore baapostola ba tšepahalang le ka mohla ba ne ba ke ke ba shoa joaloka batho ba bang. Nakong ea selemo, ba ne ba tla tlotsoa ka moea o halalelang le ho fuoa tšepo ea ho busa e le marena leholimong. Hore ba amohele moputso ’ona, ba ne ba tla lokela ho shoa. (Ba-Roma 8:14-23; 1 Ba-Korinthe 15:36-50) ’Me hlokomela hore Jesu o ile a re: “Ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.”

Tšepiso ea Jesu e tla phethahatsoa ho bahlanka ba inehetseng ba Molimo ba phetseng le ho shoa pele ho nako ea ha bophelo bo sa feleng bo qala ho fumaneha. Ba joalo ba tšepahalang ba moleng oa tsoho ea ka moso. Ka ho lula ba tšepahala ka mor’a hore ba tsosoe, le ka mohla ba ke ke ba latsoa “lefu la bobeli,” lefu la ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:15; 21:8; Johanne 8:51.

Empa boprofeta ba Bibele bo bontša hore rōna kajeno re na le monyetla o khethehileng. Joalokaha re phela bofelong ba tsamaiso ea lintho, re ka pholoha ‘mahlomola a maholo’ a tlang ’me ra fetela lefatšeng le lecha. Ba joalo ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise le ba bolokang botšepehi ba bona ho Molimo ba ke ke ba shoa. Ha ba se ba pholohile ‘mahlomola a maholo,’ ba tla lebisoa “lilibeng tsa metsi a bophelo.”—Tšenolo 7:9-17.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Mantsoe a Jesu ho Maretha ea utloileng bohloko a re fa tšepo oa bophelo bo sa feleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela