Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 6/15 maq. 10-15
  • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lisosa Tsa Mekhoa e Mebe
  • Mehlala e Phahameng ea Mekhoa e Metle
  • Mekhoa ea Bokreste e Theiloe Leratong la Bokreste
  • Ho ba le Mekhoa e Metle ka Linako Tsohle
  • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ho ba Basebeletsi ba Molimo ba Bontšang Mekhoa e Metle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ho ba le Mekhoa e Metle ke Habohlokoa?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 6/15 maq. 10-15

Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa

“Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!”—PESALEME EA 133:1.

1. Ho etsahetse’ng ka mekhoa e metle?

MONGOLI oa koranta Ann Landers o re: “Batho ba felletsoe ke mekhoa lilemong tsena tse 25 tse fetileng. Ha e sa le hore feela banna ha ba bulele basali mamati a likoloi kapa ho ba fa litulo litereneng le libeseng. Ho tebile ho feta moo.” Ka sebele, hohle moo re talimang teng, re ka bona bopaki ba hore re phela lefatšeng le se nang mekhoa ka ho eketsehileng. Batho ba ikakhela feela ka pel’a ba bang ’mileng, ba tsubela ka har’a li-lift tse tletseng batho, ba letsetsa ’mino o lerata libakeng tsa sechaba, joalo-joalo. Phihlelo ea letsatsi le letsatsi e re bolella hore ho sa tsotellehe menyetla e ntlafalitsoeng ea thuto le mokhoa oa bophelo, ka kakaretso nako ea rōna ke eo ho eona mantsoe Kea U Leboha le Ka Kōpo a seng a sa tsejoe, ’me tlhompho e tloaelehileng le ho nahanela li lebetsoe ka ho felletseng.

2. Ke hobane’ng ha ho haella ha mekhoa e metle kajeno ho sa makatse?

2 Na see sohle sea makatsa? E seng hakaalo. Se mpa se re hopotsa seo moapostola Pauluse a ileng a bululeloa ho se bolela ka boitšoaro ba batho “mehleng ea qetello” ha ‘linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla be li le teng.’ Har’a lintho tse ling, Pauluse o ile a bolela esale pele hore batho e ne “e tla ba baithati, . . . bakaki, le baikakasi, . . . ba hlokang teboho, . . . ba se nang lerato la hlaho, . . . ba sa tsebeng ho itšoara.” (2 Timothea 3:1-3) Esita le ho lekola maemo ka tloaelo feela ho tla senola hore kajeno boitšoaro bo joalo bo atile har’a batho ba lilemo tsohle, ba lihlopha tsohle, le lichaba tsohle. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ke lisosa life tse tlatsetsang khaellong ea mekhoa e lokileng ka kakaretso?

Lisosa Tsa Mekhoa e Mebe

3. “Moea” oa tsamaiso ee o susumetsa mekhoa e mebe joang?

3 Lentsoe “baithati” le hlalosa hantle “moloko oa ’na [feela],” le bolelang ba hōlisitsoeng ka khatiso e khōlō ea ho itsebahatsa, hore lithahasello tsa motho ka mong li phahametse tsa bohle, le ho iponahatsa. Moea ona, o phunyelletsang “moea” o re potolohileng, o khahlanong ka ho tobileng le keletso ea Bibele ea hore Bakreste ba ‘se ke ba hlokomela tsee e leng tsa bona feela, ba mpe ba hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.’ (Ba-Efese 2:2, 3; Ba-Filippi 2:4) Phello? Moloko o hōlisoang ka khopolo ea hore ‘iketsetse ntho ea hao’ ka sebele o ke ke oa tsotella hakaalo hore na boitšoaro ba oona bo tla ama ba bang joang.

4. Ba somang litekanyetso tse amohelehang ba talingoa joang kajeno, ’me pono ea Mokreste e lokela ho ba efe tabeng eo?

4 Ntho e ’ngoe eo pele e neng e phetha karolo e khōlō tabeng ea ho boloka ho nahanela ka tekanyo e itseng har’a batho e ne e le khatello ea metsoalle. Ho ameha ka hore na ba bang ba ka ’na ba nahana joang ka nako e telele e ’nile ea e-ba tšusumetso e sitisang. Leha ho le joalo, kajeno ha ketso e itseng e e-ba e nyarosang le e fetelletseng haholoanyane, ke hona ha mohlomong e tla fetoha e ratoang haholoanyane ke batho ba bangata. Ba hlokomolohang litekanyetso tse amohelehang ha ba sa talingoa e le ba nang le mekhoa e mebe kapa ba sa itlhompheng empa ba talingoa e le ba bohlale kapa ba tsoetseng pele, ba khahlehang haholo. Leha ho le joalo, hopola hore “tsoetseng pele” e bolela “ho se be boemong ba tlhaho, bo hloekileng, kapa ba pele.” E tsoa motsong o tšoanang oa Segerike le lentsoe le fetoletsoeng e le “tse entsoeng ka mano” ho 2 Petrose 1:16. Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba tla be ba etsa hantle ha ba qoba boikutlo bo joalo.

5. Ke ntlha efe hape e tlatsetsang ho oeng ha mekhoa e metle?

5 Moeklesia 8:11 e re: “Ereka ha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, ka hoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.” Ntlha e ’ngoe hape ke ena e tlatsetsang khaellong ea mekhoa har’a batho. Kaha batho ba ho fumana ho le bonolo ho etsa lintho tse mpe ba sa tšoaroe, ba fetoha ba thatafetseng lipelo mabapi le ho rojoa ha litekanyetso tse amohelehang tsa boitšoaro. Mohlophisi e mong oa New York Times o re: “Baahi ba neng ba tla nyarosoa ka ho felletseng ke ho tsebahatsoa phatlalatsa e le karolo ea sehlopha sa batlōli ba molao ba ’nile ba roba melao eohle ka ho fapa-fapana ha eona phatlalatsa le habobebe feela—melao ea sephethe-phethe, melao ea lithethefatsi, melao ea ho qhala lithōle.” Ka baka leo, “botlokotsebe, tšenyo ea thepa ka boomo le ho ngola ka bohlasoa libakeng tse sa tšoanelang ho ngoloa” kaofela ha tsona li fetohile karolo e ke keng ea baleheloa ea phihlelo ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Kahoo, ho nahanela, hammoho le tlhompho bakeng sa litokelo tsa batho ba bang, thepa, le boikhutso, li ntse li tsoela pele ho thibeloa.

6. Bophelo ba batho bo maphatha-phathe bo ama mekhoa ea bona joang, ’me Jesu o ne a fapane joang ntlheng ee?

6 Kaha ka kakaretso mekhoa e metle e nkoa e le har’a lintho tse nkoang habobebe haholo bophelong, e lebaloa habonolo feela ha batho ba tatile—’me boholo ba nako batho ba bangata ba bonahala ba tatile matsatsing ana. Ka baka leo, ba fetana ho se le lentsoe kapa phetoho sefahlehong. Baa theselana hape baa sutumetsana meleng ea litšebeletso, kapa ka ho hloka mamello ba kena ka likoloi feela ka tseleng e ’ngoe kapa ba khelohele ka tselaneng e ’ngoe ea ’mila hore feela ba boloke metsotso e seng mekae kapa metsotsoana. Hangata, batho e ba ba tšoarehileng haholo ka litaba tsa bona tsa botho, kapa likemiso tsa bona li tletse lintho tse ngata haholo tseo ba lokelang ho li etsa, hoo ketsahalo leha e le efe e sa lebelloang kapa moeti a fetohang khopiso kapa ea itšunya-tšunyang. Nahana kamoo sena se fapaneng kateng le tsela eo Jesu a neng a arabela ka eona ho batho ba neng ba e-tla ho eena esita le ka linako tse neng li sa tšoanelehe.—Mareka 7:24-30; Luka 9:10, 11; 18:15, 16; Johanne 4:5-26.

7. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho itebela khahlanong le eng mabapi le mekhoa?

7 Le hoja re phela lefatšeng le potlakileng haholo ’me lintho tse hlokang nako le matla a rōna li ntse li eketseha ka mehla, ho lumella likhatello tse joalo ho re susumelletsa ho bua lipuo tse hlabang ka sebele ho ke ke ha ntlafatsa lintho le hanyenyane. Ho fapana le hoo, tsela e joalo e lebisa pefong e ngata e se nang kelello eo re ntseng re utloa ka eona—likhang, lintoa, bora, esita le lipolao—tse tsoaloang ke hore batho ba phetetsa lipuo tse hlabang ka lipuo tse ling tse hlabang. Sena sohle ke karolo ea moea oa lefatše oo Bakreste ba ’nete ba tlamehang hore e se be karolo ea oona.—Johanne 17:14; Jakobo 3:14-16.

Mehlala e Phahameng ea Mekhoa e Metle

8. Le hoja ba pota-potiloe ke batho ba se nang mekhoa, Bakreste ba khothalletsoa ho etsa eng?

8 Joalokaha re pota-potiloe ke batho ba bontšang ho se natse ba bang, ho bonolo ho inehela likhatellong le ho lumella hore mekhoa e metle e re balehele. Leha ho le joalo, ha re hopola keletso ea Bibele ea hore re se ke ra “ipapisa le lefatše lena,” re ka sheba mehlala e mengata e ikhethang ka Bibeleng ’me ra loanela ho phahamisa litekanyetso tse phahameng tsa mekhoa ea Bokreste lefatšeng la kajeno le se nang mekhoa. (Ba-Roma 12:2, 21; Mattheu 5:16) Liketso tsa rōna li lokela ho bontša hore re lumellana ka pelo eohle le mopesaleme ea ileng a phatlalatsa: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!”—Pesaleme ea 133:1.

9. Mangolo a senola eng ka tsela eo Jehova a sebelisanang le batho ka eona?

9 Mohlala o moholo ka ho fetisisa oa ho bontša mekhoa e metle ke ’Mōpi le Ntate oa bohle, Jehova Molimo ka boeena. Ke ho tloaelehileng ho ba boemong bo phahameng kapa ba nang le matla holim’a ba bang hore ba ‘sebelise matla a bona ho hatella ba bang’ le ho batla hore litakatso tsa bona li hlonepshoe. Empa, Motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng bohle, Jehova Molimo, ka mehla o bontša ho ba le mekhoa ha a sebelisana le ba ka tlaase ho eena. Nakong eo a neng a fa motsoalle oa hae Abrahama tlhohonolofatso, A boela a re: “Ka kōpo, phahamisa mahlo a hao ’me u talime ho tloha moo u leng teng.” ’Me hape: “Ka kōpo, talima maholimong ’me u bale linaleli.” (Genese 13:14, NW; 15:5, NW) Ha o fa Moshe pontšo ea matla a Oona, Molimo o ile oa re: “Ka kōpo, kenya letsoho la hao ka har’a lemeno le ka holimo la seaparo sa hao.” (Exoda 4:6, NW) Lilemo tse ngata hamorao, Jehova, ka moprofeta oa hae Mikea, o ile a re ho batho ba hae ba neng ba khelohile: “Ka kōpo, utloang lōna lihlooho tsa Jakobo le lōna balaoli ba ntlo ea Iseraele. . . . Ka kōpo, utloang sena, lōna lihlooho.” (Mikea 3:1, 9, NW) Ntlheng ena, na re “baetsisi ba Molimo” ka hore re re “Ka kōpo” ha re sebelisana le ba bang?—Ba-Efese 5:1.

10, 11. (a) Ho ka thoe’ng ka litsela tsa Jesu le mekhoa ea hae? (b) Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le mekhoa e metle ho batho bohle?

10 Jesu Kreste, “ea sefubeng sa Ntate,” ke mohlala o mong o ikhethang o lokelang ho etsisoa. (Johanne 1:18) Ha a sebelisana le batho, o ne a nahanela a bile a e-na le kutloelo-bohloko ka lehlakoreng le leng, ka ho le leng a le matla a bile a tiile; empa ho ne ho se mohla a buang lipuo tse hlabang kapa a hlokelang leha e le mang mosa. Ha e bua ka “neo ea hae e sa tloaelehang ea ho phutholoha ha a e-na le batho ba mefuta eohle,” buka The Man From Nazareth e re: “Mapatlelong le libakeng tse khutsitseng ka ho tšoanang o ne a kopana hammoho le banna le basali ka mokhoa o lekanang. O ne a phutholoha ha a e-na le bana ba banyenyane ba sa tsebeng letho ’me ho makatsang haholo o ne a phutholoha ha a e-na le balotsana ba khathatsoang ke matsoalo joaloka Zakea. Basali ba hlomphehang ba hlokometseng malapa, joaloka Maria le Maretha, ba ne ba ka bua le eena ka bolokolohi ba tlhaho, bahlomphehi le bona ba ne ba ’matla joalokaha eka ba kholisehile hore o ne a tla ba utloisisa ’me a iketse motsoalle oa bona . . . Ho hlokomoloha ha hae ho makatsang meeli e neng e hlokisa batho ba tlaasana bolokolohi ke e ’ngoe ea litšobotsi tse mo khethollang ka ho fetisisa.”

11 Ho tšoara e mong le e mong ka tlhompho e loketseng le ho nahanela ke pontšo ea hore kannete motho o na le mekhoa e metle, ’me re tla be re etsa hantle ha re etsisa Jesu Kreste ntlheng ena. E, batho ba bangata ba khona ho hlompha batho ba itseng, haholo-holo ba boemong bo phahameng ho feta boo ba leng ho bona. Empa bao ba ba nkang ba le tlaasana kapa ba le boemong bo tšoanang le ba bona, hangata baa ba hlokomoloha, ba emella thokoana, ’me ba ba buisa lipuo tse hlabang. Ka mokhoa o itseng ho bonahala seo se ba fa boikutlo ba bophahamo le matla. Empa ho ’nile ha boleloa hantle ha ho thoe “ho bua lipuo tse hlabang ke boiteko ba motho ea fokolang ba ho etsisa ea matla.” Kahoo, Bibele ea phehella: “Le ’ne le beane pele ka hlomphano.” (Ba-Roma 12:10) Haeba re etsa sohle se matleng a rōna ho latela keletso eo, re ke ke ra hlōleha ho ba ba nang le mekhoa e metle ho batho bohle, joalokaha ho entse Jesu.

12. Moko-taba oa thuto ea Jesu likamanong tsa batho ke ofe?

12 Tšobotsi ena e nepahetseng, ea ho etsetsa ba bang lintho e bonahatsoa hape lithutong tsa Jesu, haholo-holo ho e bitsoang Molao oa Gauda: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Ka ho thahasellisang, ho Analects, e ’ngoe ea Four Books tsa Confucius—eo khale e neng e nkoa e le sehlohlolo sa boitšoaro bo botle Bochabela—monghali o kile a botsoa ke e mong oa barutuoa ba hae hore na ho na le lentsoe le le leng le neng le ka sebeletsa e le molao-motheo oa boitšoaro bophelong. Moruti o ile a arabela: “Mohlomong lentsoe ‘puseletsano’ (shu) le ka sebetsa,” ’me joale a phaella: “Se etse ba bang seo u sa batleng ha ba bang ba u etsa sona.” Ka ho fapaneng, re ka bona habonolo bophahamo ba thuto ea Jesu. Likamano tse mofuthu, tse thabisang, le tsa khotso li ka ba teng feela haeba motho a nka bohato ba ‘ho etsetsa ba bang’ se leng molemo.

Mekhoa ea Bokreste e Theiloe Leratong la Bokreste

13, 14. (a) Ho hlokometsoe eng morao-rao tjee ka mekhoa ea batho? (b) Ke eng se susumetsang thahasello hona joale mekhoeng le thutong ea mekhoa e amohelehang har’a batho?

13 Ka baka la ho ata ha mekhoa e mebe, kajeno ho na le puo e ’ngoe ea hore ho khutleloe boitšoarong bo nepahetseng. Marjabelle Stewart, eo e leng mongoli ea tsebisahalang le tichere tabeng ena, o re: “Re fetohetse mekhoa ea lilemong tsa bo-1960, empa phetoho e ncha e-ea e khutlisa. Batho ba hlokomela bohlokoa ba eona ’me ba batla ho tseba hore na litekanyetso tsa sechaba ke life.” Thahasello ena e tsosolositsoeng mekhoeng e bontšoa ka keketseho ea libuka, libuka tse nyenyane, likeletso tse hlahang likoranteng, le lipontšong tsa lipuo tsa thelevisheneng tse bontšang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho qala ka fereko e ka sebelisoang lijong ho isa tabeng ea ho buisana le motho e mong likamanong tsa kajeno tse rarahaneng le tse fetohang ka potlako tsa sechaba le malapa.

14 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha batho ba bang ba amehile haholoanyane ka mekhoa? Stewart oa hlalosa: “Mokhatlong oa batho oa kajeno o tletseng tlhōlisano, mekhoa ke oona mokhoa oa ho phela.” Ka mantsoe a mang, mekhoa e metle e talingoa e le mocha o thusang motho ho tsoella le ho atleha. Ka hona batho ba bala libuka hape ba kena lihlopheng tse rutang mekhoa e amohelehang har’a batho (etiquette ka Senyesemane) ho ithuta kamoo ba ka aparang ka mokhoa o amohelehang, kamoo ba ka fanang ka boikutlo bo botle, kamoo ba ka amohelehang kamoreng eo ho tšoareloang liboka ho eona, joalo-joalo.a Bothata ba sena sohle ke hore mekhoa e fetohile taba ea boithati, joaloka katiba ea ho ikhakanya eo motho a e roalang nakong ea tšoantšiso e be oa e rola ha e fetile. Ka hona, ha ho makatse ha nako le nako re utloa ka litlōlo tsa molao tse nyarosang ka ho fetisisa tse etsoang ke batho ba bophahamo ba ‘tsoaletsoeng malapeng’ a matle ka ho fetisisa le a ‘boemo.’

15, 16. (a) Motho e mong ea boholong thutong ea mekhoa o re’ng ka “melao e molemohali boitšoarong”? (b) 1 Ba-Korinthe 13:4-7 e amana joang le mekhoa ea ’nete ea Bokreste?

15 Ona ke mohoo o hōle haholo le seo mekhoa e metle e lokelang ho ba sona. Amy Vanderbilt, motho e mong ea boholong ea hlonephuoang thutong ena, o ngola tjena bukeng ea hae New Complete Book of Etiquette: “Melao e molemo ka ho fetisisa ea boitšoaro e tla fumanoa Khaolong ea 13 ho Ba-Korinthe ba Pele, e leng puo e ntle haholo ka mosa oa Mohalaleli Pauluse. Ha ho moo melao ena e amanang teng le lintlha tse molemo tsa moaparo leha e le tsa mekhoa ea ka ntle. E amana le maikutlo le boitšoaro, mosa, le ho nahanela ba bang.”

16 Ha e le hantle, seo Amy Vanderbilt a neng a se bolela ke karolo e ho 1 Ba-Korinthe 13:4-7 (TLP) moo Pauluse a hlalosang ka ho qaqileng litšobotsi tse fapaneng tsa lerato la Bokreste. Hlahloba liphello tsa lintlha tse ’maloa tseo a buileng ka tsona. Ka mohlala, ea nang le ‘mamello, le mosa’ ka sebele o tla tiisetsa ’me a be le hlompho ha a sebelisana le ba bang. “Ha le na mekhoa e mebe” ke tsela e ’ngoe ea ho bolela hore le ‘itšoara ka bokhabane,’ ’me “bokhabane” bo hlalosoa e le “ho itšoarella litekanyetsong tse lakatsehang, tse loketseng, kapa tsa boleng bo botle.” Ka hona, ho joalokaha New Testament in Modern English ea J. B. Phillips e fetolela polelo ena, “Lerato le na le mekhoa e metle.” Ho thata ho nahana hore leha e le mang ea bontšang lerato le joalo a ka talingoa e le ea mekhoa e mebe.

17. Mekhoa ea rōna ke letšoao la eng?

17 Ka ho hlakileng, mekhoa ea Bokreste e amana ka ho toba le lerato la Bokreste. Hase feela mecha e lebisang sepheong se itseng kapa lekoko le ka aparoang hafeela ho le apara ho fumantša ea le apereng molemo. Ho e-na le hoo, mekhoa ea rōna—tsela eo re sebelisanang le ba bang ka eona, tsela eo re etsang lintho ka eona, mokhoa oo re itšoarang ka oona, le boitšoaro ba rōna ka mehla—ke letšoao la hore na re tsotella batho ba bang haholo hakae le la botebo ba lerato la rōna bakeng sa bona. E bang re baholo kapa re banyenyane, re lokela ho loanela ho utloa keletso ea Bibele: “Ho se ke ha e-ba motho ea batlang tse tšoanelang eena a inotši, empa motho ka mong a ke a batle le tse tšoanelang ba bang.” (1 Ba-Korinthe 10:24) Kahoo, e le tšobotsi ea lerato la Bokreste, mekhoa ea Bokreste ke letšoao le khethollang barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste.—Johanne 13:35.

Ho ba le Mekhoa e Metle ka Linako Tsohle

18. Ke eng seo re lokelang ho ikemisetsa ho se etsa ho sa tsotellehe se re potolohileng seo re se bonang?

18 Mabapi le moloko oa rōna, Jesu o ile a bolela esale pele hore “lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:12) Ho tapa hona ha lerato ho bonahala ka ho hlakileng boikutlong ba ho se tsotelle le ba boithati ka lehlakoreng la batho ba bangata haholo kajeno. Leha ho le joalo, ho e-na le hore re susumetsoe hore re itšoare ka mokhoa o tšoanang oa ho se tsotelle, ho hlokahala hore re hopole keletso ea Pauluse: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle. Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” (Ba-Roma 12:17, 18) E lokela ho ba boikemisetso ba rōna ho ba le mekhoa e metle ka linako tsohle, ho sa tsotellehe hore na boiteko ba rōna boa ananeloa kapa che.—Mattheu 5:43-47.

19. Mekhoa ea rōna e ama litšobotsi tsohle tsa bophelo joang?

19 E, mekhoa ea Bokreste ke pontšo ea tlhaho le e pepenene ea lerato la rōna le kameho ea rōna ka ba bang eo re nang le eona ka lipelong tsa rōna. Feela joalokaha lipuo tsa rōna li senola seo re leng sona ka hare, ka hona mekhoa ea rōna e bontša hore na re tsotella ba bang haholo hakae kapa haeba re le ba sa tsotelleng. (Mattheu 12:34, 35) Ka tsela eo, mekhoa e lokela ho phetha karolo ea bohlokoahali litšobotsing tsohle tsa bophelo ba rōna. E lokela ho ba tsela ea bophelo. E lokela ho sebelisoa ka ho felletseng joang? Mekhoa e metle ea Bokreste e ka hōlisoa ka ho felletseng joang? Re tla hlahloba sena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe (la Senyesemane) “etiquette” le tsoa motsong oa Sefora o bolelang tekete kapa mongolo o hlalosang. Buka Word Origins and Their Romantic Stories, ea Wilfred Funk, ea hlalosa: “Melao ea pele ea etiquette e ne e manehiloe libakeng tse neng li le pooaneng kampong ea masole. Lethathamo le ne le fana ka melao ea letsatsi . . . Mohlomong re ka bolela hore etiquette ke ‘tekete’ e lebisang mokhatlong oa batho o itlhomphang.”

Na u ka Hlalosa?

◻ Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore e be mekhoa e metle e ntse e qepha?

◻ Lisosa tse ling tsa mekhoa e mebe ke life?

◻ Mekhoa ea Bokreste e fapane joang le mekhoa le thuto ea lefatše ea mekhoa e amohelehang har’a batho?

◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho ba ba nang le mekhoa e metle ka linako tsohle?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela