Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/01 maq. 3-4
  • Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho ba Basebeletsi ba Molimo ba Bontšang Mekhoa e Metle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ho ba le Mekhoa e Metle ke Habohlokoa?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 8/01 maq. 3-4

Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo

1 Mekhoa e metle ea haella kajeno. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Batho ba phathahane hoo e leng ka seoelo ba nahanang ka mekhoa e metle ea motheo, e kang ho re “Ka kōpo,” “Kea leboha,” kapa “Ntšoarele.” Lentsoe la Molimo le boletse esale pele hore matsatsing a ho qetela mekhoa e tla mpefala ha le bolela hore batho e ne e tla ba ‘baithati, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, ba se nang teboho, ba se nang lerato la tlhaho, ba hlokang boitšoaro, ba hlokang lerato la se molemo, ba hlooho li thata.’ (2 Tim. 3:1-4) Kaofela litšobotsi tseo li hlahisa mekhoa e mebe. Joaloka batho ba inehetseng ho Molimo, Bakreste ba lokela ho itebela hore ba se ke ba amohela mokhoa ona oa lefatše oa ho se hlomphe ba bang.

2 Mekhoa e Metle ke Eng? Mekhoa e metle e ka hlalosoa e le ho ela hloko maikutlo a ba bang haholo, ho tseba ho phela le ba bang ka khotso. Litšobotsi tsa mekhoa e metle ke ho nahanela, tlhompho, mosa, ho bontša moea o motle le masene. Litšobotsi tsena li simoloha ho rateng ha motho Molimo le moahelani. (Luka 10:27) Ha li rekisoe, empa ke tsa bohlokoa ho feta ntho leha e le efe mabapi le ho hōlisa kamano ea rōna le ba bang.

3 Jesu Kreste o behile mohlala o motle. Kamehla o ne a sebelisa Molao oa Khauta: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.” (Luka 6:31) Na ha re tsote mokhoa oa Jesu oa ho nahanela le o lerato oo a neng a sebelisana le barutuoa ba hae ka oona? (Mat. 11:28-30) Mekhoa ea hae e metle e ne e sa tsoe melaong e ngotsoeng libukeng tsa mekhoa ea boitšoaro. E ne e tsoa pelong e tšepahalang le e mosa. Re tlameha ho leka ho etsisa mohlala oa hae o motle.

4 Ho hlokahala hore Bakreste ba be le mekhoa e metle neng? Na ke liketsahalong tse khethehileng feela, ha ba amehile ka ho iketsetsa lebitso le letle? Na e hlokahala feela ha ba leka ho susumetsa ba bang? Che! Re lokela ho bonahatsa mekhoa e metle ka linako tsohle. Ka ho khetheha, ke ka litsela life re lokelang ho ameha ka see kamanong ea rōna le ba bang ka phuthehong?

5 Holong ea ’Muso: Holo ea ’Muso ke sebaka sa rōna sa borapeli. Re moo ka memo ea Jehova Molimo. Ka kutloisiso eo, re baeti. (Pes. 15:1) Na re baeti ba behang mohlala ha re le Holong ea ’Muso? Na re ela hloko moaparo oa rōna le boitlhopho ka tsela e loketseng? Ka sebele re lokela ho qoba ho ikaparela feela tjee kapa moaparo o feteletseng. Ebang re likopanong kapa libokeng tsa rōna tsa phutheho tsa beke le beke, batho ba Jehova ba tsebahala ka ponahalo ea bona e bontšang mekhoa e metle e loketseng batho ba ipolelang hore ba hlompha Molimo. (1 Tim. 2:9, 10) Kahoo re bontša ho nahanela ho loketseng le ho hlompha Moamoheli oa rōna oa leholimo le baeti ba bang ba menngoeng.

6 Tsela e ’ngoe eo re bontšang mekhoa e metle ka eona mabapi le liboka ke ka ho fihla ka nako. Rea lumela hore hona ha ho bonolo kamehla. Ba bang e ka ’na eaba ba lula hōle kapa ba na le malapa a maholo hore ba a lokise. Ho hlokomelehile hore liphuthehong tse ling bahoeletsi ba seng ba kae ba tloaetse ho fihla ka mor’a pina le thapelo tse bulang. Ena ke taba e tebileng. Ho hotle ho hopola hore mekhoa e metle e amana le ho ba ha rōna hlokolosi ka maikutlo a ba bang. Jehova, Moamoheli oa rōna ea mosa, o lokiselitse mekete ena ea lijo tsa moea molemong oa rōna. Re bontša kananelo ea rōna le ho ameha ka maikutlo a hae ka ho fihla ka nako. Ho phaella moo, ho fihla ka mor’a nako libokeng hoa sitisa ’me ho bontša ho se hlomphe ba seng ba ntse ba le teng.

7 Ha re bokana, na re hlokomela ba bacha har’a bamameli? Ho ba amohela ke karolo ea ho ba le mekhoa e metle. (Mat. 5:47; Bar. 15:7) Tumeliso e mosa, ho tšoara motho ka letsoho le mofuthu, pososelo e mosa—kaofela ke lintho tse tloaelehileng, empa li phaella ho se re khethollang re le Bakreste ba ’nete. (Joh. 13:35) Ka mor’a hore a tle Holong ea ’Muso ka lekhetlo la pele, monna e mong o ile a re: “Ka letsatsi le le leng ke kopane le batho ba lerato e le kannete, ’me e le batho bao ke neng ke qala ho ba bona, ho feta bao nkileng ka kopana le bona kerekeng eo ke hōletseng ho eona. Ho ne ho hlakile hore ke fumane ’nete.” Ka lebaka leo, o ile a fetola tsela ea hae ea bophelo, ’me ka mor’a likhoeli tse supileng o ile a kolobetsoa. E, mekhoa e metle e ka ba le liphello tse ntle!

8 Haeba re e-na le mekhoa e metle bathong bao re sa ba tsebeng bao re kopanang le bona, na ha rea lokela ho ba joalo “haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong”? (Bagal. 6:10) Molao-motheo ona oa sebetsa: “U nahanele motho ea tsofetseng.” (Lev. 19:32) Le ka mohla ba hōlileng ha baa lokela ho hlokomolohuoa lipokanong tsa rōna.

9 Ho Mamela ka Hloko: Nakong ea liboka tsa phutheho, basebeletsi ba Bakreste ba Molimo ba fana ka lipuo e le hore ba ka fetisa mpho ea moea ho re haha. (Bar. 1:11) E ne e tla ba ho bontša mekhoa e mebe haholo haeba re ne re ka thibasela, ho etsa lerata ka ho hlafuna chepisi, nako le nako ra hoesheletsa motho e mong ea haufi le rōna, ho ea matloaneng khafetsa ho sa hlokahale, ho bala boitsebiso bo sa amaneng, kapa ho etsa lintho tse ling nakong ea liboka. Baholo ba lokela ho beha mohlala ntlheng ena. Mekhoa e metle ea Bokreste e tla re susumelletsa ho bontša tlhompho e loketseng ho sebui le molaetsa oa sona o thehiloeng Bibeleng ka ho se mamela ka ho feletseng.

10 Ho phaella moo, ka lebaka la ho nahanela sebui le bamameli, re lokela ho tima li-pager le lithelefono tsa cellular hore li se ke tsa sitisa liboka.

11 Mekhoa e Metle le Bana: Kamehla batsoali ba lokela ho falimehela boitšoaro ba bana ba bona. Haeba ngoana a qala ho lla kapa a qala ho solasola nakong ea seboka ’me hona ho sitisa ba bang, ho molemo ho ntšetsa ngoana ka ntle ho holo kapele-pele ho ea mo thōlisa. Ka linako tse ling ho ka ’na ha eba thata, empa hopola, sena se bontša hore u falimehetse maikutlo a ba bang. Batsoali ba nang le bana ba banyenyane ba ka ’nang ba baka morusu hangata ba khetha ho lulella morao ka holong e le hore ba se ke ba sitisa ba bangata haeba ho ka hlokahala hore ba tsoele ka ntle nakong ea seboka. Leha ho le joalo, ba bang kaofela ba teng ba ka bontša ho nahanela ho loketseng ho malapa, ka ho a siela litulo tse ka morao hore a li sebelise haeba ho hlokahala.

12 Hape batsoali ba tlameha ho ela hloko boitšoaro ba bana ba bona pele le ka mor’a liboka. Bana ha baa lokela ho matha ka har’a mohaho, kaha sena se ka baka likotsi. Ho matha ka ntle ho Holo ea ’Muso le hona ho ka ba kotsi, haholo-holo mantsiboea ha ho sa bonahale hantle. Ho buela holimo ka ntle ho ka tšoenya baahelani ’me ha hlahisa borapeli ba rōna hampe. Batsoali ba etsang boiteko ka letsoalo le letle ho laola bana ba bona ka hare le ka ntle ho Holo ea ’Muso ba lokela ho babatsoa hobane sena se phaella ho luleng ha rōna hammoho bonngoeng ka tsela e khahlisang.—Pes. 133:1.

13 Thutong ea Buka: Re ananela kamohelo ea barab’abo rōna ba bulang mahae a bona bakeng sa liboka tsa phutheho. Ha re le teng, ho hlokahala re bontše tlhompho le ho nahanela thepa ea bona. Pele re kena, re lokela ho hlakola maoto a rōna hantle e le hore re ka qoba ho silafatsa fatše kapa k’hapete. Batsoali ba lokela ho laola bana ba bona, ba etse bonnete ba hore ba fella sebakeng seo lelapa le nehelaneng ka sona bakeng sa thuto ea buka. Le hoja sehlopha se ka ’na sa e-ba senyenyane ’me moea oa batla e e-ba o lokolohileng, ha rea lokela ho lokoloha ho feta tekano malapeng a ba bang. Motsoali oa ngoana e monyenyane o lokela ho mo felehetsa ha a ea ntloaneng. Ho feta moo, kaha thuto ea buka ke seboka sa phutheho, re lokela ho apara joalokaha re e-ea Holong ea ’Muso.

14 Mekhoa e Metle ke ea Bohlokoa: Ho ba le mekhoa e metle ea Bokreste ha ho hlahise tšebeletso ea rōna hantle feela empa ho boetse ho tlatsetsa likamanong tse ntle le ba bang. (2 Bakor. 6:3, 4, 6) Joaloka barapeli ba thabileng ba Molimo, re lokela ho nolofalloa ke ho bososela, ho ba ba khahlehang, haesitana le ho etsa lintho tse tloaelehileng, tse bontšang mosa ’me li tlisetsa ba bang thabo. Litšobotsi tsena tsa mekhoa e metle li tla khabisa bophelo ba rōna joaloka batho ba inehetseng ho Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela