Lerato le Matla la Lottery—Papali ea Chelete e Ratoang Haholo
“SEO u se hlokang feela ke dolara le toro.” Toro e ne e le ho hapa tlhōlisano ea jackpot ea lottery ea New York ea lidolara tse limillione tse 45 (R112 500 000). Dolara e ka reka boiteko ba ho hapa. Ba ileng ba lora litoro tseo ba ile ba tla ka bongata. Ha ba ntse ba eme moleng bakeng sa ho reka litekete tsa bona, ba ne ba bua ka liketsoana le lijase tse boea le matlo a maholo ka ho fetisisa—e leng lintho tseo ba neng ba tla li reka haeba ba ne ba ka hapa moputso oa chelete. Ka lekhetlo le leng, hohle naheng eo batho ba ile ba reka litekete tse 28 000 ka motsotso. Matsatsing a ho qetela a mararo pele ho huloa linomoro tse hapileng moputso, ba ile ba reka litekete tse limillione tse 37,4.
Ka mehla khoebo e lula e phahame haholo Japane matlong a thekiso ea litekete tsa lottery a 10 000 a lumelletsoeng ka molao moo batho ba subuhlellanang teng bakeng sa ho reka litekete tsa Takarakuji (Lottery) e Khōlō e Tšoaroang Bofelong ba Selemo. Ntlong ea thekiso ea litekete Tokyo moo ho tlalehoang hore litekete tse hlano tse ileng tsa hapa meputso ea pele li ’nile tsa rekisoa teng lilemong tse fetileng, batho ba ka bang 300 ba ne ba se ba eme moleng ha ntlo ea thekiso ea litekete e buloa bakeng sa mosebetsi oa khoebo. Moroetsana e mong ea neng a lumela hore koekoe ea morao e tloha le sepolo, o ile a ema moleng ho tloha ka hora ea pele hoseng. Jackpot eo batho ba neng ba e tsoetse lipelo ea selemong se fetileng: moputso o moholo ka ho fetisisa oa li-yen tse limillione tse 100 (R1 785 712).
Motse-moholo o mong oa Afrika Bophirima, sebaka seo batho ba moo ba se bitsang Koleche ea Lotto ka mehla se tletse batho ba tlil’o reka litekete le ho etsa likhakanyo tsa linomoro tse tla hapa moputso nakong e tlang. Ba nang le tšepo ea ho fumana mohlala liteketeng tsena ba boetse ba rekisetsoa letoto le lelelele la linomoro tsa nakong e fetileng tse ileng tsa hapa moputso e le hore ba ka li sebelisa nakong e tlang. Bakeng sa ba lumelang tsebong ea bonohe, ho na le baprofeta ba lotto ba lefisang, ba lutseng e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho u bolella hore na u ka bechela nomoro efe.
Na liketsahalo tsee li etsahala ngope-a-setšoha? Che ha ho joalo. Lerato le matla la lottery ke kobo-anela. E ratoa ka ho fetelletseng kontinenteng e ’ngoe le e ’ngoe. E ratoa haholo linaheng tse ruileng le tse futsanehileng. E thabisa bacha le batho ba baholo ba maemong ’ohle a moruo, bochaba, le thuto sechabeng.
E, li-lottery ke khoebo e khōlō, ebile ke khoebo e atlehang. United States feela, li-lottery tsa ’Muso li ile tsa kenya lidolara tse limillione tse 18,5 ka 1989. Lilemong tse 27 feela tse fetileng, palo eo e ne e le tlaase haholo. Empa hona joale li-lottery ke mofuta oa bobeli o moholo ka ho fetisisa oa papali ea chelete United States, ’me khoebo ena e eketseha ka karolo ea 17,5 lekholong selemo le selemo, ka lebelo le kang la khoebo ea li-computer.
Ho latela lipalo-palo tsa morao-rao tse tsoang makasineng oa Gaming and Wagering Business, lefatšeng ka bophara lithekiso tsa lottery ka 1988 li entse kakaretso ea liranta tse limillione tse likete li 140,95 e leng palo e khōlō ka ho fetisisa. Palo eo e lekana le chelete e fetang liranta tse 25 bakeng sa monna, mosali, le ngoana e mong le e mong holim’a lefatše! ’Me eo ke chelete e ka sebelisoang ka selemo se le seng feela!
Le hoja ho se motho ea ka phehang khang ka hore li-lottery li tsoela pele ho atleha, ho na le batho ba bangata ba leng khahlanong le tsona. Lihlooho tse peli tse latelang li tla hlahloba lerato le eketsehang la li-lottery le likotsi tsa tsona. Ha u ntse u nahana ka linnete, u tla tseba ho etsa qeto ea hore na ebe li-lottery li u loketse kapa che. Na ho bohlale ho li bapala? Ho bonolo hakae hore motho a hape moputso? Na u ka lahleheloa ke ho hongata ho feta chelete?