Puso ea Molimo—Tsela e Molemohali
HISTORI ea mebuso e totobatsa hore batho ba sa phethahalang ba ke ke ba sebelisa matla holim’a batho ba bang ka nepo. Ho joalokaha Morena Acton oa Engelane a itse: “Matla a na le tšekamelo ea ho senya ’me matla a felletseng a senya ka ho felletseng.” Ka hona, joalokaha Bibele e bolela: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’—Moeklesia 8:9.
Qalehong, Jehova Molimo o ne a file motho bobusi holim’a liphoofolo empa eseng holim’a batho ba bang. Molimo o ile oa bolella Mora oa oona ea bōpiloeng pele maholimong: “A re etseng [“etse,” NW] motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna, ’me a buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le makhomo, le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng.” (Genese 1:26) ’Mōpi oa motho e ne e le eena ’Musi oa hae. Joale, hoo ho ile ha fetoha joang?
Ha motho a ne a rabela tšimong ea Edene, o ile a hana hore Molimo e be ’Musi oa hae ’me o ’nile a tsoela pele ho etsa joalo ho tloha nakong eo. (Genese, khaolo ea 3) Sena se ile sa totobala Iseraeleng ea boholo-holo, sechaba seo Molimo o neng o ikhethetse sona. Ha Baiseraele ba batla morena oa motho, Jehova o ile a bolella moprofeta oa hae Samuele: “Ha ba lahle uena, ba lahlile ’na, hore ke se ke ka ’na ka ba morena oa bona.”—1 Samuele 8:7.
Puso ea Molimo holim’a Baiseraele e ne e le molemo haholo. Ka moemeli oa hae Moshe, Jehova o ile a ba fa lethathamo la melao e neng e bontša ho nahanela ho lerato bakeng sa boiketlo ba bona. E ne e ba sireletsa mafung a mangata ’me e khothalletsa ho nahanela ba hōlileng, bahlolohali, le likhutsana. Molao o ne o hloka hore ho hlonepshoe thepa ea ba bang le botšepehi litšebelisanong tsa khoebo. O ne o nyatsa leeme, bopaki ba bohata, le ho ntša tjotjo. Ruri puso ea Molimo e ne e hloka leeme e bile e lokile.
Jehova ha aa ka a tšepisa ho busa Iseraele feela empa ho busa batho bohle. O ne a tla amoha batho ba baetsalibe matla a ho busa batho ba bang ’me a fe Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši matla ana. Ha o bolela sena esale pele, Molimo o itse boprofeteng ba Ezekiele: “Ka sebele ha ho eo e tla ba oa hae ho fihlela a fihla ea nang le tokelo ea molao, ’me ke tlameha ho mo fa oona.”—Ezekiele 21:27, NW.
Ke Jesu Kreste eo Molimo o mo fileng tokelo ea molao ea ho busa batho e le moemeli oa bobusi ba Jehova. Kaha ’Muso oa Molimo ka Kreste ke eona tsela e molemohali ea ho busa batho bohle, Jesu o rutile balateli ba hae ho o rapella. Kreste o itse: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.
Ka tsela eo Jesu a neng a tšoara batho ka eona, o ile a bontša hore na e ne e tla ba ’musi oa mofuta ofe. Ka sebele Kreste o ne a e-na le kutloelo-bohloko, hobane eitse “ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) Jesu o ile a bontša botebo ba lerato la hae ho balateli ba hae ha a re: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.” (Johanne 13:34) O ratile batho hoo a bileng a fana ka bophelo ba hae e le topollo. Sehlabelo seo se etsa hore ba se amohelang ba khone ho lokolloa sebeng, ho kuleng, esita le lefung.—1 Johanne 2:1, 2; Tšenolo 21:1-4.
Ha a bolela esale pele kamoo puso ea Molimo ka Jesu Kreste e neng e tla ba e hlokang leeme, e lokileng, le e nang le khotso, moprofeta Esaia o ile a bululeloa ho ngola: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—Esaia 9:6, 7.
Baemeli ba lefatšeng ba puso ea Molimo ba tla tšoana le banna bao hona joale ba bonahatsang litšobotsi tse lerato tsa Jesu e le balebeli ka phuthehong ea ’nete ea Bokreste. Ho fapana le baruti ba bahatelli, banna bana ba bontša kameho e lerato ka mohlape, joalokaha Jesu Kreste a entse. Mabapi le banna ba joalo ba nang le bomolimo, moprofeta Esaia o ngotse: “Bonang, morena o tla busa ka ho lōka, mahosana le ’ona a lise ka ho loka.” (Esaia 32:1) Hape baemeli ba joalo ba puso ea Molimo ba tla phetha lithahasello tsa Molimo lefatšeng le lecha.—Pesaleme ea 45:16.
Phetoho e Khōlō e Atametse!
Pele ’Muso oa Molimo o qala ho busa batho ho se o qothisanang lehlokoa le oona, phetoho e khōlō e tlameha ho etsahala. Phetoho ena e tla felisa likarohano tsa lichaba. Ho fapana le mebuso e mengata e loantšanang ea batho, ho tla ba le ’muso o le mong o lokileng oa leholimo o kopanyang batho ho ba sechaba se le seng se phelang ka khotso. Ha a bolela sena esale pele, moprofeta Daniele o ngotse: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela [mebuso ea batho], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
Puso ea Molimo ke eona karabelo feela mathateng a mebuso ao batho ba talimaneng le ’ona kajeno. Boemo boo batho ba iphumanang ba le ho bona hona joale bo sokela esita le hona ho ba teng ha bona! ’Me ha ho na tharollo ea sebele ea batho e ka sebetsang. Ka hona, e ne e tla ba bohlale ho ela hloko tharollo ea Bibele le ho lebella ka tšepo nako e haufi ea ha batho ba lipelo li lokileng ba tla nyakalla tlas’a puso e ke keng ea phephetsoa le e hlohonolofalitsoeng ea Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
“Morena o tla busa ka ho lōka”