‘Re Entse Seo re Neng re Tšoanela Hore Ebe re se Entse’
JOALOKAHA HO BOLETSE GEORGE COUCH
Ka mor’a ho ba tšebeletsong ea ntlo le ntlo hoseng ha tsatsi leo, motho eo ke neng ke tsamaea le eena o ile a ntša li-sandwich tse peli. Ha re qeta ho ja, ke ile ka ntša sakerete ho tsuba. O ile a mpotsa: “U na le nako e kae u le ’neteng?” Ke ile ka mo bolella: “Ke ne ke qala ho ba teng libokeng maobane mantsiboea.”
KE HLAHILE ka la 3 March, 1917, polasing e ka bang lik’hilomithara tse 50 ka bochabela ho Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A., haufi le torotsoana ea Avonmore. Ke hona moo batsoali ba ka ba hōliselitseng barab’eso ba bane teng, khaitseli ea ka hammoho le ’na.
Ha rea ka ra fumana koetliso e kaalo ea bolumeli. Ka nako e ’ngoe batsoali ba ka ba kile ba ea kerekeng, empa ba ile ba khaotsa ho ea ha rōna bana re sa le banyenyane. Leha ho le joalo, re ne re lumela ho ’Mōpi, ’me bophelo ba lelapa leso bo ne bo latela melao ea motheo e fumanoang ka Bibeleng.
Koetliso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ke ileng ka e fumana ho batsoali ba ka e bile e mabapi le boikarabelo—hore na ke bo amohele joang le ho bo phetha. Ke sohle seo bophelo ba polasing bo neng bo le sona. Empa bophelo ba rōna e ne e se ho sebetsa feela. Re ne re thabela boithabiso bo molemo bo kang ho bapala basketball le baseball, ho palama lipere le ho sesa. Mehleng eo, chelete e ne e le pakeng tsa majoe, empa bophelo ba polasing bo ne bo le monate. Ha re le sekolong sa mathomo, re ne re kenela ntlong e neng e e-na le kamore e le ’ngoe ea sekolo, ’me ha re le lilemong tsa sekolo se phahameng, re ile ra ea ho se toropong.
Ka bosiu bo bong, ke ne ke tsamaea toropong le motsoalle oa ka. Ngoanana e mong oa seponono o ile a tsoa habo ho tla lumelisa motsoalle oa ka. Motsoalle oa ka o ile a ntsebisa Fern Prugh. Ka lehlohonolo, o ne a lula seterateng seo sekolo se phahameng se leng ho sona. Hangata ha ke ne ke feta habo Fern, o ne a le ka ntle a ntse a sebetsa. Ho ne ho hlakile hore ke sekhothali, e leng eona ntho e ileng ea nkhahla. Re ile ra ba le botsoalle bo haufi-ufi ’me ra ratana, ’me ka April 1936, re ile ra nyalana.
Ho Fumana ’Nete ea Bibele
Pele ke hlaha, ho ne ho e-na le mosali-moholo e mong eo batho ba motse ba neng ba mo tšoenya ka lebaka la bolumeli ba hae. ’Mè oa ka o ne a mo etela ka Meqebelo ha a ne a e-ea toropong ho ea reka. ’Mè o ne a mo hloekisetsa ntlo le ho mo thusa ka ho mo ela libakeng tse itseng, a etsa joalo ho fihlela mosali eo a e-shoa. Ke lumela hore Jehova o ile a hlohonolofatsa ’Mè kahobane o ne a le mosa haholo ho mosali enoa eo e neng e le Seithuti sa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng.
Nakoana ka mor’a moo, morali e monyenyane oa Rakhali o ile a hlokahala ka tšohanyetso. Kereke ha ea ka ea fana ka matšeliso a kaalo ho Rakhali, empa moahisani eo e neng e le Seithuti sa Bibele o ile a fana ka ’ona. Seithuti seo sa Bibele se ile sa mo hlalosetsa hore na ho etsahala eng ha motho a e-shoa. (Jobo 14:13-15; Moeklesia 9:5, 10) Sena e ne e le mohloli oa matšeliso a maholo. Rakhali le eena o ile a bua le ’Mè ka tšepo ea tsoho ea bafu. Sena se ile sa tsosa thahasello ea ’Mè hobane batsoali ba hae ba ne ba shoele a sa le monyenyane ’me o ne a lakatsa ho tseba hore na ho etsahala eng ho motho lefung. Phihlelo eo e ile ea hatisa ka ho ’na bohlokoa ba hore ka linako tsohle motho a nke monyetla oa ho fana ka bopaki bo sa reroang.
Lilemong tsa bo-1930, ’Mè o ile a qala ho mamela mananeo a seea-le-moea a Sontaha hoseng a Joseph F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society. Lilemong tseo, Lipaki li ile tsa boela tsa qala mosebetsi oa ntlo le ntlo moo re lulang teng. Li ne li beha keramafono e nkehang habobebe ka jareteng tlas’a moriti oa sefate, ebe li letsa lipuo tse rekotiloeng tsa Mor’abo rōna Rutherford. Lirekoto tseo, hammoho le limakasine tsa Molula-Qhooa le Golden Age (eo hona joale e bitsoang Tsoha!), li ile tsa etsa hore thahasello ea ’Mè e lule e phela.
Lilemo tse seng kae hamorao ka 1938, babeheletsi ba Molula-Qhooa ba ile ba romeloa poskarete e neng e ba memela sebokeng se khethehileng lelapeng le leng le ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 25. ’Mè o ne a batla ho ea, kahoo, ’na le Fern le bo-abuti ba ka ba babeli re ile ra tsamaea le eena. John Booth le Charles Hessler bao e neng e le balebeli ba tsamaeang ba Lipaki tsa Jehova, ba ile ba behela rōna ba ka bang 12 lipuo. Ka mor’a moo, ba ile ba qala ho hlophisa sehlopha seo bakeng sa ho kopanela tšebeletsong hoseng ho hlahlamang. Ha ho na ea ileng a ithaopela ho tsamaea le bona, kahoo, Mor’eso Hessler o ile a nkhetha ’me a mpotsa, “Ke hobane’ng ha u sa tsamaee le rōna?” Ke ne ke sa tsebe hantle hore na ba il’o etsa eng, empa ke ne ke se na lebaka la ho hana ho ba thusa.
Re ile ra ea ka ntlo le ntlo ho fihlela motšehare o moholo, eaba joale Mor’eso Hessler o ntša li-sandwich tse peli. Re ile ra lula fatše litepising tsa kereke ’me ra qala ho ja. Ke ka mor’a hore ke ntše sakerete eo moo Mor’eso Hessler a ileng a tseba hore ke ne ke bile teng hang feela libokeng. O ile a imemela ho tla ba le rōna lijong hona mantsiboeeng ao ’me a re kōpa hore re meme baahisani ba rōna bakeng sa moqoqo oa Bibele. Ka mor’a lijo tsa mantsiboea, o ile a tšoara thuto ea Bibele le rōna ’me a fa sehlopha sa batho ba ka bang leshome ba neng ba tlile puo. O ile a re bolella hore re tšoanela ho ba le thuto ea Bibele beke e ’ngoe le e ’ngoe. Le hoja baahisani ba rōna ba sa ka ba lumellana le sena, ’na le Fern re ile ra lokisetsa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele beke le beke.
Ho Hatela Pele ’Neteng
Hang ka mor’a moo, ’na le Fern re ile ra ea tšebeletsong ea tšimo. Re ne re lutse ka morao koloing ’me re qeta ho hotetsa lisakerete ha abuti oa ka a re sheba ’me a re: “Ke sa tsoa tseba hore Lipaki ha li tsube.” Hang-hang Fern o ile a lahlela sakerete ea hae ka ntle ka fensetere—’na ke ile ka qeta ea ka. Le hoja re ne re ile ra thabela ho tsuba, ha rea ka ra hlola re tšoara sakerete hape.
Ka mor’a kolobetso ea rōna ka 1940, ’na le Fern re ne re le libokeng moo re neng re bala sehlooho se khothalletsang ho bula maliboho, joalokaha ho bitsoa mosebetsi oa nako e tletseng oa boboleli. Ha re khutlela hae, mora e mong oabo rōna o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha uena le Fern le sa bule maliboho? Ha le na letho le ka le sitisang.” Re ne re ke ke ra hanyetsana le eena, kahoo, re ile ra iketsa ba fumanehang. Ke ile ka fana ka tlhokomeliso moo ke sebetsang hore ka mor’a matsatsi a 30, ke tla tlohela mosebetsi, ’me re ile ra etsa litokisetso tsa ho bula maliboho.
Re ile ra batla keletso ho Mokhatlo oa Watch Tower hore na re ka ea sebeletsa sebakeng sefe, eaba joale re fallela Baltimore, Maryland. Teng, ho ile ha fumanoa lehae la bo-pula-maliboho, ’me litšenyehelo tsa bolulo le lijo e ne e le R48 ka khoeli. Re ne re bolokile chelete eo re neng re nahanne hore e tla re qhoba habonolo feela ho fihlela ka Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Etsoe kamehla re ne re nahana hore Armagedone e qholong ea nta. Kahoo, ha re qala ho bula maliboho, re ile ra siea lehae la rōna ’me ra tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
Re ile ra bula maliboho Baltimore ho tloha ka 1942 ho fihlela ka 1947. Khanyetso e ne e le matla haholo mehleng eo khahlanong le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Ho e-na le hore re khanne koloi ea rōna ho ea malapeng a liithuti tsa rōna tsa Bibele, ka linako tse ling motho e mong o ne a re isa. Ka tsela eo, lithaere tsa koloi ea rōna li ne li ke ke tsa taboloa. Ha ho na motho ea ratang khanyetso e joalo, empa nka re re ne re thabela tšebeletso ea tšimo kamehla. Ha e le hantle, re ne re lula re lebeletse ntho e itseng e tla susumetsa maikutlo a rōna mosebetsing oa Morena.
Ka potlako, re ne re sebelisitse chelete eohle eo re neng re e bolokile. Lithaere tsa koloi ea rōna li ile tsa fela, ’me ho ile ha e-ba joalo le ka liaparo tsa rōna le lieta. Ka makhetlo a mabeli kapa a mararo, re ile ra kula ka nako e telele. Ho ne ho se bonolo ho tsoela pele, empa ha ho mohla re kileng ra nahana ho tlohela. Ho ne ho se le mohla re buang ka hona. Re ile ra nolofatsa mokhoa oa rōna oa bophelo e le hore re ka lula mosebetsing oa bopula-maliboho.
Ho Fetoha ha Likabelo
Ka 1947, re ile ra ea kopanong ea Los Angeles, California. Ha re le hona teng, ’na le abuti oa ka, William, re ile ra fuoa mangolo a re abelang mosebetsing oa ho tsamaea bakeng sa ho etela liphutheho le ho li thusa. Morao koo, re ne re sa fumane koetliso leha e le efe e khethehileng ea mosebetsi oo. Re ile ra amohela kabelo eo. Lilemong tse supileng tse latelang, ’na le Fern re ile ra sebetsa Ohio, Michigan, Indiana, Illinois le New York. Ka 1954, re ile ra memeloa ho ba teng sehlopheng sa bo24 sa Gileade, sekolo se koetlisang baromuoa. Ha re sa le moo, Fern o ile a tšoaroa ke pholio. Ka lehlohonolo, o ile a fola ’me re ile ra abeloa mosebetsi oa ho tsamaea New York le Connecticut.
Ha re ntse re sebetsa Stamford, Connecticut, Nathan H. Knorr eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a re kōpa hore re qete mafelo-beke le eena le mosali oa hae, Audrey. Ba ile ba re fepa nama e lutlisang mathe ea seteiki e khabisitsoeng ka mefuta eohle ea limenyemenye. Re ne re ile ra tloaelana le bona nakong e fetileng ’me ke ne ke tseba Mor’eso Knorr hantle hoo ke ileng ka elelloa hore o ne a e-na le ho hong ka kelellong ntle feela le ho ba ha rōna hammoho le ho ja lijo tsa mantsiboea. Hamorao mantsiboeeng ao, o ile a mpotsa, “Na u ka rata ho tla Bethele?”
Ke ile ka arabela: “Ruri ha ke tsebe; ha ke tsebe ho hongata ka bophelo ba Bethele.”
Ka mor’a ho qeta libeke tse ’maloa re nahana ka sena, re ile ra bolella Mor’abo rōna Knorr hore re tla tla haeba a batla hore re tle. Bekeng e latelang, re ile ra fumana lengolo le neng le re re itlalehe Bethele ka la 27 April, 1957, letsatsi la sehopotso sa bo21 sa lenyalo la rōna.
Letsatsing leo la pele ke le Bethele, Mor’eso Knorr o ile a mpha litaelo tse hlakileng tsa se neng se lebeletsoe. O ile a mpolella: “Ha u sa le mohlanka oa potoloho; u mona ho tla sebetsa Bethele. Mosebetsi ona oo u lokelang ho u etsa ke oa bohlokoa ka ho fetisisa, ’me re batla hore u fane ka nako ea hao le matla a hao hore u sebelise koetliso eo u tla e fumana mona Bethele. Re batla hore u lule.”
Bophelo ba Bethele bo Nang le Morero
Kabelo ea pele eo ke bileng le eona e ne e le Lefapheng la Limakasine le la Thomello. Lilemo tse ka bang tharo hamorao, Mor’eso Knorr o ile a romela molaetsa oa hore ke itlalehe ofising ea hae. Joale o ile a ntsebisa hore lebaka la sebele la hore ebe ke bitsitsoe Bethele e ne e le hore ke tl’o sebetsa lehaeng. Litaelo tsa hae ha lia ka tsa hlatha koana le koana, “U mona ho tla tsamaisa Lehae la Bethele.”
Ho tsamaisa Lehae la Bethele ho ile ha nkhopotsa thuto eo batsoali ba ka ba ileng ba nthuta eona ha ke sa hōla polasing. Lehae la Bethele le tšoana hantle le lelapa le tloaelehileng. Ho na le liphahlo tse lokelang ho hlatsuoa, lijo tse lokelang ho phehoa, lijana tse lokelang ho hlatsuoa, ho alola libethe le tse ling tse joalo. Tsamaiso ea lehae e leka ho etsa hore Bethele e be sebaka seo ho ka pheloang ho sona ka boiketlo, sebaka seo motho a ka se bitsang lehae la hae.
Ke lumela hore ho na le thuto e ngata eo malapa a ka ithutang eona ka tsela eo Bethele e tsamaisoang ka eona. Re tsoha hoseng ebe re qala letsatsi la rōna ka ho nahana lintho tsa moea pele ka hore re hlahlobe temana ea Bibele ea letsatsi. Re lebeletsoe hore re sebetse ka thata ’me re phele bophelo bo itekanetseng, empa bo maphatha-phathe. Bethele ha e tšoane le lehae la baitlami, joalokaha ba bang ba nahana. Re finyella ho hongata ka lebaka la mokhoa oa rōna oa bophelo o nang le kemiso. Ba bangata ba boletse hore koetliso eo ba e fumanang mona e ba thusitse hore hamorao ba amohele boikarabelo malapeng a bona le phuthehong ea Bokreste.
Bahlankana le baroetsana ba tlang Bethele ba ka ’na ba abeloa ho hloekisa, ho sebetsa moo ho hlatsuoang liaparo kapa ho sebetsa fekthering. Lefatše le ka ’na la etsa hore re lumele hore mosebetsi o joalo o sebelisang matla o fatše ’me o re theola boemong. Leha ho le joalo, bacha ba Bethele ba ananela hore mosebetsi o joalo oa hlokahala bakeng sa hore lelapa la rōna le sebetse hantle ’me le thabile.
Lefatše le ka boetse la phahamisa khopolo ea hore u hloka boemo bo itseng le botumo hore u thabe ka ho feletseng. Seo se fosahetse. Ha re etsa seo re se abetsoeng, re ‘etsa seo re tšoanetseng hore ebe rea se etsa,’ ’me re fumana tlhohonolofatso ea Jehova. (Luka 17:10) Re ka ba le khotsofalo ea sebele le thabo haeba feela re hopola sepheo sa mosebetsi oa rōna—ho etsa thato ea Jehova le ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Haeba re lula re nahana seo, kabelo leha e le efe e ka ba e thabisang le e khotsofatsang.
Ho ba le Karolo e Khethehileng Katolosong
Kopanong e neng e tšoaretsoe Cleveland, Ohio, ka 1942, lilemo tse fetang leshome pele re tla Bethele, Mor’abo rōna Knorr o ile a fana ka puo e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” O ile a hlakisa hore Ntoa ea II ea Lefatše e neng e ntse e kupa ka nako eo, e ne e tla fela le hore ho ne ho tla ba le nako ea khotso e neng e tla fana ka monyetla bakeng sa phutuho e pharaletseng ea boboleli. Ka 1943 ho ile ha hlongoa Sekolo sa Gileade bakeng sa ho koetlisa baromuoa le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa ho ntlafatsa mekhoa ea ho bua phatlalatsa ea barab’abo rōna. Ho ile ha boela ha hlophisoa likopano tse khōlō. Tse ileng tsa tuma haholo lilemong tsa bo-1950 e bile tse neng li tšoaretsoe Yankee Stadium, New York. Mabapi le likopano tseo ka 1950 le 1953, ke ile ka ba le monyetla oa ho thusa ho lokisa Motse o moholo oa Lik’haravene o ileng oa amohela batho ba likete tse mashome ka matsatsi a robeli bakeng sa likopano tseo ka bonngoe.
Ka mor’a likopano tseo, ho kopanyelletsa le e khōlōhali ho li feta tsohle ea 1958, ho ile ha e-ba le keketseho e khōlō ea bahoeletsi ba ’Muso. Sena se ile sa ama mosebetsi oa rōna ka ho toba Bethele. Mafelong a bo-1960 le mathoasong a bo-1970, re ile ra iphumana re le bothateng ba sebaka le likamore bakeng sa bolulo ba basebetsi. Bakeng sa bolulo ba lelapa la rōna le hōlang, re ne re tlameha ho ba le likamore tse eketsehileng tsa ho robala, likichine le likamore tsa ho jela.
Mor’abo rōna Knorr o ile a kōpa Mor’abo rōna Max Larson, mookameli oa fektheri, le ’na, hore re batle setša se tšoanelehang bakeng sa katoloso. Ka 1957 ha ke fihla Bethele, lelapa la rōna la batho ba ka bang 500 le ne le lula mohahong o le mong o moholo oa bolulo. Empa ha lilemo li ntse li feta, Mokhatlo o ile oa reka le ho nchafatsa lihotele tse tharo tse khōlō tse neng li le haufi—hotele ea Towers, ea Standish le ea Bossert—hammoho le mehaho e meng e mengata e menyenyane. Ka 1986, Mokhatlo o ile oa reka sebaka seo Hotele ea Margaret e neng e le ho sona, ’me moo, o ile oa etsa mohaho o motle o mocha bakeng sa ho ba lehae la batho ba ka bang 250. Joale mathoasong a bo-1990, ho ile ha hahoa sebaka sa bolulo se mekato e 30 bakeng sa hore ho lule basebetsi ba 1000 ba eketsehileng. Hona joale Bethele ea Brooklyn e ka fana ka bolulo le ho fepa litho tsa lelapa la rōna tse ka holimo ho 3300.
Ho ile ha boela ha rekoa setša Wallkill, New York, lik’hilomithara tse ka bang 160 ho tloha Bethele ea Brooklyn. Ha lilemo li ntse li theosa ho tloha mafelong a bo-1960, ho ile ha hahoa libaka tsa bolulo le setsi se seholo sa khatiso. Hona joale ho lula litho tsa lelapa la rōna la Bethele tse ka bang 1200 ’me li sebetsa teng. Ka 1980, ho ile ha batloa sebaka se ka bang lihekthere tse 250 haufi le New York City, ’me se le haufi le tsela e khōlō. Moemeli oa theko le thekiso ea litša le mehaho o ile a tšeha ’me a re: “Le tla fumana setša se joalo hokae? Ho hang hase ntho e ka etsahalang.” Leha ho le joalo, o ile a re founela hoseng ho hlahlamang ’me a re: “Ke fumane setša sa lōna.” Kajeno, sebaka seo se tsejoa e le Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York. Teng ho tšoaroa likolo ’me ho na le lelapa la basebeletsi ba ka holimo ho 1300.
Seo ke Ithutileng Sona
Ke ithutile hore mookameli ea molemo ke ea khonang ho fumana boitsebiso ba bohlokoa ho ba bang. Boholo ba likhopolo tseo ke bileng le tokelo ea ho etsa hore li sebetse joaloka mookameli oa Bethele, li tsoa ho ba bang.
Ha ke fihla Bethele, ba bangata ba ne ba tsofetse, joalokaha le ’na ke tsofetse kajeno. Boholo ba bona hona joale bo hlokahetse. Ke bo-mang ba nkang sebaka sa bao ba tsofalang le ba shoang? Hase kamehla e leng ba nang le litsebo tse khōlōhali. Ke ba hona mona, ba etsang mosebetsi oa bona ka botšepehi, ba iketsa ba fumanehang.
Taba e ’ngoe ea bohlokoa ea ho hopoloa, ke bohlokoa ba mosali ea molemo. Tšehetso eo mosali oa ka ea ratehang, Fern, a mphileng eona, e nthusitse haholo hore ke phethe likabelo tsa ka tsa puso ea Molimo. Banna ba na le boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore basali ba bona ba thabela likabelo tsa bona. Ke leka ho lokisetsa ntho e itseng eo ’na le Fern re ratang ho e etsa. Ha ho hlokahale hore e be ntho e jang chelete e ngata, hafeela e le ntho e fapaneng le kemiso ea letsatsi le letsatsi. Ke boikarabelo ba monna ho etsa lintho tse tla thabisa mosali oa hae. Nako eo a e qetang le eena ke ea bohlokoa ’me e feta ka potlako, kahoo, ho hlokahala hore a e thabele ka hohle.
Ke thabela hore ebe ke phela matsatsing a ho qetela ao Jesu a ileng a bua ka ’ona. Ena ke nako e hlollang ka ho fetisisa historing eohle ea batho. Re khona ho sheba le ho bona ka mahlo a rōna a tumelo hore na Morena o hōlisa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng joang ha a lokisetsa ho fihla ha lefatše le lecha le tšepisitsoeng. Ha ke hetla morao bophelong ba ka tšebeletsong ea Jehova, kea bona hore Jehova ke eena ea tsamaisang mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng—hase batho. Re mpa re le bahlanka ba hae. Ka lebaka leo, ka linako tsohle re lokela ho talima eena bakeng sa tataiso. Hang ha a hlakisa seo re lokelang ho se etsa, ha rōna ke hore feela re ikakhele ka setotsoana ’me re se etse hammoho.
Sebelisana le mokhatlo o hlophisitsoeng ka botlalo ’me joang kapa joang, u tla ba le bophelo bo thabileng ka ho feletseng. Ho sa tsotellehe hore na u etsa eng—ebang ke bopula-maliboho, mosebetsi oa potoloho, ho sebetsa phuthehong u le mohoeletsi, tšebeletso ea Bethele kapa mosebetsi oa boromuoa—latela tataiso e fanoeng ’me u nke kabelo ea hao e le ea bohlokoa. Leka sohle se matleng a hao hore u thabele kabelo e ’ngoe le e ’ngoe le letsatsi le leng le le leng la ho sebetsa tšebeletsong ea Jehova. Ka linako tse ling u tla khathala, ’me u ka ’na ua khathatsoa ke ho sebetsa ka thata kapa ua ikutloa u nyahame. Ke hona moo u tlamehang ho hopola sepheo sa ho nehela bophelo ba hao ho Jehova. Ke ho etsa thato ea hae, eseng ea hao.
Ha ho letsatsi leo nkileng ka tla mosebetsing ’me ka se ke ka thabela seo ke se entseng. Hobane’ng? Hobane ha re ipha Jehova ka pelo eohle, re khotsofatsoa ke ho tseba hore ‘re entse seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ha re bula maliboho Baltimore ka 1946
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
’Na le Fern Motseng oa Lik’haravene ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lefapheng la Limakasine
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Motse oa Lik’haravene, 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Re na le Audrey le Nathan Knorr
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
’Na le Fern kajeno