Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 12/15 maq. 3-4
  • Khotso—Na e Tla Tla ka ho Lahla Lihlomo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotso—Na e Tla Tla ka ho Lahla Lihlomo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko ba ho Lahla Lihlomo
  • Ho Bala Litšenyehelo
  • Batho ba Batla Litharollo
    Tsoha!—1988
  • Na Batho ba ka Felisa Ntoa Kapa Liketsahalo Tse Sehloho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
  • Toro ea Khotso ea Lefatše—Pono e Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na Kamehla re Tla Hloka—Mabotho a Ntoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 12/15 maq. 3-4

Khotso—Na e Tla Tla ka ho Lahla Lihlomo?

LILEMO tse hlano pele lichaba li kena ntoeng ea bobeli ea lefatše Winston Churchill o ile a re: “Ke phoso e khōlō ho kopanya ho lahla lihlomo le khotso.” A phaella: “Ha u fumane khotso u tla lahla lihlomo.”

Ke maikutlo a hanyetsanang hakaakang! Ke mang ea tla ipeha kotsing ka ho lahla lihlomo ho fihlela ho tiisitsoe hore khotso e teng? Empa ke joang ho ka bang le khotso ea sebele ha libetsa li bokelletsoe bakeng sa ntoa? Ke boemo boo ho seng mohla bo-ralipolotiki ba kileng ba fumana tsela ea ho tsoa ho bona.

Winston Churchill o ile a bua polelo eo ka 1934, ka mor’a ho fela ha Seboka sa Ho Lahla Lihlomo se ileng sa tšoaroa ke Selekane sa Lichaba lilemo tse peli feela pejana. Morero oa seboka sena, seo ho lokisetsoa ha sona ho ileng ha nka lilemo tse 12, e ne e le ho thibela ho bokella lihlomo hape Europe. Lefatšeng ka bophara batho ba ne ba sa ntsane ba hopola ka hloko polao e sisimosang ea masole a ka bang limillione tse robong Ntoeng ea I ea Lefatše, ho phaella ho a mang a limillione a ileng a hlaha likotsi le lenane le leholo la batho ba sa loaneng ba ileng ba tsoa likotsi ’me ba bang ba shoa. Empa ha ho mohla ho lahloa ha lihlomo ho kileng ha finyelloa. Hobane’ng?

Boiteko ba ho Lahla Lihlomo

Leano la ho lahla lihlomo le ka phethahatsoa empa ke seoelo le phethahatsoang ka katleho. Ka mohlala, tlas’a Tumellano ea Versailles ea 1919, Jeremane e ile ea laeloa hore e lahle lihlomo “ho fanoe e bile ho nkiloe tiiso e lekaneng ea hore libetsa tsa lichaba li tla fokotsoa ho fihlela tekanyong e tlaase ka ho fetisisa molemong oa tšireletseho ka har’a naha ka ’ngoe.” Sena se ne se lumellana le e ’ngoe ea litlhahiso tsa mopresidente Woodrow Wilson oa U.S., eo hamorao e ileng ea kenyelletsoa Temaneng ea 8 ea tumellano ea Selekane sa Lichaba. Empa ha Hitler a hloella litulong, ka potlako o ile a senya leano leo.

Na Machaba a Kopaneng a ile a atleha haholoanyane ho thea moralo o tiileng oa ho lahla lihlomo ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše? Che, empa ho hloka katleho ha ’ona e ne e se ka lebaka la khaello ea boiteko bo tiileng. Leha ho le joalo, kaha libetsa tsa nuclear tsa thipitlo e khōlō joale li ne li se li le teng, ho lahla lihlomo e ne e se e le taba e lokelang ho etsetsoa qeto e potlakileng haholo. The New Encyclopœdia Britannica e re: “Khang ea pele ea hore tabeng ea moruo ha ho bohlale ho etsa litlhōlisano tsa ho etsa lihlomo le hore ka ho toba li lebisa ntoeng, e ile ea nkeloa sebaka ke khang ea hore tšebeliso ea libetsa tsa nuclear ka bongata nakong e tlang e ne e sokela tsoelo-pele ka boeona.”

Ka 1952 ho ile ha theoa Komisi ea Ho Lahla Lihlomo e entsoeng ka lichaba tse 12 ho thiba tlhōlisano ea ho etsoa ha lihlomo e hōlang Bochabela/Bophirimela. Ha ea ka ea atleha, ’me qetellong mebuso e ’meli e meholo e ile ea tsoela pele ho ikarola ka likampo tsa eona tse loantšanang. Ho entsoe litumellano tse ling tse fapa-fapaneng ho tla fihlela hona joale. Leha ho le joalo, moea oa ho se tšepane ha oa ka oa lumella hore libetsa tsohle tsa ntoa li felisoe ka ho felletseng. The New Encyclopœdia Britannica e re hoo ke ho hong ho “buelloang ke batho ba nahanang lintho tse ke keng tsa etsahala.”

Ho Bala Litšenyehelo

Ho lahla lihlomo kapa ho se lahle lihlomo—ho ameha litšenyehelo life? Hase ka mehla litšenyehelo li lekanngoang ka chelete. Ho hiroa mesebetsing e meholo e amanang le libetsa le hona ke ntho e khōlō eo ho nahanoang ka eona. Linaheng tse ngata lichelete tsa lekhetho li sebelisoa ho reka lihlomo, tseo ho etsoa ha tsona ho hlahisang menyetla ea khiro. Kahoo ho lahla lihlomo ho ka ’na ha felisa menyetla ea khiro. Ke ka lebaka leo linaha tse kenelletseng haholo melatong ea tšireletso li tšosoang ke khopolo ea ho lahla lihlomo ka ho felletseng. Ho tsona monahano o joalo ke toro e tšosang ho fapana le toro ea lintho tse ke keng tsa etsahala.

Leha ho le joalo, re ke ke ra iphapanyetsa lichelete tse ngata tse amehang ho tsamaiseng mechini ea ntoa. Ho hakanngoa hore karolo ea 10 lekholong ea chelete e tlisoang ke lihlahisoa tsa lefatše ka kakaretso e sebelisoa lihlomong. Ke chelete e ngata hakae? Likhakanyo tse tobileng lia fapa-fapana ka lebaka la ho felloa ha chelete ke matla, empa nahana ka ho sebelisa liponto tse millione (liranta tse limillione tse 4,35) ka tsela ena motsotso o mong le o mong ka letsatsi! U ne u tla khetha lintho life tsa bohlokoa haeba u ne u ka fumana chelete e kaalo? Ho felisa bofuma? Tlhokomelo ea bophelo? Boiketlo ba bana? Ho tsosolosa maemo a matle kamanong ea lintho tse phelang? Ho na le ho hongata haholo ho neng ho ka etsoa!

Ka mohlala, nahana ka lenaneo la “ho tloha litankeng ho ea literekereng” leo haufinyane le sa tsoa phatlalatsoa U.S.S.R., moo lifektheri tse ling tsa libetsa li ntseng li fetoloa hore li hlahise mefuta e 200 ea “thepa e ntlafalitsoeng bakeng sa lefapha la temo le mesebetsi e meholo.” Ke hobane’ng ha thepa eo ea temo e hlokahala haholo? Hobane, ho latela Farming News ea Brithani, “ke karolo e le ’ngoe feela ho tse tharo ea litholoana le meroho e lenngoeng mapolasing a naha e fihlang ho moreki, tse ling kaofela li tlohelloa hore li bole masimong kapa li senyehe liteisheneng le melikong.”

Le hoja ho hlahisa literekere ho fapana le litanka e ka ’na ea e-ba ho babatsehang, ho fetoha lihlooho tsa litaba hobane ke ho sa tloaelehang haholo. Ho feta moo, phello ea hona tlhahisong ea libetsa ka kakaretso e nyenyane haholo. Makholo a mangata haholo a liponto, li-ruble, le lidolara a tsoela pele ho sebelisoa lihlomong lefatšeng leo ho lona ‘batho ba tepellang ka lebaka la tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona,’ feela joalokaha Jesu Kreste a boletse esale pele. Tšabo e joalo e ka felisoa joang? Na ho lahla lihlomo ka ho felletseng ho tla lula e le toro? Haeba ha ho joalo, ho hlokahala eng ho ho phethahatsa?—Luka 21:26, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela