Na Batho ba ka Felisa Ntoa Kapa Liketsahalo Tse Sehloho?
Batho ba loanela mabaka a fapaneng. Ba bang ba loana ka lebaka la lipolotiki, mathata a moruo le hore ba tšoaroe ka toka. Ba bang ba loanela taolo ea lefatše le lihlahisoa tsa lona. Likhohlano tse ngata li bakoa ke lintho tse ileng tsa etsahala ka nako e telele ka lebaka la litso kapa malumeli a sa tšoaneng. Keng seo batho ba se etsang ho felisa lintoa le ho finyella khotso? Na batho ba tla atleha ho thibela hore lintoa li se ke tsa e-ba teng?
Drazen_/E+ via Getty Images
MEBUSO E LEKA HO NTLAFATSA MORUO
Sepheo: Ho ntlafatsa bophelo ba batho. Sena se ka thusa ho felisa kapa ho fokotsa mathata a moruo e leng lona lebaka le ka sehloohong le etsang hore ho be le likhohlano.
Bothata ba ho finyella seo: Mebuso e lokela ho fetola tsela eo e sebelisang chelete ka eona. Ka 2022, ho ile ha sebelisoa chelete e ka bang libilione tsa liranta tse 641.6 lefatšeng lohle ho thusa ho ntlafatsa bophelo ba batho libakeng tse fapaneng. Le ha ho le joalo, eo e ne e le chelete e nyenyane feela ha ho bapisoa le chelete e sebelisitsoeng ha ho ne ho rekoa libetsa tsa ntoa.
“Re sebelisitse chelete e ngata haholo ho thusa batho ba anngoeng ke lintoa ho e-na le hore re sebelise chelete eo ho leka ho thibela hore lintoa li se ke tsa e-ba teng le hore ho be le khotso.”—António Guterres, mongoli oa Machaba a Kopaneng.
Seo Bibele e se buang: Mebuso le mekhatlo ea lefatše e ka thusa batho ba likojoana li mahetleng empa ha ho mohla e ka khonang ho felisa tlala ka ho felletseng.—Deuteronoma 15:11; Matheu 26:11
LITUMELLANO
Sepheo: Ho thibela le ho khaola khang ka ho kena lipuisanong tse nang le khotso e le hore mahlakore ka bobeli a rue molemo.
Bothata ba ho finyella seo: ’Muso kapa mebuso e meng e ka ’na ea se ke ea ikemisetsa ho kena lipuisanong, ho tenyetseha le maemo kapa ho amohela tumellano e entsoeng ’me seo se etsa hore ho be bonolo ho koenehela litumellano tsa hore ho be le khotso.
“Ha se ka mehla litumellano li atlehang. Ka linako tse ling litumellano tse etsoang ke mebuso ho felisa lintoa, li ka etsa hore ntoa e be mpe le ho feta.”—Raymond F. Smith, American Diplomacy.
Seo Bibele e se buang: Batho ba lokela ho “batla khotso.” (Pesaleme ea 34:14) Empa batho ba bangata kajeno ke ba sa “tšepahaleng, . . . Ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang, . . . Ba fetohelang ba bang.” (2 Timothea 3:1-4) Mekhoa e joalo e thibela bo ralipolotiki ba tšepahalang ho rarolla likhohlano.
HO FOKOTSA LIBETSA
Sepheo: Ho fokotsa kapa ho felisa libetsa, haholo-holo tsa nuclear, tsa lik’hemik’hale le libetsa tse hasang likokoanahloko tse bakang mafu a tšoaetsanang.
Bothata ba ho finyella seo: Hangata lichaba ha li ikemisetse ho fokotsa palo ea libetsa tsa tsona, hobane li e-na le tšabo ea hore li tla felloa ke matla a puso kapa li ikutloa li sa sireletseha. Lehoja mebuso e ka felisa libetsa tsa eona e ke ke ea khona thibela batho ho loana.
“Ka mora selemo sa 1991, mebuso e mengata e ile ea ikana ka hore e tla felisa libetsa tsa eona tsa ntoa empa ha ea ka ea phethisa tšepiso eo, ho akareletsa le ho nka mehato e nepahetseng ho fokotsa likotsi, ho fokotsa likhohlano tse bang teng pakeng tsa linaha e le hore qetellong batho ba ka bolokeha le ho phela lefatšeng le sireletsehileng.”—“Securing Our Common Future: An Agenda for Disarmament.”
Seo Bibele e se buang: Batho ba tla lahla libetsa tsa bona ’me “ba etse lisabole tsa bona mehoma.” (Esaia 2:4) Empa e le hore ntoa e fele, batho ba tlameha ho etsa se fetang se tloaelehileng hobane pelong ho tsoa menahano e fosahetseng.—Matheu 15:19.
MEBUSO E A IKOPANYA
Sepheo: Mebuso e lumellana ka hore e tla thusana ho itšireletsa khahlanong le lira. Lebaka ke hobane e e-na le khopolo taba ea hore naha e ’ngoe e ke ke ea qala ntoa, kaha e tseba hore e tla be e sa loane le nahana e le ’ngoe empa le tse ngata.
Bothata ba ho finyella seo: Litšoso tsa ho loantša linaha tse ngata ka nako e le ’ngoe, ha ho tiise hore ho tla ba le khotso. Ha se kamehla mebuso e bolokang boitlamo ba eona kapa ho lumellana hore ke neng le hore e tla etsang khahlanong le lira tsa eona.
“Le hoja mekhatlo ea League of Nations Covenant le Machaba a Kopaneng. . . e sebelitse ka thata hore e thehe lilekane, seo ha se a ka sa thusa hore lintoa li se ke tsa e-ba teng.”—“Encyclopedia Britannica.”
Seo Bibele e se buang: Ho molemo ha batho ba thusana. (Moeklesia 4:12) Le ha ho le joalo, mebuso le mekhatlo ea batho e ke ke ea khona ho tlisa khotso le tšireletseho tsa ka ho sa feleng. “Le se ke la tšepa likhosana kapa motho hobane a ke ke a le pholosa. Haa khaotsa ho hema, u khutlela leroleng. Ho tloha ka nako eo, u khaotsa ho nahana.”—Pesaleme ea 146:3, 4.
Le hoja mebuso e leka ka matla ho tlisa khotso ea ka ho sa feleng, lintoa li ntse li tsoela pele li e-ba teng.